Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 3

Bongata bo Boholo ba Dinku Tse Ding bo Rorisa Modimo le Kreste

Bongata bo Boholo ba Dinku Tse Ding bo Rorisa Modimo le Kreste

“Poloko ya rona e tswa ho Modimo wa rona, ya dutseng teroneng, le Konyana.”​—TŠEN. 7:10.

PINA YA 14 Rorisang Morena e Motjha!

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Puo e ileng ya fanwa kopanong ya setereke ka 1935 e ile ya ama morabo rona ya motjha jwang?

HO NE ho na le lelapa leo e neng e le Diithuti Tsa Bibele, e leng lebitso leo Dipaki Tsa Jehova di neng di tsebahala ka lona ka nako eo. Lelapa leo le ne le na le bara ba bararo le baradi ba babedi mme ba ile ba ba ruta hore ba sebeletse Jehova le ho etsisa Jesu Kreste. E mong wa bara ba bona o ne a na le dilemo tse 18 ha a ne a kolobetswa ka 1926. Selemo le selemo mohlankana enwa ya tshepahalang o ne a ja bohobe le ho nwa veine ha a le Sehopotsong jwalo ka ha Diithuti Tsa Bibele di ne di tlwaetse ho etsa jwalo ka nako eo. Le ha ho le jwalo, tshepo ya hae ka bokamoso e ile ya fetoha ka mora hore a utlwe puo ya bohlokwa e neng e na le sehlooho se reng, “Bongata bo Boholo.” Puo eo e ile ya fanwa ke Morabo rona J. F. Rutherford kopanong ya setereke e neng e tshwaretswe Washington, D.C., United States ka 1935. Keng seo Diithuti Tsa Bibele di ileng tsa ithuta sona kopanong eo?

2. Puo ya Morabo rona Rutherford e ile ya bontsha nnete efe e thabisang?

2 Puong eo, Morabo rona Rutherford o ile a hlalosa hore na batho ba welang sehlopheng sa “bongata bo boholo” bao Tšenolo 7:9 e buang ka bona ke bo mang. Pele ho moo, Diithuti Tsa Bibele di ne di dumela hore sehlopha sa bongata bo boholo ke batho ba neng ba sa tshepahale hakaalo ba ilo phela lehodimong. Ka hoo Morabo rona Rutherford o ile a sebedisa Bibele ho bontsha hore bongata bo boholo ha bo ilo phela lehodimong, empa ke dinku tse ding * tsa Kreste tse tla pholoha ‘matshwenyeho a maholo’ le ho phela ka ho sa feleng lefatsheng. (Tšen. 7:14) Jesu o ile a tshepisa a re: “Ke na le dinku tse ding, tseo e seng tsa lesaka lena; le tsona ke tla di tlisa, mme di tla mamela lentswe la ka, e tla ba mohlape o le mong, modisa a be mong.” (Joh. 10:16) “Dinku tse ding” ke bahlanka ba Jehova ba tshepahalang ba nang le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng lefatsheng. (Mat. 25:31-33, 46) A re boneng hore na kutlwisiso ena e ntjha ya nnete ya Bibele e ile ya fetola bophelo ba bahlanka ba bangata ba Jehova jwang, ho akarelletsa le morabo rona yane ya dilemo di 18.​—Pes. 97:11; Liprov. 4:18.

KUTLWISISO E NTJHA E FETOLA BOPHELO BA BATHO BA DIKETE

3, 4. Kopanong e neng e tshwerwe ka 1935, keng seo batho ba dikete ba ileng ba se hlokomela ka tshepo ya bona, hona hobaneng?

3 Ho ile ha ba le thabo e kgolo kopanong eo ha sebui se ne se re: “Ke kopa batho bohle ba nang le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng lefatsheng ba eme.” Morabo rona ya neng a le kopanong eo, o ile a re ho ile ha ema batho ba fetang halofo ya batho ba neng ba tlile kopanong. Yaba Morabo rona Rutherford o re: “Bonang! Letshwele le leholo!” Ka mora moo batho ba ile ba hweletsa ka thabo. Bohle ba neng ba eme ba ile ba hlokomela hore ha ba a kgethelwa ho ilo phela lehodimong. Ba ne ba tseba hore Jehova ha a ba kgetha ka moya o halalelang. Letsatsi le latelang kopanong, ho ile ha kolobetswa batho ba 840 mme boholo ba bona e ne e le ba dinku tse ding.

4 Ka mora puo eo, morabo rona e motjha eo re ileng ra bua ka yena qalong le ba bang ba dikete ba ile ba tlohela ho ja bohobe le ho nwa veine ha ba le Sehopotsong. Batho ba bangata ba ile ba ikutlwa jwalo ka morabo rona ya ikokobeditseng ya ileng a re: “Ke ile ka qetela ho ja ditshwantshetso tsa Sehopotso ka 1935. Ke ile ka hlokomela hore Jehova ha a nkgetha hore ke ilo phela lehodimong. Ho e na le hoo ke na le tshepo ya ho phela lefatsheng le ho thusa ho le etsa hore e be paradeise.” (Bar. 8:16, 17; 2 Bakor. 1:21, 22) Ho tloha ka nako eo bongata bo boholo bo ile ba eketseha mme bo sebetsa ha mmoho le masala. *

5. Jehova o ikutlwa jwang ka bahlanka ba hae ba ileng ba tlohela ho ja ditshwantshetso tsa Sehopotso?

5 Jehova o ikutlwa jwang ka bahlanka ba hae ba ileng ba tlohela ho ja bohobe le ho nwa veine Sehopotsong ka mora 1935? Hona o ikutlwa jwang ka bara le baradibabo rona kajeno ba neng ba ja ditshwantshetso tsa Sehopotso empa ha morao ba hlokomela hore ha ba a kgethwa ho ya phela lehodimong? (1  Bakor. 11:28) Ba bang ba ile ba ja bohobe le veine hobane ba ne ba sa tsebe hantle hore na ba ilo phela hokae. Empa haeba ba hlokomela phoso ya bona mme ba tlohela ho ja bohobe le ho nwa veine ya Sehopotso, ebile ba tswela pele ho sebeletsa Jehova ka botshepehi, ba ka kgodiseha hore o tla ba balla ho dinku tse ding. Le hoja ba sa je bohobe le veine, ba ntse ba tswela pele ho ya Sehopotsong hobane ba ananela seo Jehova le Jesu ba ba etseditseng sona.

TSHEPO E IKGETHANG

6. Jesu o ile a laela mangeloi hore a etseng?

6 Ka ha matshwenyeho a maholo a se a ntse a le haufi, ke ha bohlokwa hore re hlahlobe seo Tšenolo kgaolo ya 7 e se buang ka Bakreste ba tlotsitsweng le ba bongata bo boholo. Jesu o ile a laela mangeloi hore a tshware meya e mene ya timetso. A ne a sa lokela ho tlohella meya eo hore e foke lefatsheng ho fihlela Bakreste bohle ba tlotsitsweng ba fumana tiiso, e leng se bolelang hore Jehova o ba amohetse. (Tšen. 7:1-4) Ka hoo ka lebaka la hore ba ile ba tshepahala, ba tla fumana moputso wa hore e be marena le baprista ha mmoho le Jesu lehodimong. (Tšen. 20:6) Jehova, Jesu le mangeloi ba tla thaba ha ba bona Bakreste ba tlotsitsweng ba 144 000 ba fumana moputso wa bona wa ho phela lehodimong.

Bongata bo boholo bo apere diaparo tse telele tsa ka hodimo tse tshweu mme bo tshwere makala a palema, bo eme ka pela terone ya Modimo e kganyang le ka pela Konyana (Sheba serapa sa 7)

7. Ho Tšenolo 7:9, 10, Johanne o ile a bona bo mang ponong, hona ba ne ba etsang? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

7 Ka mora hore Johanne a bue ka marena le baprista bana ba 144 000, o ile a boela a bona ntho e thabisang, e leng “bongata bo boholo” bo pholohileng Armagedone. Ho fapana le sehlopha sa pele sa batho, sehlopha sena sona se na le batho ba bangata haholo ba se nang palo. (Bala Tšenolo 7:9, 10.) “Bo apere diaparo tse telele tsa ka hodimo tse tshweu,” sena se bontsha hore ba ipolokile ba se na “letheba” lefatsheng la Satane mme ba tshepahalla Jehova le Kreste. (Jak. 1:27) Ba hweletsa ka lentswe le phahameng hore ba bolokehile ka lebaka la seo Jehova le Jesu e leng Konyana ya Modimo ba ba etseditseng sona. Hape, ba tshwere makala a palema e leng se bontshang hore ba amohela Jesu e le Morena ya kgethilweng ke Jehova.​—Bapisa le Johanne 12:12, 13.

8. Ke eng seo Tšenolo 7:11, 12 e re bolellang sona ka lelapa la Jehova le lehodimong?

8 Bala Tšenolo 7:11, 12. Keng seo mangeloi a ileng a se etsa ha a bona bongata bo boholo? Johanne o bona thabo e bang teng lehodimong ha bongata bo boholo bo rorisa Modimo. Ho tla ba le thabo e kgolo lehodimong ha boprofeta bona bo phethahala mme bongata bo boholo bo phonyoha matshwenyeho a maholo.

9. Ho ya ka Tšenolo 7:13-15, keng seo bongata bo boholo bo se etsang hona jwale?

9 Bala Tšenolo 7:13-15. Johanne o ile a ngola hore bongata bo boholo bo ‘hlatswitse diaparo tsa bona tse telele tsa ka hodimo mme bo di sweufaditse mading a Konyana.’ Sena se bolela hore bo na le matswalo a se nang molato ebile bo thabisa Jehova. (Esa. 1:18) Ke Bakreste ba inehetseng le ba kolobeditsweng mme ba na le tumelo e matla sehlabelong sa Jesu, ebile ba na le setswalle se setle le Jehova. (Joh. 3:36; 1 Pet. 3:21) Ba tshwaneleha ho ema ka pela terone ya Modimo e le hore ba mo etsetse “tshebeletso e halalelang bosiu le motshehare” mona lefatsheng. Le kajeno ba etsa mosebetsi wa ho ruta ka Mmuso ka mafolofolo le ho etsa barutuwa, hobane ba amehile ka Mmuso wa Modimo ho feta ntho le ha e le efe.​—Mat. 6:33; 24:14; 28:19, 20.

Bakreste ba bongata bo boholo ba dinku tse ding, ba pholoha matshwenyeho a maholo ba thabile (Sheba serapa sa 10)

10. Ke eng seo Bakreste ba bongata bo boholo ba tla kgodiseha ka sona, hona ba tla bona ho phethahala ha boprofeta bofe?

10 Bakreste ba bongata bo boholo, ba tla phonyoha matshwenyeho a maholo ba tla kgodiseha hore Jehova o tla tswela pele ho ba hlokomela, hobane “Ya dutseng teroneng o tla ala tente ya hae hodima bona.” Ka hoo, boprofeta boo esale Bakreste ba dinku tse ding ba bo emetse bo tla phethahala, bo reng: “[Modimo] o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le eba teng, mme [maswabi] kapa ho bokolla kapa bohloko ha di sa tla hlola di eba teng.”​—Tšen. 21:3, 4.

11, 12. (a) Ho ya ka Tšenolo 7:16, 17, ke ditlhohonolofatso dife tseo Bakreste ba bongata bo boholo ba tla di fumana? (b) Ba lokela ho etsang ha ba le Sehopotsong, hona hobaneng?

11 Bala Tšenolo 7:16, 17. Hona jwale, bahlanka ba bang ba Jehova ha ba na tjhelete ya ho reka dijo tseo ba di hlokang ka lebaka la ho wa ha moruo wa naha kapa dintwa tsa naha. Ba bang ba diteronkong ka lebaka la tumelo ya bona. Le ha ho le jwalo, Bakreste ba bongata bo boholo ba a thaba ho tseba hore ka mora hore ba pholohe matshwenyeho a maholo, ba tla dula ba na le dijo tse ngata le tataiso e tswang ho Jehova. Ha Jehova a fedisa lefatshe la Satane le kgopo, o tla etsa bonnete ba hore Bakreste ba bongata bo boholo ba sireletsehile bohaleng ba hae bo jwalo ka “motjheso . . . o tlabolang.” Ka mora hore matshwenyeho a maholo a fele, Jesu o tla ba tataisetsa “didibeng tsa metsi a bophelo [bo sa feleng].” Ka nnete Bakreste ba bongata bo boholo ba na le tshepo e ikgethang. Hara batho bohle ba dibilione ba kileng ba phela, ba ke ke ba shwa.​—Joh. 11:26.

12 Bakreste ba dinku tse ding ba ananela tshepo e ikgethang eo Jehova le Jesu ba ba fileng yona. Ke nnete hore ha ba ilo phela lehodimong, empa seo ha se bolele hore ha se batho ba bohlokwa ho Jehova. Bakreste ba tlotsitsweng le ba dinku tse ding, ba ka kgona ho rorisa Modimo le Kreste. Tsela e nngwe ya hore ba etse sena ke ka hore ba ye Sehopotsong.

RORISA JEHOVA LE JESU KA PELO YOHLE HA O LE SEHOPOTSONG

Bohobe le veine tse fetiswang Sehopotsong, di re hopotsa hore Jesu o ile a re shwela e le hore re ka phela (Sheba serapa sa 13-15)

13, 14. Ke hobaneng ha batho bohle ba lokela ho ya Sehopotsong sa lefu le Jesu?

13 Morao tjena, ke batho ba mmalwa feela ba jang bohobe le ho nwa veine Sehopotsong. Diphuthehong tse ngata ha ho na batho ba jang bohobe le ho nwa veine Sehopotsong. Le ha ho le jwalo batho ba bangata ba tlang Sehopotsong, ba na le tshepo ya ho phela lefatsheng. Jwale ke hobaneng ha ba ya Sehopotsong? Ka mohlala, batho ba ya lenyalong hobane ba batla ho bontsha banyalani hore ba a ba tshehetsa ebile ba a ba rata. Ka tsela e tshwanang Bakreste ba dinku tse ding ba ya Sehopotsong hobane ba batla ho bontsha Jesu le batlotsuwa hore ba a ba tshehetsa ebile ba a ba rata. Ba boetse ba ya Sehopotsong hobane ba ananela sehlabelo seo Jesu a ileng a ba fa sona se ba thusang hore ba tlo phela ka ho sa feleng lefatsheng.

14 Lebaka le leng la bohlokwa le etsang hore Bakreste ba dinku tse ding ba ye Sehopotsong ke hobane ba mamela taelo ya Jesu. Ha Jesu a ne a theha Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena le baapostola ba hae ba tshepahalang, o ile a re ho bona: “Le nne le etse sena ho nkgopola.” (1 Bakor. 11:23-26) Ka hoo, Bakreste ba dinku tse ding ba tla tswela pele ho ya Sehopotsong ha feela ho ntse ho na le Bakreste ba tlotsitsweng lefatsheng. Ha e le hantle, ba mema le batho ba bang hore ba tle Sehopotsong.

15. Ke eng seo re lokelang ho se etsa ho rorisa Modimo le Kreste Sehopotsong?

15 Ha re le Sehopotsong re fumana monyetla wa ho rorisa Modimo le Kreste ka pina le thapelo. Puo ya Sehopotso ya selemong sena e na le sehlooho se reng: “Bontsha Hore o Ananela Seo Modimo le Kreste ba o Etseditseng Sona!” E tla etsa hore re ananele Jehova le Kreste haholo. Ka hoo ha ho fetiswa bohobe le veine Sehopotsong, re tla hopola hore di emela mmele wa Jesu le madi a hae. Re tla hopola hore Jehova o ile a dumella Mora wa hae hore a shwe e le hore re ka fumana bophelo. (Mat. 20:28) Batho bohle ba ratang Ntate wa rona ya lehodimong le Mora wa hae ba tla tla Sehopotsong.

LEBOHA JEHOVA KA TSHEPO EO A O FILENG YONA

16. Bakreste ba tlotsitsweng le ba dinku tse ding ba tshwana kang?

16 Jehova o rata Bakreste ba tlotsitsweng le ba dinku tse ding ka tsela e tshwanang. Kaofela ke ba bohlokwa ho yena. Re tseba sena hobane o ba rekile ka tefo e tshwanang e leng bophelo ba Mora wa hae. Phapang e teng feela pakeng tsa Bakreste ba tlotsitsweng le ba dinku tse ding ke hore ba na le tshepo e fapaneng. Empa Bakreste bana kaofela ba lokela ho tswela pele ho tshepahalla Modimo le Kreste. (Pes. 31:23) Hape hopola hore Jehova o fa Mokreste e mong le e mong moya o halalelang ho ya ka ditlhoko tsa hae ho sa tsotellehe hore na o na le tshepo ya ho ilo phela hokae.

17. Bakreste ba batlotsuwa ba lebelletse eng?

17 Bakreste ba Tlotsitsweng ha ba hlahe ba na le tshepo ya ho ilo phela lehodimong. Empa Modimo ke yena ya kenyang seo ka dipelong tsa bona. Ba nahana ka tshepo ya bona, ba rapela ka yona ebile ba ikemiseditse ho fumana moputso wa ho ilo phela lehodimong. Le ha ho le jwalo, ha ba tsebe hore na mmele ya bona e tla ba jwang. (Bafil. 3:20, 21; 1 Joh. 3:2) Ho ntse ho le jwalo, ba ikemiseditse ho kopana le Jehova, Jesu, mangeloi le batlotsuwa ba bang le ho ba le bona Mmusong wa lehodimo.

18. Ke eng seo Bakreste ba dinku tse ding ba se lebelletseng?

18 Bakreste ba dinku tse ding bona ba tla phela ka ho sa feleng lefatsheng e leng takatso eo motho e mong le e mong a nang le yona. (Moek. 3:11) Ba lebelletse nako eo ka yona ba tla etsa hore lefatshe lohle e be paradeise. Ba boetse ba lebelletse nako eo ka yona ba tla haha matlo, ba leme le ho hodisa bana ba phetseng hantle. (Esa. 65:21-23) Hape ba lebelletse nako eo ka yona ba tla tsamaya lefatsheng ba bone dithaba, meru, mawatle le ho ithuta dintho tsohle tseo Jehova a di bopileng. Ha bohlokwa le ho feta, ba thabiswa ke ho tseba hore setswalle sa bona le Jehova se tla matlafala ho feta le ha e le neng pele.

19. Sehopotso sa lefu la Jesu se fa e mong le e mong wa rona monyetla ofe, hona se tlo tshwarwa ka di kae selemong see?

19 Jehova o file bahlanka bohle ba hae tshepo e babatsehang ka bokamoso. (Jer. 29:11) Sehopotso sa lefu la Jesu se fa e mong le e mong wa rona monyetla o moholo wa hore re rorise Modimo le Kreste ka lebaka la seo ba re etseditseng sona, e le hore re ka fumana bophelo bo sa feleng. Sehopotso ke ketsahalo ya bohlokwa ka ho fetisisa ya hore Bakreste ba nnete ba be ha mmoho. Se tla tshwarwa ka mora hore letsatsi le dikele ka Moqebelo wa la 27 March 2021. Selemong sena batho ba bangata ba tla kgona ho ya ketsahalong ena ya bohlokwa ka bolokolohi. Ba bang bona ba tla ya Sehopotsong le hoja ba hanyetswa. Ha ba bang ba tla ikgopotsa lefu la Morena ba le diteronkong. Ha Jehova, Jesu, mangeloi le batlotsuwa ba seng ba tsositswe ba ntse ba tadimile, e se e ka diphutheho tsohle, dihlopha le batho ka bo mong le ka thabela Sehopotso.

PINA YA 150 Batlang Modimo Hore le Lopollwe

^ par. 5 Ka di 27 March 2021, e tla be e le letsatsi la bohlokwa ho Dipaki Tsa Jehova. Bosiung boo re tla ikgopotsa lefu la Kreste. Boholo ba batho ba tla beng ba le teng moo, e tla be e le bao Jesu a ileng a re ke “dinku tse ding.” Ke nnete efe e thabisang eo Dipaki Tsa Jehova di ileng tsa ithuta yona ka sehlopha sena ka 1935? Sehlopha sa dinku tse ding se lebelletseng ka mora matshwenyeho a maholo? Hona ke jwang sehlopha sena se ka rorisang Jehova le Kreste ka hore se ye Sehopotsong?

^ par. 2 TLHALOSO YA MANTSWE: Dinku tse ding di akarelletsa bahlanka ba Modimo ba ileng ba bokellwa matsatsing a ho qetela. Ba latela Kreste mme ba na le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng lefatsheng. Bongata bo boholo ke bahlanka ba Modimo ba dinku tse ding ba tla beng ba ntse ba phela ha Jesu a ahlola batho nakong ya matshwenyeho a maholo mme ba tla pholoha matshwenyeho a maholo.

^ par. 4 TLHALOSO YA LENTSWE: Lentswe “masala” le bolela Bakreste ba tlotsitsweng ba ntseng ba phela kajeno, ba nwang veine le ho ja bohobe Sehopotsong.