Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 16

Tswela Pele o Ananela Thekollo

Tswela Pele o Ananela Thekollo

“Mora motho [o tletse] . . . ho fana ka moya wa hae ho ba thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.”​—MAR. 10:45.

PINA YA 18 Re a Leboha ka Thekollo

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1, 2. Thekollo ke eng, hona ke hobaneng ha re e hloka?

HA ADAMA ya neng a phethahetse a etsa sebe, o ile a lahla monyetla wa hore yena le bana ba hae ba phele ka ho sa feleng. Ho ne ho se na lebaka la hore Adama a etse seo a se entseng. Le ha ho le jwalo o ile a ikgethela ho etsa sebe. Empa bana ba hae ba ameha jwang tabeng ee? Ba ne ba le siyo ha Adama a etsa sebe. (Bar. 5:12, 14) Na ho na le ntho e neng e ka etswa hore ba se ke ba ameha kahlolong ya lefu e neng e hlile e tshwanela Adama? Ho jwalo. Hang ka mora hore Adama a etse sebe, Jehova o ile a qala ho bontsha hore na o tla pholosa bana ba Adama sebeng le lefung jwang. (Gen. 3:15) Ka nako ya hae e loketseng, Jehova o ne a tla romela Mora wa hae hore a tlo “fana ka moya wa hae ho ba thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.”​—Mar. 10:45; Joh. 6:51.

2 Thekollo ke eng? Ka Mangolong a Segerike a Bakreste, thekollo e hlaloswa e le tefo eo Jesu a faneng ka yona bakeng sa ho lefella ntho eo Adama a e lahlileng. (1 Bakor. 15:22) Ke hobaneng ha re hloka thekollo? Hobane molao wa Jehova wa toka o neng o le tlasa Molao oo Jehova a neng a o file Moshe, o ne o re ho fanwe ka bophelo bakeng sa bophelo. (Ex. 21:23, 24) Adama o lahlile bophelo bo phethahetseng. E le ho phethahatsa toka ya Modimo, Jesu o ile a tela bophelo ba hae bo phethahetseng. (Bar. 5:17) Ka tsela eo, e ile ya e ba “Ntate wa ka ho sa Feleng” ho bohle ba bontshang tumelo sehlabelong sa hae.​—Esa. 9:6; Bar. 3:23, 24.

3. Ho ya ka Johanne 14:31 le 15:13, ke hobaneng ha Jesu a ile a ikemisetsa ho tela bophelo ba hae bo phethahetseng?

3 Jesu o ne a ikemiseditse ho tela bophelo ba hae hobane a re rata ebile a rata le Ntate wa hae. (Bala Johanne 14:31; 15:13.) Lerato leo le ile la mo susumelletsa hore a ikemisetse ho dula a tshepahala ho fihlela qetellong le hore a phethahatse thato ya Ntate wa hae. Jesu o ile a etsa jwalo ka hore a tshepahale ho fihlela lefung. Ka ho etsa jwalo, morero wa Jehova wa qalong ka lefatshe le batho o ne o tlo phethahala. Sehloohong sena re tlo bua ka hore na ke hobaneng ha Modimo a ile a dumella hore Jesu a utlwe bohloko haholo pele a shwa. Re tla boela re hlahlobe mohlala wa mongodi e mong wa Bibele ya ileng a bontsha hore o ananela thekollo haholo. Re tla qetella ka ho bona hore na re ka bontsha jwang hore re ananela thekollo le hore na re ka ananela sehlabelo seo Jehova le Jesu ba re etseditseng sona le ho feta jwang.

KE HOBANENG HA JESU A ILE A UTLWA BOHLOKO?

Nahana ka dintho tse bohloko tse ileng tsa hlahela Jesu ha a ne a fana ka thekollo bakeng sa rona (Sheba serapa sa 4)

4. Hlalosa hore na Jesu o ile a shwa jwang.

4 O nahana hore letsatsi pele Jesu a bolawa ho ne ho le jwang? Jesu o ne a ka kopa mangeloi a mangata hore a mo sireletse empa ha a a ka a etsa jwalo, ho e na le hoo o ile a dumella masole a Baroma hore a mo tshware le ho mo otla ka sehloho. (Mat. 26:52-54; Joh. 18:3; 19:1) Masole ao a ile a mo shapa ka sephadi se mo lematsang haholo. Ha morao, ba ile ba mo jarisa thupa e boima ka mokokotlong o tletseng madi. Ka mora moo, o qalella ho hulela thupa eo moo a ilo bolaelwa teng empa ho eso ye kae motho e mong o laelwa hore a mo jarise yona. (Mat. 27:32) Ha ba fihla moo Jesu a tlo bolaelwa teng, babolai ba hae ba mo kgokgothela thupeng ka dipekere maotong le matsohong. Boima ba mmele wa hae, bo etsa hore maqeba a dipekere a bulehe le ho feta. Metswalle ya hae e utlwile bohloko, mme wa hae yena o a lla athe baetapele ba Bajuda bona ba tsheha Jesu. (Luka 23:32-38; Joh. 19:25) Hora e le nngwe e ne eka ke selemo. Pelo ya hae le matshwafo a hae a ntse a sebetsa ka thata mme o thatafallwa ke ho hema. Pele a shwa, o etsa thapelo ya ho qetela. Ka mora moo, o inamisa hlooho mme o a shwa. (Mar. 15:37; Luka 23:46; Joh. 10:17, 18; 19:30) Ka nnete ena e bile tsela e bohloko haholo, e tlontlollang ka ho fetisisa le e nkileng nako e telele hore motho a shwe.

5. Ke eng e neng e tshwenya Jesu ho feta lefu la hae?

5 Tsela eo Jesu a bolailweng ka yona e ne e se letho ha e bapiswa le ntho e neng e mo tshwenya haholo. O ne a tshwenngwa ke lebaka leo ho fanweng ka lona hore a bolawe. O ne a qositswe ka leshano la hore ke monyefodi kapa motho ya sa hlompheng Modimo le lebitso la Hae. (Mat. 26:64-66) Ntho ena e ile ya tshwenya Jesu hoo a neng a lakatsa eka Ntate wa hae a ka be a sa dumella hore a tlontlollwe ka tsela eo. (Mat. 26:38, 39, 42) Ke hobaneng ha Jehova a ile a dumella hore Mora wa hae a utlwe bohloko le hore a shwe? A re hlahlobeng mabaka a mararo.

6. Ke hobaneng ha Jesu a ile a tlameha ho fanyehwa thupeng ya tlhokofatso?

6 La pele, Jesu o ne a lokela hore a fanyehwe thupeng e le hore Bajuda ba tloswe thohako. (Bagal. 3:10, 13) Ba ne ba tshepisitse hore ba tla mamela Molao wa Modimo empa ba ile ba hloleha ho o mamela. Ka lebaka leo ba ile ba rohakwa hobane ha ba a ka ba mamela hape e ne e le bana ba Adama mme ba ne ba lokela ho shwa. (Bar. 5:12) Molao wa Modimo o neng o fuwe Baiseraele o ne o re ha motho a entse sebe se lokelwang ke lefu a bolawe. Ka mora moo, setopo sa hae se ne se ka fanyehwa thupeng. * (Deut. 21:22, 23; 27:26) Ka hoo, taba ya hore ebe Jesu o ile a fanyehwa thupeng e ile ya bula monyetla bakeng sa Bajuda hore ba fumane molemo sehlabelong sa hae le hoja ba ne ba sa mo batle.

7. Ke lebaka lefe la bobedi le entseng hore Modimo a dumelle hore Mora wa hae a utlwe bohloko?

7 A ko nahane ka lebaka la bobedi leo ka lona Modimo a ileng a dumella hore Mora wa hae a utlwiswe bohloko. O ne a kwetlisa Jesu hore e tle e be Moprista ya Phahameng wa ka moso. Jesu o ile a utlwa hore na ke ntho e thata hakaakang hore motho a mamele Modimo ha a na le diteko tse boima haholo. Ha a ne a le tlasa kgatello e matla o ile a rapela ka “mohoo o moholo le ka meokgo” ho kopa thuso. Ka lebaka la hore Jesu o ile a tshwenyeha haholo, o kgona ho utlwisisa ditlhoko tsa rona, hape ‘o kgona ho [re] phallela [ha re] ntse re lekwa.’ Re a thaba hore ebe Jehova o re kgethetse Moprista ya Phahameng ya mohau ya kgonang ho “utlwela mefokolo ya rona bohloko.”—Baheb. 2:17, 18; 4:14-16; 5:7-10.

8. Lebaka la boraro leo ka lona Modimo a dumelletseng hore Jesu a lekwe ka ditsela tsohle ke lefe?

8 La boraro, Jehova o ile a dumella hore Jesu a utlwe bohloko e le hore ho ka arajwa potso ena ya bohlokwa: Na batho ba ka dula ba tshepahala le ha ba lekwa ka ditsela tsohle? Satane ha a dumellane le taba eo. O re batho ba sebeletsa Modimo ka mabaka a boithati. Hape o dumela hore jwalo ka Adama, ha ba rate Jehova. (Jobo 1:9-11; 2:4, 5) Ka ha Jehova o ne a tshepa Mora wa hae, o ile a dumela hore a lekwe ho feta ka moo motho a neng a ka kgona ho mamella ka teng. Jesu o ile a kgona ho dula a tshepahala yaba o paka hore Satane o leshano.

MONGODI WA BIBELE YA NENG A ANANELA THEKOLLO HAHOLO

9. Moapostola Johanne o re behetse mohlala ofe o motle?

9 Tumelo ya Bakreste ba bangata e ile ya matlafala ha ba ithuta ka thekollo. Ba ile ba tswela pele ho bolela ho sa tsotellehe dikganyetso hape ba ile ba mamella diteko tsohle bophelong bohle ba bona. A ko nahane ka moapostola Johanne. Ka botshepehi, o ile a bolela ka Kreste le ka thekollo ka dilemo tse ka bang ka hodimo ho 60. Ha Johanne a le dilemo tse ka bang 100, Mmuso wa Roma o ile wa mo isa teronkong sehlekehlekeng sa Patmose hobane o ne o re o kotsi setjhabeng. O ne a entseng? O ne a “bua ka Modimo le ho paka ka Jesu.” (Tšen. 1:9) Ona ke mohlala o motle wa ho ba le tumelo le ho ba le mamello.

10. Mangolo a Johanne a bontsha jwang hore o ne a ananela thekollo?

10 Johanne o ile a bontsha hore na o rata Jesu hakae le hore na o ananela thekollo hakae mangolong a hae. Ka makgetlo a fetang lekgolo, o buile ka thekollo kapa ka melemo e tliswang ke yona. Ka mohlala, o ile a re: “Haeba mang kapa mang a etsa sebe, re na le mothusi ho Ntate, e leng Jesu Kreste, ya lokileng.” (1 Joh. 2:1, 2) Hape, mangolo a Johanne a hlalosa bohlokwa ba ‘ho paka ka Jesu.’ (Tšen. 19:10) Ho hlakile hore Johanne o ne a ananela thekollo haholo. Rona re ka bontsha jwang hore re a e ananela?

O KA BONTSHA JWANG HORE O ANANELA THEKOLLO?

Haeba ka nnete re ananela thekollo, re tla hanela diteko tse tla etsa hore re etse dibe (Sheba serapa sa 11) *

11. Re ka thuswa ke eng ho hanela diteko?

11 Hanela diteko tse tla etsa hore o etse sebe. Haeba re hlile re ananela thekollo, re ke ke ra ba le maikutlo a fosahetseng a ho re: ‘Ha ho hlokahale hore ke leke ka matla hore ke se ke ka etsa sebe ha ke lekwa. Nka tswela pele ka ho etsa sebe mme ke kope tshwarelo ka mora moo.’ Ho e na le hoo, ha re lekeha hore re etse ntho e mpe, re tla re: ‘Le kgale! Ka mora ntho eo Jehova le Jesu ba nketseditseng yona, nka etsa ntho e mpe tjee jwang?’ Re ntse re nahanne ka ntho eo, re ka kopa Jehova hore a re fe matla ka ho re: ‘Ke kopa o se ke wa ntumella hore ke kene molekong.’​—Mat. 6:13.

12. Re ka sebedisa keletso e ho 1 Johanne 3:16-18 jwang?

12 Rata Bakrestemmoho le wena. Ha re ba bontsha lerato, re bontsha hore re ananela thekollo. Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Hobane Jesu o fane ka bophelo ba hae eseng bakeng sa rona feela empa le bakeng sa bona. Haeba Jesu o ne a ikemiseditse ho ba shwela, ho hlakile hore ba bohlokwa ho yena. (Bala 1 Johanne 3:16-18.) Re bontsha hore re rata Bakrestemmoho le rona ka tsela eo re ba tshwarang ka yona. (Baef. 4:29, 31–5:2) Ka mohlala, re ba thusa ha ba kula, ha ba mamelletse diteko tse boima tse akarelletsang le dikoduwa tsa tlhaho. Empa re lokela ho etsang haeba Mokrestemmoho a bua kapa a etsa ntho e re kwatisang?

13. Ke hobaneng ha re lokela ho tshwarelana?

13 Na ka matsatsi a mang o na le ho tshwara Mokrestemmoho le wena ka pelo? (Lev. 19:18) Haeba ho jwalo, mamela keletso ena: “Tswelang pele le mamellana le ho tshwarelana ka bolokolohi haeba le ha e le mang a na le sesosa sa pelaelo kgahlanong le e mong. Esita le jwalo ka ha Jehova a ile a le tshwarela ka bolokolohi, le etse jwalo le lona.” (Bakol. 3:13) Nako le nako ha re tshwarelana, re bontsha Ntate wa rona hore re ananela thekollo. Re ka tswela pele re bontsha jwang hore re ananela mpho ena eo Modimo a re fileng yona?

O KA ETSANG E LE HORE O ANANELE THEKOLLO LE HO FETA?

14. O ka etsang hore o ananele thekollo le ho feta?

14 Leboha Jehova ka hore o re file thekollo. Moradiwabo rona Joanna ya dilemo di 83 wa India o re: “Ke nahana hore ke ntho ya bohlokwa ho bua ka thekollo ha ke rapela letsatsi ka leng le ho leboha Jehova ka yona.” Ha o rapela moo o leng mong, nahana ka diphoso tseo o di entseng letsatsing leo ebe o kopa Jehova hore a o tshwarele. Haeba o entse sebe se tebileng, o lokela ho kopa thuso ya baholo. Ba tla o mamela ba be ba o fe keletso e tswang ka Bibeleng. Ba tla rapela le wena ebe ba kopa Jehova hore a o tshwarele e le hore o ka boela wa ba motswalle wa hae hape.​—Jak. 5:14-16.

15. Ke hobaneng ha re lokela ho ipha nako ya ho bala ka thekollo le ho nahanisisa ka yona?

15 Nahanisisa ka thekollo. Moradiwabo rona Rajamani ya dilemo di 73 o re: “Ke tlala dikgapha ha ke bala ka dintho tse bohloko tse hlahetseng Jesu.” Le wena o ka utlwa bohloko ha o nahana ka hore na Mora wa Modimo o ile a utlwa bohloko hakae. Empa ha o nahanisisa ka sehlabelo sa Jesu, o tla mo rata o be o rate le Ntate wa hae haholo feela. E le hore o kgone ho nahanisisa ka thekollo, ho ka ba jwang hore o iphe nako ya hore o ithute ka yona?

Jesu o ile a sebedisa dijo tse bobebe ho bontsha barutuwa ba hae hore na ba lokela ho ikgopotsa sehlabelo sa hae jwang (Sheba serapa sa 16)

16. Ho ruta batho ba bang ka thekollo ho re thusa jwang? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

16 Ruta ba bang ka thekollo. Nako le nako ha re bolella batho ba bang ka thekollo, re e ananela le ho feta. Re na le dingolwa le divideo tse re thusang ho hlalosetsa batho hore na ke hobaneng ha Jesu a ile a shwa molemong wa rona. Ka mohlala, re ka sebedisa thuto ya bone e hlahang bukaneng ya Ditaba Tse Molemo Tse Tswang ho Modimo! Thuto eo e na le sehlooho se reng, “Jesu Kreste ke Mang?” Kapa re ka sebedisa kgaolo ya bohlano ya buka ya Bibele e re Rutang? Kgaolo eo e na le sehlooho se reng, “Thekollo ke Mpho e Tswang ho Modimo.” Hape, re ka ananela thekollo le ho feta ka hore selemo le selemo re be teng Sehopotsong sa lefu la Jesu le ka hore re meme batho ba bang hore le bona ba be teng. Jehova o re file tlotla ya hore re rute batho ka Mora wa hae.

17. Ke hobaneng ha thekollo e le mpho ya bohlokwa eo Modimo a e fileng batho?

17 Ntle ho pelaelo, re na le mabaka a ho dula re ananela thekollo. Ka lebaka la thekollo, re ka ba metswalle ya Jehova le hoja re sa phethahala. Thekollo e tla etsa hore mesebetsi ya Diabolose e fediswe ka ho felletseng. (1 Joh. 3:8) Ka lebaka la thekollo, seo Jehova a neng a se rerile qalong ka lefatshe se tla phethahala. Lefatshe lohle e tla ba paradeise. Motho e mong le e mong eo o tla kopana le yena o tla be a rata Jehova a bile a mo sebeletsa. E se eka letsatsi ka leng re ka batla menyetla ya ho bontsha hore re ananela thekollo e leng mpho ya bohlokwa eo Modimo a e fileng batho.

PINA YA 20 O Fane ka Mora wa Hao wa Bohlokwa

^ par. 5 Ke hobaneng ha Jesu a ile a shwa lefu le sehloho? Sehlooho sena se tlo araba potso eo. Se tlo boela se re thuse hore re ananele thekollo le ho feta.

^ par. 6 E ne e le tlwaelo ya Baroma hore ba fanyehe kapa ba fase setlokotsebe thupeng se ntse se phela mme Jehova le yena o ile a dumella hore Mora wa hae a shwe ka tsela eo.

^ par. 55 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Morabo rona o hanela teko ya ho sheba ditshwantsho tse sa hlwekang, e mong o hanela ya ho tsuba mme e mong o hanela ya ho amohela tjotjo.