Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 1

“Ka Hona Eyang Mme le Etse Batho . . .  Barutuwa”

“Ka Hona Eyang Mme le Etse Batho . . .  Barutuwa”

TEMANA YA RONA YA SELEMO YA 2020: “Ka hona eyang mme le etse batho . . .  barutuwa, le ba kolobetse.”​—MAT. 28:19.

PINA YA 79 Di Ruteng ho Ema di Tiile

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1, 2. Keng eo lengeloi le ileng la e bolella basadi ba neng ba le lebitleng la Jesu, hona Jesu o ile a ba fa taelo efe?

KE HOSENG ha la 16 Nisane ka selemo sa 33, ha ka dipelo tse utlwileng bohloko haholo sehlopha sa basadi ba ratang Modimo, se ya lebitleng la Jesu ka mora hore ho fete matsatsi a mabedi a patuwe. Morero wa bona e ne e le ho tlotsa setopo sa Jesu ka dinoko le dioli tse nkgang ha monate, empa ha ba fihla lebitleng, ba ile ba makala ha ba fumana le sena letho. Lengeloi le ile la bolella basadi bao hore Jesu o se a tsositswe bafung mme la boela la re: “O le etella pele ho kena Galilea; le tla mo bona moo.”​—Mat. 28:1-7; Luka 23:56; 24:10.

2 Ka mora hore basadi bao ba tlohe moo, Jesu o ile a itlhahisa ho bona mme a ba fa taelo ena: “Eyang, le tlalehele barabeso, e le hore ba ka tloha ho ya kena Galilea; mme ba tla mpona moo.” (Mat. 28:10) E tlameha e be Jesu o ne a ena le ditaelo tsa bohlokwa tseo a neng a batla ho di fa barutuwa ba hae, ka ha ntho ya pele eo a ileng a e etsa ka mora hore a tsoswe, ke ho hlophisa hore a kopane le bona.

KE BO MANG BA FUWENG TAELO?

Ka mora hore Jesu a tsoswe, o ile a kopana le baapostola ba hae le ba bang Galilea mme a ba laela a re: “eyang mme le etse batho . . .  barutuwa” (Sheba serapa sa 3-4)

3, 4. Ke hobaneng ha re ka re taelo e tlalehilweng ho Matheu 28:19, 20, e ne e sa fuwa baapostola feela? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

3 Bala Matheu 28:​16-20. Sebokeng seo Jesu a ileng a se hlophisa, o ile a bolella barutuwa ba hae ka mosebetsi wa bohlokwa oo ba neng ba lokelang ho o etsa ka nako eo, e leng mosebetsi oo le rona re ntseng re o etsa le kajeno. O ile a re ho bona: “Ka hona eyang mme le etse batho ba ditjhaba tsohle barutuwa, . . . le ba rute ho boloka dintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.”

4 Jesu o batla hore balatedi bohle ba hae ba bolele ditaba tse molemo. Ha a ka a laela feela baapostola ba tshepahalang ba 11 hore ba etse mosebetsi ona. Na re na le bopaki ba seo? Na e ne e le baapostola feela ba neng ba le “thabeng ya Galilea,” ha Jesu a ne a fana ka taelo ya hore ho etswe barutuwa? Hopola hore lengeloi le ile la re ho basadi bane: “Le tla mo bona [Galilea].” Ka hoo, ke ho utlwahalang hore ebe basadi bao ba ne ba le teng sebokeng seo. Empa ho na le bopaki bo bong. Moapostola Pauluse o ile a bontsha hore Jesu o ile “a bonahala ho barababo rona ba ka hodimo ho makgolo a mahlano ka nako e le nngwe.” (1 Bakor. 15:6) E ne e le hokae?

5. Ke hobaneng ha re ka dumela hore 1 Bakorinthe 15:6, e bua ka seboka se neng se le Galilea se boletsweng ho Matheu kgaolo 28?

5 Re na le mabaka a utlwahalang a ho dumela hore Pauluse o ne a bua ka seboka se neng se le Galilea, se boletsweng ho Matheu kgaolo 28. Ke mabaka afe? La pele, bongata ba barutuwa ba Jesu e ne e le Bagalilea. Ka hoo, ho ne ho tla ba bonolo ho tshwarela seboka thabeng ya Galilea le batho ba bangata ho ena le ntlong ya motho Jerusalema. La bobedi, ka mora hore Jesu a tsoswe, o ne a se a ntse a kopane le baapostola ba hae ba 11 ntlong e Jerusalema. Haeba a ne a batla hore e be baapostola ba hae feela ba bolelang le ho etsa barutuwa, a ka be a ile a ba fa taelo eo ha a ne a ena le bona Jerusalema. Empa o ile a ba kopa hore ba kopane le yena Galilea le basadi bane ba tshepahalang ha mmoho le batho ba bang.​—Luka 24:33, 36.

6. Matheu 28:20 e bontsha jwang hore taelo ya ho etsa barutuwa e ya sebetsa le kajeno, hona ke jwang batho ba e mamelang?

6 Hlokomela lebaka la bohlokwa. Taelo ya Jesu ya ho etsa barutuwa e ne e sa fuwa feela Bakreste ba nakong eo. Re tseba seo jwang? Ha Jesu a qetella ditaelo tseo a neng a di fa balatedi ba hae o ile a re: “Ke na le lona ka matsatsi ohle ho fihlela qetellong ya tsamaiso ya dintho.” (Mat. 28:20) Jwalo ka ha Jesu a ile a bolela, kajeno batho ba bangata ba etsa barutuwa. Nahana ka sena, selemo le selemo hoo e ka bang batho ba 300 000 ba a kolobetswa mme e eba Dipaki Tsa Jehova.

7. Re tlo hlahlobang, hona hobaneng?

Batho ba bangata ba ithutang Bibele ba etsa diphetoho mme ba a kolobetswa. Ho ntse ho le jwalo, ho bonahala eka batho ba bangata bao re ithutang Bibele le bona, ba tshaba ho ba barutuwa. Ba thabela ho ithuta, empa ha ba etse diphetoho e le hore ba kolobetswe. Kaofela ha rona re batla ho thusa batho bao re ithutang Bibele le bona, hore ba sebedise seo ba ithutang sona le ho ba barutuwa ba Kreste. Sehloohong sena re tla hlahloba ka moo re ka ba thusang ka teng hore ba rate Jehova le ho etsa diphetoho. Ke hobaneng ha re lokela ho bua ka see? Hobane ka dinako tse ding, re ka nna ra lokela ho etsa qeto ya hore na re tla tswela pele re ithuta le bona kapa tjhe.

BA THUSE HO RATA JEHOVA

8. Ke hobaneng ha ka dinako tse ding ho ka ba thata ho thusa batho bao re ithutang Bibele le bona hore ba rate Jehova?

8 Jehova o batla hore batho ba mo sebeletse hobane ba mo rata. Ka hoo, sepheo sa rona ke ho thusa batho bao re ithutang le bona hore ba utlwisise hore Jehova, o ba kgathalla ka bo mong le hore o ba rata haholo. Re batla ho ba thusa hore ba nke Jehova e le “ntata bashanyana ba se nang bontate [le] moahlodi [kapa mo sireletsi] wa bahlolohadi.” (Pes. 68:5) Ha ba bona ka moo Jehova a ba ratang ka teng, ba ka nna ba qala ho mo rata. Le ha ho le jwalo, ho ka ba thata hore ba bang ba rate Jehova, ka ha bontate ba bona ha ba a ka ba ba bontsha lerato. (2 Tim. 3:1, 3) Ka hoo ha o ntse o ithuta le bona, bua haholo ka makgabane a Jehova. Thusa batho bao o ithutang Bibele le bona ho utlwisisa hore Modimo wa rona ya lerato, o batla hore ba fumane bophelo bo sa feleng le hore o ikemiseditse ho ba thusa ho finyella seo. Keng e nngwe eo re ka e etsang?

9, 10. Ke dibuka dife tseo re lokelang ho di sebedisa ha re ithuta Bibele le batho, hona hobaneng?

9 Sebedisa buka ya “Bibele e re Rutang?” le ya “Ka Moo o ka Dulang o Ratwa ke Modimo.” Dibuka tsena di etseditswe ho re thusa hore re finyelle dipelo tsa batho bao re ithutang le bona. Ka mohlala, kgaolo ya pele ya buka ya Bibele e re Rutang, e araba dipotso tsena: Na Modimo o na le taba le rona?, Modimo o ikutlwa jwang ka mathata a rona? le Na o ka ba motswalle wa Jehova? Ho thweng ka buka ya Dula o Ratwa ke Modimo? Buka ena e tla thusa moithuti ho bona ka moo ho sebedisa melaomotheo ya Bibele, ho ka mo thusang ho ntlafatsa bophelo ba hae le hore a be le kamano e haufi le Jehova. Le hoja o se o ithutile buka ena le batho ba bang, o lokela ho lokisetsa bakeng sa moithuti ka mong e le hore o tsebe ho mo thusa ho ya ka ditlhoko tsa hae.

10 Empa o lokela ho etsang haeba moithuti kapa motho eo o balang le yena, a batla ho tseba ka ntlha e nngwe e hlahang sengolweng se siyo tlasa Dithulusi Tsa ho Ruta? Mohlomong o ka mo kgothalletsa ho bala sengolwa seo a le mong, e le hore le ka tswela pele ho ithuta dibuka tseo re seng re buile ka tsona.

Qala thuto ka thapelo (Sheba serapa sa 11)

11. Ke neng moo re lokelang ho qala le ho kwala ka thapelo ha re ithuta Bibele le batho, hona ra ka ba thusa jwang ho bona bohlokwa ba see?

11 Rapela pele o qala thuto. Ka mora hore le qale ho ithuta ka mehla, ke ha bohlokwa hore o qale le ho kwala thuto ka thapelo. Re tlameha ho thusa moithuti hore a hlokomele hore, re ke ke ra kgona ho utlwisisa Lentswe la Modimo ntle le hore re kope moya wa hae o halalelang. Bara le baradibabo rona ba bang ha ba hlalosetsa motho eo ba balang le yena ka bohlokwa ba ho rapela, ba bala Jakobo 1:5 e reng: “Haeba mang kapa mang wa lona a haellwa ke bohlale, a nne a kope Modimo.” Ka mora moo ba a mo botsa, ‘Haeba re batla ho ba le bohlale, keng seo re lokelang ho se etsa?’ Moithuti a ka nna a re re lokela ho bo kopa ho Modimo.

12. O ka sebedisa Pesaleme ya 139:2-4 jwang ho thusa motho eo o balang le yena hore a phutholohe ha a rapela Jehova?

12 Ruta motho eo o balang le yena ho rapela. Mo hlalosetse hore Jehova o batla hore a bue ho tswa pelong. O ka boela wa mo hlalosetsa hore dithapelong tseo a di etsang a le mong, a ka bolella Jehova dintho tseo a ke keng a kgona ho di bolella batho ba bang le ka moo a ikutlwang ka teng. Hopola hore Jehova o se a ntse a tseba ka moo re ikutlwang ka teng. (Bala Pesaleme ya 139:2-4.) Ka hoo, re ka mo kgothalletsa hore a kope Modimo hore a mo thuse ho tlohela le ho nahana dintho tseo a sa di rateng. Ka mohlala, motho eo o ithutang le yena a ka nna a rata mekete eo Bakreste ba sa lokelang ho e keteka. Le hoja a tseba hore mekete ena e fosahetse, empa o thabela dintho tse itseng ka yona. Mo kgothalletse hore a tsebise Jehova ka moo a hlileng a ikutlwang ka teng le ho mo kopa hore a mo thuse ho rata dintho tseo Modimo a di ratang.​—Pes. 97:10.

Memela motho eo o ithutang Bibele le yena hore a tle dibokeng (Sheba serapa sa 13)

13. (a) Ke hobaneng ha re lokela hore hanghang re kgothalletse batho bao re ithutang Bibele le bona hore ba tle dibokeng? (b) Keng seo re lokelang ho se etsa ho thusa moithuti hore a phutholohe ha a le dibokeng?

13 Memela motho eo o ithutang le yena dibokeng hanghang. Seo moithuti a se bonang le ho ithuta sona dibokeng, se ka mo susumelletsa hore a batle ho sebeletsa Jehova mme a etse diphetoho. O ka mo bontsha video ya Ho Etsahala Eng Holong ya Mmuso? mme wa mo kopa hore a ye le wena dibokeng. E ka ba hantle hore o kope bahweletsi ba fapaneng hore ba tsamaye le wena ha o ya ho motho eo o ithutang Bibele le yena. Ka tsela eo, o tla tseba batho ba bang ka phuthehong mme a ka nna a ikutlwa a phutholohile ha a le dibokeng.

THUSA MOITHUTI HORE A ETSE DIPHETOHO

14. Keng e ka thusang moithuti hore a etse diphetoho?

14 Sepheo sa rona ke ho thusa motho eo re ithutang le yena hore a etse diphetoho. (Baef. 4:13) Ha motho a dumela ho ithuta Bibele le rona, e ka nna yaba o amehile haholo ka moo e ka mo tswelang molemo ka teng. Empa ha a ntse a rata Jehova le ho feta, a ka nna a batla ho thusa batho ba bang ho akarelletsa le ba ka phuthehong. (Mat. 22:37-39) Ka hoo, ha nako e dumela o ka bolella moithuti hore re na le monyetla wa ho tshehetsa mosebetsi wa boboledi ka menehelo.

Memela motho eo o ithutang Bibele le yena hore a tle dibokeng (Sheba serapa sa 15)

15. Ke jwang re ka thusang motho eo re ithutang le yena hore a etse se nepahetseng ha a kopana le mathata?

15 Ruta motho eo o ithutang le yena hore na a etseng ha a kopana le mathata. Ka mohlala, ha re nke hore motho eo o ithutang le yena ebile e le mohweletsi ya sa kolobetswang, o o bolella hore ho na le motho ya mo kgopisitseng ka phuthehong. Ho ena le hore o nke lehlakore, mo bolelle seo Bibele e reng o lokela ho se etsa. Ka ha e re a ka mo tshwarela le ho lebala ka se etsahetseng empa haeba a sa kgone, o lokela hore ka bonolo le ka lerato a buisane le yena ka sepheo sa ho ‘mo rua.’ (Bapisa le Matheu 18:15) Ka hoo, thusa moithuti hore na o lokela ho reng ha a buisana le motho ya mo kgopisitseng. Mo bontshe ka moo a ka sebedisang JW Library®, Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova le websaete ya jw.org®, ho ithuta ka moo a ka rarollang bothata boo ka teng. Haeba a ithuta hona jwale hore a phedisane hantle le Bakreste ba bang, ho tla ba bonolo hore a tswele pele ho etsa seo le ka mora hore a kolobetswe.

16. Ke hobaneng ha e le hantle hore o ye le bahweletsi ba bang ho motho eo o balang le yena?

16 Kopa bahweletsi ba bang kapa mopotolohi hore a ye le wena ho motho eo o balang le yena. Hobaneng? Ho ekelletsa dintlheng tseo re seng re buile ka tsona, bahweletsi ba bang ba ka thusa motho eo o balang le yena ka ditsela tseo o sa kgoneng ho mo thusa ka tsona. Ka mohlala, a re re motho eo o ithutang le yena o lekile ho tlohela ho tsuba empa ka makgetlo a hloleha. Kopa mora kapa moradiwabo rona ya kileng a ba boemong bo tshwanang le ba moithuti wa hao, hore a ye le wena ho yena. Ka ha a ka kgona ho mo fa keletso e tla mo tswela molemo. Haeba o sa phutholohe ho kganna thuto o na le mora kapa moradiwabo rona ya nang le tsebo, mo kope hore ao kgannele yona letsatsing leo. Ha o mema Bakreste ba bang hore ba ye le wena ho motho eo o ithutang le yena, a ka rua molemo dinthong tse ba etsahalletseng. Hopola hore sepheo sa rona ke ho thusa moithuti hore a etse diphetoho.

NA O LOKELA HO KGAOTSA THUTO?

17, 18. Keng seo o lokelang ho nahana ka sona pele o etsa qeto ya ho kgaotsa thuto?

17 Haeba moithuti a sa etse diphetoho bophelong ba hae, ho ka fihla nako ya hore o ipotse, ‘Na ke lokela ho kgaotsa thuto?’ Pele o ka etsa qeto ya ho kgaotsa ho ithuta le motho, o lokela ho nahana ka bokgoni ba hae. Batho ba bang ba nka nako pele ba ka etsa diphetoho ho feta ba bang. Ka hoo, ipotse: ‘Na motho eo ke ithutang Bibele le yena o etsa diphetoho ho ya ka bokgoni ba hae? Na o “boloka” kapa o sebedisa dintho tseo a ithutileng tsona?’ (Mat. 28:20) Ho ka nka nako hore moithuti ebe morutuwa, empa hanyane hanyane o lokela ho etsa diphetoho bophelong ba hae.

18 Empa re lokela ho etsang haeba re badile nako e telele le motho, empa a sa bontshe hore o nka ho ithuta e le ha bohlokwa? Nahana ka boemo bona: O qetile ho ithuta le motho buka ya Bibele e re Rutang, mohlomong le se le qadile le ya Dula o Ratwa ke Modimo, empa ha a soka a ya dibokeng kapa hona ho ya Sehopotsong. Hape o dula a fana ka mabaka a sa utlwahaleng ha le tlameha ho bala. Boemong bona, o lokela ho buisana le yena. *

19. Keng seo o lokelang ho se etsa ha o bona eka motho ha a ananele ho ithuta Bibele, hona o lokela ho nahana kang?

19 O ka qala ka ho mo botsa: ‘O nahana keng e ka o sitisang hore o be Paki ya Jehova?’ Moithuti a ka nna a araba ka hore: ‘Ha ke na bothata ba ho ithuta Bibele empa nke ke ka ba Paki ya Jehova.’ Haeba a ikutlwa jwalo le hoja le se le ithutile nako e telele, ho ka nna ha hlokahala hore le kgaotse ho ithuta. Ka lehlakoreng le leng, moithuti a ka nna a o bolella hore na ke hobaneng ha a sa etse diphetoho. Ka mohlala, a ka nna a utlwa eka a ke ke a kgona ho bolela ka ntlo le ntlo. Ka hoo ha o tseba ka moo a ikutlwang ka teng, o ka kgona ho mo thusa.

O se ke wa qeta nako o ithuta le motho ya sa etseng diphetoho (Sheba serapa sa 20)

20. Liketso 13:48 e re thusa jwang hore re etse qeto ya hore na re tla tswela pele re ithuta le motho kapa tjhe?

20 Ka maswabi, batho ba bang bao re ithutang le bona ba tshwana le Baiseraele ba mehleng ya Ezekiele. Jehova o ile a re ka bona ho Ezekiele: “Bona! Ho bona o jwalo ka pina e tsosang maikutlo a lerato, jwalo ka motho ya nang le lentswe le letle mme a letsa seletsa se dikgwele hantle. Ka sebele ba tla utlwa mantswe a hao, empa ha ho le ya mong ya a phethang.” (Ezek. 33:​32) Ho ka nna ha eba thata ho bolella motho hore le kgaotse ho ithuta. Le ha ho le jwalo, “nako e setseng e fokotsehile.” (1 Bakor. 7:​29) Ho ena le hore re qete nako e ngata re ithuta le motho ya sa etseng diphetoho, re lokela ho batla batho ba bontshang hore ba na le “tshekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.”​—Bala Liketso 13:48.

Eka nna yaba ho na le batho ba bang tshimong ya lona ba rapellang thuso (Sheba serapa sa 20)

21. Temana ya rona selemo ya 2020 e reng, hona e tla re thusa hore re etseng?

21 Temana ya rona ya selemo ya 2020, e na le a mang a mantswe ao Jesu a ileng a a bua sebokeng sa bohlokwa se neng se tshwaretswe thabeng ya Galilea, a reng: “Ka hona eyang mme le etse batho . . .  barutuwa, le ba kolobetse.” (Mat. 28:​19) Temana ena e tla re thusa hore re ntlafatse bokgoni ba rona ba ho etsa batho barutuwa.

E se eka re ka ikemisetsa ho ntlafatsa bokgoni ba rona ba ho etsa batho barutuwa le ho thusa batho bao re ithutang le bona hore ba kolobetswe (Sheba serapa sa 21)

PINA YA 70 Le Batle ba Tshwanelehang

^ par. 5 Temana ya rona ya selemo ya 2020, e re kgothalletsa hore re “etse batho . . .  barutuwa.” Bahlanka bohle ba Jehova ba tlameha ho mamela taelo ena. Ke jwang re ka kgothalletsang batho bao re ithutang Bibele le bona hore e be barutuwa ba Kreste? Sehlooho sena se tla re bontsha hore na ke jwang re ka ba thusang hore ebe metswalle ya Jehova. Re tla boela re bone hore na ke jwang re ka etsang qeto ya hore na re tla tswela pele re ithuta le bona kapa tjhe.