Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobaneng ha Batho ba se ba sa Hlomphe ba Bang?

Ke Hobaneng ha Batho ba se ba sa Hlomphe ba Bang?

KE HOBANENG HA HO HLOMPHA BATHO BA BANG HO LE BOHLOKWA?

Ho hlompha batho ba bang ho etsa hore dintho di se ke tsa tswa taolong ha ho eba le diqabang.

  • Maele a Bibele a re: “Karabo e bonolo e leleka kgalefo empa lentswe le hlabang le fehla bohale.” (Diproverbia 15:1) Ho se hlomphe batho ba bang ka seo re se buang le seo re se etsang, ho tshwana le ha eka re tshela parafine mollong mme seo se ba le diphello tse bohloko.

  • Jesu o ile a re: “Motho o bua ntho e tletseng ka pelong ya hae.” (Matheu 12:34) Ho hlompholla batho ba bang ka seo re se buang, ho ka bontsha hore na ehlile re ikutlwa jwang ka batho ba morabe, setso, botjhaba kapa ba phelang ka tsela e sa tshwaneng le eo rona re phelang ka yona.

    Phuputsong e nngwe e sa tswa etswa morao tjena ho batho ba fetang 32 000 dinaheng tse 28, ba etsang diphesente tse 65 ba boletse hore batho ha ba sa na mekgwa ebile ha ba sa hlomphana mehleng ena.

O KA BONTSHA JWANG HORE O HLOMPHA BATHO BA BANG?

Ha o le sekolong kapa mosebetsing, hlompha batho bohle le haeba o sa dumellane le bona ka dintho tse itseng. Sheba dintho tseo o dumellanang le bona ka tsona. Ho etsa jwalo, ho tla o thusa hore o se ke wa ba nyenyefatsa kapa wa ba ahlola.

“Kgaotsang ho ahlola e le hore le se ke la ahlolwa.”—Matheu 7:1.

Tshwara batho ba bang ka tsela eo le wena o batlang ho tshwarwa ka yona. Haeba o le mosa mme o nahanela batho ba bang, le bona ba ka nna ba o tshwara ka tsela e tshwanang.

“Le etse batho dintho tseo le batlang hore ba le etse tsona.”—Luka 6:31.

Eba motho ya tshwarelang. Iphapanyetse diphoso tsa batho ba bang mme o se ke wa nahana hore ba ne ba batla ho o utlwisa bohloko.

“Motho ya nang le temoho o dieha ho halefa mme o tla hlomphuwa ka lebaka la ho iphapanyetsa phoso.”—Diproverbia 19:11.

DIPAKI TSA JEHOVA DI BONTSHA JWANG HORE DI HLOMPHA BATHO BA BANG?

Dipaki Tsa Jehova di hlompha batho ba bang moo di dulang teng le moo di sebetsang teng.

Re ithaopela ho ruta batho Bibele mahala empa ha re ba hatelle ho dumela seo re se dumelang kapa ho bona dintho ka tsela eo re di bonang ka yona. Ho ena le hoo, re leka ho sebedisa keletso ya Bibele e reng ‘re arabe batho ka bonolo le ka tlhompho’ ha re ba bolella molaetsa wa rona.—1 Petrose 3:15; 2 Timothea 2:24.

Ha re kgetholle batho ba bang empa re amohela motho e mong le e mong ya batlang ho ithuta Bibele hore a tle dibakeng tsa rona tsa borapedi, ho sa tsotellehe hore na o tswa hokae. Re lwanela ho amohela ‘le ho hlompha batho ba mefuta yohle.’—1 Petrose 2:17.

Re hlompha balaodi ba phahameng dibakeng tseo re dulang ho tsona. (Baroma 13:1) Re mamela melao ebile re patala makgetho. Le hoja re sa kenelle ditabeng tsa dipolotiki, re hlompha diqeto tsa batho ditabeng tsa dipolotiki.