Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

O ka Iketsetsa Qeto Jwang?

O ka Iketsetsa Qeto Jwang?

“Dintho tsohle tse mahodimong le tse mona lefatsheng di ikentse ka ha di na le bokgoni ba ho etsa seo.”​—Stephen Hawking le Leonard Mlodinow, bao e leng ditsebi tsa saense.

“Tshimolohong Modimo o ile a bopa mahodimo le lefatshe.”​—Bibele lengolong la Genese 1:1.

Na lefatshe le dintho tse ho lona di bopilwe ke Modimo kapa di bile teng ka mohlolo? Mantswe a qotsitsweng ka hodimo a ditsebi tse pedi tsa saense le a hlahang bukeng e qalang ya Bibele a fana ka dikarabo tse pedi tse fapaneng. Batho ba bang ba dumellana le mantswe a Bibele ha ba bang bona ba dumellana le ditsebi tsa saense. Le ha ho le jwalo, batho ba bangata ha ba a kgodiseha ka seo ba se dumelang ebile ba ngangisana ka taba ena mananeong a TV le dibukeng.

Ho ka nna ha etsahala hore matitjhere a hao a o rutile hore lehodimo, lefatshe le dintho tsohle tse phelang di ikentse le hore ha ho na Mmopi. Empa na ba ile ba o bontsha bopaki ba hore ha ho na Mmopi? Ka lehlakoreng le leng, ho ka nna ha etsahala hore o kile wa utlwa baetapele ba dikereke ba ruta hore ho na le Mmopi. Empa na ba ile ba o bontsha bopaki ba seo ba se buang? Kapa na ba ile ba re haeba o na le tumelo o lokela ho dumela ntho e nngwe le e nngwe le hoja o se na bopaki?

Mohlomong o kile wa ipotsa potso ena mme wa utlwa eka ha ho na bopaki bo hlakileng ba hore ehlile Mmopi o teng. E ka nna yaba sena se ile sa etsa hore o utlwe eka ha ho bohlokwa hakaalo hore o fumane karabo ya potso eo.

Makasine ena ya Fadimehang! e tla o bontsha dintlha le bopaki bo ileng ba etsa hore batho ba dumele hore ho na le Mmopi. E tla boela e bontshe hore na ke hobaneng ha ho le bohlokwa ho fumana karabo ya hore na dintho tse phelang di bopilwe kapa tjhe.