Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batswadi Thusang Bana ba Lona Hore ba Fumane Poloko

Batswadi Thusang Bana ba Lona Hore ba Fumane Poloko

“Ho tloha boseeng o tsebile dingodilweng tse halalelang, tse kgonang ho o hlalefisetsa poloko.”2 TIM. 3:15.

DIPINA: 130, 88

1, 2. Ke hobaneng ha batswadi ba bang ba ka nna ba tshwenyeha ha ngwana wa bona a batla ho kolobetswa?

BATHO ba bangata ba ithutang Bibele ba inehela ho Jehova mme ba a kolobetswa. Bongata ba bona ke batjha ba hodisitsweng ke batswadi bao e leng Dipaki Tsa Jehova. (Pes. 1:1-3) Haeba o motswadi wa Mokreste, ha ho pelaelo hore o labalabela ho bona ngwana wa hao a kolobetswa.—Bapisa le 3 Johanne 4.

2 Le ha ho le jwalo, o ka nna wa tshwenyeha ka taba eo. Mohlomong o ile wa bona ha batjha ba bang ba kolobetswa ebe hamorao ba hloleha ho phela ka melao ya Modimo. Ebile ba bangata ba tlohetse ho sebeletsa Jehova. Kahoo, mohlomong o nahana hore hamorao ngwana wa hao le yena a ka tlohela ho sebeletsa Jehova, le hoja a qadile hantle. O ka nna wa tshwenyeha ka hore o tla tshwana le Bakreste ba phuthehong ya Efese, bao Jesu a ileng a re ka bona: ‘Le tlohetse lerato leo le neng le e na le lona pele.’ (Tšen. 2:4) O ka thusa ngwana wa hao jwang hore a se ke a tlohela ho sebeletsa Jehova, empa a ‘holele polokong’? (1 Pet. 2:2) Ho araba potso eo, a re hlahlobeng mohlala wa Timothea.

“O TSEBILE DINGODILWENG TSE HALALELANG”

3. (a) Timothea e bile Mokreste neng, hona o ile a hatela pele jwang ka mora moo? (b) Ke dintho dife tse tharo tse amanang le ho ithuta Bibele tseo Pauluse a ileng a bua le Timothea ka tsona?

3 Ho ka etsahala hore Timothea e bile Mokreste ka selemo sa 47, ha moapostola Pauluse a ne a tlile motseng wa habo o bitswang Lystra ka lekgetlo la pele. Le hoja Timothea a ne a sa le motjha ka nako eo, o ile a etsa tswelopele e ntle. Dilemo tse pedi hamorao, o ile a qala ho sebetsa le Pauluse mosebetsing wa borumuwa. Dilemo tse 16 hamorao, Pauluse o ile a ngolla Timothea a re: “O tswele pele dinthong tseo o ileng wa ithuta tsona le tseo o ileng wa susumelletswa hore o di dumele, o tseba hore na o ile wa ithuta tsona ho batho bafe le hore ho tloha boseeng o tsebile dingodilweng tse halalelang [e leng Mangolo a Seheberu], tse kgonang ho o hlalefisetsa poloko ka tumelo mabapi le Kreste Jesu.” (2 Tim. 3:14, 15) Hlokomela dintho tse tharo tse amanang le ho ithuta Bibele tseo Pauluse a buileng ka tsona: (1) ho tseba Mangolo a Halalelang, (2) ho susumetswa hore o dumele dintho tseo o ithutileng tsona, le (3) ho ba bohlale e le hore o fumane poloko ka tumelo mabapi le Kreste Jesu.

4. Ke dithulusi dife tseo o boneng di o sebeletsa ha o ruta bana ba hao? (Sheba setshwantsho se qalong.)

4 Jwalo ka motswadi wa Mokreste, o batla hore ngwana wa hao a tsebe Mangolo a halalelang, e leng Bibele. Esita le bana ba banyenyane ba ka kgona ho ithuta ho hongata ka ditlaleho tse hlahang ka Bibeleng. Mokgatlo wa Jehova o fane ka dithulusi tse ngata tseo batswadi ba ka di sebedisang ho thusa bana ba bona. Ke dife tseo o di sebedisang tse fumanehang ka puo ya hao? Hopola hore ho tseba Mangolo ke motheo wa ho ba le kamano e tiileng le Jehova.

O ILE WA “SUSUMELLETSWA HORE O DI DUMELE”

5. (a) Ho bolelang ho ‘susumelletsa ho dumela’? (b) Re tseba jwang hore Timothea o ile a susumelletswa ho dumela ditaba tse molemo mabapi le Jesu?

5 Ho tseba Mangolo a Halalelang ke ha bohlokwa. Empa ho ruta bana Mangolo a Halalelang ha ho bolele feela ho ba ruta hore ba tsebe batho le ditlaleho tse ka Bibeleng. Timothea ha a ka a rutwa feela ditlaleho tsa Bibele empa o ile a “susumelletswa” hore a di dumele. Ka Segerike sa qalong, ho ‘susumelletsa ho dumela’ ho bolela “ho etsa hore motho a kgodisehe ka ntho e itseng” kapa “ho kgodisa motho hore ntho e itseng ke nnete.” Timothea o ile a tseba Mangolo ho tloha boseeng. Empa ha a ntse a hola, o ile a fuwa bopaki bo matla bo ileng ba etsa hore a dumele hore Jesu ke Mesia. Timothea o ne a kgodisehile hoo a ileng a qetella e le morutuwa wa Jesu mme a itela ka hore a tsamaye le Pauluse mosebetsing wa boromuwa.

6. O ka thusa ngwana wa hao jwang hore a dumele seo a ithutang sona Bibeleng?

6 O ka thusa ngwana wa hao jwang hore a dumele seo a ithutang sona, jwalo ka Timothea? Eba le mamello. Kgodiseho ha e itlele feela, ebile hase ntho eo motho a ka e futsang ho motswadi wa hae. Ngwana ka mong o lokela ho sebedisa ‘matla a hae a ho nahana’ e le hore a kgodisehe ka seo a ithutang sona ka Bibeleng. (Bala Baroma 12:1.) Jwalo ka motswadi, o ka thusa ngwana wa hao ho etsa sena, haholoholo haeba a na le dipotso ka seo a ithutang sona. Nahana ka mehlala e latelang.

7, 8. (a) Ntate e mong o bontsha mamello jwang ha a ithuta le moradi wa hae? (b) Ke neng moo o ileng wa hloka ho ba le mamello e tshwanang ha o ruta ngwana wa hao?

7 Thomas, e leng ntate ya nang le moradi ya dilemo tse 11, o re: “Moradi wa ka o na le ho botsa dipotso tse kang, ‛Na ho ka etsahala hore ebe Jehova o ile a etsa hore dintho di iphetole ha a di bopa?’ Ka dinako tse ding o na le ho botsa hore na ke hobaneng ha re sa voute. Ke qoba ho mo bolella feela ka molomo hore a dumele eng. Ho fa motho dintlha tse thahasellisang, tse rarahaneng, hase hona ho etsang hore a be le kgodiseho ka seo o se buang. Empa o itlhokela bopaki, le ha e se bo bongata hakaalo.”

8 Motswadi o lokela ho mamella ha a ruta ngwana wa hae. Ha e le hantle, Bakreste bohle ba lokela ho ba le mamello. (Bakol. 3:12) Thomas o hlokometse hore o lokela ho buisana le moradi wa hae nako e teletsana ka ditaba tse ding. O beha mabaka a sebedisa Mangolo ho thusa moradi wa hae ho ba le kgodiseho ka seo Bibele e se rutang. O re: “Nna le mosadi wa ka re leka ka hohle ho lemoha hore na moradi wa rona o hlile o dumela dintho tseo a ithutang tsona le hore na di a utlwahala ho yena. Re a kgotsofala ha re bona a botsa dipotso ka dintho tseo a nang le dipelaelo ka tsona. Ha e le hantle, ke ne ke tla kgathatseha haeba a ne a ka dumela ntho e nngwe le e nngwe eo re mo rutang yona a sa botse dipotso.”

9. O ka thusa ngwana wa hao jwang ho dumela seo Bibele e se rutang?

9 Haeba batswadi ba bontsha mamello ha ba ruta bana, hanyane hanyane bana ba bona ba tla kgona ho utlwisisa “bophara le bolelele le bophahamo le botebo” ba dintho tseo ba di dumelang. (Baef. 3:18) Ruta ngwana wa hao dintho tse dumellanang le dilemo le bokgoni ba hae. Ha ngwana wa hao a kgodisehile ka seo a ithutang sona, ho tla ba bonolo le ho feta hore a kgone ho ipuella ha bana bao a kenang sekolo le bona kapa batho ba bang, ba mo botsa dipotso ka seo a se dumelang. (1 Pet. 3:15) Ka mohlala, na ngwana wa hao o kgona ho sebedisa Bibele ho hlalosa se etsahalang ha motho a shwa? Na tlhaloso ya Bibele tabeng ee e a utlwahala ho yena? * Ho ruta ngwana wa hao Bibele ho hloka hore o be le mamello ebile o ke ke wa ikwahlaela seo.—Deut. 6:6, 7.

10. Ke ntho efe ya bohlokwa eo o lokelang ho e etsa ha o ruta bana ba hao?

10 Ke ha bohlokwa hore o behele bana ba hao mohlala o motle ha o ntse o ba ruta. Mme e mong ya bitswang Stephanie, ya nang le bana ba bararo o re: “Ho tloha ha bana ba ka ba sa le banyenyane, ke ne ke na le ho ipotsa dipotso tse latelang: ‘Na bana ba ka ba a tseba hore ke hobaneng ha ke kgodisehile hore Jehova ke motho wa sebele? Na ba kgodisehile hore o a re rata le hore ditsela tsa hae di lokile? Na ba bona ka ho hlaka hore ke rata Jehova?’ Nke ke ka lebella hore bana ba ka ba kgodisehe ka seo ba ithutang sona empa nna ke sa kgodiseha.”

BOHLALE BO FANANG KA POLOKO

11, 12. Bohlale keng, hona re tseba jwang hore motho ha a bo fumane ka lebaka la dilemo?

11 Jwalo ka ha re se re bone, Timothea (1) o ne a tseba Mangolo mme (2) o ne a kgodisehile ka seo a se dumelang. Empa Pauluse o ne a bolelang ha a ne a re Mangolo a Halalelang a ne a ka mo “hlalefisetsa poloko”?

12 Moqolo wa bobedi wa Insight on the Scriptures, o re ka Bibeleng bohlale bo hlaloswa e le “bokgoni ba ho sebedisa tsebo le kutlwisiso ho rarolla mathata, ho qoba dikotsi, ho finyella dintho tse itseng kapa ho kgothalletsa ba bang ho di finyella.” Buka ena e boetse e re “bohlale bo fapane le bowatla.” Bibele e re “bowatla bo tlameletswe pelong ya [ngwana].” (Liprov. 22:15) Kahoo bohlale ke bopaki ba hore motho o hodile kelellong. Ho ya ka Bibele, motho o bontsha hore o bohlale ka hore a tshabe Modimo le ho mamela ditaelo tsa hae, e seng feela ka ho hola dilemong.—Bala Pesaleme ya 111:10.

13. Motjha a ka bontsha jwang hore o se a le bohlale bakeng sa poloko?

13 Batjha ba nang le tumelo e matla ha ba itumelle ho hlolwa ke kgatello ya dithaka le ditakatso tsa bona, jwalo ka ha eka “ba iswa kwana le kwana” ke maqhubu a lewatle. (Baef. 4:14) Ho e na le hoo, ba hatela pele ka ho etsa hore ‘matla a bona a ho lemoha a kwetlisetswe ho kgetholla se nepahetseng le se fosahetseng.’ (Baheb. 5:14) Ba bontsha hore ba hodile kelellong ka ho etsa diqeto tse bohlale leha ho sena batho ba ba shebileng. (Bafil. 2:12) Ho etsa diqeto tse jwalo ho ka etsa hore motho a pholohe. (Bala Liproverbia 24:14.) O ka thusa bana ba hao jwang hore ba be bohlale? Ba rute melaomotheo ya Bibele mme o ba behele mohlala ka hore o phele tumellanong le yona.—Bar. 2:21-23.

Eba le mamello ha o ruta ngwana wa hao (Sheba serapa sa 14-18)

14, 15. (a) Motjha ya batlang ho kolobetswa o lokela ho nahanisisa ka eng? (b) O ka thusa bana ba hao jwang ho nahanisisa ka melemo e tliswang ke ho mamela melao ya Modimo?

14 Ha ho a lekana ho bolella bana ba hao feela se nepahetseng le se fosahetseng. O ka boetse wa ba thusa ho itlhahloba ka dipotso tse kang: ‘Ke hobaneng ha Bibele e re hanela ho etsa dintho tseo re bonang eka di monate? Ke hobaneng ha ke kgodisehile hore melao ya Bibele e tla ntswela molemo?’—Esa. 48:17, 18.

15 Motswadi o lokela ho thusa ngwana ya batlang ho kolobetswa hore a utlwisise boikarabelo ba ho ba Mokreste ya kolobeditsweng. Mohlomong motswadi a ka mo botsa dipotso tse kang: ‘Ho kolobetswa ho tla o tlisetla melemo efe? O lebelletse ho kopana le mathata afe? O tseba jwang hore melemo eo o tla e fumana e feta hole mathata ao o tla kopana le ona?’ (Mar. 10:29, 30) Ho hlakile hore motho o tla kopana le mathata ka mora ho kolobetswa. Ke kahoo ho leng bohlokwa hore a nahanisise ka dipotso tsena pele a kolobetswa. Ha bana ba thuswa ho utlwisisa melemo ya ho mamela Modimo le ditlamorao tsa ho se mo mamele, seo se tla ba thusa hore ba kgodisehe ka seo ba se dumelang. Ba tla kgodiseha hore ho latela melao ya Bibele ho tla ba tswela molemo ka dinako tsohle.—Deut. 30:19, 20.

HA MOTJHA YA KOLOBEDITSWENG A NA LE MATHATA

16. Motswadi o lokela ho etsang haeba ngwana wa hae ya kolobeditsweng a fokollwa ke tumelo?

16 O ka etsang haeba ngwana wa hao ya kolobeditsweng a se a sa bone bohlokwa ba ho phela ka melaomotheo ya Bibele? Ka mohlala, a ka nna a qala ho rata dintho tsa lefatshe. (Pes. 73:1-3, 12, 13) Jwalo ka motswadi, ela hloko hore tsela eo o sebetsanang le boemo boo ka yona, e ka etsa hore ngwana wa hao a nne a thabele ho ba Paki kapa a ho hloye le ho feta. Etsa bonnete ba hore ha o mo lwantshe ho sa tsotellehe hore o sa le monyenyane kapa o sa le dilemong tsa botjha. Sepheo sa hao e lokela ho ba ho mo thusa.

17, 18. Haeba tumelo ya motjha e qala ho fokola, batswadi ba hae ba ka mo thusa jwang?

17 Ke nnete hore ha motjha a ne a kolobetswa o ne a inehela ho Jehova. Ha a ne a inehela, o ile a tshepisa hore o tla etsa thato ya Jehova le hore o tla mo rata ho feta ntho le ha e le efe. (Bala Mareka 12:30.) Jehova o nka tshepiso eo ka botebo mme le batho ba e etsang ba lokela ho e nka ka tsela eo. (Moek. 5:4, 5) Hopotsa ngwana wa hao dintlha tsena. Empa pele o bua le yena, bala mme o etse dipatlisiso dingolweng le divideong tseo mokgatlo wa Jehova o faneng ka tsona bakeng sa ho thusa batswadi. Jwale, ka mosa le ka nako e loketseng, thusa ngwana wa hao ho bona hore boinehelo boo a bo entseng ho Jehova ke ntho e tebileng le hore o tla fumana ditlhohonolofatso ha a ka bo phelela.

18 Ka mohlala, o ka fumana boitsebiso bo ka o thusang sehloohong se reng “Lipotso Tseo Batsoali ba li Botsang” se hlahang ka morao bukeng ya Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1. Buka eo e re batswadi ba se ke ba potlakela ho etsa qeto ya hore ngwana ha a sa rata Jehova. Ho e na le hoo, ba lokela ho fumana hore ha e le hantle bothata bo hokae. Ho ka etsahala hore bothata ke kgatello ya dithaka kapa hore ngwana o jewa ke bodutu. Kapa e ka nna yaba ngwana o bona eka batjha ba bang ba etsa ho hongata ho mo feta tshebeletsong ya Jehova. Buka ena e re mathata a ngwana wa hao hase bopaki ba hore o hanyetsana le bodumedi ba hao. Sehlooho seo se boetse se fana ka ditlhahiso tse mmalwa tsa kamoo motswadi a ka thusang ngwana wa hae kateng maemong ana.

19. Batswadi ba ka thusa bana ba bona jwang ho fumana bohlale bo tla etsa hore ba bolokehe?

19 Jwalo ka motswadi, o na le tokelo le boikarabelo bo boima ba ho hodisa bana ba hao “ka tayo le kelello e laolwang ke Jehova.” (Baef. 6:4) Jwalo ka ha re se re bone, o lokela ho ruta bana ba hao Bibele mme o ba thuse ho ba le kgodiseho ka seo ba ithutang sona. E, ba lokela ho ba le kgodiseho e tla ba susumelletsa hore ba inehele ho Jehova le ho mo sebeletsa ka dipelo tsohle tsa bona. E se eka boiteko ba hao, Lentswe la Modimo le moya wa hae di ka thusa ngwana wa hao ho fumana bohlale bo tla etsa hore a bolokehe.

^ par. 9 Karolo ya “What Does the Bible Really Teach?” e fumanehang ho websaete ya jw.org ke thulusi e ntle haholo bakeng sa ho thusa batjha le batho ba baholo ho utlwisisa dithuto tsa Bibele le ho di hlalosetsa batho ba bang. Karolo eo e fumaneha le ka dipuo tse ding tse ngata websaeteng. Sheba tlasa BIBLE TEACHINGS > BIBLE STUDY TOOLS.