Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 49

“Ho na le Nako e Behilweng” Bakeng sa ho Sebetsa le ho Phomola

“Ho na le Nako e Behilweng” Bakeng sa ho Sebetsa le ho Phomola

“Tloong . . . sebakeng se ka thoko mme le phomole hanyenyane.”​—MAR. 6:31.

PINA YA 143 Dulang le Sebetsa le Bile le Letile

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Batho ba bangata ba ikutlwa jwang ka mosebetsi?

BATHO ba bangata sebakeng seo o dulang ho sona ba ikutlwa jwang ka mosebetsi? Dinaheng tse ngata, batho ba sebetsa ka thata ebile ba sebetsa dihora tse ngata ho feta le ha e le neng pele. Batho ba sebetsang ho feta tekano, hangata ha ba na nako ya ho phomola, ya ho ba le ba lelapa kapa ya ho ithuta ka Modimo. (Moek. 2:23) Ka lehlakoreng le leng, batho ba bang ha ba batle ho sebetsa mme ba fana ka mabaka a hore ba se ke ba sebetsa.​—Liprov. 26:13, 14.

2, 3. Jehova le Jesu ba re behetse mehlala efe mabapi le mosebetsi?

2 Ho fapana le batho ba bangata kajeno bao e leng hore ba sebetsa ho feta tekano kapa ba botswa, nahana ka moo Jehova le Jesu ba ikutlwang ka teng ka mosebetsi. Re a tseba hore Jehova o rata ho sebetsa. Jesu o ile a hlakisa sena ha a re: “Ntate o nnile a tswela pele ho sebetsa ho fihlela jwale, le nna ke tswela pele ho sebetsa.” (Joh. 5:17) Ka hoo, nahana ka mosebetsi wohle oo Jehova a ileng a o etsa ha a ne a bopa mangeloi a senang palo, dinaledi le dipolanete. Re boetse re bona botle ba dintho tseo Jehova a di bopileng tse teng mona lefatsheng. Ke ka hoo mongodi e mong wa pesaleme a ileng a re: “Mesebetsi ya hao e mengata hakaakang! Kaofela ha yona o e entse ka bohlale. Lefatshe le tletse dihlahiswa tsa hao.”​—Pes. 104:24.

3 Jesu o ile a etsisa Ntate wa hae. O ile a thusa Modimo ha a ne a “lokisetsa mahodimo” mme o ne a sebetsa le yena e le “mosebetsi ya hlwahlwa.” (Liprov. 8:27-31) Ha morao ha Jesu a se a le lefatsheng, o ile a etsa mosebetsi o tswileng matsoho. Mosebetsi oo o ne o tshwana le dijo ho yena mme sohle seo a neng a se etsa se ne se bontsha hore o ronngwe ke Modimo.​—Joh. 4:34; 5:36; 14:10.

4. Re ka ithutang ho Jehova le Jesu ka ho phomola?

4 Na mehlala eo Jehova le Jesu ba re behetseng yona mabapi le ho sebetsa ka thata, e bolela hore ha re hloke ho phomola? Ha ho jwalo. Ke nnete hore ha ho hlokahale hore Jehova a phomole ka ha ha ho mohla a kgathalang. Le ha ho le jwalo, Bibele e re ka mora hore Jehova a bope mahodimo le lefatshe, o ile “a phomola.” (Ex. 31:17) Sena se bolela hore Jehova o ile a emisa ka mosebetsi wa ho bopa mme a ipha nako ya ho thabela dintho tseo a seng a di bopile. Le hoja Jesu a ne a sebetsa ka thata ha a ntse a le lefatsheng, o ne a ipha nako ya ho phomola le ho thabela dijo le metswalle ya hae.​—Mat. 14:13; Luka 7:34.

5. Ke bothata bofe boo bahlanka ba Modimo ba kopanang le bona?

5 Bibele e kgothalletsa bahlanka ba Modimo hore ba thabele ho sebetsa. Ka hoo, e lokela hoba batho ba sebetsang ka thata eseng ba be botswa. (Liprov. 15:19) Mohlomong o a sebetsa e le hore o hlokomele lelapa la hao. Le ha ho le jwalo, barutuwa bohle ba Kreste ba na le boikarabelo ba ho bolela ditaba tse molemo. Ho ntse ho le jwalo, ho hlokahala hore o phomole ka ho lekaneng. Na ka dinako tse ding ho ba thata hore o be le nako e lekaneng ya ho sebetsa, ya ho ya tshimong le ya ho phomola? Re ka tseba jwang hore re lokela ho sebetsa le ho phomola nako e kae?

TSEBA NAKO YA HO SEBETSA LE YA HO PHOMOLA

6. Mareka 6:30-34, e bontsha jwang hore Jesu o ne a tseba nako ya ho sebetsa le ya ho phomola?

6 Ke ha bohlokwa hore re tsebe nako e loketseng ya ho sebetsa. Morena Solomone o ile a susumelletswa ho ngola mantswe ana a reng: “Ho na le nako e behilweng bakeng sa . . . taba e nngwe le e nngwe.” O ile a bua ka ho lema, ho haha, ho lla, ho tsheha, ho tantsha le dintho tse ding. (Moek. 3:1-8) Ho hlakile hore dintho tse pedi tsa bohlokwa bophelong, ke ho sebetsa le ho phomola. Ka hoo, Jesu o ne a tseba nako ya ho sebetsa le ya ho phomola. Ka letsatsi le leng, baapostola ba ne ba amehile haholo ka mosebetsi wa boboledi hoo ba neng “ba se na nako ya phomolo esita le ya ho ja dijo.” Ke ka lebaka leo Jesu o ileng a re ho bona: “Tloong boinotshing sebakeng se ka thoko mme le phomole hanyenyane.” (Bala Mareka 6:30-34.) Le hoja Jesu le barutuwa ba hae ba ne ba sa kgone ho phomola ka moo ba neng ba batla ka teng, empa Jesu o ne a tseba hore ba hloka ho phomola.

7. Ho ithuta ka molao wa Sabatha ho tla re thusa jwang?

7 Ka dinako tse ding re hloka ho phomola kapa ho fetola tsela eo re etsang dintho ka yona. Tokisetso ya bohlokwa eo Jehova a ileng a e etsetsa bahlanka ba hae ba mehleng ya kgale, ke ya hore ba boloke letsatsi la Sabatha. Le hoja re se tlasa molao oo Modimo a neng a o file Moshe, empa re ka fumana molemo ha re ithuta ka seo o se buang ka Sabatha. Seo re ka ithutang sona molaong ona, se ka re thusa hore re tsebe nako ya ho sebetsa le ya ho phomola.

SABATHA E NE E LE NAKO YA HO PHOMOLA LE YA HO RAPELA

8. Ho ya ka Exoda 31:12-15, Sabatha e ne e le letsatsi la ho etsang?

8 Bibele e re ka mora “matsatsi” a tsheletseng, Modimo o ile a emisa ka mosebetsi wa ho bopa dintho lefatsheng. (Gen. 2:⁠2) Le ha ho le jwalo, Jehova o rata ho sebetsa mme “o nnile a tswela pele ho sebetsa” ka ditsela tse ding. (Joh. 5:​17) Jwalo ka ha Lengolo la Genese le bontsha hore Jehova o ile a sebetsa ka matsatsi a tsheletseng mme a phomola ka letsatsi la bosupa, ka tsela e tshwanang o ile a laela Baiseraele hore ba phomole ka letsatsi le leng le le leng la bosupa. Modimo o ile a re Sabatha ke pontsho ya kamano e kgethehileng eo a neng a ena le yona le Baiseraele. E ne e le letsatsi la “phomolo e felletseng . . . , ntho e halalelang ho Jehova.” (Bala Exoda 31:12-15.) Sena se ne se bolela hore ha ho na motho ya neng a lokela ho sebetsa esita le bana, makgoba kapa diphoofolo tse ruilweng. (Ex. 20:10) Ka hoo, letsatsi la Sabatha le ne le fa batho monyetla wa ho ithuta ka Modimo ka ho eketsehileng.

9. Mehleng ya Jesu batho ba bang ba ne ba ena le maikutlo afe a fosahetseng ka letsatsi la Sabatha?

9 Letsatsi la Sabatha le ne le tswela bahlanka ba Modimo molemo. Empa baetapele ba bodumedi ba mehleng ya Jesu, ba ne ba fetelletsa melao e amanang le letsatsi lena. Ba ne ba re ke tlolo ya molao ho kga dijothollo kapa ho fodisa motho ya kulang ka letsatsi la Sabatha. (Mar. 2:23-27; 3:2-5) Empa maikutlo ana a bona a ne a le kgahlanong le a Modimo mme Jesu o ile a hlakisa sena hantle ho batho ba neng ba mo mametse.

Lelapa labo Jesu le ne le sebedisa letsatsi la Sabatha ho rapela Modimo (Sheba serapa sa 10) *

10. Matheu 12:9-12, e re rutang ka tsela eo Jesu a neng a ikutlwa ka yona ka Sabatha?

10 Jesu le balatedi ba hae ba Bajuda, ba ne ba boloka Sabatha hobane ba ne ba le tlasa molao oo Modimo a neng a o file Moshe. * Empa Jesu o ile a bua le ho etsa dintho tse ngata tse neng di bontsha hore, ho ne ho se phoso ho ba mosa le ho thusa batho ba bang ka letsatsi la Sabatha. O ile a hlakisa sena ka hore: “Ho dumellwa ke molao ho etsa ntho e ntle ka Sabatha.” (Bala Matheu 12:9-12.) Dintho tseo Jesu a neng a di etsa, di ne di bontsha hore o utlwisisa lebaka la hore na ke hobaneng ha Modimo a ile a bolella bahlanka ba hae hore ba phomole ka letsatsi la Sabatha. Ka ha ka letsatsi leo bahlanka ba Modimo ba ne ba sa sebetse, ba ne ba eba le nako ya ho rapela Jehova. Ho ka etsahala hore ebe Jesu o holetse lelapeng le neng le sebedisa letsatsi la Sabatha ho atamela haufi le Modimo. Re tseba sena ka lebaka la seo re se balang ka Jesu ha a ne a le motseng wa habo wa Nazaretha. Luka o ile a re ka yena: “Ho ya ka tlwaelo ya [Jesu] ka letsatsi la Sabatha, a kena ka synagogeng, mme a ema hore a bale.”​—Luka 4:15-19.

O IKUTLWA JWANG KA MOSEBETSI?

11. Ke mang ya behetseng Jesu mohlala o motle mabapi le mosebetsi?

11 Josefa o ile a ruta Jesu ho ba mmetli wa mapolanka le ka moo Jehova a ikutlwang ka teng ka mosebetsi. (Mat. 13:55, 56) E ka nna ya ba Jesu o ne a bona ha Josefa a sebetsa ka thata letsatsi le letsatsi e le hore a hlokomele lelapa la hae le leholo. Ha morao Jesu o ile a re ho barutuwa ba hae: “Mosebetsi o tshwanelwa ke moputso wa hae.” (Luka 10:7) Ka nnete Jesu o ne a tseba ho sebetsa ka thata.

12. Ke mangolo afe a bontshang seo Bibele e se buang mabapi le ho sebetsa ka thata?

12 Moapostola Pauluse le yena o ne a tseba ho sebetsa ka thata. Mosebetsi wa hae o ka sehloohong e ne e le ho bolella batho ka Jesu le ka dintho tseo a di rutileng. Ho ntse ho le jwalo, Pauluse o ne a sebetsa e le hore a iphedise. Bakreste ba Thesalonika ba ne ba hlokomela ho ‘sebetsa le ho sehla’ ha hae “bosiu le motshehare,” e le hore a se ke a “imetsa le ha e le mang. . . ka morwalo o ditshenyehelo di boima.” (2 Bathes. 3:8; Lik. 20:34, 35) Ha Pauluse a ngola ka mosebetsi wa hae, e ka nna ya ba o ne a bua ka ho etsa ditente. Ha a ne a le Korinthe, o ne a dula ha Aquila le Priscilla mme a sebetsa le bona “ka ha e ne e le baetsi ba ditente ka mosebetsi.” Ha Pauluse a ne a re o ne a sebetsa “bosiu le motshehare,” o ne a sa bolele hore ha a phomole. Empa o ne a phomola ka letsatsi la Sabatha. Ka hoo, o ne a sebedisa letsatsi leo e le monyetla wa ho bolella Bajuda ditaba tse molemo ka ha le bona ba ne ba sa sebetse ka letsatsi leo.​—Lik. 13:14-16, 42-44; 16:13; 18:1-4.

13. Re ithutang mohlaleng wa Pauluse?

13 Moapostola Pauluse o re behetse mohlala o motle. Le hoja a ne a sebetsa, o ne a etsa bo nnete ba hore o kopanela ka mehla “mosebetsing o halalelang wa ditaba tse molemo tsa Modimo.” (Bar. 15:16; 2 Bakor. 11:23) O ile a kgothalletsa batho ba bang hore ba etse se tshwanang. Aquila le Priscilla e ne e le “basebetsimmoho le [yena] ho Kreste Jesu.” (Bar. 12:11; 16:3) Pauluse o ile a kgothalletsa Bakreste ba Korinthe hore ba be le ho ‘hongata hoo ba ka ho etsang mosebetsing wa Morena.’ (1 Bakor. 15:58; 2 Bakor. 9:8) Jehova o ile a boela a susumetsa moapostola Pauluse hore a ngole a re: “Haeba mang kapa mang a sa batle ho sebetsa, le ho ja a se ke a ja.”​—2 Bathes. 3:10.

14. Mantswe a Jesu a ho Johanne 14:​12, a bolelang?

14 Mosebetsi wa bohlokwa matsatsing ana a ho qetela, ke wa ho bolela ditaba tse molemo le ho etsa barutuwa. Ha e le hantle, Jesu o ile a bolela hore barutuwa ba hae ba ne ba tla etsa mosebetsi o moholo ho feta wa hae. (Bala Johanne 14:12.) Empa o ne a sa bolele hore re tla etsa mehlolo jwalo ka yena. Ho ena le hoo, balatedi ba hae ba ne ba tla bolela le ho ruta batho ba bangata, dibakeng tse ngata le ka nako e telele ho mo feta.

15. Re lokela ho ipotsa dipotso dife, hona hobaneng?

15 Haeba o a sebetsa ipotse dipotso tse latelang: ‘Na ke tsebahala ke le motho ya sebetsang ka thata? Na ke qeta mosebetsi wa ka ka nako le ho etsa sohle seo nka se kgonang ho ona?’ Haeba karabo ya hao dipotsong tsena ke eya, mohiri wa hao a ka o tshepa. Ebile batho bao o sebetsang le bona ba ka nna ba thabela ho mamela ditaba tse molemo. Ha re tla mosebetsing wa ho bolela le ho etsa barutuwa, ipotse dipotso tsena: ‘Na ke tsebahala ke le motho ya sebetsang ka thata ha ke le tshimong? Na ke lokisetsa hantle ha ke ya tshimong? Na ke kgutlela ho batho ba thabelang molaetsa wa Bibele ka pele? Na ke kopanela dikarolong tse ding tsa tshebeletso?’ Haeba karabo ya hao dipotsong tsena ke eya, o tla thabela tshebeletso ya hao.

O IKUTLWA JWANG KA HO PHOMOLA?

16. Maikutlo a Jesu le a baapostola ba hae ka ho phomola, a fapana jwang le a batho ba bangata kajeno?

16 Jesu o ne a tseba hore ka dinako tse ding, yena le baapostola ba hae ba ne ba hloka ho phomola. Le ha ho le jwalo, batho ba bangata mehleng eo le ena, ba tshwana le monna ya ruileng eo Jesu a buileng ka yena mohlaleng wa hae. Monna eo o ile a ipolella a re: “Kgatholoha, o je, o nwe, o ithabise.” (Luka 12:19; 2 Tim. 3:4) O ne a nahana hore dintho tsa bohlokwa bophelong ke ho phomola le ho ikgotsofatsa. Ho fapana le hoo, Jesu le baapostola ba hae ba ne ba sa nke ntho ya bohlokwa bophelong, e le ho ikgotsofatsa.

Ho tseba nako ya ho sebetsa le ya ho phomola ho tla re fa monyetla wa ho etsa mesebetsi e re kgathollang (Sheba serapa sa 17) *

17. Re sebedisa nako eo re sa yang mosebetsing ka yona jwang?

17 Re leka ho etsisa Jesu ka ho sebedisa nako eo re sa yang mosebetsing ka yona ho bolella batho ditaba tse molemo, ho ya dibokeng le ho phomola. Ha e le hantle, re nka mosebetsi wa ho etsa barutuwa le ho ya dibokeng, e le dintho tsa bohlokwa hoo re etsang sohle seo re ka se kgonang ho kopanela ho tsona. (Baheb. 10:24, 25) Esita le ha re ile matsatsing a phomolo, re tswela pele ho ya dibokeng hohle moo re leng teng. Hape re leka ho batla menyetla ya ho bua le batho ka Bibele.​—2 Tim. 4:2.

18. Morena wa rona Jesu Kreste o batla hore re etseng?

18 Ka nnete re ananela hore ebe Morena wa rona Jesu Kreste ha a lebella hore re etse se fetang seo re ka se kgonang. Hape o re thusa ho tseba nako ya ho sebetsa le ya ho phomola. (Baheb. 4:15) O batla hore re phomole ka ho lekaneng. O boetse o batla hore re sebetse ka thata ho iphedisa le ho kopanela mosebetsing o thabisang wa ho etsa barutuwa. Sehloohong se latelang, re tla tshohla seo Jesu a ileng a se etsa ho re pholosa bokgobeng bo sehloho.

PINA YA 38 O Tla le Matlafatsa

^ par. 5 Bibele e re ruta hore na ke jwang re ka bang le nako ya ho sebetsa le ya ho phomola. Sehloohong sena, ho tla sebediswa Sabatha eo Baiseraele ba neng ba lokela ho e boloka beke le beke, e le mohlala ho re thusa ho ba le maikutlo a nepahetseng ka ho sebetsa le ho phomola.

^ par. 10 Barutuwa ba Jesu ba ne ba hlompha molao wa Sabatha hoo ba ileng ba emisa ka ditlhophiso tsa lepato la Jesu ho fihlela letsatsi leo le fetile.​—Luka 23:55, 56.

^ par. 55 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Josefa o ya le lelapa la hae synagogeng ka letsatsi la Sabatha.

^ par. 57 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Ntate ya sebetsang e le hore a hlokomele lelapa la hae, o sebedisa nako eo a sa yeng mosebetsing ka yona ho etsa mesebetsi e amanang le Mmuso le ha a le matsatsing a phomolo le lelapa la hae.