Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

O KA KGONA HO KGAOTSA HO TSHWENYEHA

Ho Tshwenyeha ke Eng?

Ho Tshwenyeha ke Eng?

Ho tshwenyeha ke tsela eo mmele wa hao o arabelang ka yona maemong a itseng. Boko bo etsa hore o be le di hormone mmeleng wa hao. Di hormone tsena di ka eketsa tsela eo pelo ya hao e otlang ka teng, tsa eketsa kapa tsa fokotsa phallo ya hao ya madi, tsa bula kapa tsa kwala matshwafo, tsa ba tsa etsa hore mesifa ya hao e be bohloko. Le pele o hlokomela hore ho etsahalang, mmele wa hao o se o ntse o itwanela. Ha ho tshwenyeha ho se ho fedile, mmele wa hao o kgutlela “setlwaeding.”

HO TSHWENYEHA HO KA O TSWELA MOLEMO KAPA HA O NTSHA KOTSI

Ho tshwenyeha ho qala bokong mme ke karolo ya bophelo. Ho ka o thusa ho sebetsana le kgatello kapa maemo a kotsi. Ho tshwenyeha ho molemo ho o thusa ho nka bohato ka potlako. Hape ho ka o thusa hore o finyelle seo o se batlang kapa o sebetse hantle dithutong tsa hao tsa sekolo, ha o hlahlobelwa mosebetsi kapa diketsahalong tsa bohlokwa.

Le ha ho le jwalo, ho tshwenyeha ho feta tekanyo ho ka o ntsha kotsi. Ho dula o tshwenyehile ho ka o ama mmeleng, maikutlong le kelellong. Sena se ka fetola boitshwaro ba hao le tsela eo o tshwarang batho ba bang ka yona. Ho tshwenyeha haholo ho ka lebisa tshebedisong e mpe ya dithethefatsi le ho etsa dintho tse ding tse mpe. Dintho tsena di ka etsa hore o be le kgatello ya kelello, o imelwe mme o nahane ho ipolaya.

Le hoja ho tshwenyeha ho sa re tshware ka ditsela tse tshwanang, ho ka etsa hore re tshwarwe ke mafu a sa tshwaneng mme ho ka ama mmele ya rona.