Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 52

Batswadi ba Lokela ho Thusa Bana ba Bona ho Rata Jehova

Batswadi ba Lokela ho Thusa Bana ba Bona ho Rata Jehova

“[Bana] ke lefa le tswang ho Jehova.”​—PES. 127:3.

PINA YA 134 Bana ke Letlotlo le Tswang ho Modimo

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Jehova o file batswadi boikarabelo bofe?

JEHOVA o bopelletse banyalani ba pele le tabatabelo ya ho ba le bana. Bibele e re: “[Bana] ke lefa le tswang ho Jehova.” (Pes. 127:3) Jwale see se bolelang? Ka mohlala, a re re motswalle wa hao o o fa tjhelete e ngata mme o kopa hore o mo behele yona. O ne o ka ikutlwa jwang? Nnete ke hore, o ne o tla thabela hore o a o tshepa. Empa ka mora moo, o ne o ka tshwenyeha ka hore na o tla e beha kae moo ho sireletsehileng. Ka tsela e tshwanang, Jehova e leng motswalle wa rona ya haufi, o fa batswadi ntho ya bohlokwa eo ba lokelang ho e hlokomela ho feta tjhelete. O ba fa boikarabelo ba ho etsa bo nnete ba hore ba hlokomela bana ba bona le hore ba thabile.

2. Re tlo tshohla dipotso dife?

2 Ke mang ya lokelang ho etsa qeto ya hore na banyalani ba lokela ho ba le bana kapa tjhe? Hona keng seo batswadi ba ka se etsang ho thusa bana ba bona hore ba thabele bophelo? Hlokomela e meng ya melaomotheo e fumanwang ka Lentsweng la Modimo, e ka thusang banyalani ba Bakreste hore ba etse diqeto tse bohlale.

HLOMPHA QETO EO BANYALANI BA E ENTSENG

3. (a) Ke mang ya lokelang ho etsa qeto ya hore na banyalani ba lokela ho ba le bana kapa tjhe? (b) Ke melaomotheo efe ya Bibele eo ba lelapa le metswalle ya banyalani ba lokelang ho e hopola?

3 Ditsong tse ding, batho ba lebelletse hore banyalani ba be le bana hanghang ka mora hore ba nyalane. Ka hoo sena se etsa hore ba lelapa le batho ba bang, ba hatelle banyalani hore ba latele tlwaelo ena. Morabo rona Jethro ya dulang Asia, o re: “Bara le baradibabo rona ba nang le bana, ba hatella ba se nang bana hore ba be le bona.” Morabo rona Jeffrey ya dulang Asia le yena o re: “Bara le baradibabo rona ba bang, ba botsa banyalani ba se nang bana hore na ke mang ya tla ba hlokomela ha ba se ba hodile.” Le ha ho le jwalo, ke boikarabelo ba banyalani hore ba iketsetse qeto ya hore na ba tla ba le bana kapa tjhe. (Bagal. 6:5) Ho a utlwahala hore ebe metswalle le ba lelapa ba batla hore batho ba sa tswa nyalana ba thabe, empa ba lokela ho hopola hore ke banyalani ba lokelang ho etsa qeto eo.​—1 Bathes. 4:11.

4, 5. Ke dintlha dife tse pedi tseo banyalani ba lokelang ho buisana ka tsona, hona ho molemo hore ba buisane ka tsona neng? Hlalosa.

4 Banyalani ba etsang qeto ya hore ba tla ba le bana, ba lokela ho buisana ka dipotso tsena tse pedi tsa bohlokwa: Ya pele, ba batla ho ba le bana neng? Ya bobedi, ba batla ho ba le bana ba bakae? Empa ke nako efe e loketseng ya hore ba bue ka taba ena? Hona ke hobaneng ha dipotso tsena e le tsa bohlokwa hakana?

5 Maemong a mangata, baratani ba lokela ho buisana ka taba ya ho ba le bana pele ba nyalana. Hobaneng? Hobane ke ha bohlokwa hore ba be le maikutlo a tshwanang tabeng ena. Hape ba lokela ho tseba hore na ba se ba itokiseditse ho nka boikarabelo ba ho ba batswadi. Banyalani ba bang ba entse qeto ya ho ema selemo kapa tse pedi pele e ka ba batswadi ka ha ha bana ba se ba le teng, ba tlo nka nako le matla a bona. Ba entse qeto ena, e le hore ba be le nako ya ho tsebana ha molemo. E leng se tla etsa hore ba be le kamano e matla.​—Baef. 5:33.

6. Banyalani ba bang ba entse qeto efe ka lebaka la dinako tse thata tseo re phelang ho tsona?

6 Bakreste ba bang ba kgethile ho etsisa bara ba Noe ba bararo le basadi ba bona, ka hore ba se ke ba tatela ho ba le bana. (Gen. 6:18; 9:18, 19; 10:1; 2 Pet. 2:5) Jesu o ile a bapisa nako eo re phelang ho yona le “matsatsi a Noe” mme ha ho pelaelo hore re phela ‘dinakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ (Mat. 24:37; 2 Tim. 3:1) Ka lebaka lena, banyalani ba bang ba entse qeto ya hore ba nke nako e itseng pele ba ka ba le bana, e le hore ba sebeletse Jehova haholwanyane.

Banyalani ba bohlale ba ‘bala ditshenyehelo’ pele ba ka etsa qeto ya hore na ba tla ba le bana kapa tjhe le hore na ba tla ba le ba bakae (Sheba serapa sa 7) *

7. Melaomotheo e ho Luka 14:28, 29 le Liproverbia 21:5 e ka thusa banyalani jwang?

7 Banyalani ba bohlale ba ‘bala ditshenyehelo’ pele ba ka etsa qeto ya hore na ba tla ba le bana kapa tjhe le hore na ba tla ba le ba bakae. (Bala Luka 14:28, 29.) Batswadi ba nang le bana, ba a dumela hore ho hodisa bana ho hloka nako, matla le tjhelete e ngata. Ka hoo, ke ha bohlokwa hore banyalani ba ipotse dipotso tse kang tsena: ‘Na ka bobedi re hloka ho sebetsa e le hore re hlokomele lelapa la rona? Na re dumellana ka hore na ditlhoko tsa lelapa la rona ke dife? Haeba re tlo sebetsa re le babedi, ke mang ya tla sala le bana? Hona ke mang ya tla susumetsa tsela eo ba nahanang le ho etsa dintho ka yona?’ Ha banyalani ba buisana ka dipotso tsena, ba tla be ba sebedisa keletso e ho Liproverbia 21:5.​E bale.

Monna ya lerato o tla etsa sohle seo a ka se kgonang ho tshehetsa mosadi wa hae (Sheba serapa sa 8)

8. Ke mathata afe ao banyalani ba ka a lebellang, hona monna ya lerato o tla etsang?

8 Ngwana o hloka nako ya motswadi ka mong. Ka hoo haeba banyalani ba ile ba hlahlamisa ka pele, ho ka ba thata hore ba fe ngwana e mong le e mong nako eo a e hlokang. Batswadi ba bang ba ileng ba ba le bana ba bangata, ba re ba ne ba ikutlwa ba imetswe. Ka hoo, Mme a ka nna a ikutlwa a kgathetse mmeleng le maikutlong. Sena se ka etsa hore a ikutlwe a kgathetse haholo hoo a sa kgoneng ho rapela, ho bala le ho ya tshimong ka mehla. Hape ho ka ba thata hore a mamele ha a le dibokeng. Ke nnete hore monna ya lerato o tla etsa sohle seo a ka se kgonang, ho tshehetsa mosadi wa hae e le hore a fe bana nako eo ba e hlokang ha ba le dibokeng le hae. Ka mohlala, a ka mo thusa ka ho etsa mosebetsi wa ka tlung le ho etsa bonnete ba hore lelapa lohle le fumana molemo Borapeding ba Lelapa ba beke le beke. Ho feta moo, bontate ba Bakreste ba tla ya le ba lelapa tshebeletsong ya tshimo ka mehla.

RUTA BANA BA HAO HO RATA JEHOVA

9, 10. Keng seo batswadi ba tlamehang ho se etsa e le hore ba thuse bana ba bona?

9 Ke dintho dife tseo batswadi ba ka di etsang e le hore ba thuse bana ba bona ho ithuta ho rata Jehova? Ke jwang ba ka sireletsang bana ba bona boitshwarong bo bobe ba lefatshe lee? A re hlahlobeng e meng ya mehato eo batswadi ba ka e nkang.

10 Rapela Jehova hore a o thuse. Hlokomela mohlala wa Manooa le mosadi wa hae, bao e neng e le batswadi ba Samsone. Ha ba fumana hore ba tlo ba le mora, Manooa o ile a kopa Jehova hore a mo fe tataiso ya hore na a hodise ngwana eo jwang.

11. Jwalo ka ha Baahloli 13:8 e bontsha, batswadi ba ka etsisa mohlala wa Manooa jwang?

11 Nihad le Alma ba tswang Bosnia le Herzegovina, ba ile ba ithuta mohlaleng wa Manooa. Ba re: “Jwalo ka Manooa, re ile ra kopa Jehova hore a re rute ho ba batswadi ba molemo. Ka hoo Jehova o ile a araba dithapelo tsa rona ka ditsela tse fapaneng, a sebedisa Bibele, dingolwa tse thehilweng Bibeleng, diboka le dikopano.”​—Bala Baahloli 13:8.

12. Josefa le Maria ba ile ba behela bana ba bona mohlala ofe?

12 Ba behele mohlala. Seo o se buang ke sa bohlokwa empa seo o se etsang ke sona se tla ba le tshusumetso ho bana ba hao. Re ka kgodiseha hore Josefa le Maria ba ile ba behela bana ba bona ho akarelletsa le Jesu, mohlala o motle. Josefa o ne a sebetsa ka thata e le hore a hlokomele lelapa la hae. Ho ekelletsa moo, o ne a ba kgothalletsa hore ba rate ho sebeletsa Jehova. (Deut. 4:​9, 10) Le hoja Josefa a ne a sa tlangwe ke molao ho ya le lelapa la hae Jerusalema “selemo le selemo,” e le hore ba ilo keteka Paseka empa o ne a ya le bona. (Luka 2:41, 42) Ho ka etsahala hore bontate ba bang ba mehleng ya hae, ba ne ba nka maeto a jwalo a ja nako le tjhelete e ngata. Ho ntse ho le jwalo, ho hlakile hore Josefa o ne a rata ho sebeletsa Jehova ebile o ile a ruta bana ba hae ho etsa se tshwanang. Hape Maria o ne a tseba Mangolo hantle mme ha ho pelaelo hore seo a neng a se bua le ho se etsa, se ile sa ruta bana ba hae hore ba rate Lentswe la Modimo.

13. Ke jwang banyalani ba bang ba ileng ba latela mohlala wa Josefa le Maria?

13 Nihad le Alma bao re buileng ka bona qalong, ba ne ba batla ho latela mohlala wa Josefa le Maria. Seo se ile sa ba thusa jwang hore ba rute mora wa bona ho rata Modimo le ho mo sebeletsa? Ba re: “Ka tsela eo re neng re etsa dintho ka yona, re ile ra ruta mora wa rona hore ho molemo hakaakang ho phela ka melaomotheo ya Jehova.” Nihad o tswela pele ho re: “Eba motho eo o batlang hore bana ba hao ba be yena.”

14. Ke hobaneng ha batswadi ba hloka ho tseba metswalle ya bana ba bona?

14 Thusa bana ba hao ho kgetha metswalle e nepahetseng. Mme le Ntate ka bobedi ba hloka ho tseba hore na metswalle ya bana ba bona ke bo mang le hore na ba etsang. Sena se bolela hore batswadi ba lokela ho tseba hore na bana ba bona ba buisana le bo mang metjheng ya puisano le difounung tsa bona. Metswalle ya bana ba hao, e ka susumetsa tsela eo ba nahanang le ho etsa dintho ka yona.​—1 Bakor. 15:33.

15. Batswadi ba ka ithutang mohlaleng wa Jessie?

15 Keng seo batswadi ba ka se etsang haeba ba sa tsebe hakaalo ka disebediswa tsa elektronike? Ntate ya dulang Philippines ya bitswang Jessie o re: “Re ne re sa tsebe hakaalo ka disebediswa tsa elektronike. Empa sena ha se a ka sa re thibela ho ruta bana ba rona ka dikotsi tsa tsona.” Ho ntse ho le jwalo, Jessie ha a ka a thibela bana ba hae ho ba le disebediswa tsa elektronike hobane feela yena a sa tsebe ho di sebedisa. O re: “Ke ne ke kgothalletsa bana ba ka ho di sebedisetsa ho ithuta puo e nngwe, ho lokisetsa diboka le ho bala Bibele letsatsi le letsatsi.” Haeba o motswadi, na o kile wa bua le bana ba hao ka dikeletso tse hlahang ho jw.org® tlasa Batjha, tse buang ka ho romelana melaetsa le ho beha dinepe Inthaneteng? Na o kile wa shebella le bona divideo tse kang, Sesebediswa sa Elektronike​—Na se a o Laola Kapa o a se Laola? le Sebedisa Metjha ya Puisano ka Bohlale? * Dintho tsena di ka o thusa haholo ha o ntse o ruta bana ba hao hore ba sebedise disebediswa tsa elektronike ka bohlale.​—Liprov. 13:20.

16. Batswadi ba bangata ba ile ba etsang, hona diphello e bile dife?

16 Batswadi ba bangata ba etsa bonnete ba hore bana ba bona ba qeta nako e ngata le batho ba behang mohlala o motle wa ho sebeletsa Modimo. Ka mohlala, banyalani ba dulang Côte d’Ivoire e leng N’Déni le Bomine, hangata ba ne ba amohela mopotolohi lelapeng la bona. N’Déni o re: “Sena se ile sa susumetsa mora wa rona e moholo, hoo a ileng a nka bopulamadiboho mme hona jwale ke molebedi wa potoloho wa nakwana.” Na o ka etsetsa bana ba hao se tshwanang?

17, 18. Batswadi ba lokela ho qala neng ho kwetlisa bana ba bona?

17 Kwetlisa ngwana ha e sa le lesea. Ho molemo ho kwetlisa bana ha ba sa le banyane ho fapana le ha ba se ba hodile. (Liprov. 22:6) Nahana ka Timothea eo a ileng a tsamaya le moapostola Pauluse ha e sa le motjha. Mme wa hae Eunise le nkgono wa hae Loise, ba ile ba mo kwetlisa “ho tloha boseyeng.”​—2 Tim. 1:5; 3:15.

18 Banyalani ba bang ba dulang Côte d’Ivoire, e leng Jean-Claude le Peace, ba ile ba kgona ho hodisa bana ba bona ba tsheletseng hore ba rate Jehova le ho mo sebeletsa. Ebe ba ile ba thuswa keng hore ba atlehe? Ba ile ba latela mohlala wa Eunise le Loise. Ba re: “Re ile ra ruta bana ba rona Lentswe la Modimo ho tloha ha e sa le masea.”​—Deut. 6:6, 7.

19. Ho ruta bana ba hao Lentswe la Modimo ho bolelang?

19 Ho ruta bana ba hao Lentswe la Modimo ho bolelang? Ho ya ka Deuteronoma 6:7, lentswe la Seheberu “ho ruta” le bolela “ho ruta ka ho phetapheta.” E le hore batswadi ba etse sena, ba lokela ho qeta nako e ngata le bana ba bona. Ka dinako tse ding batswadi ba ka nna ba nyahamiswa ke ho bolella ngwana ntho e le nngwe hangata. Le ha ho le jwalo, ba lokela ho nka sena e le monyetla wa ho thusa bana ba bona ho utlwisisa Lentswe la Modimo le ho le sebedisa bophelong ba bona.

Batswadi ba lokela ho tseba hore na ba kwetlise ngwana e mong le e mong jwang (Sheba serapa sa 20) *

20. Hlalosa ka moo Pesaleme ya 127:⁠4 e ka sebediswang ka teng ha ho hodiswa bana.

20 Tseba bana ba hao. Pesaleme ya 127 e tshwantsha bana le metsu. (Bala Pesaleme ya 127:4.) Jwalo ka ha metsu e ka etswa ka dintho tse fapaneng ebile e sa lekane ka boholo, bana le bona ha ba tshwane. Ka hoo, batswadi ba lokela ho tseba hore na ba kwetlise ngwana e mong le e mong jwang. Banyalani ba bang ba mehleng ena ba dulang Iseraele, ba ileng ba atleha ho hodisa bana ba bona ba babedi hore ba sebeletse Jehova, ha ba hlalosa hore na ba ile ba thuswa keng ba re: “Re ne re ruta ngwana e mong le e mong Bibele ka nako ya hae.” Ke nnete hore hlooho ya lelapa ke yona e tla etsa qeto ya hore na ho ruta bana ka tsela eo, ho a kgoneha kapa tjhe.

JEHOVA O TLA O THUSA

21. Jehova a ka thusa batswadi jwang?

21 Ka dinako tse ding batswadi ba ka thatafallwa ke ho ruta bana ba bona. Empa Jehova o dula a ikemisetse ho ba thusa, ka ha bana ke lefa le tswang ho yena. Hape o ikemiseditse ho mamela dithapelo tsa bona mme o di araba a sebedisa Bibele, dingolwa, mehlala le dikeletso tse tswang ho batswadi ba nang le tsebo ka phuthehong.

22. Ke dintho dife tsa bohlokwa tseo batswadi ba ka di fang bana ba bona?

22 Batho ba bang ba re ho nka dilemo tse 20 ho hodisa ngwana, empa nnete ke hore motswadi e tla dula e le motswadi. Tse ding tsa dintho tsa bohlokwa tseo ba ka di fang bana ba bona ke lerato, nako le ho ba kwetlisa ka Bibele. Bana ba ke ke ba amohela kwetliso ka tsela e tshwanang. Le ha ho le jwalo, bana ba bangata ba ileng ba hodiswa ke batswadi ba ratang Jehova, ba ikutlwa jwalo ka moradiwabo rona ya dulang Asia e leng Joanna Mae, ya ileng a re: “Ha ke nahana ka kwetliso eo batswadi ba ka ba ileng ba mpha yona, ke leboha hore ebe ba ile ba nkgalemela le ho nthuta ho rata Jehova. Ba nthusitse hore ke tsebe hore na ke phelelang.” (Liprov. 23:​24, 25) Bara le baradibabo rona ba dimilione ba ikutlwa ka tsela e tshwanang.

PINA YA 59 Rorisa Jah le Nna

^ par. 5 Na banyalani ba lokela ho ba le bana? Haeba ho jwalo, ba lokela ho ba le bana ba bakae? Hona ba ka thusa bana ba bona jwang hore ba rate Jehova le ho mo sebeletsa? Sehlooho sena se bua ka mehlala ya mehleng ya kajeno ebile se fana ka melaomotheo e ka re thusang ho araba dipotso tsena.

^ par. 15 Sheba le Lipotso​—Bacha Baa Botsa​—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1 kgao. 36 le Buka ea 2, kgao. 11.

^ par. 60 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Banyalani ba Bakreste ba buisana ka hore na ba tla ba le bana kapa tjhe. Hape ba nahanisisa ka boikarabelo le thabo eo ba tla bang le yona.

^ par. 64 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Banyalani ba ithuta le bana ba bona ka dintho tse ba amang ho ya ka bokgoni le dilemo tsa bona.