Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Na e tla ba ho loketseng hore Mokreste a be le sethunya ka morero wa ho itshireletsa ho batho ba bang?

Melaomotheo ena ha e dumelle Bakreste ho sebedisa dibetsa tse kang dithunya ho itshireletsa kgahlanong le batho. Nahana ka e meng ya melaomotheo eo:

Bophelo ba motho bo a halalela mahlong a Jehova. Bibele e re Jehova ke “mohlodi wa bophelo.” (Pes. 36:9) Kahoo, haeba Mokreste a sebedisa ditsela tse itseng ho itshireletsa kapa ho sireletsa thepa ya hae, o tla netefatsa hore o qoba ho fedisa kapa ho timetsa bophelo ba motho e mong le ho ba molato wa madi.Deut. 22:8; Pes. 51:14.

Le hoja ho na le dibetsa le disebediswa tse ngata tse ka etsang hore motho a be molato wa madi, sethunya sona se etsa hore ho be bonolo ho bolaya motho, ebang ke ka phoso kapa ka boomo. * Ho feta moo, ha motho ya neng a hlasela a hlokomela hore phofu ya hae e tshwere sethunya, hangata boemo bo a mpefala hoo ho ka qetellang ho ba le ya shwang.

Ha Jesu a ne a re balatedi ba hae ba tshware disabole bosiung ba pele a bolawa, morero e ne e se hore ba itshireletse ka tsona. (Luka 22:36, 38) Ho e na le hoo, Jesu o ne a batla ho ba ruta hore ba se ke ba lwana esita le ha ba shebane le letshwele le tshwereng dibetsa. (Luka 22:52) Ka mora hore Petrose a lematse e mong wa bahlanka ba moprista ya phahameng ka sabole, Jesu o ile a laela Petrose a re: “Kgutlisetsa sabole ya hao sebakeng sa yona.” Yaba Jesu o bua nnete ya bohlokwa e ke keng ya fetoha le ka mohla, ha a re: “Bohle ba nkang sabole ba tla timela ka sabole.” Molaomotheo ona o sa ntse o tataisa balatedi ba Jesu le kajeno.Mat. 26:51, 52.

Ho ya ka Mikea 4:3, batho ba Modimo ba “tea disabole tsa bona hore e be mehoma le marumo a bona hore e be dikere tse faolang dimela.” Sena se kgetholla Bakreste ba nnete mme se dumellana le mantswe a Pauluse a buduletsweng a reng: “Ho se ke ha e ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho yena. . . . Haeba ho kgoneha, ho fihlela moo ho itshetlehileng ka lona, le be le kgotso le batho bohle.” (Bar. 12:17, 18) Le hoja a fetile mathateng mme ka nako e nngwe bophelo ba hae bo ne bo le kotsing ka lebaka la “mashodu a ditseleng,” ha ho mohla Pauluse a ileng a hlokomoloha melaomotheo ya Mangolo e le hore feela a itshireletse. (2 Bakor. 11:26) Ho e na le hoo, o ile a tshepa Modimo le ho tshepa bohlale bo fumanwang ka Lentsweng la Hae, e leng bohlale “bo molemo ho feta disebediswa tsa ntwa.”Moek. 9:18.

Bakreste ba nka bophelo bo le bohlokwa haholo ho feta dintho tse bonahalang. Bibele e re: “Bophelo ba [motho] ha bo hlahe dinthong tseo a nang le tsona.” (Luka 12:15) Kahoo, haeba sekebekwa se tshwereng sebetsa se phehella ho ba tshwara poho, Bakreste ba bohlale ba mamela molaomotheo o fumanehang mantsweng a Jesu a reng: “O se ke wa hanyetsa ya kgopo.” Ho ya ka mantswe a Jesu, ho ka ba ha hlokahala hore re fe sekebekwa seo ntho efe kapa efe eo se e batlang. (Mat. 5:39, 40; Luka 6:29) * Hape, ho molemo ho qoba dintho tse ka re bitsetsang dikebekwa. Haeba re qoba ho etsa “pontsho ya mponeng ya mokgwa wa [rona] wa boiphediso” mme baahelane ba rona ba re tseba re le Dipaki Tsa Jehova tse ratang kgotso, re ka nna ra qoba ho ipitsetsa mahlo a dikebekwa.1 Joh. 2:16; Liprov. 18:10.

Bakreste ba hlompha matswalo a batho ba bang. (Bar. 14:21) Bakreste ba bang ba ne ba ka tshoha mme ba kgopeha haeba ba ne ba ka tseba hore Mokreste e mong o na le sethunya seo a se sebedisang ho itshireletsa kgahlanong le batho. Lerato le re susumelletsa ho nahanela dithahasello tsa ba bang pele ho tsa rona, esita le haeba seo se bolela hore re tele ntho eo re dumellwang ke molao ho ba le yona.1 Bakor. 10:32, 33; 13:4, 5.

Bakreste ba batla ho beha mohlala o motle. (2 Bakor. 4:2; 1 Pet. 5:2, 3) Re ke ke ra re Mokreste o beha mohlala o motle haeba a tswela pele ho ba le sethunya bakeng sa ho itshireletsa kgahlanong le batho, le ka mora hore a fuwe keletso e hlahang ka Mangolong. Ka lebaka leo, a ke ke a tshwaneleha bakeng sa ho sebediswa ka phuthehong kapa a fumana ditokelo tse kgethehileng tsa tshebeletso. Boemo bo a tshwana le tabeng ya Mokreste ya etsang mosebetsi o batlang hore a tshware sethunya. Ho ka ba molemo hakaakang hore a batle mosebetsi o mong! *

Ke kgetho ya Mokreste ka mong hore o sireletsa yena, ba lelapa la hae le thepa ya hae jwang, jwalo kaha e boetse e le kgetho ya hae hore na o etsa mosebetsi ofe. Ho ntse ho le jwalo, melaomotheo ya Bibele e re bontsha bohlale ba Modimo le kamoo a re ratang kateng. Bakreste ba nang le kamano e ntle le Modimo ba kgetha ho se be le sethunya ka morero wa ho itshireletsa ho batho ba bang hobane ba rata ebile ba hlompha melaomotheo ena. Ba a tseba hore tshireletseho ya sebele e fumanwa feela ke ba tshepang Modimo mme ba phela ho dumellana le melaomotheo ya Bibele.Pes. 97:10; Liprov. 1:33; 2:6, 7.

Nakong ya matshwenyeho a maholo, Bakreste ba tla tshepa Jehova ho e na le hore ba itwanele

^ par. 3 Mokreste a ka nna a kgetha ho ba le sethunya (se kang raefole kapa se senyenyane) bakeng sa ho tsoma (e le hore a fumane dijo) kapa e le hore a itshireletse kgahlanong le diphoofolo tse hlaha. Ka nako eo a sa se sebediseng, ho molemo ho se boloka se sa hlahlelwa mme se notlelletswe sebakeng se sireletsehileng. Dibakeng tseo ho tsona ho ba le sethunya ho seng molaong kapa ho behetsweng dithibelo tse itseng, Bakreste ba tla mamela molao.Bar. 13:1.

^ par. 2 Tabeng ya hore na o ka itshireletsa jwang ha o betwa, sheba sehlooho se reng “Kamoo Peto e ka Thibeloang” ho Tsoha! ya March 8, 1993.

^ par. 4 Ho fumana dintlha tse eketsehileng mabapi le Mokreste ya amohelang mosebetsi o hlokang hore a tshware sethunya, sheba Molula-Qhooa wa November 1, 2005, leq. 31; le wa Senyesemane wa July 15, 1983, leq. 25-26.