Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Mabapi le Ntho e Nngwe le e Nngwe le Lebohe”

“Mabapi le Ntho e Nngwe le e Nngwe le Lebohe”

NA o motho ya lebohang? Kaofela re lokela ho ipotsa potso ena. Bibele e boletse hore mehleng ya rona, batho e tla ba “ba se nang teboho.” (2 Tim. 3:⁠2) Mohlomong o tseba batho ba lebelletseng hore batho ba bang ba ba fe le ho ba etsetsa dintho tse itseng. Ebile ba utlwa ho sa hlokahale hore ba lebohe ha ba fuwa dintho. Na o thabela ho ba hara batho ba jwalo?

Ho fapana le seo, bahlanka ba Jehova ba kgothalletswa hore ba ‘iponahatse e le ba lebohang.’ Ka hoo “mabapi le ntho e nngwe le e nngwe [re] lebohe.” (Bakol. 3:15; 1 Bathes. 5:18) Haele hantle, ho ba batho ba lebohang ho re tswela molemo. Ho na le mabaka a mangata a hore na ke hobaneng ha sena se le molemo.

HO LEBOHA HO TLA O THABISA

Lebaka la bohlokwa leo ka lona re lokelang ho ba batho ba lebohang, ke hobane ho re thusa hore re thabe. Ha motho a o leboha ha o mo fa ntho e itseng o a thaba mme le yena ka tsela e tshwanang o a thaba. Ke hobaneng ha ho leboha ho thabisa rona le batho ba bang? Ka mohlala, ha batho ba bang ba ithaopetse ho o etsetsa ntho e itseng, na seo ha se etse hore o ikutlwe o le motho wa bohlokwa? Sena se bontsha hore ba a o kgathalla mme ha o hlokomela seo o a thaba. Ho ka etsahala hore ebe Ruthe o ile a ikutlwa jwalo ha Boaze a ne a mo bontsha mosa. Ha ho pelaelo hore o ile a thaba haholo, ha a bona hore ho na le motho ya mo kgathallang.​—Ruthe 2:10-13.

Ha bohlokwa le ho feta re tshwanetse ho leboha Modimo. Ha ho pelaelo hore ka dinako tse ding, o nahana ka dintho tseo Modimo a fanang ka tsona le tseo a ntseng a tswela pele ho fana ka tsona. (Deut. 8:17, 18; Lik. 14:17) Ka hoo, iphe nako ya ho nahanisisa ka ditlhohonolofatso tseo Modimo a o fileng tsona le tseo a di fileng batho bao o ba ratang. Ho nahanisisa ka mosa wa Mmopi wa rona, ho tla etsa hore o mo ananele le ho elellwa ka moo a o ratang le ho o ananela ka teng.​—1 Joh. 4:9.

Re lokela ho nahanisisa ka dintho tseo Jehova a re fang tsona, re be re mo lebohe. (Pes. 100:4, 5) Buka e nngwe ha e bua ka ho leboha, e ile ya re: “Ho leboha batho ba bang ho etsa hore batho ba thabe le ho feta.”

HO ANANELA HO ETSA HORE BATHO BA MOMAHANE

Lebaka le leng leo re lokelang ho ba batho ba ananelang ka lona, ke hobane seo se etsa hore setswalle sa rona le batho ba bang se be matla. Kaofela ha rona re hloka ho ananelwa. Ha o leboha motho hobane a entse ntho e itseng e molemo, setswalle sa lona se tla matlafala. (Bar. 16:3, 4) Ho feta moo, hangata batho ba ananelang, ba rata ho thusa batho ba bang. Ba a hlokomela ha ba bontshwa mosa mme sena se etsa hore le bona ba be mosa ho batho ba bang. Ka nnete ho thusa batho ba bang ho a thabisa. Ho tshwana hantle le ha Jesu a ne a re: “Ho fana ho tlisa thabo e kgolo ho feta ho amohela.”​—Lik. 20:35.

E mong wa batsamaisi ba Yunivesithi ya California e leng Robert Emmons, ha a bua ka ho ananela o ile a re: “E le hore re be batho ba ananelang, re lokela ho utlwisisa hore re le batho re a hlokana. Ka dinako tse ding re a fana ha ka tse ding re fuwa.” Ntlha ke hore ka ditsela tse itseng, ho itshetlehile ka batho ba bang hore re phele re be re thabele bophelo. Ka mohlala, ba ka re fa dijo kapa ba re thusa ha re kula. (1 Bakor. 12:21) Motho ya nang le teboho o bontsha kananelo ha batho ba bang ba mo etsetsa dintho tse itseng. Na o se o itlwaeditse ho bontsha kananelo ha batho ba bang ba o etsetsa dintho?

HO ANANELA HO ETSA HORE RE NAHANE KA DINTHO TSE MOLEMO

Lebaka le leng leo re lokelang ho leka ho ba batho ba ananelang ka lona, ke hobane ho re thusa hore re nahane ka dintho tse molemo e seng tse re nyahamisang. Ka tsela e itseng kelello ya rona e sebetsa jwalo ka sefe. E re thusa hore re amehe ka dintho tse itseng tse re potapotileng ha ka lehlakoreng le leng, e re thibela ho nahana ka tse ding. Ka mantswe a mang, e re thusa hore re se ke ra ameha ka mathata empa re nahane ka dintho tse molemo. Ha o tswela pele ho ba motho ya ananelang, o tla bona dintho tse molemo le ho feta e leng se tla etsa hore o ananele le ho feta. Ha o sheba dintho tseo o ka di lebohelang, seo se tla o thusa hore o etse seo moapostola Pauluse a se kgothalleditseng ha a re: “Ka mehla thabang Moreneng.”​—Bafil. 4:4.

Ho ananela ho re thusa hore re se ke ra nyahama. Ha ho kgonehe hore motho a ananele ha ka nako e tshwanang a le mona, a hloname kapa a kwatile. Batho ba ananelang, ha ba rate tjhelete kapa dintho tseo e di rekang. Empa ba kgotsofalla dintho tseo ba nang le tsona ebile ha ba leke ho fumana tse eketsehileng.​—⁠Bafil. 4:⁠12.

NAHANA KA DITLHOHONOLOFATSO TSA HAO

Re a tseba hore Satane a ka thabela ho bona ha Bakreste ba utlwile bohloko le ho nyahamiswa ke mathata a ba hlahelang matsatsing ana a ho qetela. A ka thaba ha a ka bona re le batho ba tletlebang ka ntho e nngwe le e nngwe. Ha o le motho ya jwalo, ho ka ba thata hore batho ba o mamele ha o ba bolella ditaba tse molemo. Haele hantle, ho ananela ho tsamaisana le tholwana ya moya wa Modimo. Ka mohlala, re thabiswa ke ho bona dintho tse molemo tseo Modimo a re fileng tsona ebile re na le tumelo ditshepisong tsa hae.​—Bagal. 5:22, 23.

Ka ha o mohlanka wa Jehova, ho ka etsahala hore ebe o dumellana le dintlha tseo sehlooho sena se buang ka tsona mabapi le ho ananela. Ho ntse ho le jwalo, o bona ho le thata hore o be motho ya dulang a leboha le ya bonang dintho tse molemo. O se ke wa dumella sena ho o nyahamisa hobane o ka kgona ho ba motho ya ananelang. Jwang? Letsatsi le leng le le leng, nahana ka dintho tseo o ka di lebohang bophelong. Ha o etsa sena, ho tla itlela feela hore o be motho ya lebohang. Ebile o tla thaba le ho feta batho ba dulang ba nahanne ka mathata a bona. Ka hoo, nahana ka dintho tse molemo tseo Modimo le batho ba bang ba di etsang ho o kgothatsa le ho etsa hore o thabe. Mohlomong o ka ba le buka eo ho yona o ngolang dintho tseo o batlang ho di leboha letsatsi le letsatsi.

Bafuputsi ba ile ba fumana hore ha re dula re leboha batho ba bang, sena se tla fetola tsela eo boko ba rona bo sebetsang ka yona mme ho tla ba bonolo hore re thabe. Motho ya ananelang o dula a thabile. Ka hoo, nahana ka ditlhohonolofatso tseo o nang le tsona, thabela dintho tse molemo tse etsahalang bophelong ba hao mme o dule o leboha. Ho ena le hore o nke dintho ha bobebe, dula o ‘leboha Jehova, ka ha o molemo.’ Ka nnete “mabapi le ntho e nngwe le e nngwe [re] lebohe.”​—1 Likron. 16:34; 1 Bathes. 5:18.