Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobaneng ha Batho ba se ba sa Hlomphe Bophelo?

Ke Hobaneng ha Batho ba se ba sa Hlomphe Bophelo?

KE HOBANENG HA HO HLOMPHA BOPHELO HO LE BOHLOKWA?

Ha o etsa dintho tse behang bophelo ba hao le ba batho ba bang kotsing, sena se bontsha hore ha o hlomphe bophelo ba hao kapa ba batho ba bang.

  • Ho tsuba ho ka o bakela kankere mme ha etsa hore ho be thata hore mmele wa hao o e lwantshe. Batho ba bangata ba bolailwe ke kankere ya matshwafo hobane ba ne ba tsuba kapa motho ya haufi le bona o ne a tsuba.

  • Ha ho eba le moferefere wa ho thunyana, batho ba bangata ba a tshwenyeha. Tlaleho ya Univesithi ya Stanford e United States e re: “Dipatlisiso di bontsha hore le hoja bana ba bang ba sa ka ba lemala nakong ya meferefere e etsahalang dikolong empa ba sala ba ena le mathata maikutlong le kelellong ka dilemo tse ngata.”

  • Batho ba kgannang ba tahilwe kapa ba sebedisitse dithethefatsi ba beha bophelo ba batho ba bang ba kgannang kotsing, esita le ba batho ba tsamayang ka maoto. Ha batho ba sa hlomphe bophelo, sena se ka beha le bophelo ba batho ba se nang molato kotsing.

O KA BONTSHA JWANG HORE O HLOMPHA BOPHELO?

Itlhokomele mmeleng. Tlohella dintho tse ka behang bophelo ba hao kotsing, jwalo ka ho tsuba, vaping, ho nwa haholo kapa ho sebedisa dithethefatsi. Ho etsa dintho tsena ho ka bontsha hore ha o hlomphe bophelo ba hao le ba batho ba pela hao, ba akarelletsang ba lelapa.

“A re itlhwekiseng mmeleng.”—2 Bakorinthe 7:1.

Ameha ka tshireletseho ya hao le ya batho ba bang. Etsa bonnete ba hore ntlo ya hao e dula e le maemong a matle, e le ho qoba dintho tse ka behang bophelo ba batho kotsing. Kganna hantle o be o etse bonnete ba hore koloi ya hao e dula e le maemong a matle. O se ke wa dumella batho ba bang hore ba o susumeletse ho etsa dintho tse ka o ntshang kotsi kapa tsa ntsha batho ba bang kotsi ha esita le ho le bolaya.

“Haeba o haha ntlo, o etse le lebota le lekgutshwanyane ho potoloha marulelo a hao e le hore wena le ba lelapa la hao le se ke la eba le molato wa madi hobane motho a wele a le ho yona.” —Deuteronoma 22:8. a

Eba motho ya mosa. Ha re hlompha bophelo, re tla ba mosa ho batho ba tswang merabeng le dinaheng tse ka ntle esita le ba sa etseng dintho jwalo ka rona. Kgethollo le lehloyo ke tsona dintho tse ka sehloohong tse etsang hore ho be le dintwa tse ngata hakana lefatsheng.

“Lehloyo, bohale, ho etsa lerata le halefile le dipuo tse hlabang ha mmoho le dintho tsohle tse mpe di se ke tsa eba teng hara lona. Empa le bontshane mosa.”—Baefese 4:​31, 32.

DIPAKI TSA JEHOVA DI ETSANG HO BONTSHA HORE DI HLOMPHA BOPHELO?

Dipaki Tsa Jehova di kgothaletsa batho hore ba amehe ka ho ba le bophelo bo botle. Ha re ntse re ithuta Bibele le batho, ba ile ba hlokomela hore Bibele e ka ba thusa ho tlohella mekgwa e ka behang bophelo ba bona kotsing, e jwalo ka ho nwa haholo, ho tsuba esita le ho sebedisa dithethefatsi.

Ha re etsa diprojeke tsa rona tsa kaho re latela melao yohle ya tshireletseho. Baithaopi ba ahang dibaka tsa rona tsa borapedi ha mmoho le meaho e meng eo re e sebedisang, ba rupelwa ka thata hore na ba ka etsang ho qoba dikotsi tse ka nnang tsa hlaha. Meaho ya rona e hlahlojwa ka makgetlo a mangata ho etsa bonnete ba hore e ntse e le maemong a matle, ho latela melao ya tshireletseho ya sebakeng seo e leng ho sona.

Re thusa batho ba hlahetsweng ke dikoduwa. Dikgweding tse 12 tse fetileng, re ile ra thusa dikoduweng tse ka bang 200 tse bileng teng dikarolong tse sa tshwaneng tsa lefatshe mme ra sebedisa tjhelete e ka etsang didolara tse dimilione tse 12 ho thusa batho ba anngweng ke dikoduwa tsena.

Ka selemo sa 2014 ha lefu la Ebola le ne le hlasela Dinaha Tse Bophirimela ho Afrika le ka 2018 ha le ne le hlasela Democratic Republic of Congo, re ile ra ruta batho hore na ba ka etsang hore ba se ke ba tshwaetswa ke lefu lena. Re ile ra romela baemedi ba rona hore ba buisane le batho ka sehlooho se reng “Ho Mamela ho Pholosa Bophelo.” Re ile ra etsa dibaka tseo batho ba ka hlapelang matsoho ho tsona pele ba ka kena dibakeng tsa rona tsa borapedi mme ra hlalosa bohlokwa ba ho hlapa matsoho le ho nka mehato e meng ya ho itshireletsa hore ba se ke ba tshwaetswa ke lefu lena.

Naheng ya Sierra Leone ho ile ha lebohuwa Dipaki Tsa Jehova seyalemoyeng ka hore di ile tsa thusa Dipaki mmoho le batho bao eseng Dipaki hore ba qobe ho tshwaetswa ke lefu lena la Ebola.

Moo ho hlapelwang matsoho teng ka selemo sa 2014 ha lefu la Ebola le ne le hlasetse naha ya Liberia

a Ha batho ba dulang Botjhabela bo Hare ba ne ba aha matlo a bona, ba ne ba sebedisa keletso ena ho sireletsa ba malapa a bona esita le batho ba bang.