Re ka Ithutang ho Dintho Tse Phelang?
Dintho tse phelang di a hola, di a sisinyeha ebile di na le bokgoni ba ho ikatisa. Di etsa hore polanete ya rona e be ntle ka tsela e ikgethang. Mehleng ena batho ba tseba dintho tse ngata haholo ka dintho tse phelang. Dintho tse phelang di re thusa jwang ho bona hore na bophelo bo qadile jwang? Nahana ka sena.
Ho na le bopaki bo bontshang hore dintho tse phelang di entswe. Dintho tse phelang di entswe ka dikarolo tse nyenyane tse bitswang disele. Sele ka nngwe e lokela ho etsa dintho tse ngata tse rarahaneng e le hore dintho tse phelang di tswele pele di le teng le hore di kgone ho ikatisa. Tsela ena e rarahaneng eo disele di sebetsang ka yona e ka fumanwa le moo re neng re ke ke ra e lebella teng. Yeast e etsang bohobe e entswe ka disele tse nyenyane tse phelang. Sele e nngwe le e nngwe ya yeast ya bohobe, ha e le hantle e a phela. Empa sele ena ya yeast ha e bapiswa le ya motho e ka bonahala eka ha e a rarahana. Le ha ho le jwalo, e rarahane ka tsela e makatsang. Sele e nngwe le e nngwe ya yeast e na le DNA e e bolellang hore na e lokela ho sebetsa jwang. E boetse e ja dintho tse e potapotileng e le hore e tswele pele e phela. Empa ha ho etsahala hore sele ena e fellwe ke dijo, e ntsha khemikhale e etsang hore e fokotse sekgahla seo e sebetsang ka sona. Ke ka hoo o ka kgonang ho beha yeast nako e telele mme wa e sebedisa ha morao.
Borasaense ba se ba qetile dilemo tse ngata ba ithuta ka tsela eo disele tsa yeast di sebetsang ka yona e le hore ba utlwisise haholwanyane hore na disele tsa motho di sebetsa jwang. Empa ho na le dintho tse ngata tseo ba ntseng ba sa di utlwisise. Ross King, eo e leng moprofesa yunivesithing ya theknoloji ya Chalmers e Sweden o re: “Ha ho na ditsebi tse lekaneng tsa borasaense tse ka etsang dipatlisiso tse ka re thusang ho utlwisisa le ntho e nyenyane jwalo ka yeast hore na e sebetsa jwang.”
Ha re sheba tsela eo sele ya yeast e rarahaneng ka teng, na seo ha se etse re nahane hore e bopilwe? Na ntho e rarahaneng jwalo ka ee e itlhahetse feela?
Bophelo bo bile teng jwang? DNA e entswe ka motswako wa dikhemikhale. Sele e nngwe le e nngwe e fumanehang mmeleng wa motho e na le metswako e dibilione tse 3,2. Metswako ena ya dikhemikhale e etsetsa disele moralo wa hore na di lokela ho etsa dienzaeme le diprotheine jwang.
Borasaense ba bontsha hore menyetla ya hore metswako ena ya dikhemikhale e ikopanye ka boyona ho etsa DNA e le nngwe feela e fokola haholo.
Borasaense ha ba eso kgone ho etsa ntho e phelang ho tswa nthong e sa pheleng.
Bophelo ba motho bo entswe ka tsela e ikgethang. Batho ba na le makgabane a ba thusang hore ba thabele bophelo ka ditsela tseo dibopuwa tse ding di sa kgoneng ho bo thabela ka yona. Ke batho feela ba kgonang ho qapa dintho tse ntle mme ha ho na dibopuwa tse ding tse kgonang ho buisana kapa ho ntsha maikutlo jwalo ka batho. Re na le bokgoni ba ho latswa, ho fofonela, ho utlwa modumo, ho bona mebala le ho thabela dibaka tse ntle. Re lokisetsa bokamoso hape re batla ho tseba hore na ha e le hantle re phelela eng.
O nahanang ka see? Na bokgoni boo re nang le bona bo itlhahetse feela hobane re bo hloka e le hore re phele le hore re ate? Kapa na bo a bontsha hore bophelo ke mpho e tswang ho Mmopi ya lerato?