Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Na banyalani ba Bakreste ba ka sebedisa disebediswa tse kenywang ka popelong tse bitswang IUD kapa “loop” bakeng sa ho thibela pelehi?

Tabeng ena banyalani ba Bakreste ba ka etsa dipatlisiso hore na loop e sebetsa jwang, ba ntse ba nahanne ka melaomotheo ya Bibele. Ba lokela ho etsa qeto e tla ba siya ba na le letswalo le letle ka pela Modimo.

Ka mora hore Jehova a bope Adama le Eva (le ka mora hore Noe le lelapa la hae ba pholohe Morwallo), Jehova o ile a re ho bona: “Atang le ngatafale.” (Gen. 1:28; 9:1) Bibele ha e re Bakreste ba lokela ho latela taelo ena. Kahoo, banyalani ba ka iketsetsa qeto ya hore na ba tla sebedisa mokgwa ofe wa ho thibela pelehi, le hore na ba tla ba le bana neng. Empa ke dintlha dife tseo ba lokelang ho di ela hloko?

Bakreste ba lokela ho nahana ka melaomotheo ya Bibele ha ba kgetha mokgwa wa ho thibela pelehi. Ho ntsha mpa ka boomo ho kgahlanong le melaomotheo ya Bibele mme ho bontsha ho se hlomphe bophelo. Ke kahoo Bakreste ba sa ntsheng mpa bakeng sa ho thibela pelehi. Bakreste ba ke ke ba fedisa bophelo, boo ha nako e ntse eya bo neng bo tla qetella e le ngwana. (Ex. 20:13; 21: 22, 23; Pes. 139:16; Jer. 1:5) Jwale loop yona e sebetsa jwang ho thibela pelehi?

Tora ya ho Lebela ya Sekgowa ya May 15, 1979, leqepheng la 30-31, e ile ya bua ka taba ena. Ka nako eo, loop e neng e sebediswa haholo ke e neng e entswe ka plastiki. Loop eo e ne e kenngwa ka popelong ho etsa hore mosadi a se ke a ima. Empa makasine eo e ile ya re ha ho tsejwe hantle hore na e thibela pelehi ka tsela efe. Dingaka tse ngata di re loop e thibela peo ya botona (sperm) ho fihla leheng la mosadi le ho le emola. Haeba lehe le sa emolwa seo se bolela hore bophelo ha bo so qale.

Le ha ho le jwalo, ho na le bopaki bo bontshang hore ka dinako tse ding lehe le ka emolwa. Lehe le sa tswa emolwa le ka nna la holela ka hara Fallopian tube kapa le ka nna la ya ka popelong. Ha le ka fihla ka popelong, loop e ka le thibela ho dula ka hara popelo, ebe lehe leo le a senyeha. Ho senya lehe leo, le neng le se le emotswe, ho tshwana le ho ntsha mpa hobane lehe leo e se e le bophelo. Sehlooho seo se ile sa qetella ka hore: “Mokreste ya batlang ho tseba hore na ho loketse ho sebedisa loop, o lokela ho nahanisisa ka boitsebiso bona a ipapisitse ka seo Bibele e se buang mabapi le ho hlompha bophelo.”—Pes. 36:9.

Ho tloha ha ho ne ho hatiswa sehlooho seo ka 1979, ho se ho bile le tswelopele ditabeng tsa saense le ditabeng tsa bongaka.

Hona jwale ho se ho na le mefuta e mmedi ya loop. Mofuta wa pele ke o nang le koporo mme o ile wa sebediswa haholo Unites States ho tloha ka bo1988. Athe ka 2001 ho ile ha ba le mofuta o mong o ntshang hormone. Keng seo re se tsebang mabapi le tsela eo mefuta ee ya loop e sebetsang ka yona?

Koporo: Jwalo ka ha re se re bontshitse, loop e thibela peo ya botona ho kena ka popelong hore e se ke ya fihla leheng. Ho ekelletsa moo, tabeng ya loop e entsweng ka koporo, ho bonahala eka koporo eo ke yona e bolayang peo ya botona. * Loop e nang le koporo e boetse e etsa hore letlalo le ka hare la popelo le be le sesane.

Hormone: Ho na le loop e nang le hormone e tshwanang le e fumanehang dipidising tsa ho thibela pelehi. Mofuta ona wa loop o ntsha hormone e itseng ha o fihla ka popelong. O boetse o etsa hore lehe la mosadi le se ke la ba boemong bo loketseng ba ho amohela peo ya botona, mme ho hlakile hore ha ho le jwalo mosadi a ke ke a ima. Ho ekelletsa moo, hormone e ka hara loop e etsa hore letlalo le ka hare la popelo le be lesesane. * Mofuta ona wa loop o boetse o etsa hore lero le molomong wa popelo le be letenya, kahoo ho ba thata hore peo ya botona e fetele ka popelong. Kahoo ho bonahala eka mofuta ona wa loop o sebetsa hantle ho feta e meng.

Jwalo ka ha re bone, mefuta ena e mmedi ya loop e etsa hore letlalo le ka hare la popelo le be lesesane. Empa ho tla etsahalang haeba lehe le ka emolwa? Le tla kena ka popelong empa le tla shwa kaha letlalo le ka hara popelo le tla be le le lesesane. Ha lehe leo le shwa mosadi o tla kgaotsa ho ima. Empa ho etsahala sewelo hore lehe le hlolehe ho dula ka hara popelo.

Kahoo, ha ho na motho ya ka kgodisehang ka ho felletseng hore mefuta ena e mmedi ya loop e tla etsa hore lehe le se ke la emolwa. Empa bopaki ba saense bo bontsha hore ka mabaka ao re buileng ka ona ka hodimo, ho ka etsahala ka sewelo hore motho ya sebedisang loop a ime.

Banyalani ba Bakreste ba ka ya ho ngaka ho botsa hore na ke mefuta efe ya loop e fumanehang naheng eo ba dulang ho yona. Ngaka e ka boela ya ba hlalosetsa hore mefuta eo ya ho thibela pelehi e na le dikotsi le melemo efe. Banyalani ha ba a lokela ho dumella leha e le mang, esita le ngaka, ho ba kgethela hore ba etseng. (Bar. 14:12; Bagal. 6:4, 5) Ke qeto ya botho. Banyalani ba lokela ho iketsetsa qeto eo ba le bang mme ba nahane ka ho kgahlisa Modimo le ho boloka letswalo la bona le hlwekile ka pela hae.—Bapisa le 1 Timothea 1:18, 19; 2 Timothea 1:3.

^ par. 4 Tlaleho e nngwe e tswang England e re: “Loop e nang le koporo e ngata e sebetsa hantle haholo. Sena se bolela hore ka selemo, ho basadi ba 100 ba e sebedisang ke a le mong feela eo ho ka etsahalang hore a ime. Athe ha e le loop e nang le koporo e nyenyane ha e atlehe hakaalo.”

^ par. 5 Kaha loop e nang le hormone e etsa hore letlalo le ka hara popelo le be lesesane, ka dinako tse ding dingaka di e fa basadi ba nang le bothata ba phallo ya madi.