TORA YA HO LEBELA—E ITHUTWANG January 2017

Kgatiso ena e na le dihlooho tse ithutwang ka la 27 February–la 2 April, 2017.

Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata

Baradi babo rona ba bangata ba masoha ba ileng ba sebeletsa dinaheng tse ding ba ne ba le leqe ho fallela dinaheng tse ding. Ba ile ba thuswa ke eng hore ba be le sebete? Ba ithutile eng ka ho sebeletsa dinaheng tse ding?

“Tshepa Jehova Mme o Etse se Molemo”

Jehova o thabela ho re etsetsa dintho tseo re sa kgoneng ho iketsetsa tsona. Empa o lebelletse hore re etse seo re ka kgonang ho se etsa. Temana ya selemo ya 2017 e re thusa jwang hore re se ke ra tshwenyeha haholo?

Ananela Bolokolohi ba Hao ba ho Ikgethela

Bolokolohi ba ho ikgethela ke eng, hona Bibele e ruta eng ka bona? O ka bontsha jwang hore o hlompha bolokolohi ba ba bang ba ho ikgethela?

Ke Hobaneng ha ho le Bohlokwa ho Inyenyefatsa

Boinyenyefatso ke eng, hona e amana jwang le boikokobetso? Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa ho bo hlaolela?

Dula o Inyenyefaditse le ha o Thulana le Mathata

Re ka dula re inyenyefaditse jwang ha maemo a rona a fetoha, ha re nyatswa kapa re roriswa, le ha re etsa diqeto tse nepahetseng?

“Dintho Tsena o di Behe ho Banna ba Tshepahalang”

Ke jwang ba hodileng ba ka thusang ba batjha ho phetha boikarabelo bo iketsehileng? Ke jwang ba batjha ba ka bontshang hore ba hlompha ba nang le boiphihlelo?

Re o Lome Tsebe?

Mollo o ne o tsamaiswa jwang ho tloha sebakeng se seng ho ya ho se seng?