“Llang le Batho ba Llang”
“Le nne le tshedisane le ho hahana.”
DIPINA: 121, 75
1, 2. Ke hobaneng ha re lokela ho bua ka tsela eo re ka thusang ba hlokahalletsweng ka yona? (Sheba setshwantsho se qalong.)
MOSADI e mong ya bitswang Susi, ya ileng a hlokahallwa ke ngwana, o ile a re: “Le kamo ra hore ho fete selemo mora wa rona a hlokahetse, re ile ra nna ra utlwa bohloko bo boholo.” Morabo rona e mong le yena o re ha mosadi wa hae a hlokahala ka tshohanyetso o ile a utlwa bohloko boo a sa kgoneng ho bo hlalosa. Ka bomadimabe, boholo ba rona re ikutlwa ka tsela ena. E ka nna yaba re ne re sa lebella hore baratuwa ba rona ba hlokahale pele Armagedone e fihla. Ho sa tsotellehe hore na o kile wa shwelwa kapa o tseba motho ya hlokahalletsweng, o ka nna wa ipotsa: ‘Nka thusa motho ya hlokahalletsweng jwang?’
2 Hangata batho ba re bohloko bo ya kokobela ha nako e ntse e ya. Empa, na seo se bolela hore nako ka boyona e tla oka pelo ya motho ya saretsweng? Mohlolohadi e mong o re: “Ke nahana hore se thusang motho ke hore motho o etsang ka nako ya hae.” Mosadi eo o opile kgomo lenaka. Feela jwalo kaha leqeba le hloka nako le tlhokomelo e le hore le
fole, ho jwalo le ka bohloko ba motho ya shwetsweng. Keng ka ho kgetheha e ka thusang motho ya hlokahalletsweng hore a fole?JEHOVA KE “MODIMO WA MATSHEDISO OHLE”
3, 4. Ke hobaneng ha re ka kgodiseha hore Jehova o utlwisisa bohloko ba motho ya shwetsweng?
3 Ntate wa rona ya lehodimong Jehova, ke yena motho ya ka sehloohong ya ka re tshedisang. (Bala 2 Bakorinthe 1:3, 4.) O ile a re ho batho ba hae nakong e fetileng: “Ke nna ya le tshedisang.”
4 Ntate wa rona le yena o tseba bohloko ba ho shwelwa ke bao a ba ratang. O ka nahana ka bahlanka ba hae ba kang Abrahama, Isaka, Jakobo, Moshe le Morena Davida. (Num. 12:6-8; Mat. 22:31, 32; Lik. 13:22) Lentswe la Modimo le re tiisetsa hore Jehova o labalabela ho ba tsosa. (Jobo 14:14, 15) Ha ba se ba tsositswe, ba tla thaba mme ba phele hantle mmeleng. Jehova o ile a boela a shwelwa ke Mora wa hae, “eo a neng a mo rata ka ho kgethehileng.” (Liprov. 8:22, 30) E tlameha ebe Jehova o ile a utlwa bohloko haholo ha Jesu a bolawa ka sehloho.
5, 6. Jehova a ka re tshedisa ka jwang?
5 Re kgodisehile hore kamehla Jehova o tla re thusa. Kahoo, ha re a lokela ho tsilatsila ho rapela le ho mo bolella ka bohloko boo re bo utlwang. Ho kgothatsa hakaakang ho tseba hore Jehova o utlwisisa bohloko boo re bo utlwang le ho fana ka matshediso ao re a hlokang! Empa o etsa seo jwang?
6 Tsela e nngwe eo Modimo a re thusang ka yona ke ka ‘matshediso a moya o halalelang.’ (Lik. 9:31) Moya wa Modimo o halalelang ke mohlodi o matla wa matshediso. Jesu o ile a tshepisa hore Ntate wa hae o tla ‘fana ka moya o halalelang ho ba mo kopang.’ (Luka 11:13) Susi eo re buileng ka yena pejana, o re: “Ka makgetlo, re ile ra kgumama mme ra kopa Jehova hore a re tshedise. Nako le nako, Modimo o ne a re fa kgotso e neng e lebela monahano le dipelo tsa rona.”
JESU KE MOPRISTA YA PHAHAMENG YA RE UTLWELANG BOHLOKO
7, 8. Ke hobaneng ha re ka kgodiseha hore Jesu o tla re tshedisa?
7 Ha Jesu a ne a le lefatsheng o ile a bontsha ka diketso kutlwelo bohloko eo Ntate wa hae a nang le yona. (Joh. 5:19) Jesu o ne a rometswe ho tla tshedisa “ba robehileng dipelo” le “ba siameng.” (Esa. 61:1, 2; Luka 4:17-21) Ke kahoo a neng a tsebahala e le motho ya nang le kutlwelo bohloko hobane o ne a ela mathata a batho ba bang hloko mme a labalabela ho ba thusa.
8 Ntle ho pelaelo, ha Jesu e sa le motjha o ile a shwelwa ke beng ka yena le metswalle. Ho bonahala eka Jesu o hlokahalletswe ke ntate a sa le monyenyane. * O se o ka inahanela hore na ho ne ho le boima hakaakang ho Jesu ya motjha dilemong ho sebetsana le bohloko bona, ha ka nako e tshwanang a ne a lokela ho tshedisa banababo le mme wa hae.
9. Jesu o ile a bontsha kutlwelo bohloko jwang ha Lazaro a shwa?
9 Ha Jesu a qala tshebeletso ya hae, o ne a se a ntse a tseba mathata a batho Joh. 11:33-36.
mme a ba utlwela bohloko. Ka mohlala, nahana ka nako ya ha motswalle wa hae Lazaro a ne a shwa. Le hoja a ne a tseba hore o tlo mo tsosa, Jesu o ile a utlwa bohloko bo sa tsweng madi ha a bona Maria le Maretha ba itshela ka meokgo. O ile a ameha ha bohloko hoo le yena a ileng a lla.—10. Ke hobaneng ha re ka kgodiseha hore Jesu o re utlwela bohloko?
10 Re ka ithutang tseleng eo Jesu a neng a bontsha kutlwelo bohloko ka yona? Mangolo a re kgodisa hore “Jesu Kreste o a tshwana maobane le kajeno, le ka ho sa feleng.” (Baheb. 13:8) Kaha “Moemedi ya ka Sehloohong wa bophelo” o tseba bohloko ba ho shwelwa, “o kgona ho phallela ba ntseng ba lekwa.” (Lik. 3:15; Baheb. 2:10, 18) Ka lebaka leo, re ka kgodiseha hore Kreste o ntse a utlwela batho bohloko le hore o tla ba tshedisa “ka nako e nepahetseng.”
“MATSHEDISO A TSWANG MANGOLONG”
11. Ke mangolo a fe ao o utlwang a o kgothatsa?
11 Tlaleho e buang ka bohloko boo Jesu a ileng a bo utlwa nakong ya lefu la Lazaro, ke e nngwe ya tse kgothatsang tse hlahang ka Bibeleng. Hopola hore “dintho tsohle tse ileng tsa ngolwa nakong e fetileng di ile tsa ngollwa ho re laya, e le hore ka mamello ya rona le ka matshediso a tswang Mangolong re ka ba le tshepo.” (Bar. 15:4) Haeba o utlwisitswe bohloko ke lefu, le wena o ka kgathollwa ke mangolo a fanang ka matshediso jwalo ka a latelang:
-
“Jehova o haufi le ba dipelo di robehileng; o pholosa ba sithabetseng moyeng.”
—Pes. 34:18, 19. -
“Ha menahano ya ka e hlokisang botsitso e ngatafala ka hare ho nna, matshediso a hao a ile a qala ho hlabolla moya wa ka.”
—Pes. 94:19. -
“E se eka Morena wa rona Jesu Kreste le Modimo Ntate, ba ileng ba re rata yaba ba fana ka matshediso a sa feleng le tshepo e molemo ka mosa o sa tshwanelang, ba ka tshedisa dipelo tsa lona le ho le tiisa.”
—2 Bathes. 2:16, 17. *
RE FUMANA MATSHEDISO KA PHUTHEHONG
12. Ke ka tsela efe ya bohlokwa re ka tshedisang ba bang?
12 Sebaka se seng moo ba shwetsweng ba ka fumanang matshediso ho sona ke ka phuthehong ya Bokreste. (Bala 1 Bathesalonika 5:11.) O ka matlafatsa le ho kgothatsa ba “moya o hlomohileng” jwang? (Liprov. 17:22) O lokela ho hopola hore ho na le “nako ya ho kgutsa le nako ya ho bua.” (Moek. 3:7) Mohlolohadi e mong ya bitswang Dalene, o re: “Batho ba hlokahalletsweng ba hloka ho ntsha maikutlo le menahano ya bona. Kahoo, ntho ya bohlokwa eo re ka ba etsetsang yona ke hore re ba mamele ka hloko re sa ba kene hanong.” Junia, eo abuti wa hae a ileng a ipolaya o phaella ka hore: “Le hoja o ke ke wa utlwisisa bohloko ba bona ka ho feletseng, ntho ya bohlokwa ke hore o batla ho utlwisisa hore na ba ikutlwa jwang.”
13. Keng seo re lokelang ho se hopola ka batho ba hlokahalletsweng?
13 Re lokela ho hopola hore batho ha ba itshware ka tsela e tshwanang ha ba hlokahalletswe. Ka nako tse ding, ha ho bonolo hore motho a re hlalosetse bohloko
boo a bo utlwang. Ke kahoo Lentswe la Modimo le reng: “Pelo e hlokomela bohloko ba moya wa motho, mme ha ho osele ya tla kena kenana le ho thaba ha yona.” (Liprov. 14:10.) Le ha motho a ka hlolosa kamoo a ikutlwang ka teng, hase ka mehla ho leng bonolo ho utlwisisa seo a lekang ho se bua.14. Re ka fana ka mantswe a matshediso jwang ho ba hlokahalletsweng?
14 Ka dinako tse ding, ho ka ba thata ho tseba seo re lokelang ho se bua ho motho ya hlokahalletsweng. Le ha ho le jwalo, Bibele e re “maleme a ba bohlale ke phodiso.” (Liprov. 12:18) Ba bangata ba fumane mantswe ao ba ka kgothatsang ba bang ka ona bukaneng ya Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. * Leha ho le jwalo, ho molemo le ho feta ke ho ‘lla le batho ba llang.’ (Bar. 12:15) Gaby, ya ileng a hlokahallwa ke monna, o re: “Ho lla e se le ntho eo ke e tlwaetseng. Ke kahoo ke tshedisehang ha metswalle ya ka e lla le nna. Ka nako eo, ke utlwa eka ha ke mong bohlokong ba ka.”
15. Ke jwang re ka tshedisang ba bang le haeba re sa kgone ho buisana le bona fahleho di tadimane? (Sheba le lebokose le reng, “ Mantswe ao o ka Kgothatsang Motho ka Ona.”)
15 Haeba o utlwa ho le thata ho bua le motho difahleho di tadimane, ho ka nna ha ba bonolo ho mo romella molaetsa ka founu, ka karete, kapa ka e-mail. O ka qotsa temana e tla mo tshedisa kapa wa bua ka dintho tse ntle tseo mofu a neng a di etsa. Junia o re: “Ke kgothala haholo ha ke fumana molaetsa o mo kgutshwane kapa memo ya ho ya qeta nako le Bakreste mmoho. Dintho tse kang tsena di etsa hore ke ikutlwe ke ratwa ebile ke tsotellwa.”
16. Ke ka tsela efe re ka tshedisang ba bang e le kannete?
16 Ho rapella Mokreste mmoho le rona ya shwetsweng esita le ho rapela le yena ho ka mo tshedisa e le kannete. Le hoja ho ka nna ha se be bonolo ho rapela le motho ya shwetsweng, mohlomong hobane le wena o amehile maikutlo, thapelo ya hao e tswang pelong e ka ba seo a se hlokang hore a kgothale. Dalene o re: “Ka nako tse ding ha baradibeso ba tlile ho ntshedisa, ke ye ke ba kope hore ba rapele le nna. Ha ho be bonolo ha ba bua mantswe a qalang a thapelo, empa ka mora nakwana ba qala ho bua ka kgodiseho le ho tswa pelong. Tumelo ya bona e matla le lerato la bona di tiisitse tumelo ya ka.”
TSWELA PELE HO TSHEDISA BA BANG
17-19. Ke hobaneng ha ho hlokahala hore re nne re tswele pele ho tshedisa ba bang?
17 Bohloko ba ho shwelwa bo nka nako e sa tshwaneng ho batho ka ho fapana. Kahoo iketse ya fumanehang, e seng feela matsatsing a mmalwa ka mora lefu ha ba leloko le metswalle ba sa ntse ba le teng. Empa e ba teng le dikgwedi hamorao ha ba se ba kgutletse malapeng a bona. Bibele e re: “Motswalle wa nnete o lerato ka dinako tsohle, mme ke morabo motho ya tswaletsweng ha ho e na le mahlomola.” (Liprov. 17:17) Bakreste mmoho e ka ba mohlodi wa matshediso ho motho ya shwetsweng ho fihlela a fola.
18 Hopola hore batho ba shwetsweng ba ka boela ba thonkgwa ke ho hopola dintho tse kang letsatsi la bona la lenyalo, difoto, ho utlwa mmino, modumo kapa monko o itseng, esita le ha nako e itseng ya selemo e fihla. A ka boela a utlwiswa bohloko ke dintho tseo a seng a lokela ho di etsa a le mong jwalo ka ho ya kopanong kapa Sehopotsong. Morabo rona e mong o re: “Ke ile ka utlwa bohloko haholo ha ke ne ke lokela ho hopola letsatsi Ia lenyalo ka lekgetlo la pele ka mora lefu la molekane wa ka. Empa bara le baradi beso ba ile ba etsa mmoka o monyenyane mme ba mema metswalle ya ka e le hore ke se ke ka ba mong ka tsatsi leo.”
19 Dula o hopola hore batho ba shwetsweng ba hloka ho kgothatswa ka dinako tsohle. Junia o re: “Hangata setswalle le thuso eo batho ba mphang yona le ha ho se na ketsahalo ya bohlokwa, e ntswela molemo haholo. Ke ananela setswalle le nako eo ba e qetang le nna haholo.” Ke nnete hore re ke ke ra fedisa bohloko ba ho shwelwa ka ho feletseng, empa re ka kgona ho tshedisa ba hlokahalletsweng ka ho ba fa thuso eo ba e hlokang. (1 Joh. 3:18) Gaby o re: “Ruri ke leboha Jehova ka baholo, kaha ba ile ba wa ba tsoha le nna. Ba ile ba etsa hore ke utlwe hore Jehova o ntsotella e le kannete.”
20. Ke hobaneng ha ditshepiso tsa Jehova e le mohlodi o moholo wa matshediso?
20 Ho tshedisa hakaakang ho tseba hore Jehova, Modimo wa matshediso ohle, o tla fedisa bohloko bohle bo bakwang ke lefu mme a fane ka matshediso a ka ho sa feleng! O tla etsa sena ha “bohle ba mabitleng a kgopotso ba tla utlwa lentswe la [Jesu] mme ba tswe.” (Joh. 5:28, 29) Modimo o tshepisa hore “o tla metsa lefu ka ho sa feleng, mme ka sebele Mmusi Morena Jehova o tla hlakola meokgo difahlehong tsohle.” (Esa. 25:8.) Ka nako eo, ho e na le ho ‘lla le batho ba llang’ baahi ba lefatshe lohle ba tla ‘thaba le batho ba thabileng.’
^ par. 8 Bibele e bua ka Josefa lekgetlo la ho qetela ha Jesu a ne a le dilemo di 12. Ha Jesu a etsa mohlolo wa pele wa ho fetola metsi veine, Bibele ha e bue letho ka Josefa esita le diketsahalong tse tlang ka mora moo. Ha Jesu a le thupeng ya tlhokofatso o ile a kopa moapostola Johanne ho hlokomela Maria, e leng seo a neng a ke ke a se etsa haeba Josefa a ne a ntse a phela.
^ par. 11 Mangolo a mang ao o ka fumanang matshediso ho ona ke Pesaleme ya 20:1, 2; 31:7; 38:8, 9, 15; 55:22; 121:1, 2; Esaia 57:15; 66:13; Bafilipi 4:13; le 1 Petrose 5:7.
^ par. 14 Sheba le sehlooho se reng “Tšelisa ba Hlokahaletsoeng, Joalokaha Jesu a Ile a Etsa,” ho Molula-Qhooa wa November 1, 2010.