Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

NA BATHO BA TLA SENYA LEFATSHE KA HO FELETSENG?

Metsi a Hlwekileng

Metsi a Hlwekileng

HA HO letho le neng le ka kgona ho phela lefatsheng ha ho ne ho se na metsi, haholoholo metsi a hlwekileng. Ha e le hantle karolo e kgolo ya dintho tse phelang e entswe ka metsi. Metsi a tswang matamong, dinokeng, mekgwabong le metsi a tjhekilweng fatshe a nowa ke batho le diphoofolo ebile batho ba nosetsa dijalo ka ona.

Metsi a Ntse a Silafala

Karolo e kgolo ya lefatshe e tletse metsi. Le ha ho le jwalo, World Meteorological Organization e re: “Metsi a hlwekileng le a ka nowang ke a manyenyane haholo, ke diphesente tse 0.5 feela.” Le hoja ho utlwahala eka metsi ana a manyenyane, a ka kgona ho thusa dintho tsohle tse phelang lefatsheng. Bothata ke hore boholo ba ona a ntse a silafala ebile ho ntse ho eba thata hore a fumanehe hobane dintho tse phelang tse hlokang metsi a hlwekileng, di a eketseha hape batho ba ntse ba tswelapele ho senya lefatshe. Sena se etsa hore metsi a hlwekileng a sokolehe le ho feta. Ditsebi di hakanya hore ka mora dilemo tse 30, batho ba ka bang dibilione tse hlano ba tla sokola metsi a hlwekileng.

Lefatshe le Etseditswe ho Dula le le Teng

Lefatshe le etseditswe ho dula le ena le metsi. Dintho tse kang mobu, diphoofolo tse phelang ka metsing le kganya ya letsatsi di sebedisana mmoho ho hlwekisa metsi. Nahana ka mehlala e latelang:

  • Mobu o ka hlwekisa metsi. Dibakeng tse mokgwabo, ho na le dimela tse tlosang dintho tse kotsi metsing, tse kang nitrogen le phosphorus tse sa hlokahaleng ha mmoho le tjhefo e bolayang dikokwanyana dijalong.

  • Borasaense ba ithutile hore na metsi a itlhwekisa jwang. Ba hlokometse hore ha ditshila di kopana le metsi a phallang, ho na le dikokwana tse jang ditshila tseo.

  • Ho na le diphoofolo tse nang le di shell [dikgetla] tse fumanehang metsing a hlwekileng tse bitswang di clam le di mussel. Diphoofolo tsena di ka kgona ho tlosa dikhemikhale tse kotsi metsing ho feta metjhine e entsweng ke batho.

  • Potoloho ya metsi e thusa hore a dule a le teng lefatsheng. Haeba ho ne ho se na potoloho ena ya metsi le dintho tse ding tse thusang hore metsi a dule a le teng, a ne a tla fela.

Ho Etswang Hore ho Dule ho Ena le Metsi a Hlwekileng?

Haeba re lokisa dikoloi hore di se ke tsa qhala oli, re bile re lahla dintho tse kotsi ka tsela e nepahetseng, sena se tla thusa hore ho dule ho ena le metsi a hlwekileng

Ditsebi di re kgothaletsa ho sebedisa metsi hantle. Di kgothaletsa hore dikoloi di lokiswe hore di se ke tsa qhala oli le hore meriana e se ke ya lahlelwa ka matlwaneng kapa ha qhallwa dintho tse tjhefo ka metsing a tsamaiswang ka diphaephe hore metsi a dule a hlwekile.

Dienjiniere di fumane mekgwa e metjha ya ho tlosa letswai metsing a lewatle. Morero wa bona ke ho etsa hore ho be le metsi a mangata a hlwekileng.

Le ha ho le jwalo, dintho tsena ha di a lekana. Ho tlosa letswai metsing a lewatle ha ho rarolle bothata ka ho feletseng hobane ho hloka tjhelete le motlakase o mongata. Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng ha o bua ka ho boloka metsi a hlwekileng tlalehong e nngwe e ileng ya etswa ka 2021, o ile wa re: “Lefatsheng ho hlokahala boiteko bo eketsehileng ho feta bo ntseng bo etswa hona jwale ho boloka metsi.”

Bibele e Fana ka Tshepo Efe?

“Modimo . . . o hulela marothodi a metsi hodimo ebe marothodi ao a fetoha maru. Ka mora moo, pula e a na. E nesetswa batho.”—Jobo 36:​26-28.

Modimo o entse hore ho be le potoloho ya metsi e le hore a se ke a fela lefatsheng.—Moeklesia 1:7.

Nahana ka sena: Haeba Mmopi o entse lefatshe le ena le bokgoni ba ho boloka metsi a hlwekile, na ha se ho utlwahalang ho dumela hore o na le matla ebile o ikemiseditse ho lokisa mathata a bakilweng ke batho? Sheba sehlooho se reng: “Modimo o Tshepisa Hore Lefatshe le Tla Dula le le Teng” leqepheng la  15.