Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Eba Sebete . . . Mme o Nke Bohato”

“Eba Sebete . . . Mme o Nke Bohato”

“Eba sebete o be matla mme o nke bohato. O se ke wa tshoha kapa wa haroha letswalo, etswe Jehova . . . o na le wena.”​—1 LIKRON. 28:20.

DIPINA: 60, 29

1, 2. (a) Solomone o ile a fuwa mosebetsi ofe wa bohlokwa? (b) Ke hobaneng ha Davida a ne a kgathatsehile ka Solomone?

SOLOMONE o ile a fuwa mosebetsi wa bohlokwa ka ho fetisisa, e leng wa ho haha tempele e Jerusalema. Tempele eo e ne e lokela ho ba “e hlollang ka mokgwa o fetisisang ka botle dinaheng tsohle.” Ha bohlokwa le ho feta, tempele eo e ne e tla ba “ntlo ya Jehova Modimo wa nnete.” Jehova o ile a re Solomone e be yena ya okamelang mosebetsi oo.​—1 Likron. 22:1, 5, 9-11.

2 Morena Davida o ne a kgodisehile hore Modimo o tla tshehetsa Solomone. Le ha ho le jwalo, Solomone o ne a sa le motjha mme a se na boiphihlelo. Na Solomone o ne a tla ba le sebete sa ho etsa mosebetsi oo o moholo? Kapa na o ne a tla tshaba ho o etsa hobane a le monyenyane? Solomone o ne a lokela ho ba sebete mme a qale ho haha tempele.

3. Solomone o ne a ka ithutang ho ntate wa hae tabeng ya ho ba sebete?

3 Solomone o ne a ka ithuta ho hongata ho ntate wa hae tabeng ya ho ba sebete. Ha e sa le motjha, Davida o ile a sireletsa mohlape wa ntatae diphoofolong tse hlaha. (1 Sam. 17:34, 35) O ile a bontsha sebete se tsotehang ha a ne a lwana le senatla sa Mofilista. Ka thuso ya Modimo, Davida o ile a bolaya Goliathe ka lejwe le boreledi.​—1 Sam. 17:45, 49, 50.

4. Ke hobaneng ha Solomone a ne a lokela ho ba sebete?

4 E ne e le ho utlwahalang hore ebe hamorao Davida o ile a kgothatsa Solomone hore a be sebete le hore a hahe tempele. (Bala 1 Likronike 28:20.) Haeba Solomone a ne a ka hloleha ho ba sebete, o ne a ka qetella a sa haha tempele. Ho ne ho ka ba molemo hore a mpe a hlolehe a itekile.

5. Ke hobaneng ha re hloka ho ba le sebete?

5 Jwalo ka Solomone, le rona re hloka thuso ya Jehova e le hore re ka ba sebete mme re phethe mosebetsi oo re o filweng. Ho re thusa ho etsa seo, a re ke re bueng ka mehlala ya nakong e fetileng ya batho ba ileng ba bontsha sebete. Re tla boela re bone kamoo re ka bontshang sebete kateng mme re etse mosebetsi wa Modimo.

MEHLALA YA BA ILENG BA BONTSHA SEBETE

6. Keng se o kgahlang ka sebete se ileng sa bontshwa ke Josefa?

6 Nahana ka sebete seo Josefa a ileng a se bontsha ha mosadi wa Potifaro a ne a batla ho robala le yena. O ne a tseba hore mosadi eo o ne a tla mo thatafalletsa bophelo haeba a ne a ka hana ho robala le yena. Le ha ho le jwalo, Josefa ha a ka a inehela tekong eo, empa o ile a ba sebete mme a nka bohato.​—Gen. 39:10, 12.

7. Hlalosa kamoo Rahaba a ileng a bontsha sebete kateng. (Sheba setshwantsho se qalong.)

7 Rahaba le yena o ile a bontsha sebete. Ha banna ba babedi ba Baiseraele ba tla ntlong ya hae motseng wa Jeriko, a ka be a ile a tshoha yaba o a ba leleka. Empa kaha o ne a tshepile Jehova, o ile a ba sebete mme a thusa banna bao ho ipata le ho baleha. (Josh. 2:4, 5, 9, 12-16) Rahaba o ne a dumela hore Jehova ke Modimo wa nnete le hore o ne a tla thusa Baiseraele ho hapa naha eo. Ha a ka a tshaba batho, esita le morena wa Jeriko le masole a hae. Ho e na le hoo, o ile a thusa yena le lelapa labo ho pholoha timetso.​—Josh. 6:22, 23.

8. Sebete seo Jesu a ileng a se bontsha se ile sa thusa baapostola ba hae jwang?

8 Baapostola ba Jesu ba behile mohlala o motle wa ho ba sebete. Ba ne ba bone kamoo Jesu a ileng a bontsha sebete kateng. (Mat. 8:28-32; Joh. 2:13-17; 18:3-5) Mohlala wa Jesu o ile wa ba thusa ho ba sebete. Ha Basaduse ba ba hanyetsa, baapostola ha ba a ka ba kgaotsa ho paka ka Jesu.​—Lik. 5:17, 18, 27-29.

9. Ho ya ka 2 Timothea 1:7, re ka fumana sebete hokae?

9 Josefa, Rahaba, Jesu, le baapostola ba ile ba bontsha sebete mme ba nka bohato bo loketseng. Ha se hore ba ne ba itshepa ho tlola. Empa ba ne ba tshepile Jehova. Le rona re tobana le maemo a hlokang hore re be sebete. Re lokela ho tshepa Jehova ho e na le ho itshepa. (Bala 2 Timothea 1:7.) A re ke re bueng ka maemo a mabedi ao re lokelang ho bontsha sebete ho ona, e leng ka lapeng le ka phuthehong.

MAEMO A HLOKANG SEBETE

10. Ke hobaneng ha batjha ba Bakreste ba hloka ho ba le sebete?

10 Batjha ba Bakreste ba tobana le maemo a mangata a hlokang hore ba be le sebete sa hore ba sebeletse Jehova. Ba ka ithuta mohlaleng wa Solomone, ya ileng a bontsha sebete ka ho etsa mosebetsi wa ho haha tempele le ho o phetha. Le hoja batjha ba tlameha ho mamela batswadi ba bona, ho na le diqeto tse ding tsa bohlokwa tseo ba lokelang ho iketsetsa tsona. (Liprov. 27:11) Ka mohlala, batjha ba hloka sebete hore ba etse diqeto tse bohlale tse kang ho kgetha metswalle e metle, ho ba le boithabiso bo loketseng, ho itshwara hantle le ho kolobetswa. Ba hloka sebete ho etsa diqeto tsena kaha ba hanyetswa ke sera sa Modimo e leng Satane.

11, 12. (a) Moshe o ile a beha mohlala o motle jwang wa ho ba le sebete? (b) Batjha ba ka etsisa mohlala wa Moshe jwang?

11 E nngwe ya diqeto tsa bohlokwa tseo batjha ba lokelang ho di etsa, e amana le dintho tseo ba batlang ho di finyella bophelong. Dinaheng tse ding, batjha ba fumana kgatello ya hore ba hahamalle thuto e phahameng le mesebetsi e patalang haholo. Athe dinaheng tse ding maemo a moruo a etsa hore batjha ba utlwe ba tlameha ho sebetsa hore ba thuse ba malapa a bona. Haeba o ithola o le maemong ao, nahana ka mohlala wa Moshe. Kaha Moshe o ne a hodisitswe ke moradi wa Faro, a ka be a ile a kgetha ho hahamalla maruo le botumo. O ka inahanela feela hore na o ile a fumana kgatello e kae ho lelapa labo la Baegepeta, ho matitjhere le ho baeletsi! Ho e na le hore a inehele, Moshe o ile a emela borapedi ba nnete ka sebete. Ka mora hore Moshe a siye maruo a Egepeta, o ile a tswela pele ho itshetleha ka Jehova. (Baheb. 11:24-26) Jehova o ile a mo hlohonolofatsa ka nako eo mme o tla boela a mo hlohonolofatse ka ho enneng nakong e tlang.

12 Ka ho tshwanang, Jehova o tla putsa batjha bao ka sebete ba etsang hore dintho tse amanang le Mmuso di tle pele bophelong ba bona. O tla ba thusa hore ba hlokomele ba malapa a bona. Mehleng ya baapostola, Timothea o ile a kgetha ho qeta bophelo ba hae a sebeletsa Modimo mme le wena o ka mo etsisa. *​—Bala Bafilipi 2:19-22.

Na o ikemiseditse ho ba sebete ka dinako tsohle? (Sheba serapa sa 13-17)

13. Sebete se ile sa thusa moradi e mong wabo rona ya motjha jwang hore e be pulamadiboho?

13 Mokreste e mong ya dulang Alabama, U.S.A., o ile a tlameha ho ba le sebete ha a kgetha hore na o tla etsang ho sebeletsa Modimo. O ile a ngola a re: “Ha ke ntse ke hola, ke ne ke le dihlong haholo. Ho ne ho se bonolo hore ke bue le batho Holong ya Mmuso. Ha e le ho kokota menyakong ya batho bao ke sa ba tsebeng teng, ha ke sa bua!” Batswadi ba hae le ba bang ka phuthehong ba ile ba mo thusa hore e be pulamadiboho ya kamehla. O re: “Lefatshe la Satane le kgothalletsa batho hore ba hahamalle thuto e phahameng, botumo, ho ba le tjhelete le dintho tse ngata tse bonahalang. Ke batho ba mmalwa feela ba kgonang ho finyella dintho tsena mme hangata di bakela batho kgatello ya maikutlo. Empa ho sebeletsa Jehova ho etsa hore ke thabe ke be ke kgotsofale.”

14. Ke maemong afe moo batswadi ba Bakreste ba hlokang ho ba le sebete?

14 Batswadi ba Bakreste le bona ba hloka ho ba sebete. Ka mohlala, mohiri wa hao a ka nna a o kopa hore o sebetse dihora tse eketsehileng mantsiboya le mafelobeke, e leng nako eo o e behetseng ka thoko bakeng sa borapedi ba lelapa, tshimo le ho ya dibokeng. O hloka sebete hore o hane ha mohiri wa hao a o kopa dintho tsena mme o behele bana ba hao mohlala. Kapa mohlomong batswadi ba mmalwa ka phuthehong ba dumella bana ba bona ho etsa dintho tse itseng tseo o sa batleng ha bana ba hao ba di etsa. Batswadi bao ba ka nna ba o botsa hore na ke hobaneng ha o hanela bana ba hao ho etsa dintho tseo. Na o tla ba sebete mme o ba hlalosetse mabaka a hao ka bohlale?

15. Pesaleme ya 37:25 le Baheberu 13:5 e ka thusa batswadi jwang?

15 Re bontsha sebete ha re thusa bana ba rona hore ba kgethe ho sebeletsa Jehova. Batswadi ba bang ba tshaba ho kgothalletsa bana ba bona hore e be bopulamadiboho, ba ye tlhokahalong, Bethele kapa ba etse mosebetsi wa kaho. E ka nna yaba batswadi bao ba tshaba hore bana ba bona ba ke ke ba kgona ho ba hlokomela ha ba se ba tsofetse. Le ha ho le jwalo, batswadi ba bohlale ba bontsha sebete mme ba tshepa Jehova. (Bala Pesaleme ya 37:25; Baheberu 13:5.) O ka bontsha hore o na le sebete le hore o tshepa Jehova ka hore o thuse ngwana wa hao ho etsa se tshwanang.​—1 Sam. 1:27, 28; 2 Tim. 3:14, 15.

16. Batswadi ba bang ba thusitse bana ba bona jwang hore ba sebeletse Jehova, hona seo se bile le melemo efe?

16 Banyalani ba bang ba United States ba ile ba thusa bana ba bona hore ba sebeletse Jehova. Monna o re: “Le pele bana ba rona ba tseba ho bua le ho tsamaya, re ne re ba bolella kamoo ho sebeletsa jwalo ka bopulamadiboho ho thabisang kateng. Jwale sena ke seo ba batlang ho se etsa. Ha bana ba rona ba hahamalla ho sebeletsa Jehova, ba kgona ho hlola kgatello e tswang lefatsheng la Satane mme ba matlafatsa kamano ya bona le Jehova.” Morabo rona e mong ya nang le bana ba babedi o re: “Batswadi ba bangata ba sebedisa tjhelete e ngata ba leka ho thusa bana ba bona ho atleha dipapading, thutong, kapa dinthong tse ding tse kang mmino. Empa ke bohlale ho thusa bana ba rona hore ba kenele tshebeletso e le hore ba ka ba le kamano e ntle le Jehova. Ke thabile haholo hore ebe kajeno bana ba ka ba sebeletsa Jehova le hore ke ile ka kenya letsoho ho ba thusa ho etsa jwalo.” O ka kgodiseha hore Modimo o tla hlohonolofatsa batswadi ba thusang bana ba bona ho kenela tshebeletso.

HO BONTSHA SEBETE KA PHUTHEHONG

17. Fana ka mehlala ya kamoo re ka bontshang sebete kateng ka phuthehong.

17 Re boetse re lokela ho bontsha sebete ka phuthehong. Ka mohlala, baholo ba lokela ho bontsha sebete ha ba sebetsa dinyewe tsa kahlolo esita le ha ba thusa badumedi mmoho le bona ba dipetlele tabeng ya ho tshela madi. Baholo ba bang ba etela diteronkong ho ya pakela batshwaruwa. Ho thweng ka baradibabo rona ba masoha? Hona jwale ba bulehetswe ke menyetla e mengata ya ho atisa tshebeletso ya bona ka hore e be bopulamadiboho, ba ye tlhokahalong, ba sebetse kahong, kapa ka hore ba ye Sekolong sa Baevangedi ba Mmuso. Ebile ba bang ba kgona ho ya Sekolong sa Gileade.

18. Baradibabo rona ba hodileng ba ka bontsha sebete jwang?

18 Phutheho e rua molemo ka ho ba le basadi ba hodileng. Re rata baradi bana babo rona e le kannete! Ba bang ha ba sa kgona ho etsa ho hongata tshebeletsong jwalo ka pele, empa ba ntse ba ka kgona ho ba sebete mme ba etse ho itseng. (Bala Tite 2:3-5.) Ka mohlala, moradiwabo rona ya hodileng o hloka ho ba sebete haeba baholo ba mo kopa hore a thuse moradiwabo rona ya motjha tabeng ya moaparo. Ke nnete hore a ke ke a omanya moradi eo wabo rona, empa ka mosa o tla mo bontsha kamoo moaparo wa rona o amang ba bang kateng. (1 Tim. 2:9, 10) Ho bua ka tsela eo ho ka thusa moradiwabo rona ya motjha.

19. (a) Barababo rona ba kolobeditsweng ba ka bontsha sebete jwang? (b) Ke jwang Bafilipi 2:13 le 4:13 e ka thusang barababo rona ho bontsha sebete?

19 Ba bang ba lokelang ho bontsha sebete le ho nka bohato ke barababo rona ba kolobeditsweng. Banna ba sebete ba batlang ho nka boikarabelo bo eketsehileng ke tlhohonolofatso ho phutheho. (1 Tim. 3:1) Le ha ho le jwalo, ba bang ba ka nna ba tshaba ho hahamalla ditokelo. Haeba morabo rona a kile a etsa diphoso nakong e fetileng, a ka nna a utlwa eka ha a tshwanelehe ho ba mohlanka ya sebeletsang kapa moholo. E mong a ka bona eka ha a na bokgoni ba ho etsa dikabelo tsena. Haeba o ikutlwa jwalo, Jehova a ka o thusa hore o be le sebete. (Bala Bafilipi 2:13; 4:13.) Hopola hore ka dinako tse ding Moshe le yena o ne a utlwa eka ha a tshwanelehe ho phetha kabelo ya Modimo. (Ex. 3:11) Le ha ho le jwalo, Jehova o ile a mo thusa mme ha nako e ntse e ya, Moshe o ile a ba le sebete sa ho phetha kabelo ya hae. Morabo rona ya kolobeditsweng a ka fumana sebete se tshwanang ka ho kopa thuso ho Jehova ka thapelo le ho bala Bibele kamehla. Ho nahanisisa ka ditlaleho tsa batho ba ileng ba bontsha sebete ho tla re thusa. Morabo rona a ka kopa hore baholo ba mo kwetlise mme a iketse ya fumanehang ka dinako tsohle. E se eka barababo rona kaofela ba kolobeditsweng ba ka ba sebete mme ba sebetsa ka thata diphuthehong tsa habo bona!

“JEHOVA . . . O NA LE WENA”

20, 21. (a) Davida o ile a hopotsa Solomone eng? (b) Re ka kgodiseha kang?

20 Morena Davida o ile a hopotsa Solomone hore Jehova o tla ba le yena ho fihlela a qetile mosebetsi wa ho haha tempele. (1 Likron. 28:20) Solomone o ile a kgothatswa ke mantswe a Davida mme a se nyahamiswe ke hore o ne a le monyenyane a bile a se na boiphihlelo. O ile a ba le sebete, a haha tempele mme Jehova a mo thusa hore a kgone ho e qeta ka dilemo tse 7 le halofo.

21 Jwalo ka ha Jehova a ile a thusa Solomone, le rona a ka re thusa hore re be sebete mme re phethe boikarabelo ba rona ka lapeng le ka phuthehong. (Esa. 41:10, 13) Ha re ntse re sebeletsa Jehova ka sebete, re ka kgodiseha hore o tla re hlohonolofatsa hona jwale le nakong e tlang. Kahoo “eba sebete . . . mme o nke bohato.”

^ par. 12 Haeba o batla ho qeta bophelo ba hao o sebeletsa Jehova, sehlooho sa Molula-Qhooa wa July 15, 2004 se reng “Sebelisa Lipakane Tsa Moea ho Tlotlisa ’Mōpi oa Hao,” se ka o thusa hore o nke mehato e loketseng.