Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 14

‘Latelang Mehato ya Hae Haufiufi’

‘Latelang Mehato ya Hae Haufiufi’

“Kreste o ile a utlwa bohloko bakeng sa lona, a le siela mohlala hore le latele mehato ya hae haufiufi.”​—1 PET. 2:21.

PINA YA 13 Kreste, Mohlala wa Rona

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

Jesu o re sietse mehato ya hae e le hore re ka e latela haufiufi (Sheba serapa sa 1 le 2)

1, 2. Ke papiso efe e bontshang hore re ka kgona ho latela mehato ya Jesu haufiufi?

A RE re o sehlopheng sa batho ba tsamayang dithabeng tse kotsi moo ho nang le lehlwa le lengata haholo. Le etelletswe pele ke motho ya tsebang sebaka seo hantle. Ha le ntse le tsamaya, le bona moo a hatileng teng lehlweng moo. Ha le le kaekae, ha le sa mo bona empa ha le tshoswe ke taba eo. Ho e na le hoo, kaofela ha lona le latela mehato ya hae ka hohle ka moo le ka kgonang.

2 Ka tsela e itseng Bakreste ba nnete le bona ba tshwana le sehlopha seo se tsamayang dithabeng tseo tse kotsi, e leng lefatshe lena le kgopo. Ka hoo, ka nnete re a thaba le ho ananela hore ebe Jehova o re file Motataisi ya phethahetseng e leng Mora wa hae Jesu Kreste eo re ka latelang mehato ya hae haufiufi. (1 Pet. 2:21) Buka e nngwe e hlalosang Bibele e re Petrose o ne a tshwantsha Jesu le motataisi. Feela jwalo ka ha batho ba bona moo motataisi a hatileng teng ebe ba a mo latela, ka ho tshwanang Jesu o re sietse mehato eo re ka e latelang haufiufi. A re hlahlobeng dipotso tse tharo mabapi le ho latela mehato ya Jesu. Ho latela mehato ya Jesu ho bolelang? Ke hobaneng ha re lokela ho e latela? Re ka e latela jwang?

HO LATELA MEHATO YA JESU HO BOLELANG?

3. Ho latela mehato ya motho ho bolelang?

3 Ho latela mehato ya motho ho bolelang? Ka Bibeleng mantswe ana, “maoto” kapa “ho tsamaya” hangata a hlalosa tsela eo motho a phelang ka yona. (Gen. 6:9; Liprov. 4:26) Tsela eo motho a phelang ka yona e ka tshwantshwa le moo motho a hatileng teng. Ka hoo, ho latela mehato ya motho ho bolela ho mo etsisa.

4. Ho latela mehato ya Jesu ho bolelang?

4 Jwale re ka re ho latela mehato ya Jesu ho bolelang? Ka mantswe a bonolo feela ho bolela ho mo etsisa. Lengolong la rona la sehlooho, ka ho kgetheha mona moapostola Petrose o ne a bua ka mohlala oo Jesu a re behetseng wona ha a ne a mamella matshwenyeho. Le ha ho le jwalo, ho na le ditsela tse ding tse ngata tseo re ka etsisang Jesu ka tsona. (1 Pet. 2:18-25) Ho bua nnete, ntho e nngwe le e nngwe eo Jesu a ileng a e bua le ho e etsa bophelong bohle ba hae, ke mohlala oo re ka o etsisang.

5. Na batho ba sa phethahalang ba ka kgona ho etsisa mohlala wa Jesu o phethahetseng? Hlalosa.

5 Na re ka kgona ho latela mohlala wa Jesu le hoja re sa phethahala? E, re ka kgona. A re hopoleng hore Petrose o re re “latele mehato ya [Jesu] haufiufi,” eseng ka ho phethahetseng. Ka mantswe a mang, haeba re etsa boiteko bohle le hoja re sa phethahala, re tla be re mamela keletso eo moapostola Johanne a ileng a fana ka yona ya ho re: ‘Re nne re tsamaye feela jwalo ka ha Jesu a ile a tsamaya.’​—1 Joh. 2:6.

KE HOBANENG HA RE LOKELA HO LATELA MEHATO YA JESU?

6, 7. Ke hobaneng ha re ka re ho latela mehato ya Jesu ho re thusa hore re be metswalle ya Jehova?

6 Ho latela mehato ya Jesu ho re thusa hore re be metswalle ya Jehova. Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Lebaka la pele ke hobane Jesu o re behetse mohlala o babatsehang tabeng ya ho phela ka tsela e kgahlisang Modimo. (Joh. 8:29) Ka hoo, ha re latela mehato ya Jesu re tla thabisa Jehova. Ntho eo re kgodisehileng ka yona ke hore Ntate wa rona o tla atamela haufi le rona haeba feela re leka ka matla hore re be metswalle ya hae.​—Jak. 4:8.

7 Lebaka la bobedi ke hore Jesu o ne a etsisa Ntate wa hae ka tsela e phethahetseng. Ke ka hoo Jesu a ileng a re: “Ya mponeng o bone le Ntate.” (Joh. 14:9) Re ka etsisa makgabane a Jesu le tsela eo a neng a tshwara batho ba bang ka yona. Ka mohlala, o ile a hauhela molepera, a utlwela mosadi ya neng a kula haholo bohloko le batho ba neng ba hlokahalletswe ke batho bao ba ba ratang. Ha re etsisa Jesu re etsisa le Jehova. (Mar. 1:40, 41; 5:25-34; Joh. 11:33-35) Re tla ba metswalle ya Jehova ha re ntse re leka ka hohle hore re mo etsise.

8. Hlalosa hore na ho latela mehato ya Jesu ho tla re thusa jwang hore re ‘hlole’ lefatshe.

8 Ho latela mehato ya Jesu ho tla re thusa hore re se ke ra dumella lefatshe lena le kgopo ho re sitisa ho sebeletsa Jehova. Bosiu ba ho qetela pele Jesu a bolawa, o ile a re: “Ke hlotse lefatshe.” (Joh. 16:33) O ne a bolela hore ha a a ka a dumella tsela eo batho ba lefatshe ba neng ba nahana ka yona kapa dintho tseo ba di batlang le diketso tsa bona hore di mo susumetse. Jesu ha a a ka lebala lebaka le ka sehloohong leo a neng a tlile lefatsheng ka lona e leng ho tlosa qoso lebitsong la Jehova. Na rona re a ameha tabeng ee? Ho na le dintho tse ngata haholo lefatsheng lena tse ka re sitisang ho sebeletsa Jehova. Empa haeba re ka etsisa Jesu ka hore le rona re amehe ka ho etsa thato ya Jehova, re tla “hlola” lefatshe.​—1 Joh. 5:5.

9. Re lokela ho etsang e le hore re dule tseleng e isang bophelong bo sa feleng?

9 Ha re latela mehato ya Jesu re tla fumana bophelo bo sa feleng. Ha monna ya ruileng a botsa hore na o lokela ho etsang e le hore a fumane bophelo bo sa feleng, Jesu o ile a re ho yena: ‘Tloo o be molatedi wa ka.’ (Mat. 19:16-21) Jesu o ile a re ho Bajuda ba bang ba neng ba sa dumele hore ke yena Kreste: “Dinku tsa ka . . . di a ntatela. Ke di fa bophelo bo sa feleng.” (Joh. 10:24-29) Ha Jesu a bua le Nikodemase eo e neng e le e mong wa setho sa Sanhedrine, ya neng a batla ho ithuta haholwanyane ka Jesu o ile a re ba “bontshang tumelo ho yena” ba tla ba le “bophelo bo sa feleng.” (Joh. 3:16) Re bontsha hore re na le tumelo ho Jesu ka hore re etse dintho tseo a re rutileng tsona le hore re mo etsise. Haeba re etsa jwalo, re tla dula tseleng e isang bophelong bo sa feleng.​—Mat. 7:14.

RE KA LATELA MEHATO YA JESU HAUFIUFI JWANG?

10. Re lokela ho etsang e le hore re tswele pele ho tseba Jesu haholwanyane? (Joh. 17:3)

10 Re lokela ho tseba Jesu pele e le hore re latele mehato ya hae haufiufi. (Bala Johanne 17:3.) Ha re a lokela ho kgaotsa ho ithuta ka Jesu empa re lokela ho tswela pele re ithuta ka yena, makgabane a hae, tsela eo a nahanang ka yona le dintho tseo a di ratang. Ho sa tsotellehe hore na e se e le nako e kae re le Dipaki, re lokela ho tswela pele ho ithuta ka Jehova le Mora wa hae.

11. Dikosepele tse nne di bua ka eng?

11 Jehova o re file Dikosepele tse nne ka Lentsweng la hae e le ho re thusa hore re tsebe Mora wa hae. Dikosepele tsena di re bolella ka pale ya bophelo ba Jesu le ka tshebeletso ya hae. Di re bolella dintho tseo Jesu a ileng a di bua, tseo a ileng a di etsa hape di re thusa ho tseba hore na o ne a ikutlwa jwang. Di boetse di re thusa hore re “nahane ka hloko” ka mohlala wa Jesu. (Baheb. 12:3) Ha e le hantle, dibuka tseo di na le mohlala oo Jesu a re sietseng wona. Ka hoo, ha re ithuta Dikosepele re tla kgona ho tseba Jesu haholwanyane. Ha re etsa jwalo re tla latela mehato ya hae haufiufi.

12. Re lokela ho etsang haeba re batla hore Dikosepele di re tswele molemo?

12 Ha re a lokela ho bala Dikosepele feela haeba re batla hore di re tswele molemo. Re lokela ho ipha nako ya hore re ithute tsona haholwanyane re be re nahanisise ka tsona. (Bapisa le Joshua 1:8.) A re ke re buisaneng ka ditlhahiso tse pedi tse tla re thusa hore re nahanisise ka Dikosepele tseo le hore re etse dintho tseo re ithutang tsona.

13. O ka etsang hore Dikosepele e be tsa sebele ho wena?

13 Ya pele, etsa hore Dikosepele e be tsa sebele ho wena. Sebedisa kelello ya hao hore o bone, o utlwe mme o ikutlwe jwalo ka batho bao o balang ka bona. E le hore o kgone ho etsa jwalo, o lokela hore o etse dipatlisiso o sebedisa dingolwa tse tswang mokgatlong wa Jehova. Hlahlobisisa dintho tse etsahetseng pele ho tlaleho eo o ntseng o ithuta ka yona le tse etsahetseng ka mora yona. Batlisisa dintlha tse buang ka batho kapa dibaka tse boletsweng tlalehong eo. Bapisa tlaleho eo o ntseng o ithuta yona le tlaleho e tshwanang le yona e fumanehang Kosepeleng e nngwe. Ka dinako tse ding, mongodi e mong wa Kosepele a ka kenyelletsa dintlha tseo e leng tsa bohlokwa tseo e mong a di siileng.

14, 15. Re ka sebedisa dintho tseo re ithutileng tsona jwang Dikosepeleng?

14 Ya bobedi, etsa dintho tseo o ithutileng tsona Dikosepeleng. (Joh. 13:17) Ka mora hore o ithute tlaleho e itseng ya Kosepele, ipotse dipotso tsena: ‘Na ho na le thuto eo ke ithutang yona tlalehong ee eo nka e sebedisang bophelong ba ka? Nka sebedisa tlaleho ee jwang ho thusa motho e mong?’ Leka ho nahana ka motho e mong eo o mo tsebang, ebe ha nako e dumela ka lerato le ka bohlale o mo bolelle hore na o ithutileng.

15 A re hlahlobeng mohlala o tla re thusa ho bona hore na ke jwang re ka sebedisang ditlhahiso tsena tse pedi. Re tla hlahloba tlaleho e buang ka mohlolohadi wa mofutsana eo Jesu a ileng a mo bona ka tempeleng.

MOHLOLOHADI YA FUTSANEHILENG O KA TEMPELENG

16. Hlalosa tlaleho e hlahang ho Mareka 12:41.

16 Etsa hore tlaleho ena e be ya sebele ho wena. (Bala Mareka 12:41.) Iketsetse setshwantsho ka kelellong. Ke la 11 Nisane selemong sa 33 mme ho setse matsatsi a seng makae pele Jesu a shwa. Jesu o qetile nako e ngata a ntse a ruta ka tempeleng letsatsing leo. Empa baetapele ba bodumedi ba mo hanyetsang ha ba a etsa hore letsatsi la hae le be monate ho hang. Pele ho moo, ba bang ba bona ba ile ba mo botsa hore na o nka matla a ho etsa mosebetsi wa hae hokae. Ba bang ba bona ba ne ba mo botsa dipotso tse thata tseo ba neng ba nahana hore a ke ke a kgona ho di araba. (Mar. 11:27-33; 12:13-34) Jwale, Jesu o se a le karolong e nngwe ya tempele moo e ka nnang yaba ke Lebaleng la Basadi mme o kgona ho bona letlole la polokelo kapa moo ho neng ho tshelwa tjhelete teng. O dula fatshe, o qalella ho sheba batho ha ba ntse ba tshela tjhelete ka matloleng. O bona barui ba bangata ba tshela ditjhelete tsa bona tsa tshepe ka moo. Mohlomong ebile o haufi haholo hoo a kgonang ho utlwa le ha ditjhelete tseo tsa tshepe di wela ka letloleng.

17. Mohlolohadi ya futsanehileng eo ho builweng ka yena ho Mareka 12:42 o ile a etsang?

17 Bala Mareka 12:42. Ka mora nako Jesu o hlokomela mosadi e mong wa mohlolohadi ya futsanehileng. (Luka 21:2) Bophelo ba hae bo boima haholo hobane ho ka etsahala hore ebe o thatafallwa ke ho fumana dintho tseo a di hlokang. Le ha ho le jwalo, o ya ho le leng la matlole ka bohlale a sa batle ho bonwa ke batho mme o tshela ditjheletana tse pedi tseo a neng a na le tsona, tseo mohlomong di neng di sa utlwahale ha di wela ka letloleng. Jesu o ne a tseba hore na o tshetseng ka moo. O ne a tshetse ditjheletana tse pedi tsa tshepe tseo e neng e le tse nyane ka ho fetisisa tse neng di sebediswa ka nako eo. Tjhelete eo e ne e le nyane hoo e sa kgoneng le ho reka serobele, e leng nonyana e neng e rekwa ka tjhelete e nyane ka ho fetisisa.

18. Mareka 12:43, 44 e re Jesu o ile a reng ka tjhelete eo mohlolohadi a ileng a fana ka yona?

18 Bala Mareka 12:43, 44. Jesu o kgahlwa ke se etswang ke mosadi enwa wa mohlolohadi. Ka hoo, Jesu o bitsa barutuwa ba hae mme o ba bontsha mosadi eo, ha a qeta o re ho bona: “Mohlolohadi enwa wa mofutsana o akgetse ho fetang ha bohle.” Yaba o tswela pele ho re: “[Barui] ba akgetse ho tswa botlallong ba bona empa yena ho tswa bohloking ba hae o akgetse sohle seo a neng a na le sona, sohle seo a neng a phela ka sona.” Ha mohlolohadi eo ya tshepahalang a ne a tshela tjhelete ya hae ya ho qetela ka letloleng letsatsing leo, o ne a tshepa hore Jehova o tla mo hlokomela.​—Pes. 26:3.

Jwalo ka Jesu, le rona re lokela ho babatsa batho ba bang ha ba etsa boiteko ba ho sebeletsa Jehova ka hohle ka moo ba ka kgonang ka teng (Sheba serapa sa 19 le 20) *

19. Ke thuto efe ya bohlokwa eo re ithutang yona mantsweng a Jesu ha a ne a bua ka mosadi wa mohlolohadi?

19 E sebedise bophelong ba hao. Ipotse, ‘Ke ithutang mantsweng ao Jesu a ileng a a bua ka mohlolohadi ya futsanehileng?’ A ko nahane ka mohlolohadi enwa. Ho ka etsahala hore ebe o ne a batla ho fa Jehova ho fetang hoo. Le ha ho le jwalo, o ile a etsa boiteko bohle yaba o itella Jehova. Jesu o ne a tseba hore tjhelete eo a faneng ka yona ke ya bohlokwa ho Ntate wa hae. Jwale re ithuta taba ena ya bohlokwa ya hore Jehova o a thaba ha re mo sebeletsa ka hohle ka moo re ka kgonang ka teng, ebile re mo sebeletsa ka dipelo tsohle tsa rona re sa itshiele letho. (Mat. 22:37; Bakol. 3:23) Jehova o a thaba ha a bona re etsa sohle seo re ka se kgonang. Taba ena e akarelletsa nako le matla ao re a qetang re rorisa Jehova, ha re le tshimong le dibokeng.

20. O ka sebedisa seo o ithutileng sona jwang tlalehong ya mohlolohadi? Fana ka mohlala.

20 O ka sebedisa seo o ithutileng sona jwang tlalehong ya mohlolohadi? Leka ho nahana ka batho bao ka ho kgetheha ba lokelang ho tiisetswa hore boiteko boo ba bo etsang bo thabisa Jehova. Ka mohlala, na ho na le moradiwabo rona e mong ya hodileng eo o mo tsebang eo mohlomong a utlwang eka ha a sa na thuso hobane feela a kula mme a se a se na matla a ho sebetsa jwalo ka pele tshimong? Kapa mohlomong na ho na le morabo rona eo o mo tsebang ya kulang ebile a nyahame hobane a sa kgone ho ya dibokeng? Kgothatsa batho ba jwalo ka hore o bue mantswe a “molemo bakeng sa ho haha.” (Baef. 4:29) Ba bolelle seo re ithutileng sona tlalehong ena e kgothatsang ya mohlolohadi. Mantswe a hao a kgothatsang a ka ba tiisetsa hore Jehova o a thaba ha re leka ka hohle ho mo sebeletsa. (Liprov. 15:23; 1 Bathes. 5:11) Ha o babatsa batho ba bang ha ba etsa sohle seo ba ka se kgonang ho sebeletsa Jehova, o tlabe o latela mehato ya Jesu haufiufi.

21. O ikemiseditse ho etsang?

21 Re a thaba hore ebe Dikosepele tsena di re file dintlha tse ngata hakana ka Jesu mme taba ena e re thusa hore re mo etsise ka ho latela mehato ya hae haufiufi. E ka ba hantle hore o ithute Dikosepele tsena haholwanyane ha o le mong kapa Borapeding ba Lelapa. A re hopoleng hore ditlaleho tseo re ithutang tsona di ka re tswela molemo haeba re di nka e le tsa sebele ebile re di sebedisa bophelong ba rona. Re lokela ho etsisa dintho tseo Jesu a di entseng, re boetse re lokela ho mamela seo a se buileng. Sehloohong se latelang re tlo bona hore na re ka ithutang mantsweng a ho qetela ao Jesu a ileng a a bua pele a shwa.

PINA YA 15 Rorisang Letsibolo la Jehova!

^ par. 5 Bakreste ba nnete ba lokela ho latela “mehato ya [Jesu] haufiufi.” Jesu o re sietse “mehato” efe eo re lokelang ho e latela? Sehloohong sena re tlo araba potso eo. Re tla boela re hlahlobe hore na ke hobaneng ha re lokela ho latela mehato ya Jesu haufiufi le hore na re ka etsa seo jwang.

^ par. 60 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Ka mora ho nahanisisa ka hore na Jesu o ile a reng ka mosadi wa mohlolohadi, moradiwabo rona o babatsa nkgono ya sebeletsang Jehova ka hohle ka moo a ka kgonang ka teng.