Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KENG E KA RE THUSANG HO MAMELLA MATHATA?

3 | Boloka Dikamano Tsa Hao di le Ntle le Batho Bao o ba Ratang

3 | Boloka Dikamano Tsa Hao di le Ntle le Batho Bao o ba Ratang

SEO E LENG SA BOHLOKWA

Ka lebaka la ho tshwenyeha ka lefatshe lee le tletseng mathata, batho ba bangata ha ba sa boloka kamano ya bona le batho bao ba ba ratang.

  • Batho ba ikarola ho metswalle ya bona.

  • Banyalani ba phedisana ka tsela e sa bontsheng mosa.

  • Batswadi ha ba ele hloko dintho tseo bana ba bona ba tshwenyehileng ka tsona.

Seo o Lokelang ho se Tseba Hona Jwale

  • Metswalle ke ya bohlokwa haholo hobane e re thusa hore re dule re phetse hantle mmeleng le maikutlong haholoholo dinakong tse thata.

  • Ho tshwenyeha ka lebaka la dintho tse bohloko tse etsahalang lefatsheng, ho ka bakela lelapa la hao mathata.

  • Ha bana ba utlwa kapa ba bona dintho tse tshosang ditabeng, ba ka tshoha haholo ho feta ka moo o nahanang ka teng.

Seo o ka se Etsang Hona Jwale

Seo Bibele e se buang: “Motswalle wa nnete o lerato ka dinako tsohle, mme ke morabo motho ya tswaletsweng ha ho ena le mahlomola.”​—Liproverbia 17:17.

Metswalle e ka re thusa ya ba ya re eletsa. Metswalle eo, e ka re thusa hore re be le matla a ho mamella mathata a letsatsi ka leng.