Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Lentswe la Modimo . . . le Fana ka Matla”

“Lentswe la Modimo . . . le Fana ka Matla”

Lentswe la Modimo le a phela mme le fana ka matla.”​—BAHEB. 4:12.

DIPINA: 114, 113

1. Ke hobaneng ha re kgodisehile hore Lentswe la Modimo le fana ka matla? (Sheba setshwantsho se qalong.)

JWALO ka batho ba Jehova, re kgodisehile hore Lentswe la Modimo “le a phela mme le fana ka matla.” (Baheb. 4:12) Bongata ba rona re bone ha Bibele e fetola bophelo ba rona. Nakong e fetileng, ba bang ba badumedi mmoho le rona e ne e le mashodu, ha ba bang ba ne ba sebedisa dithethefatsi kapa ba itshwere ka tsela e hlephileng. Ba bang ba ne ba na le tjhelete e ngata empa ba sa thaba. (Moek. 2:3-11) Ba bangata ba neng ba le maemong a tshwanang le ana, ba ile ba bona ha Bibele e fetola bophelo ba bona. Mohlomong o se o badile dipale tse ngata tse buang ka sena karolong ya “Bibele e Fetola Batho” ho Tora ya ho Lebela. Bibele e thusitse Bakreste hore ba ntlafatse kamano ya bona le Jehova, esita le ka mora hore ba kolobetswe.

2. Lentswe la Modimo le ile la thusa ba bang jwang mehleng ya baapostola?

2 Na re lokela ho makala ha ba bangata ba fetola bophelo ba bona ka baka la ho ithuta Lentswe la Modimo? Le hanyenyane! Sena se re hopotsa bara le baradibabo rona ba mehleng ya baapostola, ba neng ba na le tshepo ya ho phela lehodimong. (Bala 1 Bakorinthe 6:9-11.) Ka mora hore Pauluse a bue ka mofuta wa batho ba ke keng ba rua Mmuso wa Modimo, o ile a re ho bona: “Ke seo ba bang ba lona ba neng ba le sona.” Empa jwale ba ne ba se ba fetotse bophelo ba bona ka thuso ya Mangolo le ya moya o halalelang. Esita le ka mora hore e be Bakreste, ba bang ba ile ba lokela ho tlohela ditlwaelo tse mpe haholo. Bibele e bua ka Mokreste e mong wa motlotsuwa, ya ileng a kgaolwa mme hamorao a kgutlisetswa ka phuthehong. (1 Bakor. 5:1-5; 2 Bakor. 2:5-8) Ruri re a kgothala ha re bala ka mathata ao badumedi mmoho le rona ba ileng ba feta ho ona le kamoo Bibele e ba thusitseng kateng ho a hlola.

3. Re tlo tshohlang sehloohong see?

3 Kaha Lentswe la Modimo le matla, re batla ho netefatsa hore re le sebedisa ka botlalo. (2 Tim. 2:15) Sehloohong sena, re tla ithuta kamoo re ka bonang matla a Lentswe la Modimo kateng (1) bophelong ba rona, (2) ha re le tshimong, le (3) ha re fana ka dipuo. Dintlha tsena di tla re thusa hore re rate Ntate wa rona ya lehodimong haholwanyane, ya re rutang hore re itswele molemo.​—Esa. 48:17.

BOPHELONG BA RONA

4. (a) Re lokela ho etsang e le hore re rue molemo Lentsweng la Modimo? (b) O etsa jwang hore o be le nako ya ho ithuta Bibele?

4 E le hore Lentswe la Modimo le re tswele molemo, re lokela ho le bala kamehla kapa letsatsi le leng le leng ha ho kgoneha. (Josh. 1:8) Ke nnete hore ba bangata ba rona re dula re phathahane. Le ha ho le jwalo, ha re a lokela ho dumella letho, esita le boikarabelo ba rona, ho re sitisa ho bala Bibele kamehla. (Bala Baefese 5:15, 16.) Batho ba Jehova ba sebedisa ditsela tse fapaneng ho ipha nako ya ho bala Bibele letsatsi le leng le le leng. Ba bang ba e bala hoseng, ba bang motshehare, athe ba bang ba e bala pele ba robala. Ba ikutlwa jwalo ka mopesaleme ha a ne a re: “Molao wa hao ke o rata hakaakang! Ke nahanisisa ka ona letsatsi lohle.”​—Pes. 119:97.

5, 6. (a) Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore re nahanisise ka seo re se balang? (b) Re ka nahanisisa jwang ka seo re se balang? (c) Ho bala le ho nahanisisa ka seo o se balang ka Bibeleng ho o thusitse jwang?

5 Ke ha bohlokwa hore ha re bala Bibele, re nahanisise ka seo re se balang. (Pes. 1:1-3) Ha re etsa jwalo, re tla kgona ho bona hore na re ka sebedisa keletso ya yona e bohlale jwang bophelong ba rona. Sepheo sa rona sa ho bala Bibele ke ho kenya seo re se balang ka dipelong, ho sa tsotellehe hore na re e bala founung, thableteng kapa Bibeleng e printilweng.

6 Re ka nahanisisa jwang ka seo re se balang? Batho ba bangata ba bone ho le molemo hore ha ba qeta ho bala karolo e itseng ya Mangolo, ba eme hanyane ebe ba ipotsa dipotso tse latelang: ‘Taba ee e mpolellang ka Jehova? Ke se ke ntse ke sebedisa molaomotheo o hlahang karolong ee ya Lentswe la Modimo jwang bophelong ba ka? Nka ntlafatsa kae?’ Ha re ntse re nahanisisa ebile re rapela ka seo re ithutang sona ka Bibeleng, re tla susumelletseha ho sebedisa keletso ya yona ka ho feletseng. Ha re etsa jwalo, re tla bona matla a Lentswe la Modimo bophelong ba rona.​—2 Bakor. 10:4, 5.

HA RE LE TSHIMONG

7. Re ka sebedisa Lentswe la Modimo ha molemo jwang ha re le tshimong?

7 Re ka thuswa keng hore re sebedise Lentswe la Modimo ha molemo ha re le tshimong? Re ka etsa sena ka hore re le sebedise ka bolokolohi ha re le tshimong le ha re kganna dithuto. Morabo rona e mong o ile a re: “Haeba o ne o paka ka ntlo le ntlo o na le Jehova ka seqo, na o ne o tla mo fa sebaka sa ho bua kapa o ne o tla bua o le mong?” Ntlha ya hae e ne e le hore: Haeba re balla motho Bibele ha re le tshimong, ho tshwana le ha re fa Jehova sebaka sa ho bua le motho eo. Lengolo leo re le kgethileng ka hloko le ka ba matla ho feta ntho le ha e le efe eo re neng re ka e bua. (1 Bathes. 2:13) Ipotse: ‘Na ke sebedisa monyetla o mong le o mong ho balla batho Bibele ha ke le tshimong?’

8. Ke hobaneng ha re lokela ho etsa ho fetang ho balla batho mangolo ha re le tshimong?

8 Re lokela ho etsa ho fetang ho balla batho ditemana tsa Bibele ha re le tshimong. Hobaneng? Hobane batho ba bangata ba utlwisisa Bibele hanyane kapa ha ba e utlwisise ho hang. Ho ne ho le jwalo le mehleng ya baapostola. (Bar. 10:2) Kahoo, ha re a lokela ho nahana hore motho o tla utlwisisa temana e itseng hobane feela re mo balletse yona. Re lokela ho qolla mantswe kapa dintlha tsa bohlokwa temaneng eo, ebe re a di hlalosa. Ho etsa jwalo ho ka etsa hore molaetsa wa Lentswe la Modimo o fihle dikelellong le dipelong tsa ba re mametseng.​—Bala Luka 24:32.

9. Re ka kenyelletsa mangolo jwang ka tsela e tla etsa hore batho ba hlomphe Bibele? Fana ka mohlala.

9 Re lokela ho kenyelletsa mangolo ka tsela e tla etsa hore batho ba hlomphe Bibele. Ka mohlala, re ka re: “A re utlwe hore na Mmopi wa rona o reng ka taba ena.” Ha re bua le motho ya sa tlwaelanang le Bibele, re ka nna ra re: “Hlokomela seo Mangolo a Halalelang a se buang.” Kapa haeba re bua le motho ya sa thahaselleng bodumedi, re ka re: “Na o se o kile wa utlwa maele aa a mehleng ya kgale?” Re lokela ho bua le motho e mong le e mong ho latela maemo a hae mme re bue ka ditaba tse mo amang.​—1 Bakor. 9:22, 23.

10. (a) Hlalosa se ileng sa etsahalla morabo rona e mong. (b) O bone matla a Lentswe la Modimo jwang ha o le tshimong?

10 Batho ba bangata ba hlokometse hore ho sebedisa Lentswe la Modimo ha ba le tshimong, ho ka ama batho bao ba ba pakelang. Ka mohlala, morabo rona e mong o ile etsa leeto la ho boela ho ntatemoholo e mong eo e neng e se e le dilemo a bala dimakasine tsa rona. Morabo rona o ne a batla ho mo siela Tora ya ho Lebela ya moraorao. Empa pele a etsa jwalo, o ile a kgetha ho mo balla lengolo le neng le hlaha ka hara makasine eo. O ile a bala 2 Bakorinthe 1:3, 4, e reng: ‘Ntate wa mehauhelo e bonolo le Modimo wa matshediso ohle . . . o re tshedisa matshwenyehong ohle a rona.’ Temana ena e ile ya ama monga ntlo hoo a ileng a re morabo rona a mmalle yona hape. Monna eo o ile a hlalosa kamoo yena le mosadi wa hae ba hlokang matshediso kateng. Temana eo e ile ya etsa hore a batle ho ithuta Bibele. Ruri Lentswe la Modimo le na le matla tshimong!​—Lik. 19:20.

HA RE FANA KA DIPUO

11. Barababo rona ba fanang ka dipuo ba na le boikarabelo bofe?

11 Jwalo ka Bakreste, re thabela ho tla dibokeng le ho ya dikopanong. Re etsa jwalo hobane re batla ho rapela Jehova. Re boetse re rua molemo dipuong tseo re di mamelang. Barababo rona ba fanang ka dipuo dibokeng le dikopanong ba ananela tlotla eo haholo. Ba a tseba hore ba na le boikarabelo bo boima. (Jak. 3:1) Ba lokela ho netefatsa hore kamehla ba ruta ho tswa Lentsweng la Modimo. Haeba o fuwe kabelo ya ho fana ka puo, o ka etsang e le hore o sebedise Bibele ha molemo?

12. Sebui se ka etsang ho netefatsa hore puo ya sona e theilwe Mangolong?

12 Etsa bonnete ba hore puo ya hao e theilwe Mangolong. (Joh. 7:16) Seo se akarelletsang? Hara tse ding, ela hloko hore mehlala, dipapiso le tsela eo o buang ka yona, ha di pupetse bohlokwa ba ditemana tseo o di balang. Hape, hopola hore ho bala mangolo a mangata feela ha ho bolele hore o ruta ho tswa Bibeleng. Ha e le hantle, haeba o bala mangolo a mangata haholo, ha ho na leo bamamedi ba hao ba tla le hopola. Kahoo, kgetha ka hloko mangolo ao o tla a bala. Boela o iphe nako ya ho a hlalosa, ho etsa dipapiso esita le ho bontsha kamoo mangolo ao a sebetsang kateng ho bamamedi ba hao. (Neh. 8:8) Haeba o fuwe outline bakeng sa puo ya hao, iphe nako ya ho e bala le ho sheba mangolo a hlahang ho yona. Leka ho utlwisisa kamoo mangolo a hlahang outlineng a amanang kateng le se ngotsweng. Jwale, sebedisa mangolo ao o a kgethileng ho tshehetsa dintlha tsa sehlooho tsa puo ya hao. (O ka fumana ditlhahiso tse ka o thusang ho thuto ya 21 ho ya ho 23 bukeng ya Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo.) Ka hodima tsohle, rapela mme o kope hore Jehova a o thuse ho fetisa mehopolo ya hae ka tsela e nepahetseng.​—Bala Esdrase 7:10; Liproverbia 3:13, 14.

13. (a) Moradiwabo rona e mong o ile a angwa jwang ke lengolo leo a ileng a le utlwa dibokeng? (b) O ruile molemo jwang thutong ya Mangolo eo re e fumanang dibokeng?

13 Moradiwabo rona e mong ya dulang Australia o ile a utlwa lengolo le ileng la mo ama haholo ha a le dibokeng. Le hoja a ile a hodiswa ha bohloko, o ile a amohela molaetsa wa Bibele mme a kolobetswa. Le ha ho le jwalo, o ne a utlwa ho le thata ho dumela hore Jehova o a mo rata. Empa hamorao maikutlo a hae a ile a fetoha. O ile a thuswa keng? O ile a fetola monahano wa hae ha a ne a nahanisisa ka lengolo le itseng le ileng la balwa dibokeng, mme a le bapisa le ditemana tse ding tsa Bibele. * Na le wena o kile wa angwa ke Lentswe la Modimo ka tsela eo, ha o le dibokeng kapa kopanong?​—Neh. 8:12.

14. Re ka bontsha jwang hore re ananela Lentswe la Modimo?

14 Ruri re leboha Jehova ka Lentswe la hae e leng Bibele! O re file Lentswe la hae a ba a netefatsa hore le dula le le teng. (1 Pet. 1:24, 25) Kahoo re bontsha hore re a le ananela ha re le bala kamehla, re le sebedisa bophelong ba rona, tshimong le ha re fana ka dipuo. Ha re etsa jwalo, re tla be re bontsha hore re rata Mongodi wa Bibele e leng Jehova Modimo.

^ par. 13 Sheba lebokose le reng “ Maikutlo a ka a ile a Fetoha.”