Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re o Lome Tsebe?

Re o Lome Tsebe?

Mollo o ne o tsamaiswa jwang mehleng ya boholoholo?

TLALEHO ya Bibele e ho Genese 22:6 e re ha Abrahama a ne a lokisetsa ho ya sebakeng se hole hore a ilo etsa sehlabelo, o ile a “a nka patsi ya nyehelo ya setjheso a e jarisa mora wa hae Isaka mme yena matsohong a hae a nka mollo le thipa e selakgang, yaba ka bobedi ba tsamaya hammoho.”

Mangolo ha a bolele letho ka mekgwa ya ho besa mollo e neng e sebediswa mehleng eo. Ha mohlalosi e mong a bua ka tlaleho ena ya Bibele, o re ho ke ke ha etsahala hore ebe Abrahama le Isaka ba ne ba tsamaya ‘ka mollo o neng o se o ntse o tuka ebe ba fihla moo ba yang o so time.’ Kahoo, ho ka etsahala hore se hlaloswang mona e ne e le dintho tse neng di sebediswa bakeng sa ho etsa mollo.

Leha ho le jwalo, ba bang ba re ho ne ho se bonolo ho hotetsa mollo mehleng eo ya boholoholo. Ho ne ho le bonolo hore batho ba kope mashala a hlenneng ho baahelani ba bona, ho e na le ho iqalla mollo. Kahoo ditsebi tse ngata di dumela hore Abrahama o ne a tsamaya ka pitsa—mohlomong e leketlileng ketaneng—e neng e tletse mashala a hlenneng, a tswang mollong oo ba neng ba o besitse bosiung bo fetileng. (Esa. 30:14) Ho ne ho ka sebediswa patsi e ommeng ho hotetsa mashala ao a hlenneng haeba motho a ne a hloka ho besa mollo leetong le le lelele.