Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 50

Jehova o o fa Tokoloho

Jehova o o fa Tokoloho

“Le . . . phatlalatse tokoloho naheng ho baahi bohle ba yona.”​—LEV. 25:10.

PINA YA 22 Mmuso o Hlonngwe​—Ha o ke o Tle!

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1, 2. (a) Jubile keng? (Sheba lebokose le reng “ Jubile e ne e le eng?”) (b) Luka 4:16-18, e re Jesu o ile a bua kang?

DINAHENG tse ding, hangata batho ba keteka selemo sa bo 50 sa ketsahalo e itseng ya bohlokwa mme ba se bitsa jubile. Mekete ena e amanang le Jubile e ne e ka nka letsatsi, beke kapa ho feta. Empa thabo e neng e tliswa ke mekete ena e ne e fela mme batho ba ne ba lebala ka yona.

2 Re tla hlahloba jubile e molemo ho feta eo Baiseraele ba neng ba e keteka ka selemo sa bo 50 ebile e nka selemo kaofela. E ne e fa Baiseraele tokoloho. Jwale ke hobaneng ha re lokela ho ithuta ka yona? Hobane e re hopotsa selemo sa Jubile sa Baiseraele e leng tokisetso e lerato ya tokoloho e sa feleng eo Jehova a re lokisetsang yona le hona jwale, e leng eo Jesu a ileng a bua ka yona.​—Bala Luka 4:16-18.

Jubile e ne e thabisa Baiseraele ka ha batho bao e neng e le makgoba ba ne ba kgutlela malapeng le ditsheng tsa bona (Sheba serapa sa 3) *

3. Ho ya ka Levitike 25:8-12, Jubile e ne e thusa Baiseraele jwang?

3 Ha re hlahloba Jubile eo Jehova a neng a e lokiseditse Baiseraele, ho tla ba bonolo hore re utlwisise hore na Jesu o ne a bolelang ha a bua ka tokoloho. Jehova o ile a bolella Baiseraele a re: “Le halaletse selemo sa mashome a mahlano mme le phatlalatse tokoloho naheng ho baahi bohle ba yona. E tla ba Jubile bakeng sa lona, mme e mong le e mong a kgutlele setsheng sa hae mme e mong le e mong o lokela ho kgutlela lelapeng la hae.(Bala Levitike 25:8-12.) Sehloohong se fetileng, re ile ra hlahloba ka moo Sabatha ya beke le beke e neng e tswela Baiseraele molemo ka teng. Jwale Jubile yona e ne e tswela Baiseraele molemo jwang? Ka mohlala, a re re Moiseraele o ne o ena le dikoloto tse ngata tse mo qobellang hore a rekise setsha sa hae e le hore a di patale. Empa ka selemo sa Jubile, setsha seo se ne se kgutlisetswa ho yena. Ka hoo, monna eo o ne a ‘kgutlela setsheng sa hae’ mme bana ba hae ba ne ba tla boela ba fumane lefa la bona. Boemong bo bong, monna ya neng a ena le dikoloto tse ngata haholo, o ne a lokela ho rekisa ngwana wa hae kapa yena e le hore e ilo ba lekgoba ho re a patale sekoloto sa hae. Le ha ho le jwalo, ka selemo sa Jubile lekgoba le ne le “kgutlela lelapeng la hae.” Ka hoo, ha ho motho eo e neng e eba lekgoba ka ho sa feleng, a sena tshepo ya ho kgutlela lapeng. Tokisetso ena e ne e bontsha hore Jehova o ne a kgathalla batho ba hae.

4, 5. Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore re ithute ka Jubile ya Baiseraele?

4 Jubile e ne e boetse e tswela Baiseraele molemo jwang? Jehova o ile a re: “Ho se ke ha eba le ya mong ya tla futsaneha ha ra lona, hobane ruri Jehova o tla le hlohonolofatsa naheng eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona e le lefa hore le e rue.” (Deut. 15:4) Sena se fapana le se etsahalang kajeno, ka ha batho ba ruileng ba rua le ho feta mme ba futsanehileng ba futsaneha le ho feta.

5 Ka ha re Bakreste, ha re tlasa molao oo Modimo a neng a o file Moshe. Sena se bolela hore ha re latele molao wa Jubile o neng o lokolla makgoba, o hlakola dikoloto ebile o kgutlisetsa ditsha ho beng ba tsona. (Bar. 7:4; 10:4; Baef. 2:15) Ho ntse ho le jwalo, ke ha bohlokwa hore re ithute ka Jubile. Hobaneng? Hobane re ka thabela tokoloho, e leng se tla re hopotsa tokisetso eo Jehova a neng a e etseditse Baiseraele.

JESU O ILE A BUA KA TOKOLOHO

6. Batho ba hloka ho lokollwa ho eng?

6 Kaofela ha rona re hloka ho lokollwa hobane re makgoba a sebe, e leng bokgoba bo sehloho ka ho fetisisa. Ka lebaka la sebe, re a kula, re a tsofala ebile re a shwa. Batho ba bangata ba bona bopaki ba sena ha ba itjheba ka seiponeng kapa ha ba kula. Re boetse re a nyahama ha re entse dibe. Moapostola Pauluse o ile a re o “holehilwe molaong wa sebe o dithong tsa [hae].” O ile a boela a re: “Ke monna ya soto hakaakang! Ke mang ya tla mpholosa mmeleng ona o fetang lefung lee?”​—Bar. 7:23, 24.

7. Esaia o ile a profetang ka tokoloho?

7 Ho a thabisa hore ebe Modimo o entse tokisetso ya ho re re lokollwe sebeng. Tokoloho ena e ka kgoneha feela ka Jesu. Dilemo tse fetang tse 700 pele Jesu a tla lefatsheng, moprofeta Esaia o ile a bolela hore nakong e tlang, batho ba ne ba tla ba le tokoloho e molemo ka ho fetisisa e fetang eo Baiseraele ba neng ba ena le yona ka selemo sa Jubile. O ile a re: “Moya wa Mmusi Morena Jehova o hodima ka, ka lebaka la hore Jehova o ntlotseditse hore ke bolelle ba bonolo ditaba tse molemo. O nthometse hore ke tlamise ba robehileng dipelo, ke phatlalatse tokoloho ho ba isitsweng kgolehong.” (Esa. 61:1) Boprofeta boo bo ne bo bua ka mang?

8. Boprofeta ba Esaia bo buang ka tokoloho bo ne bo lebisitswe ho mang?

8 Boprofeta bona ba bohlokwa bo buang ka tokoloho bo ile ba phethahala ha Jesu a ne a qala tshebeletso ya hae. Ha a fihla synagogeng e motseng wa habo wa Nazaretha, Jesu o ile a balla Bajuda ba neng ba bokane moo mantswe a boprofeta bona ba Esaia. Ka hoo o ile a lebisa mantswe ana ho yena a re: “Moya wa Mmusi Morena Jehova o hodima ka, ka lebaka la hore Jehova o ntlotseditse hore ke bolelle ba bonolo ditaba tse molemo. O nthometse hore ke tlamise ba robehileng dipelo, ke phatlalatse tokoloho ho ba isitsweng kgolehong.” (Luka 4:16-19) Jesu o ile a phethahatsa boprofeta boo jwang?

BATHO BA PELE BA HO LOKOLLWA

Jesu o ile a bua ka tokoloho ha a ne a le synagogeng e Nazaretha (Sheba serapa sa 8-9)

9. Batho ba bangata ba mehleng ya Jesu ba ne ba batla ho lokollwa ho eng?

9 Tokoloho eo Esaia a e profetileng le eo Jesu a ileng a bua ka yona, e ile ya qala ho phethahala mehleng ya Jesu. Re ka kgolwa sena hobane Jesu o ile a tiisa sena ka hore: “Kajeno lengolo lena leo le sa tswa le utlwa le phethahetse.” (Luka 4:21) Batho ba bangata ba ileng ba utlwa ha Jesu a bua mantswe ao, ba ne ba tshepile hore ba tla lokollwa mmusong wa Roma. Mohlomong ba ne ba ikutlwa jwalo ka banna ba babedi ba ileng ba re: “Re ne re tshepile hore monna enwa ke yena ya reretsweng ho lopolla Iseraele.” (Luka 24:13, 21) Empa re a tseba hore Jesu ha a ka a susumelletsa balatedi ba hae hore ba lwantshe mmuso wa Roma o neng o ba hatella. Ho ena le hoo, o ile a ba laela hore ba “lefe Cesare dintho tsa Cesare.” (Mat. 22:21) Jwale ke jwang Jesu a ileng a lokolla batho ka nako eo?

10. Jesu o ile a lokolla batho ho eng?

10 Mora wa Modimo o ne a tletse ho lokolla batho dinthong tsena tse pedi. Ya pele, o ile a thusa batho hore ba lokolohe dithutong tsa bohata tseo baetapele ba bodumedi ba neng ba di ruta. Ka nako eo, Bajuda ba bangata ba ne ba qobellwa hore ba latele meetlo le dithuto tsa bohata. (Mat. 5:31-37; 15:1-11) Batho ba neng ba re ba thusa batho ba bang hore ba sebeletse Modimo, bona ba ne ba sa mo sebeletse ka tsela e nepahetseng. Ka hoo, ho ne ho tshwana le ha eka ba foufetse. Ka ha ha ba amohela Mesia le dintho tseo a neng a di ruta, ha ba a ka ba tseba Modimo mme le dibe tsa bona ha di a ka tsa tshwarelwa. (Joh. 9:1, 14-16, 35-41) Ka ha Jesu o ne a ruta nnete ebile a beha mohlala o motle, o ile a bontsha batho ba bonolo hore ba ka lokoloha jwang dithutong tsa bohata.​—Mar. 1:22; 2:23–3:5.

11. Ke ka tsela efe ya bobedi eo Jesu a ileng a fana ka tokoloho ka yona?

11 Tsela ya bobedi eo Jesu a ileng a fana ka tokoloho ka yona, e akarelletsa ho lokolla batho bokgobeng ba sebe. Ka ha Jesu o ile a fana ka bophelo ba hae e le thekollo, Modimo o ne a ka tshwarela dibe tsa batho ba neng ba amohela le ho bontsha tumelo ho thekollo eo a faneng ka yona. (Baheb. 10:12-18) Jesu o ile a re: “Haeba Mora a le lokolla, ka sebele le tla lokoloha.” (Joh. 8:36) Tokollo eo e ne e le molemo ho feta eo Baiseraele ba neng ba eba le yona ka selemo sa Jubile. Ka mohlala, monna ya ileng a lokollwa bokgobeng e ka boela ya eba lekgoba hape mme a qetella ka ho shwa.

12. Ke batho ba fe ba pele bao tokoloho eo Jesu a ileng a bua ka yona e ba tswetseng molemo?

12 Ka Pentakonta ya 33, Jehova o ile a tlotsa baapostola, banna le basadi ba bang ba tshepahalang ka moya o halalelang. O ile a ba nka e le bara ba hae, e le hore nakong e tlang ba ka tsosetswa lehodimong ho ya busa le Jesu. (Bar. 8:2, 15-17) Bana ebile batho ba pele ba ileng ba fumana molemo tokolohong eo Jesu a ileng a bua ka yona, ha a ne a le synagogeng e Nazaretha. Banna le basadi bana, e ne ese e se makgoba a dithuto tsa bohata tsa baetapele ba bodumedi ba Bajuda le ditlwaelo tsa bona tse neng di sa thehwa Lentsweng la Modimo. Jehova o ne a boetse a ba nka ba lokolohile sebeng se neng se ka qetella ka lefu. Tokisetso ya Jehova ya ho tsosolosa tokoloho, e ile ya qala ka selemo sa 33 ha a ne a tlotsa balatedi ba Kreste mme e tla fela qetellong ya Puso ya Dilemo Tse Sekete ya Jesu. Jwale ke dintho dife tse molemo tse tla etsahala ho tloha hona jwale ho fihlela qetellong ya puso eo?

TOKOLOHO BAKENG SA BATHO BA BANG BA DIMILIONE

13, 14. Ke bomang hape ba ka fumanang tokoloho eo Jesu a buileng ka yona, ntle ho batlotsuwa?

13 Kajeno batho ba dimilione ba tshepahalang ba tswang dinaheng tsohle, ke ba “dinku tse ding.” (Joh. 10:16) Bona ha ba a kgethelwa ho ilo busa le Jesu lehodimong. Ho ena le hoo, Bibele e re ba na le monyetla wa ho phela ka ho sa feleng lefatsheng. Na le wena o e mong wa bona?

14 Le hona jwale o ntse o fumana tse ding tsa ditlhohonolofatso tse thabelwang ke batho bao e ilo ba karolo ya Mmuso wa Modimo wa lehodimo. Ka lebaka la hobane o na le tumelo sehlabelong sa Jesu, o ka kopa Jehova hore a o tshwarele dibe. Ka hoo, o tla amohelwa ke Modimo mme seo se tla etsa hore o be le kgotso. (Baef. 1:7; Tšen. 7:14, 15) Nahana hape ka ditlhohonolofatso tseo o di thabelang ka lebaka la ho lokollwa dithutong tsa bohata. Jesu o ile a re: “Le tla tseba nnete, mme nnete e tla le lokolla.” (Joh. 8:32) Ke ho thabisang hakaakang hore ebe re lokolohile ka tsela ena.

15. Re ka lebella tokoloho le ditlhohonolofatso dife nakong e tlang?

15 O ka lebella tokoloho e felletseng nakong e tlang. Haufinyane, Jesu o tla fedisa bodumedi ba bohata le mebuso ya batho e kgopo. Modimo o tla sireletsa ba “bongata bo boholo” ba mo sebeletsang mme a etse hore ba thabele ditlhohonolofatso tse tla ba teng lefatsheng la paradeise. (Tšen. 7:9, 14) Ho tla tsoswa batho ba bangata mme ba be le monyetla wa ho lokollwa diphellong tsa sebe sa Adama.​—Lik. 24:15.

16. Batho ba tla fumana tokoloho efe e thabisang nakong e tlang?

16 Nakong ya Puso ya Dilemo Tse Sekete, Jesu le babusimmoho le yena, ba tla thusa batho hore ba phethahale le ho ba le kamano e phethahetseng le Modimo. Nako ena ya tsosoloso le ya tokollo, e tla tshwana le Jubile ya mehleng ya Iseraele. Ka hoo, sena se bolela hore batho bohle ba sebeletsang Jehova ka botshepehi, ba tla phethahala ka ho felletseng mme ba ke ke ba hlola ba etsa sebe.

Lefatsheng le letjha re tla thabela ho etsa mosebetsi o kgotsofatsang (Sheba serapa sa 17)

17. Ho ya ka Esaia 65:21-23, ho tla etsahalang ka bahlanka ba Modimo? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

17 Esaia 65:21-23 e profetile ka moo bophelo bo tla bang ka teng lefatsheng. (E bale.) Ka nako eo, ha ho bolele hore re tla ba batho ba botswa kapa ha re na etsa letho. Empa Bibele e bontsha hore bahlanka ba Modimo ka nako eo, ba tla be ba etsa mosebetsi o kgotsofatsang. Qetello ya Puso ya Dilemo Tse Sekete, re ka kgodiseha hore “popo le yona e tla lokollwa bokgobeng ba ho bola mme e be le tokoloho e kganyang ya bana ba Modimo.”​—Bar. 8:21.

18. Re kgodiswa keng hore re tla thabela bophelo nakong e tlang?

18 Jwalo ka ha Jehova a ile a etsa tokisetso ya hore Baiseraele ba be le nako ya ho sebetsa le ya ho phomola, o tla etsa se tshwanang ho bahlanka ba hae nakong ya Puso ya Dilemo Tse Sekete ya Kreste. Ka hoo lefatsheng le letjha, re tla ba le nako ya ho rapela Modimo ka ha sena se a hlokahala e le hore re thabe. Ka nako eo, batho bohle ba tshepahalang ba tla thaba nakong ya Puso ya Dilemo Tse Sekete ya Kreste, hobane kaofela re tla be sebeletsa Modimo mme re ena le mosebetsi o kgotsofatsang.

PINA YA 142 Ho Tshwarella ka Tiyo Tshepong ya Rona

^ par. 5 Jehova o ile a etsa tokisetso e kgethehileng ya hore Baiseraele ba fumane tokoloho. E ne e le Jubile. Le hoja re se tlasa molao oo Modimo a neng a o file Moshe, empa ke ha bohlokwa hore re ithute ka Jubile. Sehloohong sena, re tlo ithuta ka moo Jubile ya mehleng ya Baiseraele e re hopotsang ntho eo Jehova a re etseditseng yona le ka moo re ka ruang molemo ho yona ka teng.

^ par. 61 SETSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Ka selemo sa Jubile, banna bao e neng e le makgoba, ba ne ba lokollwa hore ba kgutlele malapeng le ditsheng tsa bona.