Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobaneng ha ho le Bohlokwa ho Inyenyefatsa

Ke Hobaneng ha ho le Bohlokwa ho Inyenyefatsa

“Bohlale bo ho ba inyenyefatsang.”LIPROV. 11:2.

DIPINA: 3869

1, 2. Ke hobaneng ha Modimo a ile a lahla Saule? (Sheba setshwantsho se qalong.)

HA Morena Saule wa Iseraele a qala ho busa, o ne a ikokobeditse a bile a hlompheha. (1 Sam. 9:1, 2, 21; 10:20-24) Empa ka mora nakwana a qadile ho busa, o ile a etsa dintho tse ngata tse bontshang hore o ne a se a ikgohomosa. Ha moprofeta wa Modimo Samuele a dieha ho fihla Gilgale, Saule o ile a fela pelo. Bafilista ba ne ba itokisetsa ntwa, mme Baiseraele ba fetohela Saule. E tlameha ebe o ile a nahana a re: ‘Ke tlameha ho etsa ho hong ka potlako.’ Kahoo o ile a etsetsa Modimo sehlabelo, e leng ntho eo a neng a sa dumellwa ho e etsa. Jehova ha aa ka a thabela seo.1 Sam. 13:5-9.

2 Ha Samuele a fihla Gilgale, o ile a kgalemela Saule. Ho fapana le hore Saule a amohele kgalemelo, o ile a ipehela mabaka, a ba a nyenyefatsa phoso eo a e entseng. (1 Sam. 13:10-14) Ka mora moo, ho ile ha etsahala dintho tse ngata tse mpe hoo qetellong Saule a ileng a tloswa boreneng, mme Jehova a mo lahla. (1 Sam. 15:22, 23) Le hoja Saule a qadile dintho hantle, o ile a ba le qetello e bohloko.1 Sam. 31:1-6.

3. (a) Batho ba bangata ba nahanang ka ho ikokobetsa? (b) Re tla araba dipotso dife?

3 Batho ba bangata kajeno ba nahana hore ba ke ke ba atleha bophelong haeba ba ikokobeditse. Kahoo, ba a iphahamisa le ho inka ba le bohlokwa ho feta batho ba bang. Ka mohlala, motho e mong ya tummeng difiliming eo hamorao e ileng ya ba radipolotiki, o ile a re: “Ha ke a ikokobetsa, ebile ke dumela hore ha ho mohla ke tla ikokobetsa.” Empa ke hobaneng ha e ntse e le ha bohlokwa ho ikokobetsa? Ho ikokobetsa kapa ho inyenyefatsa ho bolelang? Re ka etsang hore re dule re ikokobeditse ho sa tsotellehe mathata ao re kopanang le ona kapa kgatello e tswang ho ba bang? Sehloohong sena, re tla araba dipotso tse pedi tse qalang. Potso ya boraro e tla arajwa sehloohong se latelang.

KE HOBANENG HA HO LE BOHLOKWA HO INYENYEFATSA?

4. Ho iketelletsa pele ho bolelang?

4 Bibele e bontsha phapang pakeng tsa ho inyenyefatsa le ho iketelletsa pele. (Bala Liproverbia 11:2.) Davida o ile a kopa Jehova hore a mo “thibe . . . diketsong tsa ho iketelletsa pele.” (Pes. 19:13) “Ho iketelletsa pele” ho bolelang? Ha motho a potlakela ho etsa ntho eo a sa dumellwang ho e etsa, o iketelletsa pele. Kaha ha re a phethahala, kaofela ha rona re iketelletsa pele ka dinako tse ding. Empa jwalokaha re bone mohlaleng wa Morena Saule, haeba re tlwaela ho iketelletsa pele, Modimo a ke ke a re amohela. Pesaleme 119:21 e re Jehova o ‘kgalemela ka matla ba iketelletsang pele.’ Ke hobaneng ha a ba kgalemela?

5Ho iketelletsa pele ha ho tshwane le ho etsa ntho ka phoso. Motho ya iketelletsang pele, o hloleha ho fa Jehova tlhompho e mo tshwanelang jwaloka Mmusi. Ho feta moo, haeba re etsa dintho tseo re sa dumellwang ho di etsa, re tla qabana le batho ba bang. (Liprov. 13:10) Hape, haeba ho totobala hore re entse dintho ka ho iketelletsa pele, seo se ka re swabisa sa ba sa re theola seriti. (Luka 14:8, 9) Ha ho mohla ho iketelletsa pele ho fellang hantle. Empa jwalokaha Mangolo a bontsha, ho ikokobetsa ho fella hantle ka dinako tsohle.

HO INYENYEFATSA HO AKARELLETSA ENG?

6, 7. Ho inyenyefatsa ho akarelletsa eng?

6 Ka Bibeleng, ho inyenyefatsa ho bolela ho hloka boikgohomoso. Ho hlaloswa e le “ho ikokobetsa kelellong.” (Bafil. 2:3) Motho ya ikokobeditseng o dumela diphoso tsa hae, o amohela keletso mme o ikemiseditse ho ithuta ho ba bang. Jehova o rata batho ba ikokobeditseng.

7 Bibele e boetse e bontsha hore motho ya inyenyefatsang o tseba moo matla a hae a fellang teng, ebile o tseba dintho tseo a sa dumellwang ho di etsa. Sena se mo thusa hore a hlomphe batho ba bang a be a ba tshware ka mosa.

8. Re ka hlokomela jwang haeba re se re qala ho ikgohomosa?

8 Re ka hlokomela jwang haeba re se re qala ho ikgohomosa? Nahana ka dintlha tse latelang. Re ka nna ra inkela hodimo hobane re na le ditokelo tse itseng ka phuthehong, kapa re tlwaelane le batho ba nang le tsona. (Bar. 12:16) Kapa ra etsa dintho tse hapang tlhokomelo ya batho ho sa hlokahale. (1 Tim. 2:9, 10) Kapa mohlomong ra hatella ba bang hore ba mamele maikutlo a rona hobane feela re na le boemo bo itseng ka phuthehong kapa re tsebana le ba nang le bona. (1 Bakor. 4:6) Hangata, ha re itshwara ka tsela ena, ho ka etsahala hore re se ke ra lemoha hore re se re qadile ho ikgohomosa.

9. Ke dintho dife tse ileng tsa etsa hore ba bang ba ikgohomose? Fana ka mehlala e hlahang ka Bibeleng.

9 Re ka ikgohomosa haeba re rata dintho tsa lefatshe. Ho inahana ho tlola, mona le bohale bo fetelletseng di entse hore ba bang ba ikgohomose. Ba bang ba batho ba ileng ba etsa seo ba tlalehilweng ka Bibeleng ke Absalome, Uzia le Nebukadnezare. Jehova o ile a ba kokobetsa hobane ba ne ba ikgohomosa.2 Sam. 15:1-6;18:9-17; 2 Likron. 26:16-21; Dan. 5:18-21.

10. Ke hobaneng ha re lokela ho qoba ho ahlola ba bang? Fana ka mehlala e hlahang ka Bibeleng.

10 Empa ho na le mabaka a mang a ka nnang a etsa hore motho a iketelletse pele. Nahana ka mehlala e hlahang ka Bibeleng ho Genese 20:2-7 le ho Matheu 26:31-35. Na dintho tseo Abimeleke le Petrose ba ileng ba di etsa di ne di susumetswa ke boikgohomoso? Kapa mohlomong ba ne ba sa tsebe dintlha tsohle kapa ba entse dintho ba sa nahana? Kaha ha re kgone ho bona se ka dipelong tsa batho, e ka ba hantle hore re se ke ra potlakela ho ahlola ba bang.Bala Jakobo 4:12.

ANANELA BOEMO BA HAO KA PHUTHEHONG

11. Motho ya ikokobeditseng o ikutlwa jwang ka boemo ba hae ka phuthehong ya Modimo?

11 Motho ya ikokobeditseng o ananela boemo ba hae ka phuthehong ya Modimo. Kaha Modimo o hlophisehile, o fa e mong le e mong karolo eo a lokelang ho e phetha. Re etsa dintho tse sa tshwaneng ka phuthehong, empa kaofela ha rona re ba bohlokwa. Jehova o re bontshitse mosa ka ho re fa dineo le bokgoni bo sa tshwaneng. (Bar. 12:4-8) Re ka sebedisa dimpho tsena ho mo tlotlisa le ho thusa ba bang.Bala 1 Petrose 4:10.

Re ka ithutang mohlaleng wa Jesu ha re fuwa kabelo e ntjha? (Sheba serapa sa 12-14)

12, 13. Ke hobaneng ha re sa lokela ho makala ha dikabelo tsa rona phuthehong di fetoha nako le nako?

12 Empa boemo ba rona ka phuthehong ya Modimo bo ka nna ba fetoha. Nahana ka mohlala wa Jesu. Qalong, o ne a dula le Ntate wa hae feela lehodimong. (Liprov. 8:22) Yaba o thusa Jehova ho bopa mangeloi a mang le dintho tse ding tsohle, ho akarelletsa le batho. (Bakol. 1:16) Hamorao Jesu o ile a fuwa kabelo e ntjha ya hore a tle lefatsheng, a tswalwa e le lesea mme a hola ho fihlela e ba motho e moholo. (Bafil. 2:7) Ka mora hore Jesu a shwe, o ile a kgutlela lehodimong e le sebopuwa sa moya hore e ilo ba Morena wa Mmuso wa Modimo ka 1914. (Baheb. 2:9)Empa leo e ne e se lekgetlo la ho qetela a fuwa kabelo e ntjha. Ka mora puso ya hae ya Dilemo Tse Sekete, Jesu o tla kgutlisetsa Puso ho Jehova, e le hore “Modimo e ka ba dintho tsohle ho e mong le e mong.”1 Bakor. 15:28.

13 Le rona re ka nna ra lebella ho fumana dikabelo tse ntjha nako le nako, mohlomong ka lebaka la diqeto tseo re di etsang. Ka mohlala, na mohlomong o ne o le lesoha, empa jwale o se o nyetse? Na o se o na le bana? Na morao tjee o ile wa nolofatsa bophelo ba hao e le hore o kenele tshebeletso ya nako e tletseng? Qeto ka nngwe ho tsena, e o tliseditse ditokelo le boikarabelo bo itseng. Ha maemo a rona a fetoha, a ka re nolofalletsa kapa a re thatafalletsa ho etsa dintho tse ding. Na o sa le motjha, kapa o se o hodile? Na o phetse hantle mmeleng kapa o a kula? Jehova o a tseba hore na a ka re sebedisa jwang ho latela maemo a rona. Ha aa lebella hore re etse seo re ke keng ra se kgona, ebile o ananela seo re mo etsetsang sona.Baheb. 6:10.

14. Ho ikokobetsa ho ka re thusa jwang hore re kgotsofale re be re thabe maemong ohle?

14 Jesu o ile a thabela dikabelo tsohle tseo a ileng a di fuwa, mme le rona re ka thabela tsa rona. (Liprov. 8:30, 31) Motho ya ikokobeditseng o kgotsofalla ditokelo le dikabelo tseo a di fuwang ka phuthehong. Ha a kgathatsehe ka ho fumana tse eketsehileng kapa hona ho kgalla tsa ba bang. Ho e na le hoo, o etsa sohle seo a ka se kgonang hore a thabele ditokelo tseo a di fuweng, kaha o di tadima di tswa ho Jehova. O boetse o hlompha ditokelo tseo Jehova a di fileng batho ba bang. Motho ya ikokobeditseng o hlompha ba bang, ebile o thabela ho ba tshehetsa.Bar. 12:10.

HO TADIMA BOINYENYEFATSO KA TSELA E LOKETSENG

15. Re ka ithutang mohlaleng wa Gideone wa boikokobetso?

15 Gideone o behile mohlala o motle tabeng ya ho inyenyefatsa. Ha lengeloi la Jehova le hlaha ho yena, Gideone o ile a itlhalosa hore ke motho wa boemo bo tlaase. (Baahl. 6:15) Ka mora hore Gideone a amohele kabelo e tswang ho Jehova, o ile a etsa bonnete ba hore o utlwisisa seo a lokelang ho se etsa, mme a itshetleha ka tataiso ya Jehova. (Baahl. 6:36-40) Gideone o ne a le matla, ebile a le sebete. Empa o ile a etsa dintho ka masene. (Baahl. 6:11, 27) Ha aa ka a sebedisa kabelo ya hae hore a iphumanele botumo. Ho e na le hoo, ha a phethile kabelo eo Jehova a mo fileng yona, o ile a kgutlela moo a tswang teng.Baahl. 8:22, 23, 29.

16Ho inyenyefatsa ha ho bolele hore re ke ke ra hahamalla ho fumana ditokelo tse eketsehileng tsa tshebeletso, kapa ra di amohela. Mangolo a re kgothalletsa hore re hatele pele. (1 Tim. 4:13-15) Empa na ho hlokahala hore re fumane kabelo e ntjha e le hore re hatele pele? Tjhe. Jehova a ka re thusa hore re hatele pele dikabelong tseo re sebeletsang ho tsona hona jwale. Re lokela ho tswelapele ho ntlafatsa bokgoni boo Modimo a re fileng bona hore re etse mesebetsi e metle.

16, 17. Motho ya ikokobeditseng o nahana ka dintho dife pele a amohela dikabelo tse ding tse eketsehileng?

17 Motho ya ikokobeditseng o hlahloba pele hore na kabelo e ntjha e akarelletsa eng pele a e amohela. Ebe ka mora moo o hlahloba maemo a hae ho bona hore na o tla kgona ho e phetha. Ka mohlala, na o tla kgona ho etsa mosebetsi o eketsehileng a sa hlokomolohe ho etsa dintho tse ding tsa bohlokwa? Na mesebetsi e meng eo a neng a e etsa e ka fuwa batho ba bang? Haeba karabo ya dipotso tsena e le tjhe, mohlomong kabelo e ntjha eo a neng a lokela ho e fuwa e ka fetisetswa ho motho e mong eo maemo a hae a mo dumellang. Ho kopa tataiso ya Jehova ka thapelo le ho hlahlobisisa maemo hantle ho tla re thusa hore re qobe ho ikimetsa. Motho ya ikokobeditseng a ke ke a dumela ntho e nngwe le e nngwe.

18. (a) Re lokela ho nahana ka eng ha re amohela kabelo e ntjha? (b) Baroma 12:3 e re thusa jwang?

18 Haeba re amohela kabelo e ntjha, mohlala wa Gideone o lokela ho re hopotsa hore re ke ke ra atleha ntle ho tlhohonolofatso le tataiso ya Jehova. Ho feta moo, Bibele e re mema hore ‘re inyenyefatse ha re tsamaya le Modimo wa rona.’ (Mik. 6:8) Kahoo, nako le nako ha re amohela kabelo e ntjha, re lokela ho nahana ka hloko ka seo Jehova a re bolellang sona a sebedisa Bibele le mokgatlo wa hae. Re lokela ho lokisa monahano wa rona e le hore o dumellane le wa Jehova. A re hopoleng hore hase ka matla a rona re kgonang ho finyella dintho tse itseng, empa Jehova ke yena ya re phahamisang ka lebaka la boikokobetso ba hae. (Pes. 18:35) Ho tsamaya le Modimo ka boinyenyefatso ho tla re thusa hore re se ke ra inkela hodimo kapa ra inkela tlaase haholo.—Bala Baroma 12:3.

19. Ke hobaneng ha re lokela ho ikokobetsa?

19 Motho ya ikokobeditseng o fa Jehova tlhompho e mo tshwanelang, kaha ke Mmopi le Mmusi wa Bokahohle. (Tšen. 4:11) Boikokobetso bo re thusa hore re kgotsofale re be re atlehe hohle moo re sebeletsang teng mokgatlong wa Modimo. Bo boetse bo re thusa hore re hlomphe maikutlo a ba bang, e leng se tla etsa hore re momahane. Motho ya ikokobeditseng o nahana ka hloko pele a etsa dintho, mme o qoba ho etsa diphoso. Ke kahoo bahlanka ba Modimo ba ntseng ba nka ho inyenyefatsa e le habohlokwa, mme Jehova o thabiswa ke seo haholo. Empa na re ka ikokobetsa le ha re le tlasa kgatello? Sehloohong se latelang, re tla ithuta hore na re ka ikokobetsa jwang le ha maemo a le thata.