Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 51

O Tseba Jehova Hantle Hakae?

O Tseba Jehova Hantle Hakae?

“Ba tsebang lebitso la hao ba tla o tshepa, Etswe ka sebele o ke ke wa tlohela ba o batlang, Jehova.”​—⁠PES. 9:10.

PINA YA 56 Phelela Nnete

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1, 2. Keng seo re ithutang sona mohlaleng wa Angelito?

NA BATSWADI ba hao ke Dipaki Tsa Jehova? Haeba ho jwalo, ha o a lokela ho nahana hore hobane feela batswadi ba hao e le metswalle ya Jehova, sena se bolela hore le wena o motswalle wa hae. Ho sa tsotellehe hore na batswadi ba rona ba sebeletsa Modimo kapa tjhe, e mong le e mong wa rona o lokela ho iketsetsa setswalle le Jehova.

2 Nahana ka mohlala wa Angelito. Lelapa labo e ne e le Dipaki Tsa Jehova. Empa ha a ne a le monyane, o ne a sa ikutlwe a le haufi le Jehova. O re: “Ke ne ke sebeletsa Jehova hobane feela ke ne ke batla ho etsa seo lelapa leso le se etsang.” Le ha ho le jwalo, Angelito o ile a etsa qeto ya ho ipha nako e eketsehileng ya ho bala Lentswe la Modimo le ho nahanisisa ka lona, hape o ile a qala ho rapela Jehova kgafetsa. Ho etsa jwalo ho ile ha mo rutang? O re: “Ke ithutile hore tsela feela ya hore ke be haufi le Ntate wa ka ya lerato Jehova, ke hore nna ke mo tsebe.” Mohlala wa Angelito o etsa hore re nahane ka dipotso tsena tsa bohlokwa: Phapang ke efe pakeng tsa ho tseba dintho tse mmalwa ka Jehova le ho mo tseba hantle? Hona keng seo re lokelang ho se etsa e le hore re tsebe Jehova hantle?

3. Phapang ke efe pakeng tsa ho tseba Jehova le ho mo tseba hantle?

3 Re ka nahana hore re tseba Jehova hobane feela re tseba lebitso la hae, dintho tseo a ileng a di bua le ho di etsa. Empa ho tseba Jehova hantle ho akarelletsa dintho tse ngata. Ya pele, re hloka ho qeta nako re ithuta ka Jehova le makgabane a hae. Ha re etsa jwalo, re tla utlwisisa tsela eo a buang le ho etsa dintho ka yona. Sena se tla re thusa ho tseba hore na Jehova o ikutlwa jwang ka dintho tseo re di nahanang le tseo re di etsang. Ha re se re tseba seo Jehova a se lebelletseng ho rona, re lokela ho se etsa.

4. Ho hlahloba mehlala e ka Bibeleng ho tla re thusa jwang?

Batho ba bangata ba ka re soma haeba re batla ho sebeletsa Jehova mme ba ka re tshwara hampe le ho feta ha re se re ya dibokeng. Le ha ho le jwalo, haeba re tshepa Jehova re tla qala ho ba le setswalle sa ka ho sa feleng le yena mme a ke ke a re tlohela. Empa na re ka kgona ho tseba Jehova hantle? Ho jwalo. Mohlala wa Moshe le wa Morena Davida e leng banna ba neng ba sa phethahala, o re bontsha hore sena se a kgoneha. Ha re ntse re hlahloba dintho tseo ba ileng ba di etsa, re tla araba dipotso tsena tse pedi: Ho tlile jwang hore ba tsebe Jehova? Hona re ka ithutang mehlaleng ya bona?

MOSHE O ILE A BONA “YA SA BONAHALENG”

5. Moshe o ile a kgetha ho etsang?

5 Moshe o ile a kgetha ho sebeletsa Jehova. Ha a ne a le dilemo tse ka bang 40, o ile a kgetha ho ikamahanya le bahlanka ba Modimo e leng Baiseraele, ho ena le hore a tsejwe e le “mora wa moradi wa Faro.” (Baheb. 11:24) Moshe o ne a sa batle ho tuma. O ile a beha bophelo ba hae kotsing ka hore a be ka lehlakoreng la Baiseraele, bao e neng e le makgoba Egepeta. O ile a etsa sena le hoja a ne a tseba hore ho etsa jwalo ho ne ho ka halefisa morena ya matla Faro, eo Baegepeta ba neng ba mo nka e le modimo. Moshe o ile a bontsha hore o na le tumelo e matla le hore o tshepa Jehova. Ka hoo, ho tshepa Jehova ke yona ntho ya bohlokwa e ileng ya etsa hore a be le setswalle se haufi le yena le se ileng sa tshwarella bophelo bohle ba hae.​—Liprov. 3:5.

6. Keng seo re ka ithutang sona mohlaleng wa Moshe?

6 Keng seo re ithutang sona? Jwalo ka Moshe kaofela ha rona re lokela ho etsa qeto ya hore na re tla kgetha ho sebeletsa Jehova le ho ikamahanya le bahlanka ba hae. Re ka nna ra lokela ho tela dintho tse ding e le hore re sebeletse Modimo, hape re ka nna ra hanyetswa ke batho ba sa tsebeng Jehova. Empa ha re tshepa Ntate wa rona ya lehodimong, re ka kgodiseha hore o tla re tshehetsa.

7, 8. Moshe o ile a tswela pele ho ithuta kang?

7 Moshe o ile a tswela pele ho ithuta ka makgabane a Jehova le ho etsa thato ya hae. Ka mohlala, ha Jehova a ne a kopa Moshe hore a ntshe setjhaba sa Iseraele botlamuweng, o ne a sa itshepe mme ka makgetlo o ile a bolella Jehova hore o utlwa a sa tshwanelehe. Karabo ya Modimo e ile ya bontsha hore o na le kutlwelobohloko. Ka hoo o ile a mo thusa. (Ex. 4:10-16) Ka lebaka leo, Moshe o ile a kgona ho bolella Faro molaetsa o matla wa kahlolo. Moshe o ile a bona ha Jehova a sebedisa matla a hae ha a pholosa Baiseraele mme a fedisa Faro le lebotho la hae Lewatleng le Lefubedu.​—Ex. 14:26-31; Pes. 136:15.

8 Ka mora hore Moshe a ntshe Baisraele naheng ya Egepeta, ba ile ba dula ba tletleba ka dintho tse ngata. Ho ntse ho le jwalo, Moshe o ile a bona ka moo Jehova a ileng a bontsha mamello e kgolo ka teng ha a sebetsana le bona. (Pes. 78:40-43) O ile a boela a bona ha Jehova a bontsha boikokobetso bo boholo, ka mora ho mo kopa hore a fetole qeto eo a neng a e entse ya ho timetsa Baiseraele.​—Ex. 32:9-14.

9. Ho ya ka Baheberu 11:27, setswalle sa Moshe le Jehova se ne se le matla hakae?

9 Ka mora hore Baiseraele ba tswe Egepeta, kamano ya Moshe le Jehova e ile ya eba matla hoo e neng e ka o bona Ntate wa hae ya lehodimong. (Bala Baheberu 11:27.) Bibele e bontsha ka moo setswalle seo se neng se le matla ka teng ha e re: “Jehova a bua le Moshe difahleho di tadimane, feela jwalo ka ha motho a ne a ka bua le wa habo.”​—Ex. 33:11.

10. Keng seo re lokelang ho se etsa e le hore re tsebe Jehova hantle?

10 Keng seo re ithutang sona? E le hore re tsebe Jehova hantle ha re a lokela ho ithuta feela ka makgabane a hae empa re lokela ho etsa thato ya hae. Jwale, thato ya Jehova kajeno ke hore “batho ba mefuta yohle ba pholohe mme ba fihle tsebong e nepahetseng ya nnete.” (1 Tim. 2:3, 4) E nngwe ya ditsela tseo re ka etsang thato ya Modimo ka tsona, ke ka hore re rute batho ka yena.

11. Keng seo re ithutang sona ka Jehova ha re ntse re ruta batho ka yena?

11 Hangata ha re ruta batho ka Jehova seo se etsa hore re mo tsebe haholwanyane. Ka mohlala, re bona ka moo Jehova a nang le kutlwelobohloko ka teng, ha a re thusa hore re fumane batho ba batlang ho ba metswalle ya hae. (Joh. 6:44; Lik. 13:48) Hape re bona ka moo Lentswe la Modimo le leng matla ka teng, ha batho bao re ithutang Bibele le bona ba fetola bophelo ba bona. (Bakol. 3:​9, 10) Re boetse re bona bopaki ba mamello eo Jehova a nang le yona, ha a fa batho ba tshimo eo re e sebetsang monyetla wa hore ba ithute ka yena e le hore ba pholohe.​—Bar. 10:13-15.

12. Ho ya ka Exoda 33:13, Moshe o ile a kopang, hona hobaneng?

12 Moshe o ne a nka kamano ya hae le Jehova e le ya bohlokwa. Esita le ka mora hore a etse mesebetsi e matla ka lebitso la Modimo, o ile a kopa Jehova hore a mo thuse ho mo tseba haholwanyane. (Bala Exoda 33:​13.) Moshe o ne a ena le dilemo tse ka hodimo ho 80 ha a ne a etsa kopo eo, empa o ne a tseba hore ho ntse ho ena le dintho tse ngata tseo a lokelang ho ithuta tsona ka Ntate wa hae ya lerato ya lehodimong.

13. Re ka bontsha jwang hore re nka setswalle sa rona le Modimo e le sa bohlokwa?

13 Keng seo re ithutang sona? Ho sa tsotellehe hore na re na le nako e kae re sebeletsa Jehova, re lokela ho dula re nka setswalle sa rona le yena e le sa bohlokwa. Re ka etsa sena ka hore re mo rapele.

14. Thapelo e re thusa jwang hore re tswele pele re ithuta ka Jehova?

14 Haeba o batla ho matlafatsa setswalle sa hao le motho e mong o lokela ho dula o bua le yena. Ka hoo, dula o rapela Jehova e le hore o atamele haufi le yena mme o se ke wa tshaba ho mo bolella seo o se nahanang le ka moo o ikutlwang ka teng. (Baef. 6:​18) Krista ya dulang Turkey o re: “Ka mehla ha ke bolella Jehova seo ke se nahanang le ho bona ha a nthusa, sena se etsa hore ke mo rate haholo ebile ke mo tshepa le ho feta. Ka hoo, ha ke bona Jehova a arabela dithapelo tsa ka, seo se etse hore ke mo nke e le Ntate wa ka le Motswalle.”

MONNA YA RATWANG KE PELO YA HAE

15. Jehova o ile a re o ikutlwa jwang ka Morena Davida?

15 Morena Davida o hlahetse setjhabeng se neng se sebeletsa Jehova Modimo. Empa taba ya hore lelapa labo le ne le sebeletsa Jehova, ha se lona lebaka le entseng hore le yena a mo sebeletse. Davida o ile a iketsetsa setswalle le Modimo mme sena se ile sa etsa hore Jehova a mo rate haholo. Jehova o ile a re Davida ke “monna ya ratwang ke pelo ya [Hae.]” (Lik. 13:​22) Davida o ile a etsang e le hore a atamele haufi le Jehova?

16. Davida o ile a ithutang ka Jehova popong?

16 Davida o ile a ithuta ka Jehova popong. Ha a ne a le monyane, o ne a qeta dihora tse ngata a hlokometse dinku tsa ntate wa hae naheng. Mohlomong ka nako eo, o ile a qala ho nahanisisa ka dintho tseo Jehova a di entseng. Ka mohlala, ha Davida a ne a sheba sepakapakeng bosiu, o ne a bona dinaledi tse dikete. Sena se ile sa etsa hore a lemohe makgabane a Modimo, e leng moetsi wa tsona. Ka hoo Davida o ile a susumelletseha ho re: “Mahodimo a bolela kganya ya Modimo; sepakapaka se bolela mosebetsi wa matsoho a hae.” (Pes. 19:1, 2) Hape ha a bona tsela eo batho ba entsweng ka yona, o ile a hlokomela ka moo Jehova a leng bohlale ka teng. (Pes. 139:14) Ka hoo, ha a ntse a nahanisisa ka dintho tseo Jehova a di bopileng, o ile a hlokomela hore ha se letho ha a bapiswa le yena.​—Pes. 139:6.

17. Ho nahanisisa ka popo ho re thusa jwang?

17 Keng seo re ithutang sona? Rata popo mme o iphe nako ya ho hlokomela ka moo lefatshe leo Jehova a le bopileng le leng letle ka teng. Letsatsi le letsatsi nahanisisa hore na dintho tse kang dimela, diphoofolo le batho di o rutang ka Jehova. Ha o etsa jwalo, o tla ithuta ho eketsehileng ka Jehova le ho mo rata le ho feta letsatsi le letsatsi.​—⁠Bar. 1:⁠20.

18. Ho ya ka Pesaleme ya 18, Davida o ile a hlokomelang?

18 Davida o ile a hlokomela hore o thuswa ke Jehova. Ka mohlala, o ile a hlokomela sena ha a ne a bolaya tau le bere e le hore a sireletse dinku tsa ntate wa hae. Hape Davida o ile a bona hore ke Jehova ya neng a mo tataisa hore a bolaye Goliathe wa senatla. (1 Sam. 17:37) O ile a boela a hlokomela hore ke Jehova ya ileng a mo pholosa nakong eo a neng a baleha Morena Saule ya neng a batla ho mo bolaya. (Pes. 18, sehloohwana) Haeba Davida a ne a ikgohomosa, a ka be a ile a re o entse dintho tsena kaofela ka matla a hae. Empa o ne a ikokobeditse mme o ile a hlokomela hore ke Jehova ya neng a mo sireleditse.​—Pes. 138:6.

19. Re ka ithutang mohlaleng wa Davida?

19 Keng seo re ithutang sona? Ha re a lokela ho kopa feela hore Jehova a re thuse, empa re tlameha ho hlokomela hore na o re thusa neng hona jwang. Haeba re ikokobeditse re tla utlwisisa hore re ke ke ra kgona ho etsa ntho e nngwe le e nngwe empa Jehova ke yena ya re thusang. Ka hoo, ka mehla ha re bona ka moo Jehova a re thusang ka teng, kamano ya rona le yena e tla ba matla. Morabo rona Isaac ya dulang Fiji ya sebeleditseng Jehova ka dilemo tse ngata, o ile a hlokomela hore sena ke nnete. O re: “Ha ke sheba morao, ho tloha ha ke ne ke ithuta Bibele ho fihlela hona jwale, ke kgona ho bona ka moo Jehova a nthusitseng ka teng. Ka hoo Jehova ke motho wa sebele ho nna.”

20. Re ka ithutang ka setswalle sa Davida le Modimo?

20 Davida o ne a etsisa makgabane a Jehova. Re ka kgona ho etsisa makgabane a Jehova ka ha o re bopelletse le bokgoni boo. (Gen. 1:26) Ha re ntse re ithuta ka makgabane a Jehova, re tla kgona ho mo etsisa le ho feta. Davida o ne a tseba Jehova hantle, ka hoo o ne a kgona ho mo etsisa ha a sebedisana le batho ba bang. Nahana ka mohlala ona, ho sa tsotellehe taba ya hore Davida o ile a fosetsa Jehova ka hore a etse bofebe le Bathesheba le ho etsa hore monna wa hae a bolawe, Jehova a ile a mo bontsha mohau. (2 Sam. 11:1-4, 15) Lebaka le ileng la etsa hore Jehova a bontshe Davida mohau, ke hobane le yena o ne a hauhela batho ba bang. Ka ha Davida o ne a ena le kamano e ntle le Jehova, Baiseraele ba ne ba mo rata haholo mme Jehova o ile a mo nka e le mohlala ho marena a ileng a busa ka mora hae.​—1 Mar. 15:11; 2 Mar. 14:1-3.

21. Ho ya ka Baefese 4:24 le 5:1, ho ba “baetsisi ba Modimo” ho re tswela molemo jwang?

21 Keng seo re ithutang sona? Re hloka ho ba “baetsisi ba Modimo.” Ha re etsisa Modimo, re ithuta ka yena haholwanyane mme sena se re tswela molemo. Re boetse re bontsha hore re bana ba Jehova haeba re etsisa makgabane a hae.​—Bala Baefese 4:24; 5:1.

HO ITHUTA HAHOLWANYANE KA JEHOVA

22, 23. Ho tla etsahalang ha re sebedisa seo re ithutileng sona ka Jehova?

22 Jwalo ka ha re se re bone, re ka ithuta ka Jehova popong le Lentsweng la hae e leng Bibele. Buka ena e ikgethang, e na le mehlala ya bahlanka ba Modimo ba tshepahalang bao re ka ba etsisang, ba kang Moshe le Davida. Ka hoo Jehova o phethile karolo ya hae mme re lokela ho phetha karolo ya rona ka ho ithuta ka yena ka hohle ka moo re ka kgonang.

23 Re ke ke ra kgaotsa ho ithuta ka Jehova. (Moek. 3:​11) Ntho ya bohlokwa ha se hore na re mo tseba hakae empa ke hore na re etsang ka seo re se tsebang ka yena. Haeba re etsa seo re ithutang sona le ho leka ho etsisa Ntate wa rona ya lerato, o tla tswela pele ho atamela haufi le rona. (Jak. 4:⁠8) Ka Bibeleng Jehova o a re kgodisa hore a ke ke a lahla batho ba lekang ho mo tseba haholwanyane.

PINA YA 80 “Latswang Mme le Bone Hore Jehova o Molemo”

^ par. 5 Batho ba bangata ba a dumela hore Modimo o teng, empa ha ba mo tsebe hantle. Ho tseba Jehova ho bolelang, hona keng eo re ka ithutang yona ho Moshe le Morena Davida ka ho ba le kamano e haufi le Modimo? Sehlooho sena se tla araba dipotso tsena.