“Ke na le Tshepo ho Modimo”
“Adama wa ho qetela ya eba moya o fanang ka bophelo.” —1 BAKOR. 15:45.
DIPINA: 111, 12
1-3. (a) E nngwe ya dithuto tsa rona tse ka sehloohong e lokela ho ba efe? (b) Ke hobaneng ha tsoho e le ya bohlokwa hakaale? (Sheba setshwantsho se qalong.)
O NE o ka araba jwang haeba o ne o ka botswa potso ena: ‘Dithuto tsa lona tse ka sehloohong ke dife?’ Ha ho pelaelo hore o ne o tla bua ka hore Jehova ke Mmopi le Mofani wa Bophelo. O ne o ka nna wa bua le ka hore re dumela ho Jesu Kreste, ya ileng a shwa e le hore a ka fana ka thekollo. Mohlomong hape o ne o ka bua ka lefatshe le letjha, leo batho ba Modimo ba tlang ho phela ho lona ka ho sa feleng. Empa na o ne o ka bua ka tshepo ya tsoho?
2 Re na le mabaka a ho nka tsoho e le e nngwe ya dithuto tsa rona tse ka sehloohong, esita le haeba re na le tshepo ya hore re tla fihla lefatsheng le letjha re e so shwe. Moapostola Pauluse o ile a bontsha hore tumelo ya rona e itshetlehile ka tsoho, ha a re: “Ka sebele, haeba ha ho na tsoho ya bafu, le Kreste ha a tsoswa.” Haeba Kreste a ne a sa tsoswa bafung, e ne e ke ke ya eba Morena wa rona ya busang, mme e ne e tla be e le ha lefeela ho dumela pusong ya hae ya nakong e tlang. (Bala 1 Bakorinthe 15:12-19.) Le ha ho le jwalo, re a tseba hore Jesu o ile a tsoha bafung. Re fapane hole le Basaduse ba neng ba sa dumele hore tsoho ya bafu ke ntho ya sebele. Re dumela ka tiyo tsohong, esita le haeba ho batho ba bang e utlwahala e le ntho e se nang kelello.—Mar. 12:18; Lik. 4:2, 3; 17:32; 23:6-8.
3 Ha Pauluse a bua ka “thuto ya mathomo mabapi le Kreste,” o ile a akarelletsa le “thuto ya . . . tsoho ya bafu.” (Baheb. 6:1, 2) Pauluse o ile a bua phatlalatsa hore o ne a dumela hore ho tla ba le tsoho. (Lik. 24:10, 15, 24, 25) Empa taba ya hore tsoho ke e nngwe ya “dintho tsa motheo tsa diphatlalatso tse halalelang tsa Modimo” kapa dithuto tsa motheo, ha e bolele hore ke thuto e lokelang ho nkwa ha bobebe. (Baheb. 5:12) Hobaneng?
4. Ke dipotso dife tseo batho ba ka nnang ba di botsa mabapi le tsoho?
4 Ha batho ba qala ho ithuta Bibele, ba bangata ba bala ka ditlaleho tse buang ka tsoho, jwalo ka e buang ka tsoho ya Lazaro. Ba boetse ba ithuta hore banna ba kang Abrahama, Jobo le Daniele, ba ne ba kgodisehile hore bafu ba tla tsoswa nakong e tlang. Le ha ho le jwalo, o ka reng haeba o ka botswa hore o tseba jwang hore tsoho e tla ba teng le hoja ho se ho fetile dilemo tse makgolo e tshepisitswe? Na Bibele e ya bontsha hore tsoho e tla etsahala neng? A re boneng hore na Mangolo a reng ka dipotso tsena, hobane dikarabo tsa tsona di ama tumelo ya rona.
TSOHO KA MORA NAKO E TELELE
5. Re tlo araba dipotso dife?
5 Ho ka nna ha ba bonolo ho dumela hore motho a ka tsoha haeba e se kgale a shwele. (Joh. 11:11; Lik. 20:9, 10) Le ha ho le jwalo, ho thweng haeba nako ya tsoho e tla fihla e se e le makgolo a dilemo batho ba bang ba hlokahetse? Na o ka tshepa hore tsoho e tla ba teng, ho sa tsotellehe hore na ke nako e kae bafu ba robetse mabitleng? Ha e le hantle, ho na le tsoho e ileng ya etsahala ka mora dilemo tse makgolo e tshepisitswe, mme o ile wa dumela ho yona. Ke tsoho efe? Hona e amana jwang le seo o ka se lebellang tsohong ya nako e tlang?
6. Pesaleme ya 118 e ile ya phethahala jwang ho Jesu?
6 Re fumana mohlala wa tsoho e ileng ya bolelwa nako e telele esale pele ho Pesaleme ya 118, eo ba bang ba reng e ngotswe ke Davida. Pineng eo, re fumana kopo e reng: “Oho! Jehova, ka kopo, [re] pholose! . . . Ho hlohonolofatswe ya tlang ka lebitso la Jehova.” Mohlomong o sa hopola hore batho ba ile ba qotsa mantswe ao a buang ka Mesia, ha Jesu a ne a kena Jerusalema a palame esele ka la 9 Nisane. (Pes. 118:25, 26; Mat. 21:7-9) Le ha ho le jwalo, ke jwang Pesaleme ya 118 e ileng ya bua ka tsoho dilemo tse ngata esale pele? Hlokomela seo pesaleme eo e ileng ya se profeta: “Lejwe leo dihahi di ileng tsa le lahla le fetohile hlooho ya sekgutlo [kapa lejwe le ka sehloohong].”—Pes. 118:22.
7. Ke jwang Bajuda ba ileng ba lahla Jesu?
7 “Dihahi,” e leng baetapele ba Bajuda, di ile tsa lahla Mesia. Ha se feela hore ba ile ba hana ho dumela hore Jesu ke Kreste mme ba hana ho mo mamela. Bajuda ba bangata ba ile ba ba ba kopa hore Pilato a mo bolaye. (Luka 23:18-23) E, ba ile ba kenya letsoho ho etseng hore Jesu a bolawe.
8. Ho ne ho tla hlokahala hore ho etsahaleng ka Jesu hore e be ‘lejwe le ka sehloohong’?
8 Kaha Jesu o ile a lahlwa mme a bolawa, ke jwang e neng e ka ba “hlooho ya sekgutlo” kapa ‘lejwe le ka sehloohong’? Ho ne ho tla hlokahala hore a tsoswe bafung e le hore sena se etsahale. Jesu ka boyena o ile a hlakisa taba ena ha a ne a etsa papiso ya motho ya neng a na le serapa sa morara mme a siya balemi ho sona. Nako le nako ha monga serapa a ne a romela batho serapeng seo, balemi ba ile ba ba tshwara hampe, feela jwalo ka ha Baiseraele ba ile ba etsa ka baprofeta bao Modimo a neng a ba roma ho bona. Qetellong, monga serapa o ile a Pesaleme ya 118:22. (Luka 20:9-17) Moapostola Petrose le yena o ile a qotsa mantswe ao le ho bontsha hore a phethahala ho Jesu, ha a ne a bua le “babusi le banna ba baholo le bangodi” sebokeng se neng se tshwaretswe Jerusalema. O ile a bua ka “Jesu Kreste Monazaretha, eo [ba ileng ba] mo kgokgothela thupeng empa eo Modimo a ileng a mo tsosa bafung.” Jwale Petrose a re ho bona: “Lena ke ‘lejwe leo lona dihahi le ileng la le tshwara jwalo ka leo e seng la bohlokwa le fetohileng hlooho ya sekgutlo.’”—Lik. 3:15; 4:5-11; 1 Pet. 2:5-7.
romela mora wa hae eo e neng e le mojalefa. Na ba ile ba mo amohela? Tjhe. Balemi bao ba ile ba mo bolaya. Jesu o ile a qetella papiso eo ka ho qotsa boprofeta bo hlahang ho9. Pesaleme ya 118:22 e ile ya bua ka ntho efe ya bohlokwa?
9 Dilemo tse makgolo esale pele, Pesaleme ya 118:22 e ile ya profeta ka tsoho e neng e tla etsahala hamorao. Mesia o ne a tla lahlwa mme a bolawe, empa hamorao a tsoswe bafung hore e be lejwe la bohlokwa. Kahoo ka mora hore Jesu a tsoswe bafung, e ile ya eba yena feela eo lebitso la hae “ho fanweng ka lona hara batho leo ka sebele re tla pholoha ka lona.”—Lik. 4:12; Baef. 1:20.
10. (a) Pesaleme ya 16:10 e ile ya bolelang esale pele? (b) Re tseba jwang hore Pesaleme ya 16:10 ha e ya ka ya phethahala ho Davida?
10 Nahana ka lengolo le leng le ileng la bua ka tsoho esale pele. Le ile la ngolwa dilemong tse dikete tse fetileng. Sena se lokela ho tiisa kgodiseho ya hao tabeng ya hore tsoho e ka etsahala le hoja ho se ho fetile nako e telele e tshepisitswe. Ho Pesaleme ya 16, e ngotsweng ke Davida, re bala mantswe ana: “O ke ke wa tlohela moya wa ka Sheole [kapa Lebitleng]. O ke ke wa dumella ya tshepahalang wa hao hore a bone sekoti.” (Pes. 16:10) Davida o ne o sa bolele hore a ke ke a shwa. Mangolo a bolela ka ho toba hore Davida o ile a tsofala mme a shwa. Bibele e re ka mora lefu la hae, o ile a “robala le baholoholo ba hae mme a patwa Motseng wa Davida.” (1 Mar. 2:1, 10) Jwale Pesaleme ya 16:10 e bua kang?
11. Petrose o ile a bua ka Pesaleme ya 16:10 neng?
11 Ha re a siuwa lefifing. Ka mora dilemo tse ka hodimo ho sekete pesaleme eo e ngotswe le ka mora dibeke tse mmalwa Jesu a tsohile bafung, Petrose o ile a qotsa Pesaleme ya 16:10, ha a ne a bua le letshwele la Bajuda le batho ba sokolohetseng Bojudeng. (Bala Liketso 2:29-32.) O ile a re Davida o ile a shwa. Bamamedi ba Petrose ba ne ba tseba seo. Bibele ha e bontshe hore ho na le motho ya ileng a hana seo Petrose a se buang, hore Davida “o ile a bona esale pele mme a bolela malebana le tsoho ya Kreste.”
12. Pesaleme ya 16:10 e ile ya phethahala jwang, hona seo se ama tshepo ya rona ya tsoho jwang?
12 Petrose o ile a tiisa taba ya hae ka ho qotsa mantswe a Davida a ho Pesaleme ya 110:1. (Bala Liketso 2:33-36.) Tsela eo Petrose a ileng a beha mabaka ka yona a sebedisa Mangolo, e ile ya thusa letshwele leo ho dumela hore Jesu ke “Morena le Kreste.” Batho bao ba ile ba dumela hore Pesaleme ya 16:10 e ile ya phethahala ha Jesu a ne a tsoswa bafung. Hamorao, moapostola Pauluse le yena o ile a beha mabaka a tshwanang ha a ne a bua le Bajuda motseng wa Antioke e Pisidia. Bamamedi ba hae ba ile ba kgahlwa ke seo a se buang mme ba batla ho tseba ho eketsehileng. (Bala Liketso 13:32-37, 42.) Le hoja ho ile ha feta nako e telele ho builwe ka tsoho ditemaneng tsena, boprofeta boo bo ile ba feela ba phethahala. Sena se lokela ho tiisa kgodiseho ya rona mabapi le tsoho e tla etsahala nakong e tlang.
TSOHO E TLA ETSAHALA NENG?
13. Re ka nna ra ipotsa dipotso dife mabapi le tsoho?
13 Ho a re kgothatsa ho tseba hore tsoho Lik. 1:6, 7; Joh. 16:12) Le ha ho le jwalo, sena ha se bolele hore ha re tsebe letho ka nako eo tsoho e tla etsahala ka yona.
e ka etsahala le ka mora hore ho fete nako e telele e tshepisitswe. Le ha ho le jwalo, ba bang ba rona ba ka nna ba ipotsa: ‘Na see se bolela hore ke lokela ho leta nako e telele pele ke bona batho bao ke ba ratang ba seng ba hlokahetse? Tsoho e tla etsahala neng?’ Ke nnete hore Jesu o ile a re ho na le dintho tseo balatedi ba hae ba ke keng ba di tseba. O ile a re ho na le “dinako kapa mehla eo Ntate a e behileng ka taolo ya hae.” (14. Tsoho ya Jesu e ne e fapane jwang le ya batho ba ileng ba tsoswa pele ho yena?
14 Tsoho ya bohlokwa ka ho fetisisa eo Bibele e ileng ya bolela esale pele ka yona ke ya Jesu Kreste. Haeba a ne a sa tsoswa, ha ho le a mong ho rona ya neng a ka ba le tshepo ya ho bona batho ba habo ba seng ba hlokahetse. Batho ba ileng ba tsoswa pele ho Jesu, ba kang ba ileng ba tsoswa ke Elia le Elisha, ha ba a ka ba phela ka ho sa feleng. Ba ile ba boela ba shwa. Ho fapana le bona, Jesu yena “o tsositswe bafung, [mme] ha a sa hlola a shwa; lefu ha le sa mo laola.” O lehodimong mme o phela “ka ho sa feleng.”—Bar. 6:9; Tšen. 1:5, 18; Bakol. 1:18; 1 Pet. 3:18.
15. Ke hobaneng ha Jesu a bitswa “ditholwana tsa pele”?
15 Tsoho ya Jesu ke ya bohlokwa ka ho fetisisa hobane ke yena motho wa pele ya ileng a tsoswa e le sebopuwa sa moya. (Lik. 26:23) Le ha ho le jwalo, ha se yena feela ya ileng a fumana tsoho ya mofuta oo. Jesu o ile a tshepisa baapostola ba hae ba tshepahalang hore ba tla busa le yena lehodimong. (Luka 22:28-30) Hore ba kgone ho fumana moputso oo, ba ne ba lokela ho shwa pele. Ka mora moo, ba ne ba tla tsoswa ka mmele wa moya jwalo ka Jesu. Pauluse o ile a re “Kreste o tsositswe bafung, [le hore ke] ditholwana tsa pele ho ba robetseng lefung.” Pauluse o ile a tswela pele ho bontsha hore ho na le batho ba neng ba tla tsosetswa ho ya phela lehodimong, ha a re: “E mong le e mong [o] boemong ba hae: Kreste ke ditholwana tsa pele, ka mora moo [ho latele] bao e leng ba Kreste nakong ya ho ba teng ha hae.”—1 Bakor. 15:20, 23.
16. Bibele e re tsoho ya lehodimong e ne e tla etsahala neng?
16 Sena se re thusa ho bona hore na tsoho ya lehodimong e ne e tla etsahala neng. E ne e tla etsahala “nakong ya ho ba teng ha hae.” Bibele e ile ya thusa Dipaki Tsa Jehova ho lemoha hore re qadile ho phela “nakong ya ho ba teng” ha Kreste ho tloha ka 1914 le hore bofelo ba lefatshe lena bo haufi haholo.
17, 18. Ho tla etsahalang ka batlotsuwa ba bang nakong ya ho ba teng ha Kreste?
17 Bibele e re fa boitsebiso bo eketsehileng 1 Bathes. 4:13-17.
mabapi le tsoho ya lehodimong, ha e re: “Ha re batle hore le hloke tsebo malebana le ba robalang lefung . . . Etswe haeba tumelo ya rona ke hore Jesu o ile a shwa yaba o tsoha hape, kahoo, hape, ba robetseng lefung Modimo o tla ba tlisa hammoho le yena . . . Rona ba phelang ba ntseng ba setse ho fihlela ho beng teng ha Morena ka tsela leha e le efe re ke ke ra raka [kapa ra tsamaya pele ho] ba robetseng lefung; hobane Morena o tla theoha lehodimong ka mohoo o laelang, . . . mme ba shweleng bonngweng le Kreste ba tla tsoha pele. Ka mora moo, rona ba phelang ba ntseng ba setse, hammoho le bona, re tla nkelwa marung ho ya kopana le Morena moyeng; ka tsela ena re tla ba le Morena kamehla.”—18 Tsoho ya pele e ne e tla etsahala nakwana ka mora hore “ho ba teng” ha Kreste ho qale. Batlotsuwa ba tla beng ba ntse ba phela nakong ya matshwenyeho a maholo ba tla “nkelwa marung.” (Mat. 24:31) Bao ba ‘nkelwang marung’ ba ke ke ba ‘robala lefung’ ka kutlwisiso ya hore ba ke ke ba shwa nako e telele. Ba tla “fetolwa, ka motsotswana, ka ho panya ha leihlo, nakong ya terompeta ya ho qetela.”—1 Bakor. 15:51, 52.
19. Ke tsoho efe “e molemo” e tla etsahala nakong e tlang?
19 Kajeno Bakreste ba bangata ha se batlotsuwa mme ha ba na tshepo ya ho ya busa le Kreste lehodimong. Ho e na le hoo, ba letetse bofelo ba lefatshe lena, bo tlang ho tla nakong ya “letsatsi la Jehova.” Ha ho ya tsebang nako e tobileng eo bofelo bo tla tla ka yona, empa bopaki bo supa hore bofelo bo haufi. (1 Bathes. 5:1-3) Ka mora moo, ho tla ba le tsoho ya mofuta o mong, e leng tsoho ya batho ba tla phela lefatsheng. Batho ba tla fumana tsoho ena ba tla ba le monyetla wa ho phela ka ho sa feleng. Ka sebele eo e tla ba “tsoho e molemo” hobane e tla be e sa tshwane le e ileng ya fumanwa ke batho ba mehleng ya Bibele, kaha ba ile ba boela ba shwa.—Baheb. 11:35.
20. Ke hobaneng ha re ka kgodiseha hore tsoho eo re e letetseng e tla etsahala ka tlhophiso?
20 Ha Bibele e bua ka batho ba tla tsosetswa ho ya phela lehodimong, e re “e mong le e mong [o tla tsoswa] boemong ba hae” kapa ka tatellano e hlophisehileng. (1 Bakor. 15:23) Nakong ya Puso ya Kreste ya Dilemo Tse Sekete, re ka kgodiseha hore tsoho ya lefatsheng le yona e tla hlophiseha ka tsela e tshwanang. Sena se ka nna sa etsa hore re ipotse: Na batho ba sa tswa shwa ba tla tsoha pele, e le hore ba tle ba amohelwe ke metswalle le ba malapa a bona ba ba tsebang? Kapa na bahlanka ba tshepahalang ba mehleng ya Bibele, ba neng ba na le bokgoni ba ho etella batho pele, ba tla tsoswa pele hore ba tle ba hlophise batho ba Modimo? Ho thweng ka batho ba sa kang ba sebeletsa Jehova? Ba tla tsoswa neng hona ba tla tsosetswa karolong efe ya lefatshe? Dipotso tsena di bontsha hore ho na le dintlha tse ngata tseo re sa di tsebeng ka tsoho e tlang. Empa na ho na le lebaka la hore re tshwenyehe ka dintlha tseo hona jwale? Na ha ho molemo hore re mpe re letele Jehova? Re ka kgodiseha hore e tla ba ntho e hlollang ho bona kamoo Jehova a tla hlophisa dintho kateng.
21. O na le tshepo efe mabapi le tsoho?
21 Ha jwale, re lokela ho matlafatsa tumelo ya rona ho Jehova, ya ileng a re tiisetsa hore o tla tsosa bafu ba mohopolong wa hae. (Joh. 5:28, 29; 11:23) Jesu o ile a bontsha hore Jehova a ka kgona ho tsosa bafu, ha a re Abrahama, Isaka le Jakobo “kaofela ba a phela ho yena.” (Luka 20:37, 38) Hona jwale re na le mabaka a utlwahalang a ho bua jwalo ka Pauluse ha a ne a re: “Ke na le tshepo ho Modimo . . . ya hore ho tla ba le tsoho.”—Lik. 24:15.