Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Ke hobaneng ha Jesu a ile a bua mantswe a Davida a hlahang ho Pesaleme ya 22:1 pele a shwa?

Pele Jesu a shwa o ile a bua mantswe a hlahang ho Matheu 27:46 a reng: “Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntloheletseng?” Ha Jesu a ne a bua mantswe ana o ile a phethahatsa seo mopesaleme Davida a ileng a se bua ho Pesaleme ya 22:1. (Mar. 15:34) E ka ba ntho e fosahetseng ho nahana hore Jesu o ile a bua mantswe ana hobane a ne a ikutlwa eka Jehova o mo swetsitse kapa hobane a ne a se na tumelo ka nakwana. Jesu o ne a utlwisisa hantle hore na ke hobaneng ha a ne a tlameha ho shwa mme o ne a ikemiseditse ho etsa seo. (Mat. 16:21; 20:28) O ne a boetse a tseba hore nakong eo a neng a tlo shwa, Jehova o ne a tla lokela ho kgaotsa ho mo sireletsa. (Jobo 1:10) Ka hoo, Jehova o ile a dumella hore Jesu a bontshe hore o tla dula a tshepahala ho sa tsotellehe hore na o tla shwa lefu le sehloho hakae.​—Mar. 14:35, 36.

Jwale ke hobaneng ha Jesu a ile a bua mantswe a hlahang ho pesaleme ena? Le hoja re sa kgodiseha hantle, a re ke re bueng ka a mang a mabaka ao ho ka etsahalang hore ebe Jesu o ile a bua mantswe ana ka ona. *

Ha Jesu a ne a bua mantswe aa, na o ne a hatisa hore Jehova a ke ke a mo thusa hore a se ke a bolawa? Ho ne ho hlokahala hore Jesu a lefe thekollo ntle ho thuso ya Jehova. O ne a boetse a lokela ho shwa e le hore a tle a ‘latswe lefu bakeng sa motho e mong le e mong.’​—Baheb. 2:9.

Ha Jesu a bua mantswe ao a hlahang ho pesaleme, na o ne a batla hore batho ba nahane ka pesaleme yohle? Ho ne ho tlwaelehile mehleng eo hore Bajuda ba tshwarelle dipesaleme ka hlooho. Ha ba utlwa ka temana e le nngwe e hlahang ho pesaleme, ho ne ho ba bonolo ho bona hore ba nahane ka pesaleme eo kaofela. Haeba sena ke seo Jesu a neng a batla ho se etsa, o ne a tla thusa balatedi ba hae ba Bajuda hore ba hopole boprofeta bo bongata bo hlahang ho pesaleme ena bo buang ka diketsahalo tse ileng tsa etsahala pele a shwa. (Pes. 22:7, 8, 15, 16, 18, 24) Hape ditemana tse qetellang pesalemeng ena di rorisa Jehova mme di mo hlalosa e le Morena wa lefatshe lohle.​—Pes. 22:27-31.

Na Jesu ha a ne a bua mantswe aa a Davida o ne a re ha a molato? Pele Jesu a bolawa o ile a tshwarelwa nyewe e neng e se molaong mme a qoswa ka hore o nyefotse. (Mat. 26:65, 66) Nyewe eo e ile ya tshwarwa kapele feela bosiu mme lekgotla ha le a ka la latela melao eo le neng le lokela ho e latela. (Mat. 26:59; Mar. 14:56-59) Ha Jesu a ne a botsa potso e reng “Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntloheletseng?” e ka nna yaba o ne a hatisa taba ya hore ha ho letho le phoso leo a le entseng mme ha ho na lebaka la hore a bolauwe.

Na Jesu o ne a hopotsa batho ba bang hore le hoja Davida, e leng mongodi wa pesaleme ena a ile a sotleha, seo se ne se sa bolele hore o ne a se a sa amohelehe ho Jehova? Potso eo Davida a ileng a e botsa e ne e sa bontshe hore ha a na tumelo. Ka mora hore a botse potso eo, o ile a re o a tshepa hore Jehova o tla pholosa batho ba hae mme Jehova o ile a tswela pele a mo hlohonolofatsa. (Pes. 22:23, 24, 27) Ka ho tshwanang, le hoja Jesu e leng “Mora wa Davida,” a ile a utlwa bohloko thupeng ya tlhokofatso, seo ha se bolele hore Jehova o ne a se a sa mo amohele.​—Mat. 21:9.

Na Jesu o ne a ntsha bohloko bo tebileng ka lebaka la hore Jehova o ile a tlohela ho mo sireletsa e le hore ho tle ho bonahale hore na o tla dula a tshepahala? E ne e se morero wa Jehova hore Mora wa hae a utlwe bohloko a be a shwe. Jesu o ile a tlameha ho utlwa bohloko le ho shwa ka lebaka la ho se mamele ha Adama le Eva. Jesu ha a a etsa letho le phoso empa ho ne ho hlokahala hore a utlwe bohloko mme a shwe e le hore a ka arabela diqoso tsa Satane mme a fane ka thekollo e neng e hlokahala bakeng sa ho lefa seo Adama a ileng a se lahla. (Mar. 8:31; 1 Pet. 2:21-24) Sena se ne se ka kgonahala hafeela Jehova a ne a ka tlohela ho sireletsa Jesu ka nakwana, e leng ntho eo a neng a tla be a qala ho e etsa.

Na Jesu o ne a leka ho thusa balatedi ba hae hore ba nahane ka hore na ke hobaneng ha Jehova a ile a dumella hore a tle a shwe thupeng ya tlhokofatso? * Jesu o ne a tseba hore ho shwa jwalo ka leshodu thupeng ya tlhokofatso ho ne ho tla etsa hore batho ba bangata ba kgopehe. (1 Bakor. 1:23) Haeba balatedi ba hae ba ne ba ka nahana ka lebaka le ka sehloohong la hore Jesu a shwe, seo se ne se tla ba thusa hore ba utlwisise bohlokwa ba lefu la hae. (Bagal. 3:13, 14) Ba ne ba tla mo nka jwalo ka Mopholosi eseng leshodu.

Ho sa tsotellehe hore na ke hobaneng ha Jesu a ile a bua mantswe ana a hlahang ho pesaleme, o ne a tseba hore ho shwa thupeng ya tlhokofatso e ne e le thato ya Jehova. Nakwana ka mora hore Jesu a bue mantswe ana a hlahang ho pesaleme o ile a re: “Ho phethehile!” (Joh. 19:30; Luka 22:37) Taba ya hore Jehova ha a a ka a sireletsa Jesu ka nakwana e ile ya etsa hore Jesu a kgone ho etsa sohle seo a neng a ronngwe hore a tlo se etsa lefatsheng. E ile ya ba ya etsa hore a kgone ho phethahatsa dintho tsohle tse neng di ngotswe ka yena “molaong wa Moshe le Baprofeteng le Dipesalemeng.”​—Luka 24:44.

^ par. 2 Sheba serapa sa 9 le 10 makasineng ena, sehloohong se reng “Ithute Mantsweng a Jesu a ho Qetela”

^ par. 4 Ha Jesu a ntse a etsa tshebeletso ya hae lefatsheng, ka dinako tse ding o ne a bua kapa a botsa dipotso tse neng di sa bontshe hore na o ikutlwa jwang. O ile a etsa sena ho fa balatedi ba hae monyetla wa hore ba ntshe maikutlo a bona.​—Mar. 7:24-27; Joh. 6:1-5; sheba Molula-Qhooa wa October 15, 2010, leq. 4-5.