Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Eba le Boitshwaro

Eba le Boitshwaro

Ditholwana tsa moya ke . . . boitshwaro.”​—BAGAL. 5:22, 23.

DIPINA: 83, 52

1, 2. (a) Keng se etsahalang ha batho ba se na boitshwaro? (b) Ke hobaneng ha boitshwaro e sa ntse e le ba bohlokwa le kajeno?

BOITSHWARO ke e nngwe ya ditholwana tsa moya wa Modimo. (Bagal. 5:22, 23) Jehova o na le boitshwaro ka tekanyo e felletseng. Empa batho bona ba lokela ho lwana ka thata hore ba be le boitshwaro kaha ha ba a phethahala. Ha e le hantle, mathata a mangata a teng kajeno lefatsheng a bakilwe ke ho hloka boitshwaro. Ho hloka boitshwaro ho ka etsa hore batho ba se ke ba sebetsa hantle sekolong kapa ba be botswa mosebetsing. Ha motho a se na boitshwaro a ka wela mathateng a kang botahwa, ho hloleha ho laola leleme, bohale, dikoloto, ho sebedisa dithethefatsi, le ho tshwaetswa ke mafu a thobalano. A ka boela a ithola a le teronkong, lenyalo la hae la qhalana, a lemala maikutlong, a ba le ngwana a sa rera, le mathata a mang.​—Pes. 34:11-14.

2 Ho hlakile hore batho ba se nang boitshwaro ba ipakela mathata le ho a bakela ba bang. Batho ba ntse ba hloka boitshwaro ho ya pele. Dilemong tsa bo 1940 ditsebi di ile tsa etsa dipatlisiso ka boitshwaro, mme dipatlisiso tsa morao tjena di bontsha hore batho ba ntse ba fellwa ke boitshwaro ka sekgahla se seholo. Batho ba Modimo ha ba makatswe ke sena, hobane Bibele e ile ya bolela esale pele hore, hara dintho tse ding, ‘matsatsi a ho qetela’ a ne a tla bonahala ka batho “ba hlokang boitshwaro.”​—2 Tim. 3:1-3.

3. Ke hobaneng ha Bakreste ba lokela ho ba le boitshwaro?

3 Ke hobaneng ha o lokela ho ba le boitshwaro? Nahana ka mabaka ana a mabedi a bohlokwa. La pele, ditsebi di hlokometse hore hase hangata batho ba kgonang ho laola ditakatso tsa bona, ba bang le mathata a tebileng. Ha ba nkehe maikutlo ha bonolo, ba kgona ho etsa metswalle, mme ha ho bonolo hore ba halefe le ho tepella maikutlong. Lebaka la bobedi ke hore ho laola ditakatso tse fosahatseng le ho hanela diteko ke ha bohlokwa e le hore motho a amohelwe ke Modimo. Bopaki ba seo re bo bona tabeng ya Adama le Eva. (Gen. 3:6) Nahana hape ka mathata a ileng a hlahela batho ba bang ba bangata ba ileng ba hloleha ho ba le boitshwaro ho tloha nakong ya Adama.

4. Batho ba lwanelang ho ba le boitshwaro ba ka kgothatswa keng?

4 Kajeno ha ho na motho ya ka bontshang boitshwaro ka ho phethahetseng. Empa Jehova o bona boiteko boo batho ba hae ba bo etsang hore ba be le boitshwaro, mme o ikemiseditse ho ba thusa ho hlola ditakatso tsa bona tse fosahetseng. (1 Mar. 8:46-50) Jwalo ka Motswalle, o kgothatsa bohle ba batlang ho mo sebeletsa empa ba thatafallwa ke ho bontsha boitshwaro ka dinako tse ding. A re qaleng ka ho tshohla mohlala oo Jehova a o beileng tabeng ya ho bontsha boitshwaro. Ka mora moo, re tla ithuta ka mehlala e metle le e mebe ya batho ba hlahang ka Bibeleng. Re tla boela re ithute ka mehato eo re ka e nkang e le hore re be le boitshwaro.

JEHOVA O BEHILE MOHLALA O MOTLE

5, 6. Ke mohlala ofe oo Jehova a o behang tabeng ya ho bontsha boitshwaro?

5 Jehova o bontsha boitshwaro ka ho phethahetseng, etswe tsohle tseo a di etsang di phethahetse. (Deut. 32:4) Empa rona ha re a phethahala. Le ha ho le jwalo, re lokela ho hlahloba mohlala wa Jehova le ho mo etsisa haeba re batla ho bontsha boitshwaro. Ke maemong afe ao Jehova a ileng a bontsha boitshwaro ho ona?

6 Nahana kamoo Jehova a ileng a bontsha boitshwaro kateng ha a sebetsana le borabele ba Satane. Jehova o ne a lokela ho etsa ho itseng ka borabele boo. Ha ho pelaelo hore boitshwaro ba Diabolose bo ile ba baka pherekano le kgalefo hara mangeloi a tshepahalang. Mohlomong le wena o ikutlwa ka tsela e tshwanang ha o nahana ka mathata ohle a bakilweng ke Satane. Le ha ho le jwalo, Jehova ha a ka a etsa dintho ka lepotlapotla. O entse dintho ka bohlale le ka tsela e nepahetseng. Esale a itshwere hore a se halefe ha a ntse a sebetsana le bofetohedi ba Satane. (Ex. 34:6; Jobo 2:2-6) Hobaneng? Hobane Jehova ha a batle hore motho le ha e le ofe a timele, empa “o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.”​—2 Pet. 3:9.

7. Re ka ithutang mohlaleng wa Jehova?

7 Tsela eo Jehova a ileng a bontsha boitshwaro ka yona e re ruta hore re nahanisise ka hloko pele re bua kapa re etsa ntho e itseng. Etswe lepotlapotla le ja podi. Kahoo ha o tobane le boemo bo thata, iphe nako ya ho nahana e le hore o ka etsa dintho ka bohlale. Rapella bohlale e le hore o ka bua kapa wa etsa se nepahetseng. (Pes. 141:3) Ha o utlwisitswe bohloko, ho ka ba bonolo hore o nkwe ke maikutlo. Ba bangata ba rona re kile ra bua kapa ra etsa dintho tseo hamorao re ileng ra itshola ka tsona.​—Liprov. 14:29; 15:28; 19:2.

BAHLANKA BA MODIMO BA BEHILENG MOHLALA O MOTLE LE O MOBE

8. (a) Re ka fumana mehlala e metle hokae ya batho ba ileng ba bontsha boitshwaro? (b) Keng e thusitseng Josefa ho hlola teko ha mosadi wa Potifaro a ne a batla ho robala le yena? (Sheba setshwantsho se qalong.)

8 Ke mehlala efe e ka Bibeleng e bontshang bohlokwa ba hore re laole ditakatso tsa rona? Ha ho pelaelo hore o hopola batho ba itseng ka Bibeleng ba ileng ba bontsha boitshwaro ha ba ne ba lekwa. E mong wa bona ke mora wa Jakobo e leng Josefa. O ile a bontsha boitshwaro ha a ne a sebeletsa ntlong ya Potifaro, eo e neng e le mookamedi wa bahlokomedi ba Faro. Mosadi wa Potifaro o ile a kgahlwa ke Josefa kaha o ne “a e na le sebopeho se setle le ponahalo e ntle.” O ile a leka ka makgetlo ho etsa hore Josefa a robale le yena empa Josefa a hana. Keng e thusitseng Josefa ho hlola teko eo? Ha ho pelaelo hore Josefa o ile a ipha nako ya ho nahana ka ditlamorao tse mpe tse neng di tla ba teng ha a ne a ka inehela tekong eo. Kahoo ha boemo bo mpefala, o ile a baleha mosadi eo. Josefa o ile a re: “Nka etsa bobe bona bo boholo jwang mme ka sitelwa Modimo?”​—Gen. 39:6, 9; bala Liproverbia 1:10.

9. O ka etsang hore o hlole diteko?

9 Re ithutang mohlaleng wa Josefa? Re ithuta hore ka dinako tse ding re lokela ho balehela diteko. Nakong e fetileng ba bang ba rona, ba ile ba tlameha ho hlola diteko tse kang ho ja ho tlola, ho nwa haholo, ho tsuba, ho sebedisa dithethefatsi, boitshwaro bo ditshila le tse ding. Esita le ka mora ho kolobetswa, re ka nna ra lekeha ho kgutlela mekgweng eo. Le ha ho le jwalo, haeba o tlelwa ke teko ya ho tlola o mong wa melao ya Jehova, iphe nako ya ho nahanisisa ka ditlamorao tse bohloko tse ka bang teng ha o ka hloleha ho laola ditakatso tsa hao. Leka ho bona esale pele maemo a ka o kenyang tekong mme o a qobe. (Pes. 26:4, 5; Liprov. 22:3) Haeba o tobane le teko, kopa Jehova hore a o fe bohlale le boitshwaro e le hore o ka hlola teko eo.

10, 11. (a) Ke boemo bofe boo batjha ba bangata ba tobanang le bona sekolong? (b) Keng se ka thusang batjha ba Bakreste ho hanela diteko tsa boitshwaro bo bobe?

10 Kajeno batjha ba bangata ba Bakreste ba tobana le teko e tshwanang le ya Josefa. Nahana ka mohlala wa ngwanana e mong ya bitswang Kim. Bana ba bangata bao a kenang sekolo le bona ba ne ba tlwaetse ho etsa thobalano, ebile ka mora mafelobeke ba ne ba rata ho qoqa ka yona ha ba fihla sekolong. Empa Kim o ne a sa kenelle meqoqong eo. Kaha o ne a sa etse dintho tseo bana ba bang ba di etsang, o re o ne a jewa ke bodutu ebile bana ba bang ka tlelaseng ba ne ba re ke setlatla hobane ha a ratane. Le ha ho le jwalo, Kim o ne a tseba hore ha se yena feela, empa batjha ba bangata ba ithola ba le tekong ya ho etsa thobalano. (2 Tim. 2:22) Bana ba tlelase ya hae ba ne ba atisa ho mmotsa hore na o kile a etsa thobalano mme o ne a nka monyetla oo ho ba hlalosetsa hore ke hobaneng ha a sa robale le bashemane. Re motlotlo ho ba le batjha ba Bakreste ba ikemiseditseng ho hana ho etsa thobalano pele ho lenyalo, mme Jehova le yena o motlotlo ka bona!

11 Bibele e boetse e bua ka mohlala wa ba ileng ba hloleha ho bontsha boitshwaro tabeng ya ho etsa thobalano. E boetse e bua ka ditlamorao tse bohloko tseo ba ileng ba di fumana. Bohle ba tobaneng le teko e tshwanang le ya Kim, ba lokela ho nahanisisa ka tlaleho ya mohlankana ya hlokang boitshwaro, eo ho buuwang ka yena ho Liproverbia kgaolo ya 7. Ba ka boela ba nahana ka mohlala o mobe wa Amnone le ka ditlamorao tse bohloko tse ileng tsa mo hlahela. (2 Sam. 13:1, 2, 10-15, 28-32) Batswadi ba ka thusa bana ba bona ho ba le boitshwaro ha ba se ba ratana, mohlomong ka ho sebedisa ditlaleho tsa Bibele tseo re qetang ho bua ka tsona.

12. (a) Josefa a ile a laola maikutlo a hae jwang ha a sebedisana le bana babo? (b) Ke maemong afe ao ho ona re lokelang ho laola maikutlo a rona?

12 Josefa o ile a boela a bontsha boitshwaro boemong bo bong. E le hore bana babo ba se ke ba tseba hore ke yena, Josefa o ile a ikgakanya ha ba ne ba tlilo reka dijo Egepeta. Ha a se a utlwile bohloko haholo, o ile a tloha ho bona hore ba se ke ba mmona ha a lla. (Gen. 43:30, 31; 45:1) Haeba Mokreste e mong kapa motswalle a o utlwisa bohloko, etsisa Josefa ka hore o se potlakele ho halefa. (Liprov. 16:32; 17:27) Haeba e mong wa lelapa la hao a kgaotswe, o lokela ho itshwara hore o se ke wa buisana le yena ho sa hlokahale. Ho itshwara maemong ana ha ho no ba bonolo, empa ho hopola hore re etsisa mohlala wa Modimo le ho latela keletso ya hae, ho tla re thusa ho etsa jwalo.

13. Re ka ithutang ditlalehong tse buang ka Morena Davida?

13 O mong wa mohlala o babatsehang wa boitshwaro o hlahang ka Bibeleng ke wa Morena Davida. Le hoja a ne a le matla haholo, o ile a ithiba hore a se ke a halefa le ho iphetetsa ha Saule le Shimei ba ne ba mo qholotsa. (1 Sam. 26:9-11; 2 Sam. 16:5-10) Empa hase kamehla Davida a ileng a kgona ho itshwara, jwalo ka ha re hopola sebe sa hae le Bathe-sheba le kamoo a ileng a halefa kateng ha Nabale a mo tella. (1 Sam. 25:10-13; 2 Sam. 11:2-4) Le ha ho le jwalo, re ka ithuta ho hongata ho Davida. Taba ya pele, balebedi ka phuthehong ba lokela ho ithiba hore ba se ke ba sebedisa matla a bona hampe. Taba ya bobedi ke hore ha re a lokela ho ya le kgongwana hodimo, re nahana hore le ka mohla re ka se wele tekong.​—1 Bakor. 10:12.

MEHATO EO O KA E NKANG

14. Keng se ileng sa etsahalla morabo rona e mong, hona ke hobaneng ha re lokela ho ela hloko tsela eo re itshwarang ka yona maemong a jwalo?

14 O ka etsang hore o be le boitshwaro? Nahana ka se ileng sa etsahalla morabo rona e mong ya bitswang Luigi. Koloi ya Luigi e ile ya thulwa ke e nngwe ka morao. Le hoja monna ya neng a kganna koloi eo e ne e le yena ya phoso, o ile a qala ho rohaka Luigi mme a batla ho mo lwantsha. Ka nako eo Luigi o ile a rapela mme a kopa Jehova hore a mo thuse ho kgoba matshwafo. Luigi o ile a nka lebitso la inshorense ya monna eo yaba o a tsamaya mme o siya monna eo a ntse a omana. Beke ka mora moo, Luigi o ne a etsa leeto la ho boela ho mosadi e mong yaba o elellwa hore ke mosadi wa monna yane ya ileng a mo tjhaisa. Monna eo o ile a swaba haholo a ba a kopa tshwarelo ho Luigi. O ile a ba a tshepisa ho letsetsa inshorense e le hore e ka patala Luigi kapele. Monna eo o ile a mamela a ba a thabela seo a se utlwang ha bo Luigi ba buisana le mohatsae. Ka mora moo, Luigi o ile a bona bohlokwa ba hore ebe o ile a kgoba matshwafo mohla kotsi ya koloi, le hore ho ka be ho ile ha senyeha hakae haeba a ne a hlolehile ho itshwara.​—Bala 2 Bakorinthe 6:3, 4.

Ho kgoba matshwafo kapa ho hloleha ho etsa jwalo, ho ka ama mosebetsi wa rona wa boboledi (Sheba serapa sa 14)

15, 16. Ho ithuta Bibele ho ka re thusa jwang hore re be le boitshwaro?

15 Ho kgothalla ho ithuta Bibele ho ka thusa Bakreste ho ba le boitshwaro. Hopola seo Modimo a ileng a se bolella Joshua: “Buka ena ya molao ha e a lokela ho tloha molomong wa hao, mme o e bale ka lentswe le tlase bosiu le motshehare, e le hore o ka hlokomela ho etsa ka sohle se ngodilweng ho yona; etswe ka ho etsa jwalo o tla atlehisa tsela ya hao mme ka ho etsa jwalo o tla etsa ka bohlale.” (Josh. 1:8) Ho ithuta Bibele ho ka o thusa jwang hore o be le boitshwaro?

16 Jwalo ka ha re se re bone, Bibele e na le ditlaleho tse bontshang ka ho hlaka melemo le ditlamorao tsa diketso tsa rona. Jehova o kentse ditlaleho tsena ka morero ka Bibeleng. (Bar. 15:4) Ke ha bohlokwa hakaakang hore re ithute le ho nahanisisa ka tsona! Leka ho bona kamoo ditlaleho tseo di ka o thusang le ho thusa ba lelapa la hao kateng. Kopa Jehova hore a o thuse ho sebedisa seo o ithutang sona. Amohela haeba o hloka ho ntlafatsa dikarolong tse ding tabeng ya ho bontsha boitshwaro. Rapela mme o leke ho etsa diphetoho. (Jak. 1:5) Ho etsa dipatlisiso dingolweng tsa rona tsa Bokreste le hona ho ka o thusa haholo.

17. Batswadi ba ka thusa bana ba bona jwang ho ba le boitshwaro?

17 O ka thusa bana ba hao jwang ho ba le boitshwaro? Batswadi ba a tseba hore, ka tlhaho, ha ho bonolo hore bana ba be le boitshwaro. Batswadi ba lokela ho behela bana ba bona mohlala tabeng ya ho bontsha boitshwaro. (Baef. 6:4) Jwale haeba o hlokomela hore bana ba hao ba hloleha ho laola ditakatso le boitshwaro ba bona, ipotse hore ebe o ba behela mohlala o motle na. O se ke wa kgella fatshe mohlala o motle oo o o behang ka ho ba teng kamehla dibokeng, tshimong le ho tshwara borapedi ba lelapa. Ha ho hlokahala, o se ke wa tshaba ho hana ha bana ba hao ba kopa dintho tse itseng. Le Jehova o ile a hanela Adama le Eva ho etsa dintho tse itseng, mme seo se ne se le molemong wa bona. Ka ho tshwanang, sepheo sa batswadi sa ho kgalemela bana ke ho ba ruta ho ba le boitshwaro. Kahoo, thusa bana ba hao ho rata Modimo le ho mo hlompha, hobane seo se tla ba tswela molemo.​—Bala Liproverbia 1:5, 7, 8.

18. Ke hobaneng ha ho etsa metswalle e metle ho ka o tswela molemo?

18 Ho sa tsotellehe hore o motjha kapa tjhe, etsa bonnete ba hore o kgetha metswalle ya hao ka hloko. Etsa setswalle le batho ba tla o kgothalletsa ho etsa thato ya Modimo, ba ke keng ba o kenya mathateng. (Liprov. 13:20) Ho etsa metswalle e jwalo e ratang Modimo, ho tla o susumelletsa ho etsisa mohlala wa bona o motle le tabeng ya boitshwaro. Ha ho pelaelo hore le mohlala wa hao o tla thusa ba bang. Ho ba le boitshwaro ho tla etsa hore o ratwe ke Modimo le hore o thabele bophelo.