Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Moahlodi wa Lefatshe Lohle” Kamehla o Etsa se Nepahetseng

“Moahlodi wa Lefatshe Lohle” Kamehla o Etsa se Nepahetseng

“Ke Lefika, mosebetsi wa hae o phethahetse, etswe ditsela tsohle tsa hae ke toka.”—DEUT. 32:4.

DIPINA: 112, 89

1. Abrahama o ile a bontsha jwang hore o ne a kgodisehile ka toka ya Jehova? (Sheba setshwantsho se qalong.)

“NA Moahlodi wa lefatshe lohle a ke ke a etsa se nepahetseng?” (Gen. 18:25) Ha Abrahama a botsa potso eo, o ne a bontsha kgodiseho ya hore Jehova o tla sebetsana le Sodoma le Gomora ka toka. O ne a kgodisehile hore Jehova a ke ke a sebetsa ka ho hloka toka ka hore a “bolaye motho ya lokileng le ya kgopo.” Seo se ne se sa “utlwahale” ho Abrahama. Dilemo tse 400 hamorao, Jehova o ile a re ha a itlhalosa: “Ke Lefika, mosebetsi wa hae o phethahetse, etswe ditsela tsohle tsa hae ke toka. Modimo wa botshepehi, eo ho yena ho se nang ho hloka toka; o lokile mme o kgabane.”—Deut. 31:19; 32:4.

2. Ke hobaneng ha re ka re Jehova a ke ke a sebetsa ka ho hloka toka?

2 Ke hobaneng ha Abrahama a ne a kgodisehile hore Jehova o tla dula a sebetsa ka toka? Hobane Jehova ke mohlodi wa toka le ho loka. Ha e le hantle, mantswe a Seheberu a fetoletsweng e le “toka” le “ho loka” hangata a hlaha a le mabedi ka Mangolong a Seheberu. Ha e le hantle, ha ho na phapang pakeng tsa toka le ho loka. Ho hlakile hore Jehova ke yena ya behileng ditekanyetso tsa ho loka, kahoo tsela eo a etsang dintho ka yona e tla dula e na le toka. Ho feta moo, ho latela Lentswe la hae, “o rata ho loka le toka.”—Pes. 33:5.

3. Fana ka mohlala wa ho hloka toka ho teng lefatsheng kajeno.

3 Bohle ba lokileng ba tshediswa ke ho tseba hore kamehla Jehova o etsa dintho ka toka le hoja lefatsheng e le siyo. Ka dinako tse ding, batho ba bang ba ile ba tshwarwa hampe. Ka mohlala, ba bang ba ile ba qoswa le ho kwallwa teronkong ba sa etsa letho. Kamora hore bopaki ba DNA bo be teng, dinyewe tsa bona di ile tsa hlahlobuwa botjha mme ba bang ba ile ba lokollwa kamora ho qeta dilemo tse ngata teronkong ba se na molato. Ho hloka toka ho tjena ho ka baka kgalefo le pherekano. Leha ho le jwalo, Bakreste ba ka tobana le mofuta o mong wa ho hloka toka oo ho leng thata le ho feta ho sebetsana le ona.

KA PHUTHEHONG

4. Tumelo ya Mokreste e ka lekwa jwang?

4 Lefatsheng lena la kajeno, Bakreste ba lebelletse ho tshwarwa ka ho hloka toka kapa ka leeme ke batho ba bang. Leha ho le jwalo, tumelo ya rona jwalo ka Bakreste e ka lekwa ha re tshwarwa kapa re bona eka re tshwerwe ka ho hloka toka ka phuthehong. O tla itshwara jwang ha o bona eka o tshwerwe ka leeme ka phuthehong kapa ke Mokreste mmoho le wena? Na o tla itumella hore o kgopehe?

5. Ke hobaneng ha Bakreste ba sa makale ha ba tshwarwa ka leeme ka phuthehong?

5 Kaha kaofela ha re a phethahala mme re baetsadibe, ho ka ba bonolo hore re tshware ba bang ka leeme ka phuthehong kapa hore bona ba tshware rona jwalo. (1 Joh. 1:8) Le hoja seo se sa etsahale hangata, Bakreste ba nnete ha ba makale kapa hona ho kgopeha ha ba tobana boemo bo jwalo. Ka mabaka a utlwahalang, Jehova o fane ka dikeletso tse hlakileng ka Lentsweng la hae e le ho re thusa ho dula re tshepahala le ha badumedi mmoho le rona ba re tshwara ka leeme.—Pes. 55:12-14.

6, 7. Morabo rona e mong o ile a tobana le ho hloka toka ka tsela efe ka phuthehong, hona keng e mo thusitseng ho sebetsana le boemo boo hantle?

6 Nahana ka se ileng sa etsahalla Willi Diehl. Ho tloha ka 1931, Morabo rona Diehl o ile a sebeletsa ka botshepehi Bethele e Bern, Switzerland. Ka 1946, o ile a ba sehlopheng sa borobedi Sekolong sa Gileade se neng se le New York, U.S.A. Kamora moo, o ile a abelwa ho sebeletsa e le mopotolohi Switzerland. Paleng ya hae ya bophelo, Morabo rona Diehl o ile a re: “Ka May 1949, ke ile ka tsebisa ofisi ya lekala e Bern hore ke rerile ho nyala.” Karabo e ile ya reng? E ile ya re: “Le ke ke la fuwa ditokelo leha e le dife haese bopulamadiboho ba kamehla feela.” Morabo rona Diehl o tswela pele hore: “Ke ne ke sa dumellwa ho fana ka dipuo . . . Ba bangata ba ne ba se ba sa re dumedise, ba re tshwara jwalo ka batho ba kgaotsweng.”

7 Morabo rona Diehl o ile a sebetsana le boemo boo jwang? O re: “Leha ho le jwalo, re ne re tseba hore ho nyala ha ho kgahlanong le Mangolo, kahoo re ile ra rapela kamehla mme ra tshepa Jehova.” Qetellong, maikutlo a fosahetseng le a tletseng ho hloka toka ka lenyalo a ile a lokiswa mme Morabo rona Diehl a boela a fuwa ditokelo tsa hae. Botshepehi ba hae ho Jehova bo ile ba putswa. * Re ka nna ra ipotsa, ‘Na ke ne ke tla sebedisa seo ke ithutileng sona ka Bibeleng ha ke tswarwa ka leeme ka tsela eo? Na ke ne ke tla letela Jehova, kapa ke ne ke tla sebetsa dintho ka tsela ya ka?—Liprov. 11:2; bala Mikea 7:7.

8. Ke hobaneng ha re ka fosa mme ra bona eka re tshwerwe ka leeme kapa hore motho e mong o tshwerwe ka tsela eo?

8 Ka lehlakoreng le leng, ka phoso o ka bona eka o tshwerwe ka leeme kapa hore e mong ka phuthehong o tshwerwe jwalo. Sena se ka etsahala ka lebaka la tsela e sa phethahalang eo re bonang dintho ka yona kapa ho se tsebe dintlha kaofela. Ho sa tsotellehe hore na re nepile kapa tjhe, le ka mohla ha re batle ho “halefela Jehova” mme se tla re thusa ho etsa sena ke ho kopa tataiso ya hae ka thapelo le ho tshepahala ho yena.—Bala Liproverbia 19:3.

9. Sehloohong see le se latelang re tlo tshohla mehlala efe?

9 A re tshohleng mehlala e meraro ya ho hloka toka e ileng ya etsahalla batho ba Jehova mehleng ya Bibele. Sehloohong sena re tlo bua ka se ileng sa etsahalla setloholo sa Abrahama e leng Josefa. Sehloohong se latelang, re tla hlahloba tsela eo Jehova a ileng a sebedisana le Morena Akabe wa Iseraele ka yona le ka se ileng sa etsahalla moapostola Petrose ha a le Antioke e Syria. Ha re ntse re ithuta ka mehlala ena, sheba dintlha tsa bohlokwa tse tla o thusa hore kamano ya hao le Jehova e dule e le matla, haholoholo haeba o dumela hore o kile wa tshwarwa ka ho hloka toka.

JOSEFA O ILE A TSHWARWA KA HO HLOKA TOKA

10, 11. (a) Ke jwang Josefa a ileng a tshwarwa ka leeme? (b) Josefa o ile a fumana monyetla ofe ha a ntse a le teronkong?

10 Josefa, mohlanka wa Jehova ya tshepahalang, o ile a tshwarwa ka leeme. Empa ho utlwisang bohloko le ho feta ke hore le bana babo ba ile ba mo tshwara ka tsela eo. Ha Josefa a le dilemo tse ka tlase ho tse 20, bara babo ba ile ba mo kwetela mme ba mo rekisa hore e be lekgoba. Ntle ho tumello ya hae, o ile a iswa Egepeta. (Gen. 37:23-28; 42:21) Kamora nako a le moo, o ile a qoswa ka hore o betile mme a kwallwa teronkong a se na molato. (Gen. 39:17-20) Ho nkile dilemo tse ka bang tse 13 Josefa e le lekgoba mme hamorao a le teronkong. Re ka ithutang mohlaleng wa Josefa e ka re thusang ha re tshwarwa ka leeme ke modumedi mmoho le rona?

11 Josefa o ile a ba le monyetla wa ho bolella motshwaruwa mmoho le yena ka se mo etsahalletseng. Motshwaruwa eo e ne e kile ya eba mookamedi wa baqhatsetsi ntlong ya morena. Ha ba ntse ba le teronkong, moqhatsetsi eo o ile a ba le toro mme Josefa a e hlalosa. Josefa o ile a hlalosetsa monna eo hore o tla kgutlisetswa boemong ba ho ba moqhatsetsi hape ntlong ya Faro. Ha Josefa a ntse a hlalosa toro eo ka thuso ya Modimo, o ile a sebedisa monyetla oo ho hlalosa mathata a hae. Re ka ithuta dintho tsa bohlokwa ho seo Josefa a se buileng le seo a sa se buwang.—Gen. 40:5-13.

12, 13. (a) Seo Josefa a se bolelletseng moqhatsetsi se bontsha jwang hore o ne a sa amohela boemo ba hae? (b) Josefa o ile a qoba ho bolella moqhatsetsi eng?

12 Bala Genese 40:14, 15. Hlokomela hore Josefa o ile a re o ne a “kwetetswe.” Lentswe la Seheberu le hlalosang ho kwetelwa le bolela hore o ne a “utswitswe.” Ho hlakile hore o ile a tshwarwa ka ho hloka toka. Josefa o ile a boela a hlalosa ka ho hlaka hore o kwalletswe a se na molato. Ka mabaka ao, o ile a kopa moqhatsetsi hore a mo buelle ho Faro. Hobaneng? Hobane o ne a batla hore a ‘mo ntshe ka tlung eo.’

13 Na mantswe a Josefa a bontsha hore o ne a amohetse boemo ba hae? Le hanyenyane. O ne a hlokomela hore o tshwerwe ka ho hloka toka ka makgetlo a mangata. O ile a hlalosetsa moqhatsetsi ditaba tsa hae ka ho hlaka, hobane mohlomong o ne a ka kgona ho mo thusa. Leha ho le jwalo, hlokomela hore ha ho letho ka Mangolong le bontshang hore Josefa o ile a bolella batho ba bang leha e le Faro, taba ya hore bara babo e ne le bona ba mo kwetetseng. Ha e le hantle, ha bara babo Josefa ba tla Egepeta mme ba boelana le yena, Faro o ile a ba amohela mme a re ba hahe matlo le ho thabela “karolo e ntle ya naha yohle.”—Gen. 45:16-20.

Lesebo le ka mpefatsa boemo le ho feta (Sheba serapa sa 14)

14. Keng e tla re thusa ho qoba leraba la ho bua ba bang hampe le haeba re tshwerwe ka ho hloka toka ka phuthehong?

14 Ha Mokreste a dumela hore o tshwerwe ka ho hloka toka, o lokela ho itlhlokomela hore a se ke a tsamaya a seba ka taba eo. Ke nnete hore ho loketse ho kopa thuso ho baholo le ho ba bolella haeba Mokreste e mong a entse sebe se tebileng. (Lev. 5:1) Leha ho le jwalo, maemong ao ho senang sebe se tebileng, e ka ba hantle hore Bakreste ba lokise ditaba ba le bang ntle le hore baholo ba kenelle. (Bala Matheu 5:23, 24; 18:15.) Ka botshepehi, a re tsweleng pele ho sebedisa melaomotheo ya Bibele ha re kopana le maemo a jwalo. Ka nako e nngwe, re ka hlokomela hore ha e le hantle re ne re sa tshwarwa ka ho hloka toka. Re tla ananela haholo hore ebe ha re a ka ra mpefatsa boemo ka ho bua hampe ka Bakreste mmoho le rona! Hopola, ho sa tsotellehe hore re nepile kapa ka tjhe, ho hlabana ka mantswe ho ke ke ha ntlafatsa boemo. Ho tshepahalla Jehova le Bakreste mmoho le rona, ho tla re thusa ho qoba phoso eo. Ha a bua ka “ya tsamayang ka mokgwa o se nang molato,” mopesaleme o ile a re ke “ya sa etselletsang ka leleme la hae, ya sa etsang letho le lebe ho motswalle wa hae, ho se nyediso eo a e boletseng kgahlanong le motho eo a mo tlwaetseng haholo.”—Pes. 15:2, 3; Jak. 3:5.

HOPOLA KAMANO YA HAO YA BOHLOKWA KA HO FETISISA

15. Kamano eo Josefa a neng a e na le yona le Jehova ebile tlhohonolofatso ka tsela efe?

15 Re ithuta dintho tsa bohlokwa kamanong ya Josefa le Jehova. Nakong ya dilemo tse 13 e le lekgoba ebile a kwalletswe, Josefa o ile a etsa dintho ka tsela ya Jehova. (Gen. 45:5-8) Ha a ka a beha Jehova molato ka boemo boo a neng a le ho bona. Le hoja a sa ka a lebala maemo ao a fetileng ho ona, ha a ka a a dumella hore a mo nyahamise. Ha bohlokwa le ho feta ke hore ha a ka a dumella diphoso tsa batho ba bang hore di senye kamano ya hae le Jehova. Botshepehi ba Josefa bo mo thusitse ho bona ha Jehova a lokisa ho hloka toka hoo mme a hlohonolofatsa yena le ba lelapa labo.

16. Ke hobaneng ha re lokela ho atamela ho Jehova le ho feta ha re tshwarwa ka leeme ka phuthehong?

16 Ka tsela e tshwanang, re lokela ho ananela le ho sireletsa kamano ya rona le Jehova. Le ka mohla re se ke ra dumella diphoso tsa Bakreste mmoho le rona ho re arola ho Modimo eo re mo sebeletsang ka lerato. (Bar. 8:38, 39) Ho e na le hoo, ha re tshwarwa ka leeme ke badumedi mmoho le rona, a re etsiseng Josefa mme re atamele ho Jehova le ho feta, re etse dintho ka tsela ya hae. Ha re entse sohle ho lokisa boemo ho latela melaomotheo ya Bibele, re lokela ho tlohella dintho ho Jehova, re kgodisehile hore o tla di lokisa ka nako le ka tsela ya hae.

TSHEPA “MOAHLODI WA LEFATSHE LOHLE”

17. Re ka bontsha jwang hore re tshepa “Moahlodi wa lefatshe lohle”?

17 Ha feela re ntse re phela tsamaisong ena, re ka lebella ho tshwarwa ka ho hloka toka. Ka dinako tse ding, wena kapa motho e mong eo o mo tsebang le ka tshwarwa kapa la bona eka le tshwerwe ka ho hloka toka ka phuthehong. O se ke wa itumella hore o kgopehe. (Pes. 119:165) Ho e na le hoo, jwalo ka bahlanka ba Modimo, re a tshepahala ho yena mme re rapella tataiso ya hae. Ka tsela e tshwanang, re a hlokomela hore ha se ka dinako tsohle re ka tsebang dintlha kaofela. Re a utlwisisa hore ka lebaka la ho se phethahale re ka etsa phoso tseleng eo re bonang dintho ka yona. Jwalo kaha re ithutile mohlaleng wa Josefa, re batla ho qoba dipuo tse kotsi kaha di ka mpefatsa boemo le ho feta. Qetellong, ho e na le ho sebetsa ditaba ka tsela ya rona, a re ikemisetseng ho dula re tshepahala mme re letele hore Jehova e be yena ya di lokisang. Ha re etsa dintho ka tsela eo, Jehova o tla re amohela mme a re hlohonolofatse jwalo kaha a ile a etsa ho Josefa. Ruri re ka kgodiseha hore Jehova, “moahlodi wa lefatshe lohle,” o tla dula a etsa dintho ka tsela e nepahetseng, “etswe ditsela tsohle tsa hae ke toka.”—Gen. 18:25; Deut. 32:4.

18. Sehloohong se latelang re tlo ithutang?

18 Sehloohong se latelang, re tlo ithuta ka mehlala e mmedi ya ho hloka toka e etsahalletseng batho ba Jehova mehleng ya Bibele. Ha re ntse re ithuta ka mehlala eo, re tla bona kamoo boikokobetso le ho ikemisetsa ho tshwarela di amanang kateng le pono ya Jehova ka toka.

^ par. 7 Bala pale ya bophelo ba Willi Diehl e nang le sehlooho se reng, “Jehova ke Modimo wa ka, oo ke o Tshepang” ho Molula-Qhooa wa November 1, 1991.