Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 5

Re Tla Tsamaya le Lona

Re Tla Tsamaya le Lona

“Re tla tsamaya le lona, etswe re utlwile hore Modimo o na le lona.”​—ZAK. 8:23.

PINA YA 26 Le se Etseditse Nna

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

Dinku tse ding (“banna ba leshome”) ba nka e le ha bohlokwa ho sebeletsa Jehova ha mmoho le batlotsuwa (“Mojuda”) (Sheba serapa sa 1 le 2)

1. Jehova o itse ho tla etsahalang mehleng ya rona?

JEHOVA ha a bua ka mehla ya rona o ile a re: “Banna ba leshome ba tswang dipuong tsohle tsa ditjhaba ba tla tshwara, e, ba tla tshwara moleka wa seaparo sa monna wa Mojuda, ba re: ‘Re tla tsamaya le lona, etswe re utlwile hore Modimo o na le lona.’” (Zak. 8:23) “Mojuda” o emela batho bao Modimo a ba tlotsitseng ka moya o halalelang. Ba boetse ba bitswa “Iseraele ya Modimo.” (Bagal. 6:16) Ha “Banna ba leshome” bona, ba emela batho ba nang le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng lefatsheng. Ba a tseba hore Jehova o hlohonolofaditse batlotsuwa mme ba nka e le ha bohlokwa ho sebeletsa Modimo ha mmoho le bona.

2. Ke jwang “banna ba leshome” ba ‘tsamayang’ le batlotsuwa?

2 Le hoja ho sa kgonehe hore re tsebe lebitso la motlotsuwa e mong le e mong, * empa ba nang le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng lefatsheng ba ka ‘tsamaya’ le bona. Jwang? Bibele e re “banna ba leshome” ba tla “tshwara moleka wa seaparo sa monna wa Mojuda, ba re: ‘Re tla tsamaya le lona, etswe re utlwile hore Modimo o na le lona.’” Mona Bibele e bua ka Mojuda empa “le lona” e bolela batho ba bangata. Sena se bolela hore Mojuda ha se motho a le mong empa o emela sehlopha sohle sa batlotsuwa. Bakreste ba sa tlotswang ba sebetsa ha mmoho le batlotsuwa. Le ha ho le jwalo, ha ba nke batlotsuwa e le baetapele ba bona, hobane ba a utlwisisa hore moetapele wa bona ke Jesu.​—Mat. 23:10.

3. Re tlo araba dipotso dife sehloohong sena?

3 Ka ha ho ntse ho ena le batlotsuwa ha ra bahlanka ba Modimo, ba bang ba ka nna ba ipotsa: (1) Batlotsuwa ba lokela ho itshwara jwang? (2) Re lokela ho tshwara batlotsuwa jwang? (3) Hona na re lokela ho tshwenyeha ha palo ya batho ba jang ka Sehopotso e eketseha? Sehlooho sena se tla araba dipotso tsena.

BATLOTSUWA BA LOKELA HO ITSHWARA JWANG?

4. Ke keletso efe e hlahang ho 1 Bakorinthe 11:27-29, eo batlotsuwa ba lokelang ho nahana ka yona ka ho teba, hona hobaneng?

4 Batlotsuwa ba lokela ho nahana ka ho teba ka keletso e hlahang ho 1 Bakorinthe 11:27-29. (E bale) Ke jwang motlotsuwa a ka jang “ka ho sa tshwanelehang” Sehopotsong? O tla etsa sena ka hore a je bohobe le ho nwa veine empa a ne a sa phele ka melao ya Jehova. (Baheb. 6:4-6; 10:26-29) Ka hoo, batlotsuwa ba a hlokomela hore ba tlameha ho dula ba tshepahala e le hore ba fumane “moputso wa pitso ya hodimo ya Modimo ka Kreste Jesu.”​—Bafil. 3:13-16.

5. Batlotsuwa ha ba ikutlwe jwang?

5 Moya o halalelang wa Jehova o thusa bahlanka ba hae hore ba ikokobetse e seng ba ikgohomose. (Baef. 4:1-3; Bakol. 3:10, 12) Ka hoo, batlotsuwa ha ba ikutlwe eka ba phahametse batho ba bang. Ba a tseba hore Jehova o fa bahlanka bohle ba hae moya o halalelang ka ho lekana. Ebile ha ba nke hore ba utlwisisa Bibele ho feta batho ba bang. Hape batlotsuwa ba ke ke ba bolella motho hore o tlotsitswe le hore o lokela ho qala ho ja Sehopotsong. Ho ena le hoo, ka boikokobetso ba a tseba hore ke Jehova feela ya kgethang batho ba ilo phela lehodimong.

6. Ho ya ka 1 Bakorinthe 4:7, 8, batlotsuwa ba lokela ho itshwara jwang?

6 Le hoja batlotsuwa ba nka ho ya lehodimong e le ntho ya bohlokwa, ha ba lebella hore batho ba bang ba ba tshware ka tsela e kgethehileng. (Bafil. 2:2, 3) Ba boetse ba a tseba hore Jehova ha a bolella batho ba bang, ha a ne a ba tlotsa. Ka hoo, motlotsuwa ha a makale ha batho ba bang ba sa kgolwe hore o tlotsitswe. Ba a hlokomela hore Bibele e re ha re a lokela ho dumela ha bonolo ha motho a re Modimo o mo file boikarabelo bo kgethehileng. (Tšen. 2:2) Ka ha motlotsuwa ha a batle ho ikgulela mahlo, ha a bolelle motho e mong le e mong ya qalang ho kopana le yena hore ke motlotsuwa. Ebile ha a ikotle sefuba ka hore ke motlotsuwa.​—Bala 1 Bakorinthe 4:7, 8.

7. Batlotsuwa ba lokela ho qoba ho etsang, hona hobaneng?

7 Batlotsuwa ha ba utlwe eka ba lokela ho qeta nako le batlotsuwa ba bang, jwalo ka ha eka ke ba sehlopha se itseng sa bohlokwa. Ha ba leke ho batla batlotsuwa ba bang, e le hore ba ikopanye le ho bua ka ditaba tsa batlotsuwa kapa hore ba ithute Bibele ha mmoho. (Bagal. 1:15-17) Haeba ba ne ba etsa jwalo, sena se ne se tla etsa hore phutheho e se ke ya momahana. Hape ba ne ba tlabe ba le kgahlanong le moya o halalelang, o thusang bahlanka ba Modimo hore ba be le bonngwe le kgotso.​—Bar. 16:17, 18.

RE LOKELA HO TSHWARA BATLOTSUWA JWANG?

Ha re a lokela ho nka batlotsuwa kapa batho le ha e le bafe eka ke batho ba tummeng (Sheba serapa sa 8) *

8. Ke hobaneng ha o lokela ho e la hloko tsela eo ka yona o tshwarang Bakreste ba jang Sehopotsong?

8 Re lokela ho tshwara bara le baradibabo rona ba tlotsitsweng jwang? (Mat. 23:8-12) Ha re a lokela ho nkela motho ya itseng hodimo le hoja e le morabo Kreste. (Mat. 23:8-12) Le hoja Bibele e re kgothalletsa hore re “etsise tumelo” ya baholo, empa ha e re bolelle hore re etse motho le ha e le ofe moetapele wa rona. (Baheb. 13:7) Ke nnete hore Bibele e re ba bang ba “tshwanelwa ke tlhompho e habedi.” Empa ke hobane ‘ba okamela ka tsela e ntle’ ebile ‘ba sebetsa ka thata ho bueng le ho ruteng,’ e seng hobane e le batlotsuwa. (1 Tim. 5:17) Haeba re rorisa batlotsuwa ho feta tekano, sena se ka etsa hore ba ikutlwe ba sa phutholoha. * Kapa ho hobe le ho feta, re ka etsa hore ba ikgohomose. (Bar. 12:3) Ha re batle ho etsa hore e mong wa bara babo Kreste a etse phoso ena e kgolo.​—Luka 17:2.

9. Re ka bontsha jwang hore re hlompha batlotsuwa?

9 Re ka bontsha jwang hore re hlompha batlotsuwa? Ha re a lokela ho ba botsa hore na ba tsebile jwang hore ke batlotsuwa. Ena ke taba ya motho ka mong, ha e re ame. (1 Bathes. 4:11; 2 Bathes. 3:11) Ho feta moo, ha re a lokela ho nahana hore balekane ba bona, batswadi kapa ba leloko le bona ke batlotsuwa. Motho ha a futse tshepo ya ho ya phela lehodimong empa o e fuwa ke Modimo. (1 Bathes. 2:12) Re boetse re lokela ho qoba ho botsa dipotso tse ka ba utlwisang bohloko. Ka mohlala, ha re a lokela ho botsa mosadi wa motlotsuwa hore na o ikutlwa jwang ka ho phela ka ho sa feleng lefatsheng, monna wa hae a le siyo. Ho feta moo, re kgodisehile hore lefatsheng le letjha, Jehova o tla “kgotsofatsa takatso ya ntho e nngwe le e nngwe e phelang.”​—Pes. 145:16.

10. Ho se nkele batho ba bang hodimo ho ka re sireletsa jwang?

10 Haeba re sa nke batlotsuwa e le ba bohlokwa ho feta batho ba bang, re ka sireletseha. Ka tsela efe? Bibele e re batlotsuwa ba bang ba ka nna ba se ke ba dula ba tshepahala. (Mat. 25:10-12; 2 Pet. 2:20, 21) Haeba re qoba ho nkela batho ba bang hodimo, sena se tla re thusa hore re se ke ra ba latela, e bang ke batlotsuwa, Bakreste ba tsebahalang kapa ba sebeleditseng Jehova ka nako e telele. Ka hoo ha re sa ba latele, re ke ke ra fokollwa ke tumelo kapa ra tlohela ho sebeletsa Jehova, hobane feela ba sa tshepahale kapa ba tlohetse phutheho.

NA RE LOKELA HO TSHWENYEHA HA PALO YA BATHO BA JANG KA SEHOPOTSO E EKETSEHA?

11. Ho etsahalang ka palo ya batho ba jang ka Sehopotso?

11 Ka dilemo tse ngata, palo ya batho ba jang Sehopotsong e ne e fokotseha. Empa morao tjena, palo eo e ntse e eketseha selemo le selemo. Na see se lokela ho re tshwenya? Tjhe. A re boneng mabaka.

12. Ke hobaneng ha re sa lokela ho tshwenyeha ha palo ya batho ba jang ka Sehopotso e eketseha?

12 “Jehova o tseba ba hae” (2 Tim. 2:19) Barababo rona ba balang batho ba jang ka sehopotso, ha ba tsebe hore na bao ehlileng e leng batlotsuwa ke bafe, empa Jehova yena o a tseba. Ka hoo, palo eo e akarelletsa le ya batho ba nahanang hore ke batlotsuwa, empa e se bona. Ka mohlala, ba bang ba neng ba ja, ha morao ba ile ba kgaotsa. E ka nna yaba ba bang, ba na le bothata ba kelello bo etsang hore ba nahane hore ba ilo busa le Jesu lehodimong. Ho hlakile hore ha re tsebe hantle hore na ke batlotsuwa ba bakae ba ntseng ba le lefatsheng.

13. Na Bibele e re bolella palo ya batlotsuwa ba tla beng ba le lefatsheng ha matshwenyeho a maholo a qala?

13 Ho tla be ho ena le batlotsuwa dikarolong tse ngata tsa lefatshe ha Jesu a tla a tlo ba nkela lehodimong. (Mat. 24:31) Bibele e bontsha hore matsatsing a ho qetela, ho tla be ho ena le palo e fokolang ya batlotsuwa ba setseng mona lefatsheng. (Tšen. 12:17) Empa ha e bolele hore na ho tlabe ho setse batlotsuwa ba bakae ha matshwenyeho a maholo a qala.

Re lokela ho itshwara jwang ha motho e mong a ja bohobe kapa a nwa veine Sehopotsong? (Sheba serapa sa 14)

14. Ho ya ka Baroma 9:11, 16, keng eo re lokelang ho e utlwisisa ka ho kgethwa ha batlotsuwa?

14 Ke Jehova ya etsang qeto ya hore na o kgetha batlotsuwa neng. (Bar. 8:28-30) Jehova o qadile ho kgetha batlotsuwa ka mora hore a tsose Jesu. Ho bonahala eka mehleng ya baapostola, Bakreste bohle ba nnete e ne e le batlotsuwa. Empa dilemo tse latelang, batho ba bangata ba neng ba ipitsa Bakreste ba ne ba sa latele Kreste. Ho ntse ho le jwalo dilemong tsona tseo, Jehova o ile a tlotsa batho ba mmalwa bao e neng e le Bakreste ba nnete. Ba ne ba tshwana le koro eo Jesu a ileng a re e tla hola hara mofoka. (Mat. 13:24-30) Le matsatsing a ho qetela, Jehova o ile a tswela pele ho kgetha batho bao e tla ba karolo ya ba 144 000. * Ka hoo, haeba Modimo a kgetha ba bang pele bofelo bo fihla, ha re a lokela ho belaella bohlale ba hae. (Bala Baroma 9:11, 16.) * Re tlameha ho ela hloko hore re se ke ra tshwana le basebetsi bao Jesu a ileng a bua ka bona ho e nngwe ya dipapiso tsa hae. Ba ile ba tletleba ka hore monga bona o ba file tjhelete e lekanang le ya ba ileng ba sebetsa ka hora ya ho qetela.​—Matheu 20:8-15.

15. Na batlotsuwa bohle ke karolo ya “lekgoba le tshepahalang le le masene” jwalo ka ha Matheu 24:45-47 e bontsha? Hlalosa

15 Ha se batlotsuwa bohle bao e leng karolo ya “lekgoba le tshepahalang le le masene.” (Bala Matheu 24:45-47.) Jwalo ka mehleng ya baapostola, ke batlotsuwa ba mmalwa ba ileng ba sebedisetswa ho ngola Mangolo a Segerike a Bakreste. Le kajeno Jehova le Jesu ba sebedisa batlotsuwa ba mmalwa ho fepa kapa ho ruta batho ba bangata. Bara bana babo rona, ke bona feela ba fuweng boikarabelo ba ho fa bahlanka ba Modimo ‘dijo ka nako e tshwanetseng.’

16. Keng eo o ithutileng yona sehloohong see?

16 Re ithutileng sehloohong see? Jehova o entse qeto ya ho fa bahlanka ba hae ba bangata bophelo bo sa feleng lefatsheng mme ba bang ba mmalwa ba ilo busa le Jesu lehodimong. Jehova o hlohonolofatsa bahlanka ba hae bohle e leng “Mojuda” le “banna ba leshome” mme o lebelletse hore ba mamele melao ya hae le hore ba dule ba tshepahala. Kaofela ba tlameha ho dula ba ikokobeditse le ho mo sebeletsa ba momahane. Ebile ba tlameha ho lwanela hore ho be le kgotso ka phuthehong. Ha bofelo bo ntse bo atamela, a re tsweleng pele ho sebeletsa Jehova mme re latele Kreste re le “mohlape o le mong.”​—Joh. 10:16.

^ par. 5 Selemong sena, Sehopotso sa lefu la Kreste se tla tshwarwa ka Labobedi la di 7 tsa April. Re lokela ho tshwara Bakreste ba jang bohobe le ho nwa veine ya Sehopotsong jwang? Na re lokela ho tshwenyeha ha re bona palo ya batho ba jang ka Sehopotso e eketseha? Sehlooho sena, se thehilwe ho se ileng sa hlaha ho Molula-Qhooa wa January 2016, se tla araba dipotso tsena.

^ par. 2 Ho ya ka Pesaleme ya 87:5, 6, nakong e tlang Modimo a ka nna a bolela mabitso a Bakreste bohle ba busang le Jesu lehodimong.​—Bar. 8:19.

^ par. 8 Sheba lebokose le reng “Lerato ‘ha le Itshware ka Mokgwa o sa Hlompheheng’” le hlahang ho Molula-Qhooa wa January 2016.

^ par. 14 Le hoja Liketso 2:33 e bontsha hore Jehova o fana ka moya o halalelang a sebedisa Jesu, empa ke Jehova ya kgethang batlotsuwa.

^ par. 14 Ho fumana tlhahisoleseding e eketsehileng, sheba “Dipotso Tse Tswang ho Babadi” ho Molula-Qhooa wa May 1, 2007.

PINA YA 34 Ho Tsamaya ka Botshepehi

^ par. 56 SETSHWANTSHO SE A HLALOSWA: Nahana haeba moemedi wa ntlokgolo le molekane wa hae ba ne ba ka bokanelwa ke mokgopi wa batho ba ba nkang dinepe kopanong. Ka nnete ena e ne e tlaba ntho e hlomphollang.