Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

‘Lentswe la Modimo wa Rona le Tshwarella ka ho sa Feleng’

‘Lentswe la Modimo wa Rona le Tshwarella ka ho sa Feleng’

“Jwang bo botala bo omeletse, thunthung e ponne; empa ha e le lentswe la Modimo wa rona, le tla tshwarella ho isa nakong e sa lekanyetswang.”​ESA. 40:8.

DIPINA: 116115

1, 2. (a) Bophelo bo ne bo tla ba jwang haeba Bibele e ne e le siyo? (b) Keng e ka re thusang hore re rue molemo Lentsweng la Modimo?

O NAHANA hore bophelo ba hao bo ne bo tla ba jwang haeba Bibele e ne e le siyo? O ne o tla hloka tataiso bophelong. O ne o ke ke wa tseba seo e leng nnete ka Modimo, ka bophelo esita le ka bokamoso. Hape o ne o ke ke wa tseba dintho tseo Jehova a ileng a di etsetsa batho nakong e fetileng.

2 Ho thabisang ke hore boemo ba rona ha bo jwalo. Jehova o re file Lentswe la hae e leng Bibele. Hape o tshepisitse hore Bibele e tla dula e le teng. Moapostola Petrose o ile a qotsa Esaia 40:8. Temana eo ha e bue ka Bibele ka ho toba, empa mantswe a yona a a sebetsa molaetseng wa Bibele ka kakaretso. (Bala 1 Petrose 1:24, 25.) Re ka rua molemo Bibeleng haholoholo haeba re e bala ka puo eo re e utlwisisang hantle. Ba ratang Lentswe la Modimo ba bone bonnete ba sena. Dilemong tse makgolo tse fetileng, batho ba tshepahalang ba ile ba sebetsa ka thata ho fetolela Bibele le ho e aba, le hoja ho ne ho se bonolo. Seo ba neng ba se etsa se ne se dumellana le thato ya Modimo ya hore “batho ba mefuta yohle ba pholohe mme ba fihle tsebong e nepahetseng ya nnete.”​—1 Tim. 2:3, 4.

3. Re tlilo tshohlang sehloohong see? (Sheba setshawantsho se qalong.)

3 Sehloohong sena re tlilo tshohla kamoo Lentswe la Modimo le ileng la tshwarella kateng (1) ha puo e fetoha, (2) ha mebuso e fetoha, le (3) ha phetolelo ya Bibele e hanyetswa. Dintlha tsee di tla re tswela molemo jwang? Di tla re thusa hore re ananele Lentswe la Modimo le ho feta. Di tla boela di etse hore re rate Mongodi wa Bibele ka ho eketsehileng.​—Mik. 4:2; Bar. 15:4.

HA PUO E FETOHA

4. (a) Ke jwang dipuo di fetohang ha nako e ntse e ya? (b) Re tseba jwang hore Modimo wa rona ha a leeme, hona o ikutlwa jwang ka seo?

4 Dipuo di a fetoha ka mora nako e itseng. Mantswe le dipolelo di ka fetola moelelo wa tsona. Mohlomong o ka nahana ka tsela eo puo ya hao e seng e fetohile ka yona. Ho ile ha etsahala ho tshwanang ka Seheberu le Segerike, e leng dipuo tseo boholo ba Bibele bo ngotsweng ka tsona. Seheberu le Segerike tsa kajeno di fapane haholo le tsa mehleng ya Bibele. Kahoo, kajeno batho bohle ba lokela ho sebedisa diphetolelo tsa Bibele e le hore ba utlwisise Lentswe la Modimo. Sena ke nnete esita le ho batho ba buang Seheberu le Segerike. Ba bang ba nahana hore ba ka utlwisisa Bibele ha molemo haeba ba ka ithuta Seheberu le Segerike tsa nakong e fetileng. Empa ho etsa jwalo ho ka nna ha se ba thuse ka letho. * Ho thabisang ke hore Bibele e se e fetoletswe ka dipuo tse ka bang 3 000. Ho hlakile hore Jehova o batla hore batho ba “setjhaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng” ba fumane monyetla wa ho ithuta Lentswe la hae. (Bala Tšenolo 14:6.) Ruri sena se etsa hore re rate Modimo wa rona ya se nang leeme le ho feta.​—Lik. 10:34.

5. Keng e ileng ya etsa hore Bibele ya King James Version e be e ikgethang?

5 Puo e ya fetoha ha nako e ntse e ya mme seo se akarelletsa le dipuo tseo Bibele e fetoletsweng ho tsona. Ka mora dilemo tse itseng, phetolelo ya Bibele eo ho neng ho le bonolo ho e utlwisisa qalong, e ka nna ya ba thata ka lebaka la ho fetoha ha puo. Nahana ka se ileng sa etsahala ha ho ne ho fetolelwa Bibele ka Sekgowa. Bibele ya pele ya King James Version e ile ya qala ho hatiswa ka 1611. E ile ya tuma haholo hara Dibibele tsa Sekgowa, mme batho ba buang puo eo ba ile ba qala ho sebedisa mantswe a mang a hlahang ka Bibeleng eo. * Empa Bibele ya King James Version e ne e sa tsebahatse lebitso la Modimo hakaalo. E sebedisitse lebitso “Jehova” ditemaneng tse mmalwa feela, yaba ditemaneng tse ding Mangolong a Seheberu, moo ho neng ho hlaha lebitso la Modimo, e sebedisa lentswe “MORENA” ka ditlhaku tse kgolo. Dikgatiso tse ileng tsa latela hamorao di ile tsa sebedisa lentswe “MORENA” ka ditlhaku tse kgolo ditemaneng tse ding ka Mangolong a Segerike a Bakreste. Kahoo, bafetoledi ba King James Version ba ne ba tseba hore na lebitso la Modimo le hlaha hokae Mangolong ao batho ba tlwaetseng ho a bitsa Testamente e Ntjha.

6. Ke hobaneng ha re ananela Bibele ya Phetolelo ea Lefatše le Lecha?

6 Batho ha ba sa sebedisa mantswe a Sekgowa ao Bibele ya King James Version e a sebedisitseng, kaha ke mantswe a Sekgowa sa mehleng ya kgale. Diphetolelo tsa Bibele tsa dipuo tse ding le tsona di ngotswe ka puo ya kgale. Jwale re thaba hakakaang hore ebe re na le Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang e ngotsweng ka puo ya kajeno! Kaha Bibele ena e fumaneha ka dipuo tse fetang 150, batho ba bangata ba kgona ho ba le yona. Molaetsa wa yona o hlakile mme o finyella dipelo. (Pes. 119:97) Ho phaella moo, Phetolelo ea Lefatše le Lecha e ya ikgetha hobane e kgutliseditse lebitso la Modimo moo le neng le hlaha teng ka Mangolong.

PUO E BUUWANG KE BATHO BA BANGATA

7, 8. (a) Ke hobaneng ha Bajuda ba bangata ba ne ba sa kgone ho utlwisisa Mangolo a Seheberu dilemong tsa bo 200 ho ya ho 300 pele Jesu a tswalwa? (b) Septuagint ya Segerike keng?

7 Ka dinako tse ding diphetoho tse bang teng dipolotiking di etsa hore batho ba qetelle ba se ba bua puo e itseng. Modimo o ile a etsa jwang hore diphetoho tse jwalo di se ke tsa etsa hore batho ba qetelle ba se ba sa utlwisise Lentswe la hae? A re hlahlobeng mohlala wa se ileng sa etsahala nakong e fetileng. Dibuka tsa Bibele tse 39 tse qalang di ile tsa ngolwa ke Baiseraele kapa Bajuda. Ke bona batho ba pele bao ‘diphatlalatso tse halalelang tsa Modimo di ileng tsa behwa tlhokomelong ya bona.’ (Bar. 3:1, 2) Empa dilemong tsa bo 300 pele Jesu a tswalwa, Bajuda ba bangata ba ne ba se ba sa utlwisise Seheberu. Hobaneng? Hobane ha Alexander e Moholo a hapa dibaka tse ngata lefatsheng, o ile a atolosa Puso ya Greece. (Dan. 8:5-7, 20, 21) Ha puso eo e ntse e atoloha, batho ba bangata tlasa yona ho akarelletsa le Bajuda, ba ne ba bua Segerike. Ho ile ha ba thata le ho feta hore Bajuda ba utlwisise Mangolo a Seheberu kaha jwale ba bangata ba bona ba ne ba se ba bua Segerike. Tharollo e ile ya ba efe?

8 Dilemong tse ka bang 250 pele Jesu a tswalwa, dibuka tse hlano tsa pele tsa Bibele di ile tsa fetolelwa ho tloha ho Seheberu ho ya ho Segerike. Dikarolo tse ding tsa Mangolo a Seheberu di ile tsa qetellwa dilemong tsa bo 100 ho ya ho 200 pele Jesu a tswalwa. Phetolelo eo e ile ya bitswa Septuagint ya Segerike. Septuagint ke phetolelo ya pele e felletseng ya Mangolo a Seheberu.

9. (a) Septuagint le diphetolelo tse ding tsa pele di ile tsa ama babadi ba Bibele jwang? (b) O rata karolo efe ka Mangolong a Seheberu?

9 Septuagint e ile ya thusa Bajuda ba buang Segerike le batho ba bang hore ba kgone ho bala Mangolo a Seheberu. O ka inahanela feela hore na ba ne ba thabile hakae ha ba bala Lentswe la Modimo ka puo eo ba e utlwisisang! Ha nako e ntse eya, dikarolo tse ding tsa Bibele di ile tsa fetolelwa dipuong tse ding tse ileng tsa buuwa hamorao, tse kang Sesyria, Segothe, le Selatine. Ha babadi ba ntse ba bala Mangolo a Halalelang ka puo eo ba e utlwisisang, ha ho pelaelo hore ba ile ba ba le dikarolo tseo ba neng ba di rata haholo, feela jwalo ka rona kajeno. (Bala Pesaleme ya 119:162-165.) Ruri Lentswe la Modimo le ile la tshwarella le hoja dipuo di ile tsa nna tsa fetoha.

PHETOLELO YA BIBELE E YA HANYETSWA

10. Ke hobaneng ha batho ba bangata ba ne ba sa kgone ho ba le Bibele mehleng ya John Wycliffe?

10 Ka dinako tse ding baruti ba ne ba leka ka matla ho etsa hore batho ba se ke ba ba le Bibele. Empa banna ba itseng, ba tshabang Modimo ba ile ba hana taba eo. E mong wa bona e ne e le John Wycliffe ya phetseng dilemong tsa bo 1300 ho ya ho 1400. O ne a dumela hore motho e mong le e mong o lokela ho rua molemo Lentsweng la Modimo. Empa mehleng ya hae, batho ba bangata England ba ne ba se na Bibele. Hobaneng? Hobane Bibele e ne e ngolwa ka letsoho mme kahoo e tura. Hape batho ba bangata ba ne ba sa tsebe ho bala. Mohlomong ba ne ba utlwa molaetsa wa Bibele ha moruti a ba balla yona kerekeng. Empa ho ka etsahala hore ba ne ba sa e utlwisise. Hobaneng? Hobane Bibele eo e ne e ngotswe ka Selatine mme ka nako eo batho ba ne ba sa se utlwisise kaha e ne e le puo ya mehleng ya kgale. Jwale ba ne ba tla fumana molaetsa wa Bibele jwang?​—Liprov. 2:1-5.

John Wycliffe le ba bang ba ne ba batla hore batho bohle ba be le Bibele. Na le wena o ikutlwa ka tsela eo? (Sheba serapa sa 11)

11. Bibele ya Wycliffe e ile ya ba le tshusumetso efe?

11 Ka 1382, ho ile ha ba le Bibele ya Sekgowa e neng e bitswa Bibele ya Wycliffe. Balatedi ba Wycliffe ba ne ba e rata haholo. Kaha ba ne ba batla hore batho ba utlwe Lentswe la Modimo, ba ne ba tsamaya ka maoto motseng o mong ho ya ho o mong moo England, ba balla batho Bibele, ba boetse ba ba siela dikopi tse ngotsweng ka letsoho. Boikitlaetso ba bona bo ile ba etsa hore batho ba qale ho rata Lentswe la Modimo.

12. Baruti ba ne ba ikutlwa jwang ka mosebetsi oo Wycliffe a neng a o etsa?

12 Baruti ba ile ba etsang? Ba ile ba hloya Wycliffe le Bibele ya hae. Baruti ba ile ba hlorisa balatedi ba Wycliffe. Hape ba ile ba fedisa Dibibele tsohle tsa Wycliffe tseo ba neng ba di thola. Esita le ha Wycliffe a se a shwele, baruti ba ile ba nna ba mo nka e le sera sa Kereke. Empa ho ne ho sa kgonehe hore ba mo fe kotlo kaha o ne a se a shwele. Le ha ho le jwalo, baruti ba ile ba re masapo a Wycliffe a epollwe, a tjheswe le hore molora wa hae o lahlelwe nokeng ya Swift. Empa batho ba bangata ba ne ba se ba batla ho bala Bibele le ho e utlwisisa mme Kereke e ne e sa kgone ho ba thibela. Dilemong tse ileng tsa latela, batho ba bangata Europe le dinaheng tse ding ba ne ba tshehetsa mosebetsi wa ho fetolela Bibele le ho e abela batho.

“KE NNA YA O RUTANG HORE O ITSWELE MOLEMO”

13. Re kgodisehile kang, hona ke hobaneng ha see se matlafatsa tumelo ya rona?

13 Kajeno Bakreste ha ba a lokela ho nahana hore mosebetsi wa ho fetolela Septuagint, Bibele ya Wycliffe le ya King James Version kapa phetolelo le ha e le efe, o buduletswe ke Modimo. Le ha ho le jwalo, ha re hlahloba Dibibele tsena le tse ding tse ngata tse fetoletsweng, re a bona hore jwalo ka ha Jehova a ile a tshepisa, Lentswe la hae le tla dula le le teng. Na seo ha se matlafatse tumelo ya hao hore ditshepiso tsohle tsa Jehova di tla phethahala?​—Josh. 23:14.

14. Ke jwang Lentswe la Modimo le etsang hore re mo rate le ho feta?

14 Ho ithuta kamoo Modimo a ileng a sireletsa Bibele kateng, ho matlafatsa tumelo ya rona ebile ho etsa hore re mo rate le ho feta. * Ke hobaneng ha Jehova a ile a re fa Lentswe la hae? Hape ke hobaneng ha a ile a le sireletsa? Hobane o a re rata mme o batla hore re itswele molemo. (Bala Esaia 48:17, 18.) Kahoo le rona re susumelletseha ho mo rata ka hore re mamele ditaelo tsa hae.​—1 Joh. 4:19; 5:3.

15. Re tlo bua kang sehloohong se latelang?

15 Haeba re hlile re ananela Lentswe la Modimo, re tla etsa sohle hore re rue molemo ka ho felletseng ho lona. Re ka etsang hore re rue molemo ha re ithuta Bibele? Re ka thuswa keng hore re sebedise Bibele ha re le tshimong? Ba fanang ka dipuo ba ka sebedisa Mangolo ha molemo jwang? Re tla fumana dikarabo tsa dipotso tsena sehloohong se latelang.

^ par. 4 Sheba sehlooho se reng “Na U Lokela ho Ithuta Seheberu le Segerike?” ho Molula-Qhooa wa November 1, 2009.

^ par. 5 Mekgabopuo e mengata ya Sekgowa e hlaha Bibeleng ya King James Version.

^ par. 14 Sheba lebokose le reng “ Inwese ka Nkgo!