Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na o sa Hopola?

Na o sa Hopola?

Na o ka araba dipotso tse latelang tse thehilweng ho Tora ya ho Lebela ya 2019?

Keng se bolelwang ke tshepiso ena ya Modimo: “Sebetsa le ha e le sefe se tla etswa kgahlanong le wena se ke ke sa atleha”? (Esa. 54:17)

Re ka kgodiseha hore Modimo o tla re sireletsa ha dira tsa rona tse tshwanang le “pudulo ya bahatelli,” di leka ho re hlasela. (Esa. 25:4, 5) Dira tsa rona di ke ke tsa atleha ho re ntsha kotsi.​—w19.01, leq. 6-7.

Tsela eo Modimo a ileng a tshwara Bakanana le Baiseraele ba neng ba sa laolehe e ne e bontsha toka ya hae jwang?

Modimo o ile a ahlola ba neng ba hlekefetsa basadi le bana. Ka lehlakoreng le leng, o ne a hlohonolofatsa bahlanka ba hae haeba feela ba ne ba dula ba mo tshepahalla ba bile ba tshwarana ka toka.​—w19.02, leq. 22-23.

Keng seo re lokelang ho se etsa haeba ho etsahala hore re be teng ha motho eo e seng Paki ya Jehova a rapela?

Re lokela ho thola mme re etse seo ka tlhompho empa ha re a lokela hore “amen” kapa hona ho tshwarana le ba bang ka matsoho nakong ya thapelo eo. Re ka nna ra iketsetsa thapelo ya rona ka pelong.​—w19.03, leq. 31.

Tlhekefetso ya bana e tebile hakae?

Tlhekefetso ya bana ke sebe kgahlanong le lehlatsipa, phutheho, molao wa naha le Modimo. Ha molao wa naha o re tlhekefetso e lokela ho tlalehwa, baholo ba mamela seo.​—w19.05, leq. 9-10.

O ka fetola kapa wa ntlafatsa matla a susumetsang kelello ya hao jwang?

Mehato ya bohlokwa ke ena: Bua le Jehova. Nahanisisa ka sepheo sa ho itlhahloba. Kgetha metswalle e nepahetseng.​—w19.06, leq. 11.

Keng seo re lokelang ho se etsa hona jwale e le hore re itokisetse mahloriso?

Re lokela ho matlafatsa kamano ya rona le Jehova mme re tshepe hore a ke ke a re lahla. Re rapele le ho bala Bibele ka mehla. Kgodiseha hore dintho tseo Modimo a re tshepisang tsona ka Mmuso wa hae di tla phethahala. Tshwarella Mangolo le dipina tseo o di ratang ka hlooho.​—w19.07, leq. 2-4.

Keng seo re ka se etsang ho thusa ba malapa a rona hore ba pholohe?

Ke ha bohlokwa hore re ipehe boemong ba bona, re ba behele mohlala o motle mme re be le mamello hape re be mosa.​—w19.08, leq. 15-17.

Ke jwang re kgathollwang ho ya ka tshepiso ya Jesu e ho Matheu 11:28?

Re na le balebedi, metswalle le mosebetsi o molemo.​—w19.09, leq. 23.

Ke jwang Jehova a ka etsang hore re rate hape re be le matla a ho sebetsa? (Bafil. 2:13)

Ha re bala Lentswe la Modimo mme re nahanisisa ka lona, o tla re matlafatsa, a etse hore re rate ho etsa thato ya hae hape re be le matla a ho sebetsa. Moya wa hae o halalelang o ka matlafatsa bokgoni boo re nang le bona.​—w19.10, leq. 21.

Ke mehato efe eo re lokelang ho e nka pele re etsa qeto?

Mehato eo e mehlano ke: Etsa dipatlisiso. Rapella matla a ho phetha qeto ya hao. Hlahloba mabaka ao o entseng qeto ka ona. Tseba dintho tseo o batlang ho di finyella. Sheba dintho ka tsela ya sebele.​—w19.11, leq. 27-29.

Na thuto ya hore motho o na le moya o sa shweng etswa ho seo Satane a ileng a se bolella Eva?

Ha ho jwalo. Satane ha a ka a bolella Eva hore e tla ka o shwele empa o ile a mo bolella hore a ke ke a shwa. Ha ho thuto le ha e le efe ya bodumedi ba bohata e ileng ya pholoha Morwallo. Ho ka etsahala hore tumelo ena ya hore motho o na le moya o sa shweng, e ile ya qala pele Modimo a hasanya batho ba neng ba haha tora ya Babele.​—w19.12, leq. 15.