Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 8

O ka Dula o na le Kgotso Jwang ha o Mamelletse Mathata?

O ka Dula o na le Kgotso Jwang ha o Mamelletse Mathata?

“Ho nkeng e le thabo feela, barabeso, ha le thulana le diteko tse sa tshwaneng.”​—JAK. 1:2.

PINA YA 111 Mabaka a ho Thaba

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1, 2. Matheu 5:11 e re re lokela ho ikutlwa jwang ka mathata a re hlahelang?

JESU o ile a tshepisa balatedi ba hae hore ba tla thaba e le ka nnete. O ile a boela a lemosa batho ba mo ratang hore ba tla ba le diteko. (Mat. 10:22, 23; Luka 6:20-23) Re a thaba hore ebe re balatedi ba Kreste. Empa re ka ikutlwa jwang haeba re hanyetswa ke ditho tsa malapa a rona, re hloriswa ke mmuso kapa re hatellwa ho etsa ntho e fosahetseng ke basebetsimmoho kapa bana bao re kenang sekolo le bona? Ka tsela e itseng dintho tseo di ka etsa hore re tshwenyehe haholo.

2 Ka tlwaelo, batho ha ba nke mahloriso e le lebaka la hore ba thabe. Empa eo ke yona ntho eo Lentswe la Modimo le reng re e etse. Ka mohlala, morutuwa Jakobo o ile a ngola hore ho e na le hore re tshwenyehe, re tlameha ho thaba ha re ba le diteko. (Jak. 1:2, 12) Jesu yena o ile a re re tlameha ho thaba esita le haeba re hloriswa. (Bala Matheu 5:11.) Re ka dula re thabile jwang le ha re ba le mathata? Ho na le dintho tse ngata tseo re ka ithutang tsona ha re hlahloba lengolo leo Jakobo a ileng a le ngolla Bakreste ba mehleng ya hae. Ha jwale, a re ke re boneng hore na ke mathata afe ao Bakreste bao ba ileng ba ba le ona.

BAKRETSE BA MEHLENG YA PELE BA ILE BA BA LE MATHATA AFE?

3. Ho ile ha etsahalang nakwana ka mora hore Jakobo e be morutuwa wa Jesu?

3 Nakwana ka mora hore Jakobo ngwanabo Jesu e be morutuwa, Bakreste ba Jerusalema ba ile ba hloriswa. (Lik. 1:14; 5:17, 18) Ha morutuwa Setefane a ne a bolawa, Bakreste ba bangata ba ile ba baleha motseng, “ba hasana ho pholletsa le dibaka tsa Judea le Samaria” yaba qetellong ba fihla le dibakeng tse kang Cyprase le Antioke. (Lik. 7:58–8:1; 11:19) O se o ka inahanela feela hore na barutuwa bao ba ile ba tlameha ho mamella mathata a mangata hakae. Empa ba ile ba nna ba tswela pele ho bua ka Jesu ka mafolofolo moo ba neng ba le teng mme diphutheho di ile tsa thehwa Mmusong oo wa Roma. (1 Pet. 1:1) Empa tseo e ne e sa le dinyane feela bakeng sa Bakreste bao.

4. Bakreste ba pele ba ile ba tlameha ho mamella mathata afe a mang?

4 Bakreste ba mehleng eo ba ile ba tlameha ho mamella diteko tse fapafapaneng. Ka mohlala, hoo e ka bang ka selemo sa 50 mehleng eo, Mmusisi wa Roma e leng Claudiase o ile a laela Bajuda bohle hore ba tlohe Roma. Ka hoo, Bajuda bao e neng e se e le Bakreste ba ile ba qobellwa hore ba tlohe mahaeng a bona mme ba ilo dula dibakeng tse ding. (Lik. 18:1-3) Hoo e ka bang ka selemo sa 61, moapostola Pauluse o ile a bontsha hore Bakrestemmoho le yena ba bang ba ile ba rohakwa, ba iswa teronkong ba ba ba nkelwa thepa ya bona ka mahahapa. (Baheb. 10:32-34) Hape jwalo ka batho ba bang, Bakreste ba ile ba tlameha ho mamella ho sotleha le ho kula.​—Bar. 15:26; Bafil. 2:25-27.

5. Re tlo araba dipotso dife?

5 Ha Jakobo a ne a ngola lengolo la hae pelenyana ho selemo sa 62, o ne a tseba hantle hore na Bakrestemmoho le yena ba na le mathata afe. Jehova o ile a budulela Jakobo hore a ngolle Bakreste bao e le ho ba fa keletso e ka ba thusang hore ba dule ba thabile le ha ba na le mathata. A re ke re hlahlobeng lengolo la Jakobo mme re lekeng ho araba dipotso tsena: Ke thabo ya mofuta ofe eo Jakobo a ileng a ngola ka yona? Mokreste a ka sitiswa ke eng hore a se ke a ba le thabo eo? Hape bohlale, tumelo le sebete di ka re thusa jwang hore re dule re na le kgotso ho sa tsotellehe diteko tseo re nang le tsona?

MOKRESTE O THABISWA KE ENG?

Jwalo ka lelakabe le dulang le tuka ka hara kgalase, thabo ya nnete eo Jehova a e fang Mokreste e dula e tuka ka pelong ya hae (Sheba serapa sa 6)

6. Ho ya ka Luka 6:22, 23, Bakreste ba ka fumana thabo jwang ha ba na le mathata?

6 Batho ba ka nahana hore ba ka thaba haeba feela ba phetse hantle, ba na le tjhelete e ngata hape ba na le malapa a thabileng a phelang ka kgotso. Empa thabo eo Jakobo a ileng a ngola ka yona ke karolo ya ditholwana tsa moya wa Modimo mme ha e a itshetleha ka hore na motho o etsahallwa ke eng bophelong. (Bagal. 5:22) Mokreste o ba le thabo ya sebele hobane o a tseba hore o thabisa Jehova le hore o latela mohlala wa Jesu. (Bala Luka 6:22, 23; Bakol. 1:10, 11) Jwalo ka lelakabe la lebone le tswelang pele ho tuka ha le sireleditswe ke kgalase, thabo eo Mokreste enwa a bang le yona e tuka ka hare ho yena jwalo ka lelakabe leo. Ha e fele ha maemo a bophelo a fetoha kapa tjhelete e ba siyo. Hape thabo ena ha e fediswe ke ho hanyetswa ke ditho tsa lelapa kapa batho ba bang. Ho e na le hoo, re thaba le ho feta ha bahanyetsi ba leka ho etsa hore re se ke ra thaba. Mathata ao re bang le ona ka lebaka la tumelo ya rona a bontsha ka ho hlaka hore re balatedi ba Kreste. (Mat. 10:22; 24:9; Joh. 15:20) Ke ka hoo ka maikutlo a matle Jakobo a neng a ka re: “Ho nkeng e le thabo feela barabeso ha le thulana le diteko tse sa tshwaneng.”​—Jak. 1:2.

Ke hobaneng ha mathata a tshwantshwa le mollo o sebediswang ho leotsa tshepe? (Sheba serapa sa 7) *

7, 8. Ho etsahalang ka tumelo ya rona ha re ba le diteko?

7 Jakobo o boetse o hlalosa lebaka leo ka lona Bakreste ba ikemiseditseng ho mamella esita le diteko tse boima haholo. O re: “Tshobotsi ena e lekilweng ya tumelo ya lona e hlahisa mamello.” (Jak. 1:3) Mathata a ka tshwantshwa le mollo o thusang hore tshepe e leotswe hore e be bohale haholo. Ha tshepe eo e se e tjhesitswe mme e fola, e ba bohale le ho feta. Ka tsela e tshwanang ha re mamella diteko tumelo ya rona e a matlafala. Ke ka hoo Jakobo a ileng a re: “Mamello mosebetsi wa yona e ke e be o felletseng e le hore le ka ba ba felletseng le ba phethahetseng ka ditsela tsohle.” (Jak. 1:4) Ha re hlokomela hore diteko di etsa hore tumelo ya rona e be matla, re tla di mamella re thabile.

8 Lengolong la hae, Jakobo o boetse o bua ka tse ding tsa dintho tse ka etsang hore re se ke ra thaba. Ke dife dintho tseo, hona re ka di qoba jwang?

HO HLOLA MATHATA A KA ETSANG HORE RE SE KE RA THABA

9. Ke hobaneng ha re hloka ho ba bohlale?

9 Bothata: Ha o sa tsebe hore o etseng. Ha re na le mathata a mangata, re lokela ho lwanela ho kopa hore Jehova a re thuse ho etsa diqeto tse tla mo thabisa le tse tla tswela bara le baradibabo rona molemo di be di re thuse hore re dule re tshepahala. (Jer. 10:23) Re hloka ho ba le bohlale e le hore re tsebe hore na re lokela ho etsang le hore na re lokela ho reng ho batho ba re hanyetsang. Haeba re sa tsebe hore na re ka etsang re ka iphumana re nyahame mme re ka fellwa ke thabo kapele.

10. E le hore re be le bohlale, Jakobo 1:5 e re re lokela ho etsang?

10 Tharollo: Kopa Jehova hore a o fe bohlale. Haeba re batla ho mamella diteko tsa rona re thabile, re lokela ho rapela Jehova mme re mo kope hore a re fe bohlale e le hore re tle re etse diqeto tse nepahetseng. (Bala Jakobo 1:5.) Re lokela ho itshwara jwang haeba re bona eka Jehova ha a arabe dithapelo tsa rona hanghang? Jakobo o itse ‘re nne re kope’ Modimo. Jehova ha a tenehe ha re dula re kopa hore a re fe bohlale. A ke ke a re halefela. Jehova o re fa bohlale “ka seatla se bulehileng” ha re mo kopa e le hore re mamelle diteko. (Pes. 25:12, 13) O bona mathata a rona, o re utlwela bohloko hape o ikemiseditse ho re thusa. Ka nnete ntho eo e re thabisa haholo. Empa Jehova o re fa bohlale jwang?

11. Re boetse re lokela ho etsang e le hore re be le bohlale?

11 Jehova o re fa bohlale a sebedisa Lentswe la hae. (Liprov. 2:6) E le hore re be le bohlale boo, re lokela ho ithuta Lentswe la Modimo le dingolwa tse thehilweng ho lona. Empa ha re a lokela ho ithuta feela. Re lokela ho sebedisa bohlale boo Modimo a re fang bona bophelong ba rona ka hore re mamele keletso ya hae. Jakobo o ile a re: “Le be baphethi ba lentswe eseng bautlwi feela.” (Jak. 1:22) Ha re sebedisa keletso ya Modimo, re ba le kgotso, re ba mohau hape re ba le kahlolo e molemo. (Jak. 3:17) Makgabane ao a re thusa hore re mamelle teko le ha e le efe kantle le hore re fellwe ke thabo.

12. Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore re tsebe Bibele hantle?

12 Lentswe la Modimo le tshwana le seipone se re thusang ho bona phoso le ho tseba hore na re lokela ho etsang ka yona. (Jak. 1:23-25) Ka mohlala, ka mora ho ithuta Bibele re ka nna ra hlokomela hore re lokela ho laola maikutlo a rona. Jehova o re thusa hore re be bonolo ha re sebetsana le batho kapa mathata a ka etsang hore re halefe. Ha re le bonolo, re kgona ho mamella mathata a rona ka tsela e atlehang. Re kgona ho nahana ka dikelello tse phodileng e le hore re etse diqeto tse nepahetseng. (Jak. 3:13) Ka nnete ke ntho ya bohlokwa hore ebe re tseba Bibele hantle.

13. Ke hobaneng ha re lokela ho ithuta ka mehlala ya batho ba ka Bibeleng?

13 Ka dinako tse ding re hlokomela hore re lokela ho qoba ntho e itseng ka mora hore re etse phoso. Empa oo ke mokgwa o bohloko wa ho ithuta. Tsela e molemo ya ho fumana bohlale ke ka ho ithuta ka dintho tseo batho ba bang ba di entseng hantle le ka diphoso tsa bona. Ke ka hoo Jakobo a re kgothalletsang hore re shebe mehlala ya batho ba ka Bibeleng ba kang Abrahama, Rahaba, Jobo le Elia. (Jak. 2:21-26; 5:10, 11, 17, 18) Bahlanka bao ba tshepahalang ba Jehova ba ile ba kgona ho mamella diteko tse neng di ka etsa hore ba se ke ba thaba. Mohlala wa bona wa ho mamella o bontsha hore ha Jehova a re thusa le rona re ka kgona ho mamella.

14, 15. Ke hobaneng ha re sa lokela ho iphapanyetsa dipelaelo tseo re nang le tsona?

14 Bothata: Ha re sa kgodiseha ka dintho tseo re di dumelang. Nako le nako ho ka etsahala hore re thatafallwe ke ho utlwisisa ntho e itseng ka Bibeleng. Kapa ho ka nna ha etsahala hore Jehova a se ke a araba dithapelo tsa rona ka tsela eo re neng re e nahanne. Ntho ena e ka etsa hore re be le dipelaelo. Haeba re iphapanyetsa dipelaelo tsa rona, di ka fokodisa tumelo ya rona tsa ba tsa senya setswalle sa rona le Jehova. (Jak. 1:7, 8) Di ka ba tsa etsa hore re fellwe ke tshepo ya rona ka bokamoso.

15 Moapostola Pauluse o ile a tshwantsha tshepo ya rona ka bokamoso le ankora. (Baheb. 6:19) Ankora e thusa sekepe hore se eme nqa e le nngwe nakong eo sefefo se bang teng e le hore se se ke sa hoholehela majweng. Empa ankora e ba le molemo haeba ketane e e kopanyang le sekepe e sa kgaohe. Jwalo ka ha mafome a senya ketane ya ankora, ho a tshwana le ka dipelaelo, di ka senya tumelo ya rona. Ha motho ya nang le dipelaelo a hanyetswa, a ka fellwa ke tumelo ya hore Jehova o tla phethahatsa ditshepiso tsa hae. Haeba re fellwa ke tumelo, re boetse re fellwa ke tshepo. Jwalo ka ha Jakobo a bontsha, motho ya belaelang “o jwalo ka leqhubu la lewatle le kgannwang ke moya le le fefolelwang kwana le kwana.” (Jak. 1:6) E ka ba ka mohlolo motho ya boemong boo a ka fumanang thabo.

16. Re tlameha ho etsang haeba re na le dipelaelo?

16 Tharollo: Tlohela ho belaela mme o matlafatse tumelo ya hao. Nka bohato kapele. Mehleng ya moprofeta Elia, bahlanka ba Jehova ba ne ba sa kgodiseha ka tumelo ya bona. Elia o ile a re ho bona: “Le tla nne le qeaqee halelele hakae pakeng tsa maikutlo a mabedi a fapaneng? Haeba Jehova ke Modimo wa nnete mo lateleng; empa haeba Baale ke yena, mo lateleng!” (1 Mar. 18:21) Taba eo ke nnete le mehleng ena. Re tlameha ho etsa dipatlisiso e le hore re ikgodise hore Jehova ke Modimo, Bibele ke Lentswe la hae le hore Dipaki Tsa Jehova ke bahlanka ba hae. (1 Bathes. 5:21) Ho etsa jwalo ho tla nyametsa dipelaelo tseo re nang le tsona ho be ho matlafatse tumelo ya rona. Haeba re hloka thuso tabeng ya ho sebetsana le dipelaelo tsa rona, re ka kopa thuso ho baholo. Re tlameha ho etsa qeto kapele haeba re batla ho dula re thabela ho sebeletsa Jehova.

17. Ho tla etsahalang haeba re se sebete?

17 Bothata: Ho nyahama. Lentswe la Modimo le re: “Na o iponahaditse o nyahame letsatsing la mahlomola? Matla a hao a tla fokola.” (Liprov. 24:10) Lentswe la Seheberu le fetoletsweng e le “o iponahaditse o nyahame” le ka bolela “ho hloka sebete.” Haeba o se na sebete, kapele feela o tla fellwa ke thabo.

18. Ho mamella ho bolelang?

18 Tharollo: Itshetlehe ka Jehova hore a o fe sebete e le hore o kgone ho mamella. Re hloka ho ba le sebete e le hore re kgone ho mamella mathata. (Jak. 5:11) Lentswe leo Jakobo a le sebedisitseng e le “mamello” le fana ka maikutlo a motho ya dulang a tsitsitse sebakeng sa hae. Re ka nna ra nahana ka lesole leo ka sebete le lwanang kgahlanong le sera ebile le sa balehe ho sa tsotellehe hore na le hlaselwa hakae.

19. Re ka ithutang mohlaleng wa moapostola Pauluse?

19 Moapostola Pauluse e bile mohlala o motle haholo wa motho ya sebete le ya nang le mamello. Ka dinako tse ding o ne a hloka matla. Empa o ile a kgona ho mamella hobane o ne a itshetlehile ka Jehova hore a mo fe matla ao a a hlokang. (2 Bakor. 12:8-10; Bafil. 4:13) Re ka kgona ho ba le matla le sebete seo haeba ka boikokobetso re hlokomela hore re hloka hore Jehova a re thuse.​—Jak. 4:10.

ATAMELA HAUFI LE MODIMO MME O DULE O NA LE KGOTSO

20, 21. Re ka kgodiseha ka eng?

20 Re ka kgodiseha hore mathata ao re nang le ona ha se dikotlo tse tswang ho Jehova. Jakobo o re tiisetsa ka ho re: “Ha a le tlasa teko ho se ke ha eba le ya reng: ‘Ke ntse ke lekwa ke Modimo.’ Etswe Modimo a ke ke a lekwa ka dintho tse mpe kapa hona hore o leka le ha e le mang ka tsona.” (Jak. 1:13) Ha re kgodisehile ka nnete eo, re tla kgona ho atamela haufi haholo le Ntate wa rona ya lerato.​—Jak. 4:8.

21 Jehova ha a fetohe. (Jak. 1:17) O ile a tshehetsa Bakreste ba mehleng ya pele ha ba ne ba mamella diteko mme le rona o tla re thusa. Etsa thapelo e tswang botebong ba pelo mme o kope Jehova hore a o fe bohlale, tumelo le sebete. A ke ke a o swetsa. Ka hoo, o ka kgodiseha hore o tla o thusa hore o dule o thabile ha o ntse o mamelletse mathata.

PINA YA 128 Mamella ho Isa Bofelong

^ par. 5 Buka ya Jakobo e na le dikeletso tsa bohlokwa tse ka re thusang ha re na le mathata. Sehlooho sena se tlo bua ka dikeletso tse ding tseo Jakobo a re fileng tsona. Dikeletso tseo di tlo re thusa hore re se ke ra kgaotsa ho ba le thabo ya ho sebeletsa Jehova ha re ntse re mamelletse diteko.

^ par. 59 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Morabo rona o tshwarwa a le ha hae. Mosadi wa hae le moradi wa hae ba mo shebile ha maponesa a tsamaya le yena. Ha morabo rona a ntse a le teronkong, badumedimmoho le bona ba ba le mosadi wa hae le ngwana wa hae borapeding ba lelapa. Mme le moradi wa hae ba kopa Jehova nako le nako hore a ba fe matla a ho mamella bothata bona. Jehova o ba fa kgotso le sebete. Ka lebaka leo, tumelo ya bona e ba matla mme e ba thusa hore ba mamelle ba thabile.