Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dinaledi le Dipolanete di re Rutang?

Dinaledi le Dipolanete di re Rutang?

Sepakapaka se dula se makatsa ditsebi tsa dinaledi mme di ntse di tswela pele ho etsa dithulusi tse ka di thusang hore di ithute ka sepakapaka haholwanyane. Ho fihlela hona jwale, di se di ithutile eng?

Dinaledi le dipolanete di hlophisehile. Sehlooho se seng se hlahang makasineng wa Astronomy se re: “Dihlopha tsa dinaledi ha di a hasana feela sepakapakeng, ho e na le hoo, di hlophisehile.” Ntho e ikgethang tjee e ka etsahala jwang? Borasaense ba dumela hore ho na le ntho e nngwe e sa bonahaleng e sepakapakeng e tshwereng dihlopha tsa dinaledi hore di dule di le sebakeng sa tsona.

Ho tlile jwang hore dinaledi le dipolanete di hlophisehe ka tsela ee? Na ho ka kgoneha hore ntho e hlophisehileng tjee ebe e iketsahalletse feela? Hlokomela mantswe a ileng a buuwa ke Allan Sandage. E ne e le setsebi sa dinaledi se hlomphuwang haholo ebile a dumela ho Modimo.

O ile a re: “Ke utlwa e le ntho e sa utlwahaleng hore dintho tse hlophisehileng tjena di ile tsa qhoma feela mme tsa eba teng. E tlameha ebe ho na le ya di hlophisitseng.”

Dintho tsohle tse sepakapakeng di thusa hore ho be le bophelo. A ko nahane ka motjheso wa letsatsi. Haeba matla a etsang hore letsatsi le dule le le teng a ne a fokola, le ka be le sa ka la eba teng ho tloha qalong. Ka lehlakoreng le leng, haeba matla ao a ne a ka ba mangata haholo, letsatsi le ne le tla tjhesa ho feta tekano ho isa boholeng ba hore le lona ka bolona le tjhe ebe ha le sa hlola le eba teng.

Ho ntse ho e na le dintho tse ding tse ngata tse laolang dipolanete le dinaledi tse etsang hore bophelo bo be teng. Mongodi e mong wa tsa saense ya bitswang Anil Ananthaswamy o re haeba dintho tsena di ne di se ka tsela eo di leng ka yona hona jwale, “dinaledi, dipolanete le dihlopha tsa dinaledi di ka be di sa ka tsa eba teng. Bophelo bo ne bo ke ke ba kgona ho ba teng.”

Lefatshe ke polanete e loketseng hore e be lehae la batho. Le na le tikoloho e kgahlehang, metsi a lekaneng le kgwedi e etsang hore le tsitse. Makasine wa National Geographic o re lefatshe ke lona feela polanete eo borasaense ba fumaneng hore batho ba ka phela ho yona. *

Mongodi e mong o re potoloho ya dipolanete le letsatsi e hole haholo le dinaledi tse ding le dihlopha tsa tsona. Sena ke sona se etsang hore ho be le bophelo mona lefatsheng. Haeba lefatshe le ne le atamelane haholo le dinaledi, mahlasedi a tsona a ne a tla beha bophelo ba rona kotsing. Empa lefatshe le dutse sebakeng se nepahetseng.

Setsebi sa saense se bitswang Paul Davies se re se a dumela hore bophelo ha bo a itlhahela feela empa bo bile teng ka morero. Davies o ne a sa rute hore Modimo ke yena ya bopileng dintho tsohle empa wena o nahanang? Lehodimo le lefatshe di entswe ka tsela eo ho kgonehang hore ho be le bophelo ho tsona. Na see ha se o kgodise hore di bopilwe?

^ Makasine ona wa National Geographic o ne o sa rerelwa ho hlakisa hore Modimo ke yena ya bopileng batho le lefatshe. O ne o mpa feela o hlakisa hore lefatshe le loketse hore batho ba ka phela ho lona.