Dula o Apere Botho bo Botjha
“Le ikapese botho bo botjha.”—BAKOL. 3:10.
DIPINA: 43, 106
1, 2. (a) Ke hobaneng ha re ka re ho a kgoneha ho apara botho bo botjha? (b) Lengolo la Bakolose 3:10-14 le bua ka makgabane afe a botho bo botjha?
“BOTHO bo botjha.” Mantswe ana a hlaha ka makgetlo a mabedi Bibeleng ya Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang. (Baef. 4:24; Bakol. 3:10) Botho bona ke bo “ileng ba boptjwa ho ya ka thato ya Modimo.” Ho apara botho bo botjha ho a kgoneha. Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Hobane Jehova o bopile batho ka setshwantsho sa hae, ke kahoo re nang le makgabane a tshwanang le a hae.—Gen. 1:26, 27; Baef. 5:1.
2 Ka dinako tse ding re ba le ditakatso tse fosahetseng hobane re futsitse ho se phethahale ho batswadi ba rona ba pele. Hape e ka nna ya ba re fumana tshusumetso e mpe tikolohong eo re dulang ho yona. Le ha ho le jwalo, Jehova a ka re thusa hore re be le botho bo mo kgahlisang. E le hore re etse jwalo, a re ke re tshohleng makgabane a mmalwa a botho bo botjha, ao Pauluse a ileng a budulelwa ho ngola ka ona. (Bala Bakolose 3:10-14.) Re tla boela re bue ka hore na re ka a bontsha jwang ha re le tshimong.
“KAOFELA LE MOTHO A LE MONG”
3. Karolo e nngwe ya botho bo botjha ke efe?
3 Pauluse o ile a re ho se be le kgethollo ke bopaki ba hore re apere botho bo botjha. O ile a re hara balatedi ba Kreste ha ho na “Mogerike kapa Mojuda, lebollo kapa ho se bolle, osele, Moskitha, lekgoba, [kapa] motho ya lokolohileng.” * Ke hobaneng ha ka phuthehong re sa lokela ho kgetholla batho ho ya ka merabe, naha eo ba tswang ho yona kapa maemo a bona setjhabeng? Ke hobane jwalo ka balatedi ba nnete ba Kreste, ‘kaofela re motho a le mong.’—Bakol. 3:11; Bagal. 3:28.
4. (a) Bahlanka ba Jehova ba lokela ho tshwara batho jwang? (b) Ke hobaneng ha ho ka ba thata hore Bakreste ba momahane?
4 Batho ba apereng botho bo botjha ba hlompha badumedi mmoho le bona hammoho le batho bao e seng Dipaki, ho sa tsotellehe hore na ke ba maemo afe kapa morabe ofe. (Bar. 2:11) Empa dinaheng tse ding ho ka ba thata ho etsa jwalo. Ka mohlala, Dipaki tse ngata South Africa di ntse di dula ditoropong le makeisheneng a neng a arotswe ho ya ka merabe nakong e fetileng. Kahoo ka October 2013, Sehlopha se Busang se ile sa etsa tokisetso ya ho thusa bara bana babo rona hore ba “atolohe” kapa ba tsebane. (2 Bakor. 6:13) Tokisetso eo e ne e tla sebetsa jwang?
5, 6. (a) Ho ile ha etswa ditokisetso dife naheng ya South Africa ho thusa bahlanka ba Modimo ho momahana? (Sheba setshwantsho se qalong.) (b) Ho bile le diphello dife?
5 Ho ile ha etswa tokisetso ya hore diphutheho tse pedi tsa dipuo kapa merabe e sa tshwaneng di kopane ka mafelobeke a itseng. Bara le baradi babo rona ba ne ba sebetsa hammoho tshimong, ba ya dibokeng hammoho esita le ho tjhakelana malapeng. Diphutheho tse ngata di ile tsa thabela tokisetso ena mme ofisi ya lekala e ile ya fumana ditlaleho tse ngata tse monate esita le tse tswang ho batho bao e seng Dipaki. Ka mohlala, moruti e mong o ile a re: “Ha ke Paki, empa ke a bona hore mosebetsi wa lona wa ho rera o hlophisitswe hantle ebile ha le na kgethollo ya morabe.” Dipaki di ile tsa ikutlwa jwang ka tokisetso ee?
6 Qalong moradiwabo rona e mong ya bitswang Noma ya buang Sexhosa, o ne a tshaba ho mema barababo rona ba makgowa lapeng la hae la boemo bo tlase. Phutheho ya habo Noma e ile ya etela phutheho ya Sekgowa pele mme ba ya tshimong le bona. Ka mora hore barababo rona ba makgowa ba ba memele malapeng a bona, Noma o ile a re: “Ba ntse ba itshwanela le rona!” Jwale ha e se e le nako ya hore phutheho ya habo ya Sexhosa e be yona e ba amohelang, o ile a etsa dijo mme a ba memela ha hae. E mong wa baeti ba hae e ne e le moholo wa lekgowa. Noma o re: “Ke ile ka makatswa ke hore o ne a se na bothata ba ho dula hodima kreiti.” Ka lebaka la tokisetso ena, bara le baradibabo rona ba entse metswalle e metjha mme ba tswela pele ho atolosa setswalle sa bona.
‘LE BE LE KUTLWELO BOHLOKO LE MOSA’
7. Ke hobaneng ha ho hlokahala hore re tswele pele ho bontsha kutlwelo bohloko?
7 Hafeela lefatshe la Satane le ntse le le teng, re tla dula re kopana le mathata. Re tobana le mathata a kang ho hloka mesebetsi, ho kula, ho hloriswa, dikoduwa tsa tlhaho le bokebekwa. Re hloka kutlwelo bohloko hore re kgone ho tshehetsana ha re tobana le mathata a kang ao. Ho ba le kutlwelo bohloko ho tla etsa hore re bontshe ba bang mosa. (Baef. 4:32) Ho ba le makgabane ana a botho bo botjha ho tla re thusa ho etsisa Modimo le ho tshedisa batho ba bang.—2 Bakor. 1:3, 4.
8. Ho ka ba le diphello dife haeba re bontsha mosa le kutlwelo bohloko ho bohle ka phuthehong. Fana ka mohlala.
8 Re ka bontsha jwang hore re rata ba tswang dinaheng tse ding le ba maemo a tlase ba diphuthehong tsa habo rona? Re lokela ho ba metswalle ya bona mme re ba thuse hore ba bone hore ke ba bohlokwa ka phuthehong. (1 Bakor. 12:22, 25) Nahana ka se ileng sa etsahalla Dannykarl ya ileng a fallela Japan a tswa naheng ya Philippines. Mosebetsing o ne a kgethollwa hobane e se wa naha eo. Hamorao o ile a ya sebokeng sa Dipaki Tsa Jehova. O re: “Le hoja bongata ba batho ba neng ba tlile sebokeng seo e ne e le Majapane, ba ile ba ntshwara hantle. E ne eka ke kgale re tsebana.” Bakreste ba phutheho eo ba ile ba mo tshwara ka mosa mme seo sa mo thusa hore a be le kamano e ntle le Modimo. O ile a kolobetswa mme kajeno o sebeletsa e le moholo ka phuthehong. Baholo mmoho le yena ba re Dannykarl le mosadi wa hae Jennifer ke tlhohonolofatso e tswang ho Jehova. Ba re: “Bophelo ba bona jwalo ka bopulamadiboho bo bobebe mme ba beha mohlala o motle wa ho batla Mmuso pele.”—Luka 12:31.
9, 10. Ho ba le melemo efe ha re bontsha kutlwelo bohloko tshimong? Fana ka mehlala.
9 Ha re bolela molaletsa wa Mmuso, re ba le monyetla o motle wa ho ‘sebetsa se molemo ho bohle.’ (Bagal. 6:10) Dipaki tse ngata di ithuta dipuo tse ding e le hore di ka pakela batho ba tswang dinaheng tse ding. (1 Bakor. 9:23) Di ile tsa hlohonolofatswa haholo. Ka mohlala, Tiffany ya dulang Australia, o ile a ithuta Seswahili e le hore a ka thusa phutheho ya Seswahili e motseng wa Brisbane. Le hoja ho ne ho le thata hore Tiffany a ithute puo eo, o ile a rua molemo haholo. O re: “Haeba o batla ho utlwa monate wa tshimo, sebeletsa phuthehong ya puo e nngwe. O tla utlwa ekare o tjhaketse sebakeng se seng empa o ntse o le hae. O tla natefelwa ke ho kopana le barababo rona le ho bona bonngwe ba rona.”
10 Nahana ka mohlala wa lelapa le leng le dulang Japan. Moradi wa lelapa leo e leng Sakiko, o re: “Dilemong tsa bo 1990, hangata re ne re kopana le batho ba bangata ba tswang Brazil ha re le tshimong. Ha re ne re ba bontsha mangolo a kang Tšenolo 21:3, 4 le Pesaleme ya 37:10, 11, 29 ka Bibeleng ya bona ya Sepotoketsi, ba ne ba mamela ka hloko mme ka dinako tse ding ba sekisa meokgo.” Ha ho a ka ha fella moo. Sakiko o re: “Ha re bona kamoo ba neng ba thabela molaetsa oo kateng, re ile ra qala ho ithuta puo eo re le lelapa.” Hamorao, lelapa leo le ile la kenya letsoho ha ho thehwa phutheho ya Sepotoketsi. Ha nako e ntse e ya, lelapa la bo Sakiko le ile la thusa batho ba bangata ba tswang dinaheng tse ding hore e be bahlanka ba Jehova. O phaella ka hore: “Ho ithuta Sepotoketsi e ne e se papadi, empa Jehova o ile a re putsa ka ho enneng. Re leboha Jehova ho menahane.”—Bala Liketso 10:34, 35.
“LE IKAPESE . . . HO IKOKOBETSA KELELLONG”
11, 12. (a) Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa ho ba le boikutlo bo nepahetseng mabapi le ho apara botho bo botjha? (b) Re ka thuswa keng ho dula re ikokobeditse?
11 Sepheo sa rona sa ho apara botho bo botjha e lokela ho ba ho tlotlisa Jehova, e seng ho batla ho roriswa ke batho. Hopola hore lengeloi le leng le neng le phethahetse le ile la fosetsa Jehova ka lebaka la boikakaso. (Bapisa le Ezekiele 28:17.) Jwale nahana hore na ho thata hakae ho batho ba sa phethahalang ho qoba boikgantsho! Le ha ho le jwalo, re ka kgona ho hlola maikutlo a jwalo. Empa re ka etsa seo jwang?
12 Re lokela ho behella nako ka thoko bakeng sa ho nahanisisa ka seo re ithutang sona ka Bibeleng, mme ho etsa jwalo ho tla re thusa ho dula re ikokobeditse. (Deut. 17:18-20) Re etsa hantle ha re ithuta dipapisong tsa Jesu le mohlaleng wa hae o tsotehang wa boikokobetso. (Mat. 20:28) Jesu o ile a ba a hlatswa barutuwa ba hae maoto. (Joh. 13:12-17) Re hloka ho rapela Jehova kgafetsa hore a re thuse ka moya o halalelang hore re lwantshe maikutlo a ho phahamela ba bang.—Bagal. 6:3, 4, Bafil. 2:3.
13. Melemo ya ho ikokobetsa ke efe?
13 Bala Liproverbia 22:4. Ke ha bohlokwa hore barapedi bohle ba nnete ba be le boikokobetso mme ho etsa jwalo ho ba tlisetsa melemo e mengata. Ho ikokobetsa ho tla re thusa hore re bope kgotso le bonngwe ka phuthehong mme Jehova o tla re bontsha mohau. Moapostola Petrose o itse: “Kaofela ha lona itlameng ka ho ikokobetsa kelellong e mong ho e mong, hobane Modimo o hanyetsa ba ikgohomosang, empa o fana ka mosa o sa tshwanelang ho ba ikokobeditseng.”—1 Pet. 5:5.
“LE IKAPESE . . . BONOLO” LE MAMELLO
14. Ke mang ya re behetseng mohlala o motle ka ho fetisisa wa ho ba bonolo le ho bontsha mamello?
14 Kajeno ha o le bonolo ebile o na le mamello, batho ba nka hore o a fokola, empa seo ha se nnete! Makgabane ana a tswa ho Motho ya phahameng ka ho fetisisa hodima lefatshe lohle. Jehova Modimo o re behela mohlala o motle ka ho fetisisa ho wa ho ba bonolo le ho bontsha mamello. (2 Pet. 3:9) Ela hloko kamoo a ileng a sebedisa mangeloi kateng ho araba Abrahama le Lota ha ba ne ba mo botsa dipotso. (Gen. 18:22-33; 19:18-21) O ile a boela a mamella Baiseraele ka dilemo tse fetang 1 500 le hoja ba ne ba sa mo mamele.—Ezek. 33:11.
15. Jesu o re behetse mohlala ofe mabapi le ho ba bonolo le ho bontsha mamello?
15 Jesu o ne a na le “maikutlo a bonolo.” (Mat. 11:29) O ile a bontsha mamello haholo ha a ne a sebedisana le balatedi ba hae ba neng ba na le mefokolo. Ha Jesu a ne a le lefatsheng, o ile a mamella ha bahanyetsi ba hae ba mo tshwara hampe esita le ha ba mo bolaya. Ha a ne a le thupeng ya tlhokofatso, Jesu o ile a rapela Ntate wa hae hore a tshwarele babolai ba hae kaha ba ne ba sa “tsebe seo ba se etsang.” (Luka 23:34) Jesu o re behetse mohlala o motle hakakang wa ho ba bonolo le ho bontsha mamello tlasa maemo a thata!—Bala 1 Petrose 2:21-23.
16. Re ka ba bonolo ra ba ra bontsha mamello jwang?
Bakol. 3:13) Re hloka mamello le bonolo hore re mamele taelo ena. Empa ha re tshwarela ba bang, re etsa hore ho be le bonngwe ka phuthehong.
16 Re ka ba bonolo ra ba ra bontsha mamello jwang? Pauluse o ile a bua ka tsela ena ha a ne a ngolla badumedi mmoho le yena: “Tswelang pele le mamellana le ho tshwarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a na le sesosa sa pelaelo kgahlanong le e mong. Esita le jwalo ka ha Jehova a ile a le tshwarela ka bolokolohi, le etse jwalo le lona.” (17. Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore re be bonolo hape re be le mamello?
17 Re tlameha ho ba batho ba bonolo le ba nang le mamello. Re hloka makgabane ana e le hore re ka phela lefatsheng le letjha. (Mat. 5:5; Jak. 1:21) Ha re le bonolo ebile re na le mamello re tlotlisa Jehova mme seo se tla etsa hore le batho ba bang ba mo tlotlise.—Bagal. 6:1; 2 Tim. 2:24, 25.
“LE IKAPESE LERATO”
18. Lerato le ho se kgetholle ba bang di amana jwang?
18 Makgabane ohle ao re sa tswa bua ka wona a amana haufi le lerato. Ka mohlala, morutuwa Jakobo o ile a kgalemela barababo kaha ba ne ba rata batho ba ruileng ho e na le ba futsanehileng. O ile a bontsha hore boitshwaro bo jwalo bo ne bo le kgahlanong le molao o reng: “O rate moahelane wa hao jwalo ka ha o ithata.” A phaella ka hore: “Haeba le tswela pele ho bontsha leeme, le etsa sebe.” (Jak. 2:8, 9) Ho fapana le hoo, lerato le tla re susumelletsa hore re qobe ho ba leeme kapa ho kgetholla batho ba bang ho ya ka morabe, maemo a bona le hore na ba rutehile kapa tjhe. Ha re a lokela ho bolela ka molomo feela hore ha re na kgethollo. Empa re lokela ho bontsha ka diketso hore re hloile mokgwa ona e le kannete.
19. Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore re bontshe ba bang lerato?
19 Lerato le a “tiisetsa mme le mosa” e bile “ha le ikgohomose.” (1 Bakor. 13:4) Re hloka ho ba le mamello, mosa le boikokobetso hore re kgone ho bua le baahelane ba rona ka molaetsa wa Mmuso. (Mat. 28:19) Makgabane ana a boetse a re thusa hore re sebedisane hantle la bara le baradibabo rona bohle ka phuthehong. Re tla rua molemo jwang ha re bontsha ba bang lerato? Lerato le etsa hore re be le diphutheho tse momahaneng le tse tlotlisang Jehova. Ha batho ba bona bonngwe boo, ba tla susumelletseha ho tla ka phuthehong. Ke ho loketseng hakaakang hore ebe ha Bibele e hlalosa botho bo botjha, e phetha ka mantswe ana a matla a reng: “Ntle ho dintho tsena kaofela, le ikapese lerato, etswe ke tlamo e phethahetseng ya bonngwe.”—Bakol. 3:14.
LE NNE “LE NTJHAFALE”
20. (a) Ke dipotso dife tseo re lokelang ho ipotsa tsona, hona hobaneng? (b) Re lebelletse nako efe?
20 E mong le e mong o lokela ho ipotsa: ‘Nka etsang ho hlobola le ho lahla botho ba kgale?’ Re lokela ho rapela kgafetsa hore Modimo a re thuse mme re sebetse ka thata ho lahla mekgwa le ha e le efe e ka etsang hore re se ke ra rua Mmuso wa Modimo. (Bagal. 5:19-21) Hape re lokela ho ipotsa: ‘Na ke tswela pele ho fetola tsela eo ke nahanang ka yona e le hore ke kgahlise Jehova?’ (Baef. 4:23, 24) Ho apara botho bo botjha ke ntho eo Bakreste ba lokelang ho tswela pele ba e etsa. A ko nahane feela hore na bophelo bo tla ba monate hakae ha batho bohle ba se ba apere botho bo botjha mme ba phethahetse!
^ par. 3 Mehleng ya Bibele, batho ba ne ba nka Baskitha e le batho ba sa hlabolohang ebile ba ba kgella fatshe.