Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dipotso Tse Tswang Ho Babadi

Dipotso Tse Tswang Ho Babadi

Ha Satane a ne a bolella Eva hore o ne a ke ke a shwa ha a ka ja sefate sa tsebo ya botle le bobe, na o ne a bua ka thuto e tlwaelehileng kajeno ya hore moya ha o shwe?

Ha ho jwalo. Satane ha a ka a re ho Eva haeba a ka ja tholwana eo Modimo a itseng ba se ke ba e ja, mmele wa hae o tla shwa empa karolo e itseng e sa bonahaleng (eo batho ba bang ba reng ke moya o sa shweng) e tla tswela pele e phela sebakeng se itseng. Satane o ile a sebedisa noha mme a bolella Eva hore haeba a ka ja tholwana ya sefate seo, ‘ka sebele a ke ke a shwa.’ O ne a bolela hore o tla tswela pele a phela ha monate mona lefatsheng, a sa hloke thuso ya Modimo.​—Gen. 2:17; 3:3-5.

Haeba thuto ena ya bohata e tsebahalang kajeno ya hore moya ha o shwe, ha e ya qala Edene, jwale e qadile ho kae? Ha re tsebe empa seo re se tsebang ke hore, bodumedi bohle ba bohata bo ile ba fediswa ka Morwalo wa mehleng ya Noe. Ha ho thuto le ha e le efe ya bodumedi ba bohata e ileng ya pholoha Morwallo, hobane Noe le lelapa la hae ene e le barapedi ba Jehova mme ke bona feela ba ileng ba pholoha.

Ka hoo, thuto ya hore moya wa motho ha o shwe, e tlameha ebe e ile ya qala ka mora Morwallo. Ha Modimo a ne a ferekanya dipuo Babele, batho ba ile ba hasana “lefatsheng lohle ho tloha moo.” Ha ho pelaelo hore ba ile ba hasana jwalo, ba ena le maikutlo a hore motho o na le moya o sa shweng. (Gen. 11:8, 9) Ho sa tsotellehe hore na thuto ena ya bohata e qadile neng, re ka kgodiseha hore Satane Diabolose e leng “ntate wa leshano,” ke yena ya e susumeditseng mme o ile a thaba haholo ha a bona e tlala lefatsheng lohle.​—Joh. 8:44.