Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho ile ha Etsahala Ntho e Thabisang ka Lebaka Feela la ho Bososela

Ho ile ha Etsahala Ntho e Thabisang ka Lebaka Feela la ho Bososela

BANANA ba bang ba babedi ba ne ba tsamaya ha mmoho toropong ya Baguio e Philippines. Ba ile ba bona teroli empa ha ba a ka ba ya ho yona. Moradiwabo rona Helen ya neng a eme pela teroli o ile a ba sheba yaba o a bososela. Banana bao ba ile ba tswela pele ho tsamaya empa ba ne ba kgahlilwe ke tsela eo moradiwabo rona Helen a ileng a bososela ka yona.

Ha morao ha ba le ka beseng ba ya hae, ba ile ba hlokomela letshwao le leholo la jw.org le neng le le Holong ya Mmuso ya Dipaki Tsa Jehova. Ba ile ba hopola hore ba ile ba bona letshwao leo teroling ha ba ne ba le toropong. Ba ile ba theoha beseng yaba ba ilo sheba keiting ya Holong ya Mmuso hore diboka di kena neng.

Ba ile ba ya dibokeng tse latelang yaba ba makala haholo ha ba bona moradiwabo rona Helen. Ba ile ba mo hopola kapele ka lebaka la tsela eo a neng a bososela ka yona. Moradiwabo rona Helen o re: “Ke ile ka ikutlwa ke tshohile ha ba tla ho nna. Ke ne ke nahana hore mohlomong ho na le ntho e phoso eo ke e entseng.” Empa banana bao ba ile ba hlalosetsa moradiwabo rona Helen hore ba ile ba mo bona ha a ne a le teroling.

Ba ile ba thabela diboka haholo le ho ikutlwa ba phuthulohile ha ba na le bara le baradibabo rona. Ha ba bona batho ba bang ba hlwekisa ka mora diboka ba ile ba kopa ho thusa. E mong wa bona ha a sa dula Philippines empa e mong yena o ntse a dula teng mme o ntse a ya dibokeng ebile o se a qadile ho ithuta Bibele, ka lebaka feela la moradiwabo rona ya ileng a bososela.