Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

O KA KGONA HO KGAOTSA HO TSHWENYEHA

Ho Tshwenyeha ho Tla Fela

Ho Tshwenyeha ho Tla Fela

Bibele e ka re thusa ho qoba ho tshwenyeha ho sa hlokahale. Batho ba ke ke ba kgona ho fedisa dintho tse re tshwenyang. Empa Mmopi wa rona yena a ka kgona. Ebile o kgethile Jesu Kreste hore a re thuse. O tla re etsetsa dintho tse ntle ho feta tseo a ileng a di etsa nakong e fetileng ha a ne a le lefatsheng. Ka mohlala:

JESU O ILE A FODISA BA KULANG NAKONG E FETILENG MME O TLA BOELA A ETSE SEO HAPE.

‘Ba mo tlisetsa bohle ba mahlomoleng a sa tshwaneng . . . , mme a ba phekola.’​—MATHEU 4:24.

JESU O TLA FA BATHO BOHLE DIJO LE MATLO.

“Ka sebele ba tla [batho ba tla buswa ke Kreste] haha matlo mme ba dule ho wona; ka sebele ba tla lema dirapa tsa morara mme ba je ditholwana tsa tsona. Ba ke ke ba haha mme e mong a dule teng, ba ke ke ba lema mme e mong a je.”​—ESAIA 65:21, 22.

BOBUSI BA JESU BO TLA TLISA KGOTSO LE TSHIRELETSEHO LEFATSHENG LOHLE.

“Matsatsing a hae ya lokileng o tla atleha, kgotso e tla ba ngata ho fihlela kgwedi e se e le siyo. O tla ba le bafo ho tloha lewatleng le leng ho ya ho le leng. Le ho tloha Nokeng ho ya dipheletsong tsa lefatshe. . . . Dira tsa hae di tla nyeka lerole.”​—PESALEME YA 72:7-9.

JESU O TLA FEDISA HO HLOKA TOKA.

‘O tla utlwela ya tlaase bohloko le ya futsanehileng, o tla pholosa meya ya ba futsanehileng. O tla ba lopolla kgatellong le pefong.’​—PESALEME YA 72:13, 14.

JESU O TLA BOELA A FEDISE HO KULA LE LEFU.

“Lefu ha le sa tla hlola le eba teng, mme ho siama [maswabi] kapa ho bokolla kapa bohloko ha di sa tla hlola di eba teng.”​—TŠENOLO 21:4.