Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

O KA KGONA HO KGAOTSA HO TSHWENYEHA

Ke Eng e Bakang ho Tshwenyeha?

Ke Eng e Bakang ho Tshwenyeha?

Tleniki e tsebahalang ya Mayo, e bontsha hore batho ba baholo ba bangata ba ba le kgatello ya kelello e ntseng e eketseha haholo letsatsi le letsatsi, hobane bophelo ba kajeno bo tletse ka diphetoho tse ngata. Hlokomela tse ding tsa diphetoho tse bakang ho tshwenyeha:

  • tlhalo

  • ho hlokahallwa ke motho eo o mo ratang

  • ho kula

  • ho hlahelwa ke kotsi

  • bokebekwa

  • bophelo bo maphathephathe

  • dikoduwa tsa tlhaho kapa tse bakilweng ke batho

  • kgatello sekolong kapa mosebetsing

  • ho tshwenyeha ka maemo a ditjhelete le ho hloka mosebetsi