Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 5

“Hlooho ya Monna e Mong le e Mong ke Kreste”

“Hlooho ya Monna e Mong le e Mong ke Kreste”

“Hlooho ya monna e mong le e mong ke Kreste.”​—1 BAKOR. 11:3.

PINA YA 12 Jehova, Modimo e Moholo

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ke dintho dife tse ka nnang tsa susumetsa tsela eo monna a tshwarang mosadi wa hae le bana ba hae ka yona?

HA O utlwa mantswe a reng “hlooho ya lelapa,” o nahana ka eng? Banna ba bang ba dumella hore setso, morabe kapa tsela eo ba hodisitsweng ka yona e susumetse tsela eo ba tshwarang bana ba bona le basadi ba bona ka yona. Utlwa hore na moradiwabo rona Yanita ya dulang Europe o ile a reng. O re: “Moo ke dulang teng, batho ba bangata ba na le maikutlo a matla a hore basadi ba a fokola ha ba bapiswa le banna mme ba lokela ho nkwa jwalo ka makgoba.” Morabo rona Luke ya dulang United States yena o re: “Bontate ba bang ba ruta bana ba bona hore basadi ha ba a lokela ho nkelwa hloohong hobane maikutlo a bona ha a bohlokwa hakaalo.” Le ha ho le jwalo, maikutlo ana ha a dumellane le tsela eo Jehova a batlang hore banna ba tshware basadi ba bona ka yona. (Bapisa le Mareka 7:13.) Ka hoo, monna a ka etsang e le hore e be hlooho ya lelapa e molemo?

2. Hlooho ya lelapa e lokela ho tseba eng, hona hobaneng?

2 E le hore monna e be hlooho ya lelapa e molemo, o lokela ho utlwisisa hantle hore na Jehova o batlang ho yena. O boetse o lokela ho tseba hore na ke hobaneng ha Jehova a entse hore ho be le dihlooho tsa malapa mme ka ho kgetheha a tsebe hore na a ka etsisa mohlala wa Jehova le Jesu jwang tabeng ena. Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore monna a tsebe dintho tseo? Ke hobane Jehova o file dihlooho tsa malapa boikarabelo kapa matla a itseng mme Jehova o batla hore di a sebedise ka tsela e nepahetseng.​—Luka 12:48b.

HO BA HLOOHO HO BOLELANG?

3. Re ithutang ka ho ba hlooho ho 1 Bakorinthe 11:3?

3 Bala 1 Bakorinthe 11:3. Temana ena e hlalosa tsela eo Jehova a hlophisitseng lelapa la hae le lehodimong le le lefatsheng ka yona. Ho ba hlooho ho akarelletsa dintho tsena tse pedi tsa bohlokwa e leng matla le boikarabelo. Jehova ke “hlooho” kapa re ka re ke yena ya nang le matla a maholo ka ho fetisisa mme bana ba hae bohle e bang ke mangeloi kapa batho, ba ikarabella ho yena. (Bar. 14:10; Baef. 3:14, 15) Jehova o file Jesu matla a hore a okamele diphutheho, le ha ho le jwalo, Jesu o ikarabella ho Jehova mabapi le tsela eo a re tshwarang ka yona. (1 Bakor. 15:27) Jehova o boetse o file monna matla hodima mosadi wa hae le bana ba hae empa monna eo o boetse o ikarabella ho Jehova le Jesu mabapi le tsela eo a tshwarang lelapa la hae ka yona.​—1 Pet. 3:7.

4. Jehova le Jesu ba na le matla a ho etsang?

4 Ka ha Jehova ke Hlooho ya lelapa lohle la hae le lehodimong le lefatsheng, o na le matla a ho etsa melao ya hore na bana ba hae ba lokela ho itshwara jwang le a ho etsa bonnete ba hore ba mamela melao eo. (Esa. 33:22) Jesu le yena jwalo ka hlooho ya phutheho, o na le tokelo ya ho etsa melao le ho etsa bonnete ba hore e a mamelwa.​—Bagal. 6:2; Bakol. 1:18-20.

5. Monna wa Mokreste ya nang le lelapa o na le matla a ho etsang empa matla ao a lokela ho fella kae?

5 Monna wa Mokreste ya nang le lelapa a ka latela mohlala wa Jehova le Jesu ka hore a etsetse lelapa la hae diqeto. (Bar. 7:2; Baef. 6:4) Le ha ho le jwalo, ho na le moo matla a hae a fellang teng. Ka mohlala, melao eo a e behang e lokela hore e dumellane le melaomotheo e ka Lentsweng la Modimo. (Liprov. 3:5, 6) Hape ha a na matla a ho etsa melao bakeng sa batho bao eseng ditho tsa lelapa la hae. (Bar. 14:4) Ha bana ba hae ba hola mme ba se ba sa dule le yena, ba ntse ba lokela ho mo hlompha empa ha ba sa ikarabella ho yena.​—Mat. 19:5.

KE HOBANENG HA JEHOVA A FILE BANNA MATLA A BOLAODI?

6. Ke hobaneng ha Jehova a file banna matla a bolaodi?

6 Jehova o file banna matla a bolaodi hobane a rata lelapa la hae. Ke mpho eo a re fileng yona. Seo se etsa hore lelapa la Jehova le etse dintho ka kgotso le ka tlhophiso. (1 Bakor. 14:33, 40) Haeba ho ne ho sa tsebahale hantle hore na ke mang ya nang le matla a bolaodi, lelapa la Jehova le ne le ke ke la thaba le ho ba le tlhophiso. Ka mohlala, re ne re ke ke ra tseba hore na ke mang ya lokelang ho etsa diqeto le hore na ke mang ya nang le boikarabelo ba ho bona hore diqeto tseo di ya phethwa.

7. Ho ya ka Baefese 5:25, 28, na Jehova o ne a rerile hore banna ba hatelle basadi ba bona?

7 Haeba tokisetso ya hore monna e be hlooho ya lelapa ke ntho e ntle hakaale e tswang ho Modimo, ke hobaneng ha basadi ba bangata mehleng ee ba tshwarwa hampe le ho hatellwa ke balekane ba bona? Lebaka ke hobane banna ba bangata ha ba mamele melao ya Jehova mabapi le lelapa mme ba ikgethela ho latela ditlwaelo le meetlo ya moo ba dulang teng. Ba ka nna ba boela ba hlekefetsa basadi ba bona e le hore feela ba ikgotsofatse. Ka mohlala, monna a ka nna a hatella mosadi wa hae ka lebaka feela la hore a ikutlwe e le motho wa bohlokwa kapa a batle ho bontsha batho ba bang hore yena ke “monna.” A ka nna a ipehela mabaka a hore a ke ke a qobella mosadi hore a mo rate empa a ka etsa hore a mo tshabe. Ka hoo, a ka nna a sebedisa taba ya hore mosadi wa hae o a mo tshaba hore a mo laole. * Monahano oo le boitshwaro boo bo bobe bo amoha basadi tokelo le tlhompho tseo ba lokelang ho di fuwa mme ntho ena e kgahlanong le tsela eo Jehova a batlang hore dintho di etswe ka yona.​—Bala Baefese 5:25, 28.

MONNA A KA ETSANG E LE HORE E BE HLOOHO YA LELAPA E MOLEMO?

8. Monna a ka etsang e le hore e be hlooho ya lelapa e molemo?

8 Monna a ka ithuta ho ba hlooho ya lelapa e molemo ka hore a etsise tsela eo Jehova le Jesu ba sebedisang matla a bona a bolaodi ka teng. A ko nahane ka makgabane a mabedi ao Jehova le Jesu ba ileng ba a bontsha mme o ele hloko hore na hlooho ya lelapa e ka bontsha makgabane ao jwang ka lelapeng la yona.

9. Jehova o bontsha jwang hore o ikokobeditse?

9 Boikokobetso. Ha ho na motho ya bohlale jwalo ka Jehova empa ho ntse ho le jwalo o mamela maikutlo a bahlanka ba hae. (Gen. 18:23, 24, 32) O dumella ba ka tlasa hae hore ba fane ka ditlhahiso tsa bona. (1 Mar. 22:19-22) Jehova o phethahetse empa ha a lebella hore rona re etse dintho tse phethahetseng hona jwale. Ho e na le hoo, o thusa batho ba sa phethahalang ba mo sebeletsang hore ba atlehe. (Pes. 113:6, 7) Ha e le hantle Bibele e hlalosa Jehova e le “mothusi” wa rona. (Pes. 27:9; Baheb. 13:6) Morena Davida o ile a re o kgonne ho etsa mosebetsi o moholo oo a o filweng hobane Jehova a ikokobeditse.​—2 Sam. 22:36.

10. Jesu o ile a bontsha jwang hore o ikokobeditse?

10 Nahana ka mohlala wa Jesu. O ile a hlatswa maoto a barutuwa ba hae le hoja e le Morena le Mosuwe wa bona. Ebe ke lebaka lefe leo ka lona Jehova a entseng hore tlaleho ee e be teng ka Bibeleng? Ha ho pelaelo hore lebaka ke hore a thuse dihlooho tsa malapa hore di be le mohlala oo di ka o latelang. Jesu o ile a re: “Ke le behetse mohlala e le hore feela jwalo ka ha ke entse ho lona, le ka etsa ka ho tshwanang.” (Joh. 13:12-17) Le hoja a ne a na le matla a maholo, ha a a ka a batla hore a sebeletswe. Ho e na le hoo, o ile a sebeletsa batho ba bang.​—Mat. 20:28.

Monna ya nang le lelapa a ka bontsha hore o ikokobeditse ebile o na le lerato ka hore a etse mesebetsi ya lapeng le ho thusa lelapa la hae hore le be le kamano e ntle le Jehova (Sheba serapa sa 11 le 13)

11. Monna ya nang le lelapa a ka etsisa tsela eo Jehova le Jesu ba ikokobeditseng ka yona jwang?

11 Re ithutang? Monna ya nang le lelapa a ka bontsha hore o ikokobeditse ka ditsela tse ngata. Ka mohlala, ha a lebella hore mosadi wa hae le bana ba hae ba phethahale. O mamela maikutlo a lelapa la hae le ha lelapa la hae le sa dumellane le maikutlo a hae. Mme ya bitswang Marley ya dulang United States o re: “Ka dinako tse ding, nna le mohatsa wa ka re ba le maikutlo a sa tshwaneng empa ke a tseba hore o a nkananela le ho ntlhompha hobane o mamela maikutlo a ka mme o nahana ka ona pele a ka etsa qeto.” Ho feta moo, monna ya ikokobeditseng o ithaopela ho etsa mesebetsi ya lapeng le hoja moo a dulang teng mesebetsi e jwalo e nkuwa e le mesebetsi ya bomme. Ntho eo e ka baka bothata. Hobaneng? Moradiwabo rona Rachel o re: “Moo ke dulang teng, haeba monna a thusa mosadi wa hae ka ho hlatswa dijana kapa ho hlwekisa ntlo, baahisane le beng ka yena ba ka nna ba ipotsa hore na ehlile ke ‘monna wa sebele.’ Ba tla nahana hore a ke ke a kgona ho laola mosadi wa hae.” Haeba mokgwa ona ke oo batho ba nang le wona moo o dulang teng, o hopole hore Jesu o ile a hlatswa maoto a barutuwa ba hae le hoja mosebetsi oo o ne o nkwa e le wa makgoba. Hlooho ya lelapa e molemo ha e tshwenyehe ka hore e etse hore batho ba bang ba nahane hore e na le matla kapa e bohlokwa ka tsela e itseng empa e ameha haholo ka hore mosadi wa yona le bana ba thabe. Ntle le ho ikokobetsa, ke eng hape eo e leng ya bohlokwa haholo e ka thusang hlooho ya lelapa?

12. Lerato le susumelletsa Jehova le Jesu hore ba etseng?

12 Lerato. Ntho e nngwe le e nngwe eo Jehova a e etsang e susumetswa ke lerato. (1 Joh. 4:7, 8) O bontsha hore o a re rata ka hore a re thuse hore re be metswalle ya hae a sebedisa Bibele le mokgatlo wa hae. O boetse o re thusa hore re bone hore o a re kgathalla ka ho re tiisetsa hore o a re rata. Ho thweng ka ditlhoko tsa rona? Jehova o re fa “dintho tsohle ka ho enneng hore re di thabele.” (1 Tim. 6:17) Ha re entse diphoso o a re kgalemela mme o dula a re rata. Ka ha Jehova o a re rata, o ile a fana ka thekollo molemong wa rona. Jesu le yena o re rata haholo hoo a ileng a tela bophelo ba hae bakeng sa rona. (Joh. 3:16; 15:13) Ha ho na ntho le ha e le efe e ka thibelang Jehova le Jesu hore ba rate batho ba ba tshepahallang.​—Joh. 13:1; Bar. 8:35, 38, 39.

13. Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore hlooho ya lelapa e rate lelapa la yona? (Sheba lebokose le reng “ Monna ya sa Tswa Nyala a ka Etsang e le Hore Mosadi wa Hae a mo Hlomphe?”)

13 Re ithutang? Ntho e nngwe le e nngwe eo hlooho ya lelapa e e etsang e lokela ho susumetswa ke lerato. Ke hobaneng ha taba eo e le ya bohlokwa hakaalo? Moapostola Johanne o fana ka karabo e reng: “Ya sa rateng morabo [kapa lelapa la hae] eo a mo boneng a ke ke a rata Modimo eo a eso mo bone.” (1 Joh. 4:11, 20) Monna ya ratang lelapa la hae a bile a batla ho etsisa Jehova le Jesu o tla le thusa hore le be le kamano e ntle le Jehova, le dule le sireletsehile a be a le fe dintho tseo le di hlokang. (1 Tim. 5:8) O tla kwetlisa bana ba hae le ho ba kgalemela. O tla tswela pele a ithuta ho etsa diqeto tse hlomphang Jehova le tse tswelang lelapa la hae molemo. A re ke re bueng ka dintho tsena mme re ke re boneng hore na hlooho ya lelapa e ka etsisa Jehova le Jesu jwang.

MONNA YA NANG LE LELAPA O LOKELA HO ETSANG?

14. Monna ya nang le lelapa o thusa lelapa la hae jwang hore le be le kamano e ntle le Jehova?

14 Ho thusa lelapa la hae hore le be le kamano e ntle le Jehova. Ka ha Jesu o ne a etsisa mohlala wa Ntate wa hae, o ne a tshwenyehile ka ho thusa balatedi ba hae hore ba dule ba na le tumelo e matla. (Mat. 5:3, 6; Mar. 6:34) Ka tsela e tshwanang, ntho ya pele eo monna ya nang le lelapa a lokelang ho e etsa ke ho thusa lelapa la hae hore le atamele haufi le Jehova. (Deut. 6:6-9) O etsa jwalo ka ho etsa bonnete ba hore yena le lelapa la hae ba a bala le ho ithuta Lentswe la Modimo, ba ba teng dibokeng, mosebetsing wa boboledi le ho matlafatsa setswalle sa bona le Jehova.

15. Monna ya nang le lelapa a ka bontsha ka tsela efe hape hore o kgathalla lelapa la hae?

15 Ho rata lelapa la hae. Jehova o ile a bolella Jesu hore na o mo rata hakae ka pela batho. (Mat. 3:​17) Jesu le yena o ile a bontsha hore na o rata balatedi ba hae hakae ka dintho tseo a neng a di bua le tseo a neng a di etsa. Jwale barutuwa ba hae le bona ba ile ba susumelletseha hore ba mo rate. (Joh. 15:9, 12, 13; 21:16) Monna ya nang le lelapa a ka bontsha mosadi le bana ba hae hore o a ba rata ka dintho tseo a di etsang jwalo ka ho ithuta Bibele le bona. A ka boela a bolella lelapa la hae hore o a le rata le hore le bohlokwa ho yena mme ha maemo a dumela, a le babatse ka pela batho.​—Liprov. 31:28, 29.

E le hore monna ya nang le lelapa a thabise Jehova o lokela ho hlokomela lelapa la hae ka ditlhoko tsa lona (Sheba serapa sa 16)

16. Monna ya nang le lelapa o boetse o lokela ho etsang, hona a ka lekalekanya dintho jwang?

16 Ho hlokomela lelapa ka dintho tseo le di hlokang. Jehova o ile a hlokomela Baiseraele ka dintho tseo ba di hlokang esita le ha ba ne ba fuwa kotlo ka lebaka la ho se mamele. (Deut. 2:7; 29:5) Le rona o a re hlokomela. (Mat. 6:31-33; 7:11) Jesu le yena o ile a fepa batho ba neng ba mo latela. (Mat. 14:17-20) O ile a ba a fodisa batho ba bangata ba neng ba kula. (Mat. 4:24) E le hore monna ya nang le lelapa a thabise Jehova, o lokela ho hlokomela lelapa la hae ka ditlhoko tsa lona. Le ha ho le jwalo, o lokela hore a lekalekanye dintho. Ha a lokela ho iphumana a qeta nako e ngata a le mosebetsing e le hore a hlokomele lelapa la hae hoo a ka qetellang a sa thuse lelapa la hae hore le be le kamano e ntle le Jehova le ho le bontsha hore o a le kgathalla.

17. Jehova le Jesu ba re kwetlisa le ho re kgalemela jwang?

17 Ho kwetlisa ba bang. Jehova o a re kwetlisa le ho re kgalemela hobane a batla ho re thusa. (Baheb. 12:7-9) Jwalo ka Ntate wa hae, ka lerato Jesu o kwetlisa batho bao a ba phahametseng ka matla. (Joh. 15:14, 15) O fana ka dikeletso tse matla empa hape o mosa. (Mat. 20:24-28) O a utlwisisa hore ha re a phethahala le hore re etsa diphoso hangata.​—Mat. 26:41.

18. Monna ya nang le lelapa o lokela ho hopola eng ka lelapa la hae?

18 Monna ya nang le lelapa o etsisa Jehova le Jesu mme o a utlwisisa hore mosadi wa hae le bana ba bona ha ba a phethahala. Ha a ba ‘halefele ka matla.’ (Bakol. 3:19) Ho e na le hoo, o sebedisa molaomotheo o ho Bagalata 6:1 mme o leka ho thusa lelapa la hae “ka moya o bonolo” a ntse a hopola hore le yena ha a a phethahala. Jwalo ka Jesu, o a elellwa hore tsela e molemo ya ho ruta ke ka ho beha mohlala.​—1 Pet. 2:21.

19, 20. Monna ya nang le lelapa a ka etsisa Jehova le Jesu jwang ha a etsa diqeto?

19 Ho nahana ka batho ba bang ha a etsa diqeto. Jehova o etsa diqeto tse tswelang batho molemo. Ka mohlala o entse hore ho be le bophelo, e seng molemong wa hae empa e le hore re ka thabela bophelo. Ha ho na motho ya ileng a mo qobella hore a fane ka Mora wa hae hore a shwele dibe tsa rona. O ile a ithaopela ho re etsetsa sehlabelo seo ka ho rata. Jesu le yena o ne a etsa diqeto tse tswelang batho ba bang molemo. (Bar. 15:3) Ka mohlala, o ile a etsa qeto ya ho tlohela ho phomola e le hore feela a rute bongata.​—Mar. 6:31-34.

20 Monna ya nang le lelapa ya molemo o a tseba hore e nngwe ya dintho tse thata ka ho fetisisa tseo a lokelang ho di etsa ke ho etsa diqeto tse tla tswela lelapa lohle molemo mme o tlameha ho nka boikarabelo boo ka ho teba. O qoba ho etsa diqeto kantle ho mabaka a sa utlwahaleng kapa a nahanne ka hore na yena o ikutlwa jwang ka nako eo. Ho e na le hoo, o dumela ho kwetliswa ke Jehova. * (Liprov. 2:6, 7) Ha a etsa jwalo, o tla nahana ka ho etsa dintho tse molemo bakeng sa ba bang e seng bakeng sa hae.​—Bafil. 2:4.

21. Sehlooho se latelang se tlo bua kang?

21 Jehova o file dihlooho tsa malapa mosebetsi o boima mme o lebelletse hore di o phethe ka botlalo. Haeba monna a leka ka thata ho etsisa Jehova le Jesu, e tla ba hlooho ya lelapa e molemo. Hape haeba mosadi wa hae a phetha boikarabelo ba hae hantle, lelapa la bona e tla ba le thabileng. Mosadi o lokela o lokela ho nka taba ya hore monna wa hae ke hlooho ya lelapa jwang, hona ke mathata afe ao a ka bang le ona? Sehlooho se latelang se tla araba dipotso tseo.

PINA YA 16 Rorisang Jah ka Lebaka la Mora wa Hae

^ par. 5 Ha monna a nyala, e ba hlooho ya lelapa. Sehloohong sena re tlo bua ka hore na ho ba hlooho ya lelapa ho bolelang, ke hobaneng ha Jehova a entse hore ho be le hlooho ya lelapa le hore na banna ba ka ithutang mohlaleng wa Jehova le Jesu ntlheng ena. Sehloohong sa bobedi re tla ithuta hore na monna le mosadi ba ka ithutang mohlaleng wa Jesu le ho batho ba bang ba hlahang ka Bibeleng. Sehlooho sa boraro sona se tla bua ka taba ya hore na barababo rona ba ka sebedisa matla ao Modimo a ba fileng ona jwang ka phuthehong.

^ par. 7 Ka dinako tse ding, difilimi, ditshwantshiso esita le dibuka tsa metlae di fana ka maikutlo a hore ke ntho e amohelehang hore monna a se ke a tshwara mosadi wa hae hantle esita le ka hore a mo hlekefetse mmeleng. Ka hoo, dintho tsena di entse hore ho bonahale eka ha se ntho e mpe ha monna a hatella mosadi wa hae.

^ par. 20 E le hore o fumane dintlha tse eketsehileng mabapi le ho etsa diqeto tse nepahetseng, sheba sehlooho se reng: “Etsa Diqeto Tse Tlotlisang Modimo,” ho Molula-Qhooa wa April 15, 2011 leq. 13-17.