Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE YA BOPHELO

Ke ile ka Tela Dintho Tseo ke di Ratang Hore ke Latele Kreste

Ke ile ka Tela Dintho Tseo ke di Ratang Hore ke Latele Kreste

“Haeba o ka ya tshimong, o se hlole o kgutla. Ha o ka kgutla, ke tla o roba maoto.” Le hoja ntate a ne a ntshosetsa, ke ile ka etsa qeto ya ho tloha lapeng. Ke ne ke qala ho etsa qeto e jwalo, ya ho tela seo ke se ratang e le hore ke latele Kreste. Ka nako eo, ke ne ke na le dilemo tse 16 feela.

HO TLILE jwang hore ke be boemong boo? E re ke hlalose. Ke hlahile ka la 29 July 1929 mme ka holela Philippines provenseng ya Bulacan. Ka nako eo, re ne re phela bophelo bo itekanetseng hobane moruo o ne o wele. Ho ile ha qhoma ntwa ha ke sa le motjha. Masole a Japane a ile a hlasela naha ya Philippines. Empa kaha motse wa rona o ne o le ka thoko, ha o a ka wa ameha. Re ne re utlwa ditaba ka batho ba bang hobane re ne re se na radio, TV kapa koranta.

Heso re bana ba 8 mme nna ke wa bobedi. Ha ke le dilemo tse 8 ke ile ka dula le batswadi ba mme wa ka. Ntatemoholo e ne e le Mokhatholike, le ha ho le jwalo, o ne a rata ho bala dingolwa tsa madumedi a mang tseo a neng a di fumana ho metswalle ya hae. Ke hopola mohlang a neng a mpontsha bukana e bitswang Protection, Safety, and Uncovered ya puo ya Setagalog, * hammoho le Bibele. Ke ile ka thabela ho ithuta Bibele, haholoholo Mangolo a buang ka bophelo ba Jesu. Ho ithuta ka Jesu ho ile ha etsa hore ke batle ho mo etsisa.—Joh. 10:27.

HO ITHUTA HO LATELA JESU

Kgatello ya masole a Japane e ile ya feela ka 1945. Ka nako eo, batswadi ba ka ba ile ba nkopa hore ke kgutlele hae. Ntatemoholo o ile a dumela yaba ke a tsamaya.

Nakwana ka mora moo, ka December 1945, Dipaki Tsa Jehova tse neng di tswa toropong ya Angat di ile tsa tla motseng wa rona ho tla bolela ditaba tse molemo. Paki e nngwe e hodileng e ile ya tla heso ho tla re hlalosetsa seo Bibele e se buang ka ‘matsatsi a ho qetela.’ (2 Tim. 3:1-5) O ile a re memela sebokeng sa Thuto ya Bibele se neng se tshwarelwa motseng o haufinyane le wa rona. Batswadi ba ka ha ba a ka ba ya, empa nna ke ile ka ya. Ho ne ho na le batho ba ka bang 20 sebokeng seo mme ba bang ba ne ba botsa dipotso.

Kaha ke ne ke sa utlwisise hore na ba bua kang, ke ile ka bona ho le betere hore ke itsamayele. Empa eitse ha ke re ke ya tsamaya, ba qala ho bina. Ke ile ka rata pina eo, yaba ke ya dula. Ka mora pina le thapelo, re ile ra tsebiswa hore ho tla ba le seboka se seng ka Sontaha se latelang, toropong ya Angat.

Re ile ra tsamaya le ba bang dikhilomitara tse 8 ho ya sebokeng seo, se neng se tshwaretswe lelapeng la ba ha Cruz. Re ne re le 50 sebokeng seo, mme ke ile ka kgahlwa ke ho bona bana ba banyenyane ba fana ka dikarabo thutong eo ya Bibele. Ka mora ho kopanela ka makgetlo, Morabo rona Damian Santos eo e neng e le pulamadiboho ya seng a hodile, o ile a mmema hore ke robaletse ha hae. Re ile ra qeta bosiu boo re ntse re qoqa ka Bibele.

Mehleng eo, batho ba bangata e ne e ba Dipaki hang feela ha ba qeta ho ithuta dithuto tsa motheo tsa Bibele. Kahoo, ka mora ho ya dibokeng ka makgetlo a mmalwa, barababo rona ba ile ba re botsa ba re: “Na le batla ho kolobetswa?” Ke ile ka araba ka re: “E, ke ya batla.” Ke ne ke tseba hore ke batla ho ba e mong wa “makgoba a Monghadi, Kreste.” (Bakol. 3:24) Nna le morabo rona e mong re ile ra iswa nokeng e haufinyane mme ra kolobetswa teng ka la 15 February 1946.

Re ile ra hlokomela hore jwalo ka ha re se re kolobeditswe, re ne re lokela ho etsisa Jesu ka ho bolella ba bang molaetsa wa Bibele. Ho etsa jwalo ho ile ha halefisa ntate, mme o ile a re: “O sa le monyenyane hore o ka ya tshimong. Hona ke mang ya itseng ho kolobetswa ho etsa hore motho e be moruti?” Ke ile ka mo hlalosetsa hore ke Modimo ya batlang hore re bolelle batho ditaba tse molemo tsa Mmuso. (Mat. 24:14) Ka boela ka re: “Ke lokela ho phetha boitlamo ba ka ho Modimo.” Ke yona ntho e ileng ya etsa hore ntate a bue mantswe a qalong ya sehlooho sena. Ruri o ne a ikemiseditse ho nthibela ho etsa mosebetsi wa boboledi mme ke ile ka lokela ho tsamaya. Kaha ke ne ke rata lelapa leso, e ne e le lekgetlo la pele ke tela seo ke se ratang bakeng sa ho etsa mosebetsi wa Jehova.

Ba lelapa la Cruz ba ile ba re ke ilo dula le bona. Hape ba ile ba kgothatsa nna le moradi wa bona e monyenyane ya bitswang Nora hore re nke bopulamadiboho. Kahoo ka la 1 November 1947, re ile ra qala ho ba bopulamadiboho. Nora o ile a ya sebeletsa toropong e nngwe ha nna ke setse Angat.

KE SIYA TSHIMO EO KE E TLWAETSENG

Ka selemo sa boraro ke le pulamadiboho, Morabo rona Earl Stewart, ya neng a tswa ofising ya lekala, o ile a fana ka puo ho sehlopha sa batho ba ka hodimo ho 500 ba neng ba bokane sebakeng sa setjhaba toropong ya Angat. Qalong o ile a bua Sekgowa, yaba ka mora moo ke etsa kakaretso ya puo ya hae ka Setagalog. Ke ne ke ile sekolong dilemo tse 7 feela, empa ke ne ke tseba Sekgowa hobane matijthere a rona a ne a tlwaetse ho se bua. Ntho e nngwe e ileng ya nthusa ho tseba Sekgowa kapele ke hore ke ne ke bala dingolwa tse ngata tsa Bibele ka Sekgowa, kaha ho ne ho ho na le tse mmalwa haholo ka puo ya Setagalog. Ke kahoo ke ileng ka kgona ho toloka puo eo esita le tse ding hamorao.

Letsatsing leo ke neng ke tolokela Morabo rona Stewart ka lona, o ile a tsebisa phutheho hore ho ne ho hlokahala barababo rona ba babedi ba bopulamadiboho ho tla sebeletsa Bethele. E ne e le ho tla thusa ha baromuwa ba ya Kopanong e neng e na le sehlooho se reng Kgolo ya Puso ya Modimo, e ileng ya tshwarelwa New York ka 1950. Ke ile ka ba e mong wa ba ileng ba bitswa ho tla sebeletsa Bethele. Lekgetlong lena ke ile ka tlameha ho siya tshimo eo ke neng ke se ke e tlwaetse hore ke ye Bethele.

Ke ile ka fihla Bethele ka la 19 June 1950 mme ka qala kabelo ya ka e ntjha. Bethele e ne e le mohaho o moholo wa kgale o neng o na le difate tse kgolo. Ho ne ho na le barababo rona ba masoha ba ka bang 12 ba neng ba sebeletsa moo. Hoseng ke ne ke thusa ka kitjhineng. Ebe ho tloha ka bo 9 ke sebetsa moo ho hlatsuwang diaparo, mme nna ke di aena. Ka mora kgefu ke ne ke boela kitjhineng ebe hamorao ke kgutlela kabelong ya ka ya ho aena. Esita le ha baromuwa ba se ba kgutlile kopanong, ke ile ka tswela pele ho sebeletsa Bethele. Ke ne ke etsa mosebetsi ofe kapa ofe oo ke neng ke o fuwa, jwalo ka ho hlophisa dipeheletso tsa dimakasine, ho pakela dimakasine tse lokelang ho romelwa ka poso, le ho araba mehala.

KE TLOHA PHILIPPINES HO YA SEKOLONG SA GILEADE

Ka 1952, nna hammoho le barababo rona ba bang ba 6, re ile ra memelwa ho ya tlelaseng ya bo 20 ya Sekolo sa Gileade. Dintho tse ngata tseo re ileng ra di bona naheng ya United States di ne di le ntjha ho rona. Bophelo ba moo bo ne bo fapane hole le ba motseng o monyenyane oo ke neng ke tswa ho ona.

Ke na le baithuti mmoho le nna Gileade

Ka mohlala, re ile ra lokela ho ithuta ho sebedisa dintho tsa motlakase tseo re neng re sa di tlwaela. Boemo ba lehodimo le bona bo ne bo fapane. Ke ile ka makala haholo ha hoseng ho hong ke tsoha ho le hosweu ka ntle. Ke ne ke qala ho bona lehlwa! Yaba ke hona ke hlokomelang hore ho a bata, haholo e seng hanyane!

Le ha ho le jwalo, ke ile ka lebala ka maemo ana hobane ke ne ke natefelwa ke Sekolo mme ke thabela kwetliso eo re e fuwang. Barupedi ba rona ba ne ba sebedisa mekgwa e tsotehang ya ho ruta. Re ile ra ithuta ho etsa dipatlisiso le ho ithuta Bibele ka tsela e nepahetseng. Kwetliso eo ke e fumaneng Gileade e ile ya etsa hore kamano ya ka le Jehova e be matla le ho feta.

Ha ke tswa sekolong sa Gileade, ke ile ka abelwa ho ba pulamadiboho e kgethehileng ya nakwana motseng wa Bronx o toropong ya New York. Kahoo ka July 1953, ke ile ka kgona ho ya kopanong e neng e na le sehlooho se reng Mokgatlo wa Lefatshe le Letjha, e neng e tshwaretswe moo New York. Ka mora kopano ke ile ka abelwa hore ke kgutlele Philippines.

KE SIYA MABOTHOBOTHO A TOROPONG

Barababo rona ba ofising ya lekala ba ile ba re: “Jwale o ilo etsa mosebetsi wa potoloho.” Mosebetsi oo o ne o tla mpha monyetla wa ho latela mohlala wa Jesu haufiufi, etswe o ne a ya metseng le metsaneng e hole ho ya thusa dinku tsa Jehova. (1 Pet. 2:21) Ke ne ke potoloha sehlekehlekeng se seholo sa Philippines se bitswang Luzon. Potoloho ya ka e ne e akarelletsa diprovinse tse kang Bulacan, Nueva Ecija, Tarlac, le Zambales. Ha ke etela metse e meng, ke ne ke tlameha ho feta dithabeng tsa Sierra Madre. Empa ho ne ho se na diteksi tse yang moo. Kahoo ke ne ke tlameha ho kopa dilift ho bakganni ba diteraka mme ke ba kopa hore ba ntumelle ho dula ho duma patsi eo ba e palamisitseng. Hangata ba ne ba dumela, empa patsi eo e ne e nkukunela.

Diphutheho tse ngata di ne di le nyenyane ebile di sa tswa thehwa. Barababo rona ba ne ba thaba haholo ha ke ba thusa ho hlophisa diboka le tshebeletso ya tshimo.

Hamorao ke ile ka potoloha seterekeng sohle sa Bicol. E ne e na le dihlopha tse ngata tse ka thoko moo tshimo ya teng e neng e so ka e sebetswa mme ho ne ho romelwa bopulamadiboho ba kgethehileng ho yona. Ntlwana ya moo ke neng ke fihletse teng e ne e le mokoti mme ho behilwe dipalo tse pedi hodima ona. Hoseng ho hong ha ke ile ntlwaneng, ke ile ka leka ho ema hodima dipalo tseo, yaba ke wela ka mokoting hammoho le tsona. Ke ile ka qeta nako ke ntse ke hlapa pele ke ilo ja dijo tsa hoseng!

Ha ke le kabelong eo, ke ile ka qala ho nahana ka Nora, ya neng a se a qadile ho bulamadiboho Bulacan. Ka nako eo, Nora e ne e le pulamadiboho e kgethehileng toropong ya Dumaguete, mme ke ile ka mo etela. Ka mora moo, re ile ra qala ho ngollana mangolo mme ra ratana ho fihlela re nyalana ka 1956. Bekeng ya pele ha re qeta ho nyalana, re ile ra etela phutheho e Sehlekehlekeng sa Rapu Rapu. Ha re le moo, re ne re hlwella dithaba re bile re qeta nako e telele re tsamaya ka maoto. Empa ruri ho ne ho le monate ho sebetsa dibakeng tseo re le banyalani!

KE KGUTLELA BETHELE

Ka mora dilemo tse nne re etsa mosebetsi wa potoloho, re ile ra fumana lengolo le re kopang hore re ilo sebeletsa Bethele. Kahoo re ile ra qala ho sebeletsa Bethele ka January 1960. Ha nako e ntse e ya ke ile ka ithuta dintho tse ngata ho barababo rona ba nang le boikarabelo bo bongata. Athe Nora yena o entse mesebetsi e mengata mona Bethele.

Ke tolokelwa puo ka Secebuano kopanong

Dilemong tseo ke di qetileng ke le Bethele, ke ile ka bona kamoo mosebetsi wa boboledi o ile wa atleha kateng mona Philippines. Ha ke qala ho fihla Bethele, ke sa le lesoha, ho ne ho na le bahweletsi ba 10 000 feela naheng yohle ya Philippines. Hona jwale ho na le bahweletsi ba fetang 200 000 le basebeletsi ba Bethele ba makgolo ba thusang ho tshehetsa mosebetsi wa boboledi naheng ena.

Ha nako e ntse e ya, mosebetsi o ile wa nna wa eketseha mme mehaho ya Bethele e ne e se e le menyenyane bakeng sa mosebetsi wa rona. Kahoo Sehlopha se Busang se ile sa re re batle setsha se setjha moo re ka hahang Bethele e kgolwanyane. Ka letsatsi le leng nna le mookamedi wa lefapha le printang dingolwa, re ile ra ya ka ntlo le ntlo metseng e haufi le Bethele, re ntse re botsa batho hore na ha ba batle ho rekisa ditsha tsa bona. Ho ne ho se le ya mong ya neng a batla ho rekisa setsha sa hae. Monna e mong wa Motjhaena o ile a ba a re ho rona: “Rona Matjhaena ha re rekise ditsha. Re a di reka.”

Ke tolokela Morabo rona Albert Schroeder

Le ha ho le jwalo, ka letsatsi le leng, monna e mong o ile a re botsa hore na re batla ho reka setsha sa hae kaha o ne a fallela United States. Ho hang re ne re sa lebella seo mme ka mora moo ho ile ha etsahala dintho tse ding tseo re neng re sa di lebella. Ka mohlala, moahelane e mong le yena o ile a re rekisetsa setsha sa hae, a ba a kgothalletsa le baahelane ba bang ho etsa se tshwanang. Re ile ra ba ra reka le setsha sa monna yane ya ileng a re Matjhaena ha a rekise ditsha. Ka nako e seng kae, setsha sa Bethele se ne se se se atolohile ka makgetlo a imenneng hararo. Ke kgodisehile hore Jehova o ne a batla hore seo se etsahale.

Ka 1950, e ne e le nna ya monyenyane ka ho fetisisa lelapeng la Bethele. Empa kajeno batho ba hodileng ka ho fetisisa mona Bethele ke nna le mosadi wa ka. Ho hang ha ke itshole ka hore ebe ke ile ka latela Kreste le hore ke ile ka ya hohle moo a neng a re ke ye teng. Ke nnete hore batswadi ba ka ba ile ba ntebela lapeng, empa Jehova o ile a mpha lelapa le leholo la badumedi mmoho le nna. Ha ke na pelaelo ya hore Jehova o re fa ntho e nngwe le e nngwe eo re e hlokang, ho sa tsotellehe hore na re mo sebeletsa re le hokae. Nna le mohatsaka re ananela dintho tseo Jehova a re etseditseng tsona ebile re kgothalletsa ba bang hore le bona ba leke Jehova.—Mal. 3:10.

Ka letsatsi le leng, Jesu o ile a mema mmokelli e mong wa lekgetho ya bitswang Matheu Levi hore e be molatedi wa hae. Matheu o ile a etsang? Bibele e re o ile “a siya ntho e nngwe le e nngwe a ema yaba o qala ho mo latela.” (Luka 5:27, 28) Le nna ke ile ka tela ntho e nngwe e nngwe hore ke latele Jesu mme ke kgothalletsa ba bang ho etsa se tshwanang e le hore ba tle ba fumane ditlhohonolofatso.

Ke ntse ke thabela ho kenya letsoho mosebetsing wa boboledi mona Philippines

^ par. 6 E ne e hatiswa ke Dipaki Tsa Jehova, empa hona jwale ha e sa hatiswa.