Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

HO NA LE MMUSO O TLA HLOLA BOTHATA

‘Ba ho Tlisa Kgotso e sa Feleng’

‘Ba ho Tlisa Kgotso e sa Feleng’

Matjhaba a Kopaneng, a kgothalletsa batho bohle ho sebedisana hammoho, ho hlompha ditokelo tsa botho le hore ba sireletse tikoloho. Hobaneng? Maher Nasser wa UN Chronicle o re: “Ke hobane maemo a lehodimo a ntse a fetoha lefatsheng kaofela, tlolo ya molao e ntse e eketseha, batho ba ntse ba tswelapele ho tshwara ba bang hampe, ebile maemo a qobella batho ho tloha dibakeng tseo ba dulang ho tsona, mme dintho tsena kaofela di ama batho bohle.”

Ba bang ba ile ba kgothalla ho tshehetsa mmuso wa lefatshe mme ba akarelletsa Dante e leng rafilosofi, seroki ebile e le setsebi ditabeng tsa dipolotiki (1265-1321) le rasaense ya bitswang Albert Einstein (1879-1955). Dante o ne a dumela hore ho ke ke ha eba le kgotso lefatsheng haeba ho na le mebuso e mengata. Ha a qotsa mantswe a Jesu Kreste o ile a re “mmuso o arohaneng o a senyeha.”—Luka 11:17.

Nakwana ka mora Ntwa ya II ya Lefatshe moo ho ileng ha sebediswa dibomo tse pedi tsa athomo, Albert Einstein o ile a ngola lengolo la boipelaetso, a ngolla Seboka se Akaretsang sa Matjhaba a Kopaneng a re: “Matjhaba a Kopaneng a lokela ho potlakela ho etsa dintho tse hlokahalang e le hore ho be le tshireletseho lefatsheng lohle le hore ho be le mmuso wa sebele wa lefatshe lohle.”

Empa na re ka kgodiseha hore batho ba tla busa mmusong oo o matla ha ba na etsa bobodu, ba tla kgona ho busa le hore ba ke ke ba busa ka lere la tshepe? Kapa ba tla busa hampe jwalo ka ha babusi ba bang ba ile ba etsa? Dipotso tsena di re hopotsa mantswe a Lord Acton e leng rahistori wa Lebrithani ya ileng a re: “Matla a na le ho mathela motho hloohong mme matla a felletseng a mathela motho hloohong ka ho felletseng.”

Le ha ho le jwalo, e le hore batho ba dule ba na le kgotso, ba lokela ho momahana. Empa ke jwang seo se ka fihlelwang? Na ke ntho e ka kgonehang? Bibele e re seo se ka kgonahala ebile se tlo etsahala. Jwang? Sena se ke ke sa etswa ke mmuso wa batho, empa se tla etswa ke Mmuso wa Modimo. Ho feta moo, mmuso oo o tla bontsha hore Modimo ke yena feela ya nang le tokelo ya ho busa. Mmuso oo ke ofe? Bibele e re ke “Mmuso wa Modimo.”—Luka 4:43.

“MMUSO WA HAO O KE O TLE”

Jesu Kreste o ne a nahanne ka Mmuso wa Modimo ha a tla bua mantswe ana a hlahang thapelong ya mohlala a reng: “Mmuso wa hao o ke o tle. Thato ya hao e ke e etsahale lefatsheng.” (Matheu 6:9, 10) Mmuso wa Modimo o tla etsa bonnete ba hore thato ya Modimo e etswa lefatsheng, eseng o etse thato ya batho ba inahanang bo bona.

Mmuso wa Modimo o boetse o bitswa “Mmuso wa mahodimo.” (Matheu 5:3) Hobaneng? O tla busa lefatsheng lohle ka ha o tla busa o le lehodimong, eseng o le lefatsheng. Ako nahane hore na sena se bolelang. Sena se bolela hore re ke ke ra ntsha lekgetho Mmusong wa Modimo. Ka nnete sena se tla thabisa batho!

Jwalo ka ha lentswe “mmuso” le bontsha, Mmuso wa Modimo ke puso ya borena. Morena wa Mmuso ona ke Jesu Kreste ya fuweng matla ke Modimo. Bibele ha e bua ka Jesu e re:

  • “Borena bo beilwe lehetleng la hae . . . Hore a hodise mmuso, le ho tlisa kgotso e sa feleng.”—Esaia 9:6, 7, BIBELE E HALALELANG.

  • ‘A fuwa bobusi le ho hlompheha le mmuso, hore batho, ditjhaba le dipuo kaofela ba mo sebeletse. Bobusi ba hae . . . bo ke ke ba feta.’—Daniele 7:14.

  • “Mmuso wa lefatshe o fetohile mmuso wa Morena wa rona [Modimo] le wa Kreste wa hae.”—Tšenolo 11:15.

E le hore ho phethahale mantswe a Jesu a thapelong ya hae ya mohlala, Mmuso wa Modimo o tla etsa hore thato ya Modimo e etsahale lefatsheng. Tlasa Mmuso oo, batho ba tla ithuta ho hlokomela lefatshe e le hore ba phele ka ho sa feleng ba sa kule.

Ka hodima tsohle, batho ba tla ithuta melao e tshwanang tlasa Mmuso wa Modimo. Batho ba tla momahana. Esaia 11:9 e re: “Di ke ke tsa ntsha kotsi le ha e le efe kapa tsa baka tshenyo . . . hobane ka sebele lefatshe le tla tlala tsebo ya Jehova jwalo ka ha metsi a kwahetse lewatle.”

Batho ba tla phedisana hammoho ka kgotso lefatsheng lohle, e leng ntho eo Matjhaba a Kopaneng a hlolehileng ho e etsa. Pesaleme ya 37:11 e re: “Ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng kgotsong e ngata.” Ka nako eo, re tlabe re se re sa sebedise mantswe a kang, tlolo ya molao, tshilafalo, bofutsana le ntwa. Empa see se tla etsahala neng? Mmuso wa Modimo o tla qala ho busa neng? O tla busa jwang? Hona o tla o tswela molemo jwang? A re ke re boneng.