Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Jakobo e ile ya ba e mong wa leloko leo Mesia a hlahileng ho lona kamora hore a reke tokelo ya letsibolo ya Esau?

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Iseraeleng ya boholoholo, na motho e ne e lokela ho ba letsibolo hore e be e mong wa leloko leo Mesia a tla hlaha ho lona?

Nakong e fetileng dingolwa tsa rona di ne di bua jwalo. Ho ne ho bonahala eka di dumellana le se ngotsweng ho Baheberu 12:16. Temana eo e re Esau o ne a ‘sa ananele dintho tse halalelang’ mme o ile “a fana ka ditokelo tsa hae jwalo ka letsibolo [ho Jakobo] e le phapanyetsano bakeng sa sejo se le seng.” Ho ne ho bonahala eka ha Jakobo a fumana ‘ditokelo tsa ho ba letsibolo,’ o ile a ba karolo ya leloko leo Mesia a neng a tla hlaha ho lona.—Mat. 1:2, 16; Luka 3:23, 34.

Empa ditlaleho tsa Bibele di bontsha hore ho ne ho sa hlokahale hore motho e be letsibolo hore e be karolo ya leloko la Mesia. A re hlahlobeng tse ding tsa ditlaleho tseo:

Hara bara bao Lea a ileng a ba tswalla Jakobo (kapa Israele), Rubene e ne e le yena letsibolo. Athe ho Ragele, letsibolo e ne e le Josefa. Empa eitse ha Rubene a etsa boitshwaro bo bobe, tokelo ya letsibolo e ile ya fetisetswa ho Josefa,. (Gen. 29:31-35; 30:22-25; 35:22-26; 49:22-26; 1 Likron. 5:1, 2) Ho ntse ho le jwalo, Rubene le Josefa ha e ya ka ya ba karolo ya leloko la Mesia. Empa e ile ya ba mora wa bone wa Lea e leng Juda, ya ileng a ba karolo ya leloko leo Mesia a neng a tla hlaha ho lona.—Gen. 49:10.

Lengolo la Luka 3:32 le thathamisitse banna ba bahlano bao e ileng ya ba karolo ya leloko la Mesia. Banna bao kaofela e ne e le matsibolo. Kahoo, Boaze o ile a tswala Obede, eo letsibolo la hae e ileng ya ba Jese.—Ruth 4:17, 20-22; 1 Chron. 2:10-12.

Empa mora wa Jese e leng Davida, e ne e se letsibolo. E ne e le mora wa ho fela ho bara ba 8 ba Jese. Le ha ho le jwalo, ke yena ya ileng a ba karolong ya leloko leo Mesia a ileng a hlaha ho lona. (1 Sam. 16:10, 11; 17:12; Mat. 1:5, 6) Ka ho tshwanang, Solomone le yena e ne e se letsibolo la Davida, empa e ile ya ba e mong wa leloko la Mesia.—2 Sam. 3:2-5.

Sena ha se bolele hore ho ba letsibolo e ne e se ntho ya bohlokwa. Mora wa letsibolo o ne a hlomphuwa mme hangata qetellong e ne e ba yena hlooho ya lelapa. E ne e boetse e le yena ya fumanang lefa le lengata.—Gen. 43:33; Deut. 21:17; Josh. 17:1.

Empa tokelo ya letsibolo e ne e ka fetisetswa ho mora e mong. Abrahama o ile a etsa seo ha a ne a fetisetsa tokelo ya Ishmaele ya letsibolo ho Isaka. (Gen. 21:14-21; 22:2) Ka ho tshwanang, le Rubene o ile a nkelwa tokelo ya hae ya letsibolo mme ya iswa ho Josefa.

Jwale a re kgutleleng Lengolong la Baheberu 12:16, le reng: “Ho se ke ha e ba le sehlola kapa leha e le mang ya sa ananeleng dintho tse halalelang, jwalo ka Esau, ya ileng a fana ka ditokelo tsa hae jwalo ka letsibolo e le phapanyetsano bakeng sa sejo se le seng.” Ho ne ho hatiswa ntlha efe lengolong lee?

Mona moapostola Pauluse o ne a sa bue ka leloko la Mesia. O ne a sa tswa kgothalletsa Bakreste hore ba ‘otlolle ditsela bakeng sa maoto a bona.’ Ka ho etsa jwalo, ba ne ba tla fumana ‘mosa o sa tshwanelang wa Modimo.’ Empa haeba ba etsa boitshwaro bo bobe, ba ne ba ke ke ba fumana mosa oo. (Baheb. 12:12-16) Haeba Bakreste ba ne ba sa mamele keletso ya Pauluse, ba ne ba tla tshwana le Esau. Ha a ka a ‘ananela dintho tse halalelang,’ empa o ile a fana ka tsona bakeng sa ho kgotsofatsa ditakatso tsa hae.

Kaha Esau e ne e le letsibolo, ho ka etsahala hore ka dinako tse ding o ne a fuwa tokelo ya ho fana ka mahlabelo. (Gen. 8:20, 21; 12:7, 8; Jobo 1:4, 5) Empa kaha o ne a sa nke kamano ya hae le Modimo e le ya bohlokwa, o ile a lahla ditokelo tseo kaofela bakeng sa setjhu. Ho ka etsahala hore o ne a batla ho qoba dintho tse bohloko tseo ho ileng ha bolelwa esale pele hore di tla hlahela bana ba Abrahama. (Gen. 15:13) Esau o ile a boela a nyala basadi ba babedi bao e neng e se Baiseraele, mme seo sa utlwisa batswadi ba hae bohloko. (Gen. 26:34, 35) Esau o ne a sa tshwane le Jakobo, ya ileng a nyala morapedi wa Modimo wa nnete!—Gen. 28:6, 7; 29:10-12, 18.

Ka mora ho hlahloba ditlaleho tse ka hodimo, re ka etsa qeto efe mabapi le batho ba neng ba ntshetsa pele leloko leo Mesia a neng a tla hlaha ho lona? Hase kamehla Jehova a neng a kgetha matsibolo hore e be ona a ntshetsang pele leloko la Mesia. Bajuda ba ne ba tseba taba ena mme ba e amohela.Ka mohlala, ba ile ba amohela hore Kreste o ne a tla hlaha lelokong la mora wa ho fela wa Jese e leng Davida.—Mat. 22:42.