Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Seo borasaense ba sa se tsebeng

Seo borasaense ba sa se tsebeng

Le hoja borasaense ba ithutile dintho tse ngata, ba ntse ba sa kgone ho araba dipotso tsa bohlokwa tseo re ipotsang tsona.

Na borasaense ba a tseba hore bophelo le dintho tsohle di bile teng jwang? Karabo ke tjhe. Batho ba bang ba re borasaense ba ithutang ka hore na dintho di bile teng jwang ba ka kgona ho hlalosa hore na bophelo bo qadile jwang. Le ha ho le jwalo Moprofesa e mong ya bitswang Marcelo Gleiser ya tswang Dartmouth College ya ithutang ka dinaledi, o re: “Ha re eso ka re kgona ho hlalosa hore na mahodimo le lefatshe di bile teng jwang.”

Sehlooho se hlahang makasineng ya Science News ha se bua ka hore na bophelo bo bile teng jwang le sona se re: “E ka nna ya eba ntho e sa kgoneheng ho hlalosa hore na bophelo bo qadile jwang mona lefatsheng. Boholo ba mesaletsa ya dintho tsa kgale e neng e ka re bolella hore bophelo bo qadile jwang, ha e sa fumaneha.” Ho latela ditlhaloso tsena re a hlokomela hore saense ha eso ka e kgona ho hlalosa hore na dintho tsohle le bophelo di bile teng jwang. Haeba ho na le motho ya entseng hore bophelo bo be teng, ke mang?

E ka nna yaba o ile wa ipotsa dipotso tsena tse latelang: haeba ho na le Mmopi ya bohlale le ya lerato, ke hobaneng ha a dumella batho hore ba utlwe bohloko? Ke hobaneng ha ho e na le madumedi a mangata hakaale? Ke hobaneng ha a dumella batho ba mo rapelang hore ba etse dintho tse mpe hakaale?

Saense e ke ke ya kgona ho araba dipotso tsena. Empa seo ha se bolele hore o ke ke wa kgona ho fumana dikarabo tse kgotsofatsang tsa dipotso tsena. Ha e le hantle, batho ba bangata ba ile ba fumana dikarabo tse kgotsofatsang ka hare ho Bibele.

Ho na le borasaense ba ileng ba ipha nako ya ho ithuta Bibele mme ba dumela hore ho na le Mmopi. E le ho utlwa maikutlo a bona, kena ho jw.org/st-za ebe o batla “Ditsebi di re Bophelo bo Qadile Jwang?