Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 17

Jehova o o Rata Haholo

Jehova o o Rata Haholo

“Jehova o kgahliswa ke batho ba hae.”​—PES. 149:4.

PINA YA 108 Lerato la Nnete la Modimo

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

Ntate wa rona “o kgahliswa” ke e mong le e mong wa rona (Sheba serapa sa 1)

1. Jehova o bonang ho bahlanka ba hae?

JEHOVA MODIMO “o kgahliswa ke batho ba hae.” (Pes. 149:4) Taba ena e re thabisa haholo. Jehova o bona makgabane a rona, o a bona hore re ka kgona ho etsang hape o a re thusa hore re be metswalle ya hae. Haeba re dula re mo tshepahalla, o tla dula a na le rona ka ho sa feleng.​—Joh. 6:44.

2. Ke hobaneng ha batho ba bang ba thatafallwa ke ho dumela hore Jehova o a ba rata?

2 Motho e mong a ka nna a re: ‘Ke a tseba hore Jehova o rata batho ba hae e le sehlopha empa ke kgodiswa ke eng hore o a nkgathalla?’ Ke eng e ka etsang hore motho a ipotse potso eo? Moradiwabo rona Oksana * ya ileng a utlwiswa bohloko ke tsela eo a ileng a tshwara ka yona ha a ntse a le monyane o re: “Ke ile ka thaba haholo ha ke ne ke kolobetswa le ha ke qala ho ba pulamadiboho. Empa dilemo tse 15 ha morao, ke ile ka qala ho hopola dintho tse bohloko tse ileng tsa nketsahalla. Ke ile ka etsa qeto ya hore Jehova ha a sa nkamohela le ho nthata.” Moradiwabo rona Yua ya ileng a hlahelwa ke se tshwanang yena o re: “Ke ile ka inehela ho Jehova hobane ke ne ke batla ho mo thabisa. Empa ke ne ke kgodisehile hore Jehova a ke ke a nthata.”

3. Re tlo bua ka eng sehloohong see?

3 Jwalo ka Bakreste bao ba tshepahalang, le wena o rata Jehova haholo empa o ka nna wa belaella taba ya hore o a o rata. Ke hobaneng ha o lokela ho kgodiseha hore Jehova o o rata haholo? Hape o ka thuswa keng nakong eo o nahanang hore Jehova ha a o rate? A re ke re batleng dikarabo tsa dipotso tsena.

HO BELAELLA HORE JEHOVA O A O RATA HO KOTSI

4. Ke hobaneng ha ho le kotsi ho belaella lerato leo Jehova a re ratang ka lona?

4 Lerato le na le matla a ho susumetsa motho hore a etse ntho e itseng. Haeba re kgodisehile hore Jehova o a re rata le ho re tshehetsa, re tla susumelletseha hore re mo sebeletse ka dipelo tsohle tsa rona ho sa tsotellehe mathata. Empa haeba re belaella taba ya hore Jehova o a re rata, ‘matla a rona a tla fokola.’ (Liprov. 24:10) Hape, haeba re nyahame ebile re se re sa dumele hore Modimo o a re rata, ho tla ba bonolo hore Satane a re hlasele.​—Baef. 6:16.

5. Ho belaella taba ya hore Modimo o a re rata ho amme batho ba bang jwang?

5 Bakreste ba bang ba tshepahalang mehleng ena ba nyahamisitswe ke ho ba le dipelaelo. Morabo rona James eo e leng moholo o re: “Le hoja ke ne ke sebetsa Bethele ebile ke thabela ho bolella batho molaetsa wa Bibele phuthehong ya puo e nngwe, ke ne ke ipotsa hore na ehlile Jehova o amohela dintho tseo ke mo etsetsang tsona. Boemong bo bong, ke ile ka ba ka ipotsa hore na ebe Jehova o mamela dithapelo tsa ka.” Moradiwabo rona Eva eo le yena a leng tshebeletsong ya nako e tletseng o re: “Ke fumane hore ho belaella hore Jehova o a o rata ho kotsi hobane ho ka etsa hore o se ke wa sebeletsa Jehova ka hohle ka moo o ka kgonang ka teng. Ntho eo e etsa hore o se ke wa thabela ho etsa thato ya Jehova le ho mo sebeletsa.” Morabo rona Michael eo e leng moholo hape e le pulamadiboho ya ka mehla o re: “Haeba o sa dumele hore Modimo o a o kgathalla, o tla suthela hole le yena.”

6. Re lokela ho etsang haeba re belaela hore Modimo ha a re rate?

6 Dintho tsena tse ileng tsa etsahalla bara le baradibabo rona di bontsha hantle hore na ho ba le dipelaelo ho ka senya tumelo ya rona hakae. Empa re lokela ho etsang haeba re qala ho ba le dipelaelo tseo? Re lokela ho di hanela hanghang. Kopa Jehova hore a o thuse hore o tlose dipelaelo tseo tse o ‘hlokisang botsitso’ mme a o fe ‘kgotso ya Modimo e fetang monahano wohle e tla lebela pelo ya hao le matla a hao a kelello ka Kreste Jesu.’ (Pes. 139:23; Bafil. 4:6, 7) O dule o hopola hore ha o mong. Bara le baradibabo rona ba bang ba tshepahalang, ba ntse ba sebetsana le ho hlola dipelaelo. Esita le bahlanka ba Jehova ba nakong e fetileng ba ile ba nna ba tlameha ho sebetsana le bothata bo tshwanang. A re ke re boneng hore na re ka ithutang mohlaleng wa moapostola Pauluse.

RE ITHUTANG MOHLALENG WA PAULUSE?

7. Pauluse o ne a na le mathata afe?

7 Na ka dinako tse ding, o utlwa o imelwa ke mesebetsi e mengata eo o nang le yona, o utlwe eka o ke ke wa kgona ho e etsa kaofela? Haeba ho jwalo, o tla utlwisisa Pauluse hantle. O ile a tshwenyeha, eseng ka phutheho e le nngwe feela empa “ka diphutheho tsohle.” (2 Bakor. 11:23-28) Na ho kula ho etsa hore maemong a mangata o dule o sa thaba? Pauluse o ne a na le “moutlwa nameng” oo e ka nnang yaba e ne e le bothata ba ho kula mme o ne a batla hore o tlohe. (2 Bakor. 12:7-10) Na mefokolo ya hao e a o nyahamisa? Ho ne ho le jwalo le ka Pauluse maemong a mang. O ile a ipitsa “monna ya soto” hobane o ne a dula a lwantshana le mefokolo ya hae.​—Bar. 7:21-24.

8. Pauluse o ile a thuswa ke eng hore a mamelle mathata a hae?

8 Pauluse o ile a tswela pele a sebeletsa Jehova ho sa tsotellehe maemo a nyahamisang le diteko tse sa tshwaneng. O ile a nka matla a ho etsa jwalo kae? Le hoja a ne a elellwa mefokolo ya hae hantle, o ne a na le tumelo e matla mabapi le thekollo. O ne a tlwaelane le tshepiso ya Jesu e reng “e mong le e mong ya bontshang tumelo ho [Jesu] . . . a be le bophelo bo sa feleng.” (Joh. 3:16; Bar. 6:23) Ha ho pelaelo hore Pauluse ke e mong wa ba neng ba na le tumelo thekollong. O ne a kgodisehile hore Jehova o ikemiseditse ho tshwarela batho ba entseng dibe tse tebileng haeba feela ba bakile.​—Pes. 86:5.

9. Re ithutang mantsweng a Pauluse a hlahang ho Bagalata 2:20?

9 Pauluse o ne a boetse a dumela hore Modimo o mo rata haholo hobane o ne a tseba hore o rometse Kreste hore a mo shwele. (Bala Bagalata 2:20.) Na o hlokometse mantswe a kgothatsang qetellong ya temana eo? Pauluse o re: “Mora wa Modimo . . . [o ile] a nthata mme a inehela bakeng sa ka.” Pauluse o ne a sa nke hore ke motho ya mobe haholo hoo Modimo a ke keng a mo rata. Ha a a ka a re: ‘Ke a bona hore na ke hobaneng ha Jehova a rata Bakrestemmoho le nna empa ha ke dumele hore nna a ka nthata.’ Pauluse o ile a hopotsa Baroma a re: “Ha re sa ntse re le baetsadibe, Kreste o ile a re shwela.” (Bar. 5:8) Modimo o tla dula a re rata ka dinako tsohle.

10. Re ithutang ho Baroma 8:38, 39?

10 Bala Baroma 8:38, 39. Pauluse o ne a kgodisehile ka hohlehohle hore Modimo o re rata haholo. O ile a re ha ho letho le ka ‘re arohanyang le lerato la Modimo.’ Pauluse o ne a tseba hore na Jehova o ile a sebetsana jwang ka mamello le Baiseraele. O ne a boetse a tseba ka moo Jehova a ileng a mo bontsha mohau ka teng. Ka mantswe a mang Pauluse o ne a re: ‘Ka ha Jehova o rometse Mora wa hae hore a tlo shwa bakeng sa ka, ha ke na lebaka la ho belaella taba ya hore o a nthata.’​—Bar. 8:32.

Ho Jehova ntho ya bohlokwa ke hore na re etsang hona jwale le nakong e tlang eseng diphoso tseo re di entseng kgale (Sheba serapa sa 11) *

11. Le hoja Pauluse a ile a etsa dibe tse boletsweng ho 1 Timothea 1:12-15, o ile a kgodiswa ke eng hore Modimo o ne a mo rata?

11 Bala 1 Timothea 1:12-15. Ho ka etsahala hore ebe ka dinako tse ding Pauluse o ne a utlwiswa bohloko ke bophelo ba hae ba nakong e fetileng. O ile a itlhalosa e le moetsadibe ya “ka pelepele” mme ha ho makatse. Pele Pauluse a tseba nnete, o ne a hlorisa Bakreste motseng o mong ka mora o mong, a ba kwalla diteronkong a bile a dumella hore ba bang ba bolawe. (Lik. 26:10, 11) O nahana hore Pauluse o ne a ikutlwa jwang ha a kopana le Mokreste ya motjha eo mohlomong batswadi ba hae ba ileng ba bolawa ka lebaka la hae? Pauluse o ile a ikwahlaela diphoso tsa hae empa o ne a tseba hore a ke ke a fetola dintho tse etsahetseng. O ile a dumela hore Kreste o mo shwetse yaba ka kgodiseho o re: “Ke seo ke leng sona ka mosa o sa tshwanelang wa Modimo.” (1 Bakor. 15:3, 10) Re ithutang? Amohela hore Kreste o o shwetse le hore o entse hore o be o kgone ho ba motswalle wa Jehova. (Lik. 3:19) Ntho ya bohlokwa ho Jehova ke hore na re etsang hona jwale le nakong e tlang eseng diphoso tseo re di entseng kgale, ho sa tsotellehe hore na re ne re le Dipaki Tsa Jehova ka nako eo kapa tjhe.​—Esa. 1:18.

12. Mantswe a ho 1 Johanne 3:19, 20, a ka re thusa jwang haeba re utlwa re se na thuso kapa re sa ratwe?

12 Ha o nahana ka taba ya hore Jesu o shwetse hore a kwahele dibe tsa hao, o ka nna wa re: ‘Ha ke tshwanelwe ke hore ebe Jesu o ntjhwetse.’ Ke hobaneng ha o ka ikutlwa ka tsela eo? Dipelo tsa rona tse sa phethahalang di ka re thetsa, tsa etsa hore re ikutlwe re se na thuso ebile re sa ratwe. (Bala 1 Johanne 3:19, 20.) Maemong ao, re lokela ho hopola hore “Modimo o moholo ho dipelo tsa rona.” Re lokela ho ikgodisa hore Ntate wa rona ya lehodimong o a re rata ebile o batla ho re tshwarela. E le hore re utlwisise hore na Jehova o ikutlwa jwang ka rona re lokela ho ithuta Lentswe la hae le ho rapela ka mehla hape re dule re ikamahanya le bahlanka ba hae ba tshepahalang. Ke hobaneng ha ho etsa dintho tsee ho le bohlokwa?

HO ITHUTA BIBELE, HO RAPELA LE HO BA LE METSWALLE HO KA O THUSA JWANG?

13. Ho ithuta Bibele ho ka o thusa jwang? (Sheba le lebokose le reng “ Lentswe la Modimo le ba Thusitse Jwang?”)

13 Ithute Lentswe la Modimo letsatsi le letsatsi o tle o bone hore na Jehova o na le makgabane a ratehang hakaakang. O tla utlwisisa hore na o o rata hakae. Ha o nahanisisa ka karolo e itseng ya Bibele letsatsi le letsatsi, o tla kgona ho nahana hantle le ho “otlolla dintho” ka pelong le kelellong ya hao. (2 Tim. 3:16) Morabo rona Kevin eo e leng moholo ya neng a lwantshana le maikutlo a ho se itshepe o re: “Ho bala le ho nahanisisa ka Pesaleme ya 103 ho nthusitse hore ke utlwisise le ho tseba hore na ha e le hantle Jehova o ikutlwa jwang ka nna.” Moradiwabo rona Eva eo re buileng ka yena o re: “Ke qetella letsatsi la ka ka hore ke kgutse ebe ke nahanisisa ka hore na Jehova o ikutlwa jwang. Ho etsa jwalo ho nthusa hore ke be le kgotso hape ho matlafatsa tumelo ya ka.”

14. Thapelo e ka re thusa jwang?

14 Rapela ka mehla. (1 Bathes. 5:17) Setswalle se matla pakeng tsa batho ba babedi se matlafatswa ke hore ba dule ba buisana le ho bolellana maikutlo a bona. Ho a tshwana le ka setswalle sa rona le Jehova. Ha re mo bolella maikutlo a rona, menahano ya rona le dintho tseo re amehileng ka tsona, re bontsha hore re a mo tshepa le hore re a tseba hore o a re rata. (Pes. 94:17-19; 1 Joh. 5:14, 15) Moradiwabo rona Yua eo re buileng ka yena o re: “Ha ke rapela, ke leka hore ke se ke ka bua ka dintho tseo ke di entseng letsatsing leo feela. Ke bolella Jehova menahano ya ka le maikutlo a ka. Hanyane hanyane, ke ile ka qala ho bona Jehova e se mookamedi wa kgwebo e itseng empa e le Ntate ya ratang bana ba hae haholo.”​—Sheba lebokose le reng “ Na o e Badile?

15. Jehova o bontsha jwang hore o amehile ka rona?

15 Ikamahanye le metswalle e tshepahalang ka ha ke mpho e tswang ho Jehova. (Jak. 1:17) Ntate wa rona o a bontsha hore o amehile ka rona ka ho re fa bara le baradibabo rona ba re ratang “ka dinako tsohle.” (Liprov. 17:17) Lengolong leo Pauluse a ileng a le ngolla Bakolose, o ile a bua ka Bakreste ba ileng ba mo tshehetsa, a ba hlalosa e le “thuso e matlafatsang ho [yena].” (Bakol. 4:10, 11) Esita le Kreste Jesu o ne a hloka thuso eo a neng a e fuwa ke metswalle ya hae le mangeloi a bile a e ananela.​—Luka 22:28, 43.

16. Metswalle e tshepahalang e ka re thusa hore re dule re le haufi le Jehova jwang?

16 Na mpho eo Jehova a o fileng yona ya metswalle e tshepahalang e o tswela molemo? Ho bua ka dintho tse re tshwenyang le Mokreste ya nang le tumelo e matla ha se letshwao la hore re a fokola empa ke ntho e ka re sireletsang. Hlokomela hore na morabo rona James eo re buileng ka yena o itseng, o re: “Ho ba motswalle wa Bakreste ba nang le tumelo e matla ho nthusitse haholo. Ha ke ba le menahano e sa nepahalang, metswalle ena e babatsehang e mmamela ka hloko e be e nkgopotse hore e nthata haholo. E etsa hore ke bone hore Jehova o a nkgathalla hape o a nthata.” Ka nnete ke ha bohlokwa hore re be metswalle e haufi le Bakrestemmoho le rona.

DULA LERATONG LA JEHOVA

17, 18. Re lokela ho mamela mang, hona hobaneng?

17 Satane o batla hore re kgaotse ho etsa dintho tse nepahetseng. O batla hore re dumele hore Jehova ha a re rate le hore a ke ke a re sireletsa. Empa jwalo ka ha re bone, ntho eo ha se nnete.

18 Jehova o a o rata. O motho wa bohlokwa haholo ho yena. Haeba o mo mamela, o “tla dula leratong” la hae jwalo ka Jesu. (Joh. 15:10) Ka hoo, o se ke wa mamela Satane kapa pelo ya hao e thetsang. Ho e na le hoo, mamela Jehova ya bonang dintho tsohle tse ntle ho e mong le e mong wa rona. Kgodiseha hore “o kgahliswa ke batho ba hae,” ho akarelletsa le wena.

PINA YA 141 Mohlolo wa Bophelo

^ par. 5 Bara le baradibabo rona ba bang ba fumana ho le thata ho dumela hore Jehova o a ba rata. Sehloohong sena, re tlo bua ka hore na ke hobaneng ha re ka kgodiseha hore Jehova o rata e mong le e mong wa rona. Re tla boela re bone hore na ke jwang re ka hlolang dipelaelo tseo re ka nnang ra ba le tsona tsa hore Jehova o a re rata.

^ par. 2 Mabitso a mang a fetotswe.

^ par. 67 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Nakong e fetileng, Pauluse o ile a kenya letsoho hore Bakreste ba bangata ba iswe diteronkong. O ile a fetoha ha a amohela ntho eo Jesu a mo etseditseng yona yaba o kgothatsa Bakrestemmoho le yena ho akarelletsa le bao ho ka etsahalang hore ebe o ile a hlorisa beng ka bona.