Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Moriana ha o a lokela ho fodisa feela matshwao a bontshang hore motho o a kula empa o lokela ho fodisa bokudi

QAKA

Ho Fumana Ntho e Hlileng e re Bakelang Mathata

Ho Fumana Ntho e Hlileng e re Bakelang Mathata

Na o nahana hore batho ba ka kgona ho rarolla mathata a etsang hore re ikutlwe re sa sireletseha, ebile re sena thabo le hore re seke ra ba le bokamoso bo botle? E le hore re kgone ho rarolla mathata a rona, re lokela ho tseba pele hore na keng e etsang hore a be teng.

Ka mohlala, nahana ka Tom ya ileng a kula mme ha morao a hlokahala. O ile a bolawa keng? Ngaka e sebetsang sepetleleng seo Tom a ileng a ya ho sona nakwana pele a hlokahala, e ile ya ngola ya re: “Ha Tom a qala ho bontsha matshwao a hore o a kula, ha hona motho ya ileng a batlisisa hore na haele hantle o tshwerwe keng.” Ho bonahala ha batho ba neng ba hlokomela Tom, ba ne ba mo fa meriana e neng e etsa hore a ikutlwe a le betere feela.

Na ka tsela e tshwanang, ke seo batho ba se etsang ho rarolla mathata a lefatshe? Ka mohlala, e le ho lwantsha botlokotsebe, mebuso e entse melao, ya kenya di khemera hape ya kwetlisa masole le mapolesa a eketsehileng. Le hoja dintho tsena di ka thusa ho isa boholeng bo itseng, ha di kgone ho fumana hore na botlokotsebe bo bakwa keng. Ho feta moo, tsela eo batho ba etsang dintho ka yona, e bontsha hore na ba ikutlwa jwang, ba nahana jwang le hore na ba batlang.

Daniel ya dulang naheng ya South American eo hona jwale e seng e futsanehile, o re: “Re kile ra phela ha monate. Ho ne ho sena botsotsi. Empa hona jwale ha ho sa na motse kapa toropo e nang le kgotso. Ka lebaka la maemo a thata a naheng ya rona, re kgona ho bona hore batho ba bangata ba meharo ebile ha ba hlomphe batho ba bang.”

Monna e mong eo re tla mmitsa Elias, o ile a baleha ho se utlwane ho neng ho le Middle East mme ha morao a ithuta Bibele. O re: “Batjha ba bangata ba moo ke neng ke dula teng, batswadi ba bona, batho ba dipolotiki le ba bodumedi, ba ile ba ba susumelletsa hore ba kenele ntwa e le hore e ka ba bahale. Le batho ba neng ba tlo ba lwantsha ba ile ba bolellwa se tshwanang. Dintho tsena kaofela di ile tsa etsa hore ke bone hore ho tshepa motho ho a phoqa.”

Buka e nang le bohlale bohle e re:

  • “Tshekamelo ya pelo ya motho e mpe ho tloha botjheng ba hae.”—Genese 8:21.

  • “Pelo e bolotsana ho feta ntho le ha e le efe mme e tsitlella seo e se batlang. Ke mang ya ka e tsebang?”—Jeremia 17:9.

  • “Pelong ho tswa menahano e kgopo, dipolao, . . . bohlola, boshodu, bopaki ba bohata.”—Matheu 15:19.

Batho ha ba eso fumane hore na ke hobaneng ha batho ba utlwisa ba bang bohloko. Haele hantle, dintho di ntse di mpefala le ho feta, jwalo ka ha re bone sehloohong se fetileng. (2 Timothea 3:1-5) Le hoja batho ba se ba na le tsebo e ngata le ditsela tse ngata tsa ho buisana, dintho di ntse di eso fetohe! Jwale ke hobaneng ha re sa kgone ho etsa hore lefatshe le be le kgotso le tshireletseho? Na ke hobane ha re na bokgoni? Na re leka ho etsa se sa kgoneheng?

NA RE BATLA HO ETSA NTHO E SA KGONEHENG?

Le hoja ka mohlolo re ne re ka fetola dintho tse mpe tseo batho ba di etsang, ho ka se kgonehe hore re etse hore lefatshe le sireletsehe bakeng sa batho bohle. Lebaka e le lefe? Hobane ha re na bokgoni.

Nnete ke hore: “Ha ho matleng a motho . .  hore a tsamaise mehato ya hae.” (Jeremia 10:23) Ha re a bopelwa hore re ipuse. Haele hantle, ha re a bopelwa hore re buse batho ba bang, feela jwalo ka ha re sa bopelwa ho phela ka metsing kapa sepakapakeng!

Ha re a bopelwa hore re buse batho ba bang, feela jwalo ka ha re sa bopelwa ho phela ka metsing

Nahana ka sena: Na batho ba thabela ho jwetswa ke batho ba bang hore na ba phele jwang kapa ba itshware jwang? Na batho ba thabela ho jwetswa ke ba bang hore na ba ikutlwe jwang ka ho ntsha mpa, ho ahlolelwa lefu le hore na ba lokela ho hodisa bana jwang? Ana ke a mang a mathata a etsang hore batho ba se ke ba utlwana. Le hoja ho ka ba thata ho amohela taba ena, empa seo Bibele e se buang ke nnete. Ha re na bokgoni kapa tokelo ya hore re buse batho ba bang. Jwale, ke hokae moo re ka fumanang thuso?

Re ka fumana karabo e molemo ho Mmopi wa rona. Ho feta moo, ke yena ya re bopileng! Ho fapana le seo batho ba se nahanang, Modimo ha a re lebala. Haele hantle Bibele e re o a re kgathalla. Haeba re utlwisisa buka ena e ikgethang, re tla itseba hantle, ebile re tla utlwisisa hore na mathata a batho a qadile hokae. Re ka bona hore na ke hobaneng ha rafilosofi e mong wa German a ile a ngola a re: “Batho le mebuso ha ba so fetole tsela eo ba etsang dintho ka yona, ka ha ha ba ithuta dinthong tse ileng tsa etsahala nakong e fetileng.”

BOHLALE BO TSWANG KA BIBELENG BO A RE SIRELETSA!

Monna e mong ya bohlale o ile a re: “Bohlale bo pakwa ke bana bohle ba bona hore bo lokile.” (Luka 7:35) Mohlala wa bohlale boo, re o bona ho Esaia 2:22 e reng: “Molemong wa lona, tlohelang motho wa lefatshe.” Keletso eo e molemo e re thusa hore re se ke ra tshepa ntho e ke keng ya etsahala. Kenneth ya dulang toropong ya North American ya tennweng ke ntwa o re: “Radipolotiki e mong le e mong ya kgethwang o tshepisa hore o tla lokisa dintho empa ha ho be jwalo. Taba ya hore ha ba phethahatse ditshepiso tsa bona, e bontsha hore Bibele e bohlale ebile seo e se buang ke nnete.”

Daniel eo re buileng ka yena hodimo o ile a ngola a re: “Letsatsi le leng le le leng ke kgona ho bona hore batho ha ba kgone ho busa hantle.  . . O seke wa nahana hore hobane feela o na le tjhelete kapa o e bolokile bankeng, bokamoso ba hao bo sireletsehile. Nkile ka bona sena se etsa hore batho ba ferekane haholo.”

Bibele e etsa ho fetang feela ho re sireletsa hore re seke ra lebella dintho tse ke keng tsa etsahala. E re fa tshepo jwalo ka ha re tla bona dihloohong tse latelang.