TORA YA HO LEBELA—E ITHUTWANG December 2019

Makasine ena e na le dihlooho tse tla ithutwa ho tloha ka la 3 February–la 1 March 2020.

“Ho na le Nako e Behilweng” Bakeng sa ho Sebetsa le ho Phomola

Ho tla sebediswa Sabatha eo Baiseraele ba neng ba lokela ho e boloka beke le beke, e le mohlala ho re thusa ho ba le maikutlo a nepahetseng ka ho sebetsa le ho phomola.

Jehova o o fa Tokoloho

Jubile ya mehleng ya Baiseraele e re hopotsa tokoloho eo Jehova a re etseditseng yona.

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Tlasa molao, ha monna a ne a betile ngwanana ya lebeleditsweng “tshimong” mme ngwanana eo a be a hweletsa, o ne a sa tlo ba le molato wa bofebe. Hobaneng?

Dipotso Tse Tswang Ho Babadi

Ha Satane a ne a bolella Eva hore o ne a ke ke a shwa ha a ka ja sefate sa tsebo ya botle le bobe, na o ne a bua ka thuto e tlwaelehileng kajeno ya hore moya ha o shwe?

O Tseba Jehova Hantle Hakae?

Ho tseba Jehova ho bolelang, hona keng eo re ka ithutang yona ho Moshe le Morena Davida ka ho ba le kamano e haufi le Modimo?

Batswadi ba Lokela ho Thusa Bana ba Bona ho Rata Jehova

Batswadi ba ka kwetlisa bana ba bona jwang hore ba rate ba be ba sebeletse Jehova?

“Mabapi le Ntho e Nngwe le e Nngwe le Lebohe”

Ho na le mabaka a mangata a hore na ke hobaneng ha re lokela ho leboha.

Na o sa Hopola?

Na o thabetse ho bala dikgatiso tsa moraorao tsa Tora ya ho Lebela? Sheba hore na o hopola tse kae.

Lethathamo la Dihlooho Tse Hlahileng ho Tora ya ho Lebela le ho Fadimehang! ka 2019

Lethathamo la dihlooho tsohle tse hlahileng ho Tora ya ho Lebela le ho Fadimehang! ka 2019.