Na o Etsisa Toka ya Jehova?
“Ke tla bolela lebitso la Jehova . . . , Modimo wa botshepehi, eo ho yena ho se nang ho hloka toka.”—DEUT. 32:3, 4.
DIPINA: 110, 2
1, 2. (a) Nabothe le bara ba hae ba ile ba hlahelwa ke ketsahalo efe e bontshang ho hloka toka? (b) Sehloohong see re tlo ithuta dintho dife tsa bohlokwa mehlaleng e ka Bibeleng?
NAHANA ka sena. Monna ya itseng o qoswa ka hore o entse tlolo ya molao. Ka lebaka la bopaki ba leshano bo fanwang ke batho ba tsebahalang ka ho se tshepahale, monna eo o ahlolelwa lefu mme metswalle le ba lelapa la hae ba sala ba tshohile ebile ba saretswe. Batho ba ratang toka ba utlwa bohloko bo otlang pelo ha ba bona monna eo ya se nang molato a bolawa hammoho le bara ba hae. Tlaleho ena ke ya sebele. Ke seo mohlanka e mong wa Jehova ya bitswang Nabothe, ya phetseng nakong ya puso ya Morena Akabe, a ileng a tobana le sona.—1 Mar. 21:11-13; 2 Mar. 9:26.
2 Sehloohong sena ha re tlo bua feela ka se ileng sa etsahalla Nabothe empa re tlo boela re bue ka phoso eo moholo e mong ya tshepahalang wa phutheho ya Bokreste ya mehleng ya baapostola a ileng a e etsa. Ha re ntse re hlahloba mehlala ena e ka Bibeleng, re tla hlokomela hore ke ha bohlokwa hore re ikokobetse e le hore re bontshe hore re na le toka eo Jehova a nang le yona. Re tla boela re ithute hore ha re tshwarela ba bang ka bolokolohi ha ba re entse hampe ka phuthehong, re tla be re bontsha toka eo Jehova a nang le yona.
DIKETSO TSA HO HLOKA TOKA
3, 4. Nabothe e ne e le monna ya jwang, hona ke hobaneng ha a ile a hana ho rekisetsa Morena Akabe serapa sa morara?
3 Nabothe o ne a tshepahala ho Jehova nakong eo Baiseraele ba bangata ba neng ba latela mohlala o mobe wa Morena Akabe le mosadi wa hae ya kgopo e leng Mofumahadi Jezebele. Barapedi bao ba Baale ba ne ba sa hlomphe Jehova le melao ya hae. Empa Nabothe yena o ne a nka kamano ya hae le Jehova e le ya bohlokwa ho feta bophelo ba hae.
4 Bala 1 Marena 21:1-3. Nabothe o ile a hana ha Akabe a kopa ho reka serapa sa hae sa morara kapa a kopa ho mo fa se betere. Hobaneng? O ile a mo araba ka tlhompho a re: “Ke ho sa utlwahaleng ponong ya Jehova, hore ke o fe lefa la baholoholo ba ka.” Nabothe o ne a hana hobane a ne a latela molao oo Jehova a neng a o file setjhaba sa Iseraele, o neng o thibela motho ho rekisa lefa la moloko wa habo. (Lev. 25:23; Num. 36:7) Ho hlakile hore Nabothe o ne a sheba dintho ka tsela eo Jehova a di shebang ka yona.
5. Jezebele o ile a etsang e le hore Nabothe a bolawe?
5 Ka maswabi, kaha Nabothe o ile hana ho rekisa serapa sa hae sa morara, seo se ile sa etsa hore Morena Akabe le mosadi wa hae ba mo etse diketso tse bohloko. Kahoo e le hore a hapele monna wa hae serapa seo, Jezebele o ile a etselletsa Nabothe mme Nabothe le bara ba hae ba bolawa. Jehova o ile a ikutlwa jwang ka ketsahalo eo e sehloho?
DIKAHLOLO TSA MODIMO DI LOKILE
6, 7. Jehova o ile a bontsha jwang hore o rata toka, mme ke hobaneng ha seo se ile sa tshedisa metswalle le ba lelapa la Nabothe?
6 Kapelepele Jehova o ile a laela Elia hore a ilo bua le Akabe. Elia o ile a ahlola Akabe a re ke mmolai ebile ke leshodu. Jehova o ile a fana ka kahlolo efe tabeng ee? O ile a re Akabe, mosadi wa hae le bara ba bona ba ne ba tla bolawa jwalo ka Nabothe le bara ba hae.—1 Mar. 21:17-25.
7 Ba lelapa la Nabothe le metswalle ya hae ba ile ba utlwa bohloko haholo ka lebaka la diketso tsa Akabe tse ileng tsa etsa hore Nabothe a bolawe. Leha ho le jwalo, ha ho pelaelo hore ba ile ba tshediswa ke ho tseba hore Jehova o bona diketso tseo tsa ho hloka toka le hore o ile a nka kgato kapele. Empa ho ile ha hlaha dintho tseo ba neng ba sa di lebella mme di ile tsa leka boikokobetso le tshepo eo ba neng ba e na le yona ho Jehova.
8. Akabe o ile a etsang ha a utlwa molaetsa wa Jehova wa kahlolo, mme phello ya eba efe?
8 Ha Akabe a utlwa mantswe a Jehova a kahlolo, o ile “a hahola diaparo tsa hae mme a apara lesela la mokotla nameng; a qala ho itima dijo mme a nna a robala a apere lesela la mokotla le ho tsamaya a nyahame.” Akabe o ile a ikokobetsa. Qetellong ho ile ha etsahalang? Jehova o ile a re ho Elia: “Kahobane [Akabe] a ikokobeditse ka lebaka la ka, nke ke ka tlisa tlokotsi matsatsing a hae. Ke tla tlisa tlokotsi hodima ntlo ya hae matsatsing a mora wa hae.” (1 Mar. 21:27-29; 2 Mar. 10:10, 11, 17) Kaha Jehova ke “ya hlahlobang dipelo,” o ile a bontsha Akabe mosa.—Liprov. 17:3.
BOIKOKOBETSO BO A SIRELETSA
9. Ke hobaneng ha boikokobetso bo ne bo ka thusa ba lelapa la Nabothe le metswalle ya hae?
9 Batho ba neng ba tseba ka diketso tse mpe tsa Akabe ba ile ba ikutlwa jwang ka kahlolo ena? E ka nna yaba e ile ya leka tumelo ya ba lelapa la Nabothe le metswalle ya hae. Haeba ho jwalo, boikokobetso Deuteronoma 32:3, 4.) Nabothe le ba lelapa la hae ba tla bona hore Jehova ke Modimo wa toka ha a tsosa ba lokileng. (Jobo 14:14, 15; Joh 5:28, 29) Motho ya ikokobeditseng ha a lebale hore “Modimo wa nnete o tla tlisa mosebetsi wa mofuta o mong le o mong kahlolong kamanong le ntho e nngwe le e nngwe e patilweng, ebang e ntle kapa e mpe.” (Moek. 12:14) Ha Jehova a ahlola, o sheba le dintho tse ding tseo rona re sa di tsebeng. Kahoo boikokobetso bo ka thusa batho ba senang molato hore ba dule ba na le tumelo ho Jehova.
bo ne bo tla ba thusa ho dula ba tshepahala ho Jehova le ho tshepa hore kamehla o etsa dintho ka toka. (Bala10, 11. (a) Ke maemo afe a ka etsang hore ho be thata hore re ikokobelletse diqeto tse etswang ka phuthehong? (b) Boikokobetso bo ka re sireletsa ka ditsela dife?
10 O tla etsang haeba baholo ba etsa qeto eo o sa e utlwisiseng kapa eo o sa dumellaneng le yona? Ka mohlala, o tla etsang haeba motho eo o mo ratang a nkelwa ditokelo? Kapa haeba molekane, mora, moradi kapa motswalle wa hao a kgaolwa mme o sa dumellane le qeto eo? Ho thweng haeba o dumela hore baholo ba entse phoso ka ho bontsha mofosi mosa? Maemo a jwalo a ka leka tumelo ya rona mme a ka etsa hore re belaelle tsela eo Jehova a etsang dintho ka yona a sebedisa mokgatlo wa hae.
Boikokobetso bo ka o sireletsa jwang ha o le maemong a tshwanang le aa? Nahana ka ditsela tsena tse pedi.11 Tsela ya pele, boikokobetso bo tla re thusa ho lemoha hore ha re tsebe dintlha kaofela. Ho sa tsotellehe hore na re tseba taba e itseng hakae, ke Jehova feela ya tsebang se ka pelong ya motho. (1 Sam. 16:7) Ho tseba nnete ena ho tla etsa hore re ikokobetse, re dumele hore re na le tsebo e fokolang le hore re lokise tsela eo re shebang dintho ka yona. Tsela ya bobedi, boikokobetso bo tla re thusa hore re be le mamello ha re ntse re emetse hore Jehova a lokise dintho tse entsweng ka ho hloka toka. Monna e mong ya bohlale o ile a re: “Dintho di tla tsamaya hantle ho ba tshabang Modimo wa nnete . . . . Empa ho hang dintho di ke ke tsa tsamaya hantle ho ya kgopo, leha e le hore o tla lelefatsa matsatsi a hae.” (Moek. 8:12, 13) Ka sebele boikokobetso bo tla re tswela molemo.—Bala 1 Petrose 5:5.
TLALEHO YA BOIKAKETSI
12. Re tlo hlahloba tlaleho efe, hona hobaneng?
12 Bakreste ba mehleng ya baapostola ba Antioke e Syria ba ile ba tobana le boemo bo ileng ba leka boikokobetso ba bona. Tlaleho eo e ile ya boela ya bontsha hore na ba ikemiseditse ho tshwarela ba bang kapa tjhe. Ha re hlahlobeng tlaleho eo mme re bone hore na e tla re thusa jwang tabeng ya ho tshwarela ba bang le kamoo ho tshwarela ho amanang kateng le toka ya Jehova.
13, 14. Petrose o ile a fumana tokelo efe, hona o ile a bontsha jwang hore o ne a le sebete?
13 Moapostola Petrose e ne e le moholo ya tsejwang ke batho ba bangata ka phuthehong. E ne e le motswalle wa Jesu mme o ne a fuwe boikarabelo bo bongata. (Mat. 16:19) Ka mohlala, ka selemo sa 36 Petrose o ile a fuwa tokelo ya ho pakela Korneliase le ba ntlo ya hae. Ketsahalo ena e ne e le ya bohlokwa kaha Korneliase e ne e le Moditjhaba ya sa bollang. Ha Korneliase le ba ntlo ya hae ba fumana moya o halalelang, Petrose o ile a re: “Na leha e le mang a ka hana ka metsi e le hore baa ba se ke ba kolobetswa ba amohetseng moya o halalelang jwalokaha le rona re o amohetse?”—Lik. 10:47.
14 Ka selemo sa 49, baapostola le baholo ba Jerusalema ba ile ba kopana ho buisana ka hore na Baditjhaba bao e neng e sa tswa ba Bakreste ba ne ba lokela ho bolla kapa tjhe. Kopanong eo, Petrose o ile a bua ka sebete ha a ba hopotsa hore dilemong tse fetileng Baditjhaba ba ile ba fumana moya o halalelang le hoja ba ne ba sa bolla. Bopaki ba Petrose bo ile ba thusa sehlopha se busang sa mehleng eo ho etsa qeto. (Lik. 15:6-11, 13, 14, 28, 29) Bakreste ba Bajuda le ba Baditjhaba ba ile ba ananela tsela eo Petrose a ileng a hlalosa ditaba ka yona. E tlameha ebe ho ile ha e ba bonolo hore ba mo tshepe hobane o ne a hodile tsebong.—Baheb. 13:7.
15. Ke phoso efe eo Petrose a ileng a etsa ha a le Antioke e Syria? (Bona setshwantsho se qalong.)
15 Nakwana kamora seboka seo, Petrose o ile a etela Antioke e neng e le Syria. Ha a le moo, o ile a etsa setswalle le Bakreste ba Baditjhaba. Ha ho pelaelo hore ba ile ba rua molemo haholo ho Petrose kaha o ne a e na le tsebo. Empa nahana feela hore na ba ile ba makala le ho utlwa bohloko hakae ha Petrose a se a kgaotsa ho ja le bona. Bajuda ba bang ka phuthehong esita le Barnabase ba ile ba etsisa phoso ena ya Petrose. Keng e ileng
ya etsa hore moholo ya nang le tsebo jwalo ka Petrose a etse qeto e bowatla hakaalo, e neng e ka baka dikarohano ka phuthehong? Ha bohlokwa le ho feta, re ka ithutang tabeng ena, e tla re thusa haeba baholo ba re utlwisa bohloko?16. Petrose o ile a thuswa jwang, hona see se hlahisa dipotso dife?
16 Bala Bagalata 2:11-14. Petrose o ile a tshaba batho. (Liprov. 29:25) Petrose o ne a tseba hore na Jehova o ikutlwa jwang ka sena. Leha ho le jwalo, o ne a tshaba hore na Bakreste ba Bajuda ba bolotseng ba tla nahanang ka yena. Moapostola Pauluse le yena o ne a le teng sebokeng se neng se tshwaretswe Jerusalema ka selemo sa 49. Ke kahoo a ileng a buisana le Petrose ha ba le Antioke a ba a pepesa boikaketsi ba hae. (Lik. 15:12; Bagal. 2:13) Phoso ya Petrose e ile ya ama Bakreste ba Baditjhaba jwang? Na ba ne ba tla e dumella hore e ba kgopise? Hona na Petrose o ne a tla nkelwa ditokelo ka lebaka la phoso eo?
TSHWARELA BA BANG
17. Petrose o ile a rua molemo jwang ha Jehova a mo tshwarela?
17 Ka boikokobetso, Petrose o ile a amohela tayo e neng e tswa ho Pauluse. Ha ho na moo Bibele e bontshang hore Petrose o ile a nkelwa ditokelo. Ha e le hantle, Petrose o ile a ba a budulelwa ho ngola dibuka tse pedi tsa Bibele. Lengolong la hae la bobedi o ile a bitsa Pauluse “morabo rona ya ratwang.” (2 Pet. 3:15) Le hoja ho ka etsahala hore phoso ya Petrose e ile ya utlwisa Bakreste ba Baditjhaba bohloko, Jesu e leng hlooho ya phutheho, o ile a tswela pele ho mo sebedisa. (Baef. 1:22) Bakreste ba nakong eo ba ne ba na le monyetla wa ho etsisa Jesu le Ntate wa hae ka hore ba tshwarele Petrose. Kahoo, re tshepa hore ha ho le ya mong ho bona ya ileng a itumella ho utlwiswa bohloko ke phoso ya motho ya sa phethahalang.
18. Re lokela ho etsisa toka ya Jehova maemong afe?
18 Kajeno ha ho na baholo ba phethahetseng, feela jwalo kaha ho ne ho le jwalo le mehleng ya baapostola, “etswe kaofela re kgoptjwa hangata.” (Jak. 3:2) O ka nna wa dumela nnete ena ha bonolo feela, empa bothata bo ka hlaha ha morabo rona ya itseng a se a o utlwisitse bohloko. Ha seo se etsahala, na o tla nahana ka toka ya Jehova? Ka mohlala, o tla etsang ha o utlwa moholo a bua ka mokgwa o bontshang kgethollo? Na o tla itumella ho kgopiseha ha moholo a bua mantswe a o utlwisang bohloko hobane a bua a sa nahana? Ho e na le hore o phethe ka hore moholo eo ha a sa tshwaneleha, na o tla mamella mme o letele Jesu jwalo ka hlooho ya phutheho ho lokisa bothata? Ho e na le ho ahlola moreno, na o ka nahana ka dilemo tseo a di qetileng a sebeletsa Jehova ka botshepehi? Haeba morabo rona ya o sitetsweng a tswela pele e le moholo kapa a bile a fuwa ditokelo tse eketsehileng, na o tla thaba le yena? Ho ikemisetsa ha hao ho tshwarela ba bang ho tla bontsha hore o etsisa toka ya Jehova.—Bala Matheu 6:14, 15.
19. Re lokela ho ikemisetsa ho etsang?
19 Batho ba ratang toka ba labalabela ho bona nako eo ka yona Jehova a tlang ho fedisa ka ho feletseng ho hloka toka ho bakilweng ke Satane le lefatshe la hae. (Esa. 65:17) Ha ntse re letetse nako eo, e se eka re ka ikemisetsa ho etsisa toka ya Jehova ka hore re hopole hore ha re a phethahala le ka ho tshwarela ba bang ka bolokolohi ha ba re sitetswe.