Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

BA ILE BA HLOLA MATHATA

Pale ya Bophelo ba Ricardo le Andres

Pale ya Bophelo ba Ricardo le Andres

Thuto e tswang ka Bibeleng ena le matla a ho fetola bophelo ba batho. Hlokomela sena ho: Ricardo le Andres.

RICARDO: Ha ke le dilemo tse ka bang 15, ke ile ka kenela kenke. Ke ne ke mamela seo metswalle ya ka e reng ke se etse. Haele hantle, ke ne ke ikemiseditse ho qeta dilemo tse 10 teronkong! Eka nna yaba ena ke ntho e sa utlwahaleng, empa moo ke neng ke dula teng, batho ba neng ba qetile nako e telele ba le teronkong, ba ne ba ratwa ebile ba hlomphuwa. Ke ne ke batla ho tshwana le bona.

Ke entse ntho e nngwe le e nngwe e neng e etswa ke di kenke, e akarelletsang, ho sebedisa dithethefatsi, ho lwana le ho etsa thobalano. Bosiu bo bong ke ile ka ba teng ha ho thunyanwa. Ke ne ke nahana hore ke tlo shwa empa ke ile ka phonyoha ka lesoba la nale. Ka mora moo, ke ile ka nahana ka ho teba hore na ke batlang bophelong, mme ke ile ka etsa qeto ya ho fetola bophelo ba ka. Empa ke ne ke tla etsa see jwang? Ke tla fumana thuso hokae?

Ba bangata ba leloko la ka ba ne ba sa thaba bophelong. Ba ne ba na le mathata a mangata. Empa ho ne ho se jwalo ka lelapa la malome wa ka e mong. Ke ne ke tseba hore ke batho ba hantle le hore ba phela ka melaomotheo ya Bibele. Haele hantle, ke bona ba ileng ba nruta hore lebitso la Modimo ke Jehova. E se kgale ka mora ketsahalo ela ya ho thunyana, ke ile ka rapela Jehova ke mmitsa ka lebitso la hae, ka kopa hore a nthuse. Ke ile ka makatswa ke ha ke bona letsatsi le latelang e mong wa Dipaki Tsa Jehova a kokota monyako. O ile a nruta Bibele.

Hang ka mora moo, ke ile ka kopana le bothata bo boholo. Batho bao ke neng ke le kenkeng le bona, ba ne ba dula ba nfounela hore ke ba tjhakele. Le hoja ho ne ho se bonolo, ke ile ka hana. Ke ne ke ikemiseditse ho tswelapele ke ithuta Bibele mme ke ile ka thabela ho etsa seo! Bophelo ba ka bo ile ba fetoha ka ho panya ha leihlo mme ka fumana thabo ya sebele.

Ke hopola ke rapela Modimo ke mmolella hore ke ne ke ikemiseditse ho qeta dilemo tse 10 teronkong, e le hore nka hlomphuwa jwalo ka setho sa kenke. Ke ile ka kopa Jehova hore a mphe monyetla wa hore mosebetsi wa ka e be ho ruta batho Bibele, bonyane ka dilemo tse 10, e le hore nka thusa batho ba bang jwalo ka ha le nna ke ile ka thuswa. Modimo o ile a araba thapelo ya ka, ka ha ke se ke na le dilemo tse 17 ke etsa mosebetsi ona mme ha ke so bone monyako wa teronko!

Boholo ba metswalle ya ka ya kgale, e ahloletswe dilemo tse ngata teronkong mme ba bang ha ba sa phela. Ha ke sheba morao, ke ananela seo malome le lelapa la hae ba ileng ba se etsa. Ba ne ba ikemiseditse ho fapana le batho ba bang ka hore ba phele ka melao ya Bibele. Ke ile ka ba hlompha ho feta batho le ha e le bafe kenkeng eo ke neng ke le ho yona. Ka hodima tsohle, ke leboha Modimo hore o ile a nruta tsela e molemo ya ho phela.

ANDRES: Ke hlahetse le ho holela sebakeng seo ho sona batho ba neng ba futsanehile, moo ho ithekisa, botsotsi, dipolao le dithethefatsi e neng e le dintho tse tlwaelehileng. Ntate wa ka e ne e le lekgoba la jwala le khokheine. Yena le mme wa ka ba ne ba dula ba hlabana ka mantswe ebile ba lwana.

Ke qadile ho nwa jwala le ho sebedisa dithethefatsi ha ke sa le monyane haholo. Nako ya ka e ngata ke ne ke e qeta ke le seterateng, ke utswa ebile ke rekisa dintho tseo ke di utswitseng. Ha ke ntse ke hola, ntate wa ka o ile a iketsa motswalle wa ka empa eseng hobane a batla ho nthusa. O ile a nruta hore na ke jwang nka latang dithethefatsi le dintho tse ding tse seng molaong naheng e nngwe le ho di tlisa naheng ya rona, e le hore ke di rekise. Ke ne ke etsa tjhelete e ngata ka ho panya ha leihlo. Ka letsatsi le leng mapolesa a ile a tla lapeng mme a nqosa ka polao, yaba ke a tshwarwa. Ke ile ka ahlolelwa dilemo tse 5 teronkong.

Hoseng ho hong, ho ile ha etswa tsebiso ka sepikara ho mengwa batshwaruwa hore ba tlo ithuta Bibele le Dipaki Tsa Jehova. Ke ile ka etsa qeto ya ho ya. Seo ke ileng ka se utlwa e ne e le nnete, mme ke ile ka ithuta Bibele le Dipaki tsa Jehova. Ha ba a ka ba mpolella feela seo ke neng ke batla ho se utlwa, empa ba ile ba mpontsha ka moo Modimo a batlang hore re itshware ka teng.

Ke ile ka hlokomela hore ho tla ba thata ho fetola tsela eo ke etsang dintho ka yona haeba ke sa fumane thuso, haholoholo hobane batshwaruwa ba bang ba ne ba ntshosetsa, ka ha ba ne ba sa rate ha ke ithuta Bibele. Ke ile ka rapella matla le bohlale mme Jehova o ile a nthusa. Ho ena le hore ke tshohe, ke ile ka ba sebete mme ka bolella batshwaruwa ba bang molaetsa wa Bibele.

Ha nako ya hore ke lokollwe e fihla, ke ile ka ferekana ka ha ke ne ke se ke tlwaetse bophelo ba teronkong. Ha ke ne ke tsamaya, batshwaruwa ba bangata ba ile ba re ke tsamaye hantle. Ka mosa ba bang ba ile ba re: “Eya hae moruti e monyane.”

Ke a tshoha ha ke nahana hore na ho ka be ho ile ha etsahalang ka nna hoja ka se ke ka dumella Modimo hore a nrute. Ke leboha haholo hore e be Modimo o a nrata le hore ha a ka a nkuka ke le motho ya se nang thuso. *

^ par. 15 Mehlala e eketsehileng e bontshang hore matla a Bibele a fetola bophelo ba batho, e fumaneha ho jw.org. Kena ho DITHUTO TSA BIBELE > KGOTSO LE THABO.