Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 1

Le se ke la Tshwenyeha Empa le Tshepe Jehova

Le se ke la Tshwenyeha Empa le Tshepe Jehova

TEMANA YA RONA YA SELEMO YA 2021: Le tla ba le matla ha le dula le sa kgathatseha mme le na le tshepo.​—ESA. 30:15.

PINA YA 3 Matla, Tshepo le Kgodiseho ya Rona

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Jwalo ka Morena Davida, bahlanka ba bang ba Jehova ba ka nna ba ipotsa potso efe?

KAOFELA ha rona re batla ho phela ka kgotso. Ha ho na motho ya thabelang ho tshwenyeha. Ho ntse ho le jwalo, ka dinako tse ding re ka ikutlwa re tshwenyehile haholo. Ke ka hoo bahlanka ba bang ba Jehova ba ka nnang ba botsa potso e tshwanang le eo Morena Davida a ileng a e botsa Jehova ha a ne a re: “Ke tla beha kganyetso moyeng wa ka halelele hakae, Mesarelo ka pelong ya ka motshehare?”​—Pes. 13:2.

2. Re tlo bua kang sehloohong see?

2 Le hoja ka dinako tse ding kaofela ha rona re tshwenyeha, ho na le dintho tseo re ka di etsang e le hore re se ke ra tshwenyeha haholo. Sehloohong sena re tla qala pele ka ho bua ka tse ding tsa dintho tse ka etsang hore re tshwenyehe. Hape re tla bua ka dintho tse tsheletseng tseo re ka di etsang ho re thusa hore re dule re kgobile matshwafo ha re na le mathata.

DINTHO TSE KA ETSANG HORE RE TSHWENYEHE

3. Ke dintho dife tse re tshwenyang, hona na re ka kgona ho di thibela ho etsahala?

3 Ho na le dintho tse ngata tse re tshwenyang mme tse ding tsa tsona re ke ke ra kgona ho di thibela hore di etsahale. Ka mohlala, re ke ke ra kgona ho thibela theko ya dijo, ya diaparo le ya matlo e nyolohang selemo le selemo. Kapa ho thibela basebetsimmoho le bana bao re kenang sekolo le bona ho re susumelletsa hore re se ke ra tshepahala le hore re etse boitshwaro bo bobe. Hape re ke ke ra thibela batho ba etsang botsotsi sebakeng seo re dulang ho sona. Re na le mathata ana hobane re phela lefatsheng leo batho ba bangata ba sa pheleng ka melaomotheo ya Bibele. Satane e leng modimo wa lefatshe lena, le yena o a tseba hore batho ba bang ba tla dumella “matswenyeho a tsamaiso ena ya dintho” hore a ba sitise ho sebeletsa Jehova. (Mat. 13:22; 1 Joh. 5:19) Ka hoo ha re makale hore lefatshe kajeno le tletse mathata a etsang hore batho ba tshwenyehe haholo.

4. Ho tla etsahalang haeba re tshwenyeha haholo ka mathata a rona?

4 Re ka tshwenyeha haholo ka mathata a rona hoo re ka hlolehang ho nahana ka dintho tse ding. Ka mohlala, re ka nna ra tshwenyeha ka hore re ke ke ra kgona ho fumana tjhelete e eketsehileng e le hore re reke dintho tseo re di hlokang kapa hore ebe re tla kula hoo re ke keng ra kgona ho ya mosebetsing kapa ra lahlehelwa ke wona. Re ka nna ra tshwenyeha ka hore re ke ke ra tshepahala haeba re lekwa hore re se ke ra mamela melao ya Modimo. Haufinyane Satane o tla susumetsa batho ba mo tshehetsang hore ba hlasele bahlanka ba Modimo, ka hoo re ka nna ra tshwenyeha hore na re tla etsang ha ba re hlasela. Re ka nna ra ipotsa: ‘Na ho phoso ho tshwenyeha ka dintho tsee?’

5. Jesu o ne a bolelang ha a ne a re: “Kgaotsang ho tshwenyeha”?

5 Re a tseba hore Jesu o ile a re ho balatedi ba hae: “Kgaotsang ho tshwenyeha.” (Mat. 6:25) Na Jesu o ne a bolela hore ha re a lokela ho tshwenyeha ka ntho le ha e le efe? Tjhe. Hopola hore ba bang ba bahlanka ba tshepahalang ba Jehova ba nakong e fetileng ba ne ba na le ho ikutlwa ba tshwenyehile empa ba ile ba dula ba thabisa Jehova. * (1 Mar. 19:4; Pes. 6:3) Jesu o ne a re kgothatsa hore re se ke ra tshwenyeha ka dintho tseo re di hlokang hoo re ka nkang ho sebeletsa Jehova e se ntho ya bohlokwa bophelong. Jwale re ka etsang haeba re ikutlwa re tshwenyehile?​—Sheba lebokose le reng, “ O ka Etsang e le Hore o se ke wa Tshwenyeha Haholo?

DINTHO TSE TSHELETSENG TSE KA RE THUSANG HORE RE SE KE RA TSHWENYEHA HAHOLO

Sheba serapa sa 6 *

6. Ho ya ka Bafilipi 4:6, 7, ke eng e ka re thusang hore re se ke ra tshwenyeha?

6 (1Rapela ka mehla. Haeba o tshwenyehile ka mathata a hao o ka rapela Jehova hore a o thuse. (1 Pet. 5:7) Jehova a ka arabela dithapelo tsa hao ka hore a o fe “kgotso ya Modimo e fetang monahano wohle [wa batho].” (Bala Bafilipi 4:6, 7.) Jehova o tla o fa kgotso eo ka matla a moya wa hae o halalelang.​—Bagal. 5:22.

7. Ke eng eo re lokelang ho dula re e hopola ha re rapela Modimo?

7 Ha o rapela Jehova mo bolelle ntho e nngwe le e nngwe e o tshwenyang, o mo bolelle hore na bothata ke eng le hore na o ikutlwa jwang ka bona. Haeba ho na le tsela eo o ka bo rarollang ka yona, mo kope hore a o fe bohlale ba hore o tsebe hore o etseng le matla a hore o etse seo. Ha ho se na letho leo o ka le etsang ho rarolla bothata boo, kopa Jehova hore a o thuse hore o se ke wa tshwenyeha haholo ka bona. Ha o toba taba ha o rapela Jehova, o tla bona ka moo a arabang dithapelo tsa hao ka teng. Haeba a sa di arabe hanghang ha o a lokela ho nyahama empa o lokela ho tswela pele ho rapela. Jehova o batla hore re tobe taba ha re mo rapela le ho dula re mo bolella ka bothata boo re nang le bona.​—Luka 11:8-10.

8. Ke eng hape eo re lokelang ho e hopola ha re rapela?

8 Ha re bolella Jehova mathata a rona re lokela ho hopola ho mo leboha. Le ha re na le mathata a mangata ke ha bohlokwa hore re nahane ka dintho tse molemo tseo re nang le tsona. Haeba ka dinako tse ding o sa kgone ho bolella Jehova hore na o ikutlwa jwang, hopola hore Jehova a ka araba thapelo ya hao le ha o ka re feela ‘Ke kopa o nthuse.’​—2 Likron. 18:31; Bar. 8:26.

Sheba serapa sa 9 *

9. Re lokela ho etsang ha re ikutlwa re tshohile?

9 (2Itshetlehe ka bohlale ba Jehova e seng ba hao. Mehleng ya moprofeta Esaia batho ba Juda ba ne ba tshohile ho tlo hlaselwa ke Baassyria. Ka ha Bajuda ba ne ba sa batle ho hlolwa ke Baassyria ba ile ba kopa Baegepeta hore ba ba thuse. (Esa. 30:1, 2) Jehova o ile a ba lemosa hore ho tshepa Baegepeta ho ka bantsha kotsi. (Esa. 30:7, 12, 13) Jehova o ile a re Esaia a bolelle Bajuda hore na ke jwang ba ka fumanang tshireletso ya sebele. O ile a re: “Matla a lona e tla ba ho dula le sa kgathatseha mme le e na le tshepo” ho Jehova.​—Esa. 30:15b.

10. Ke maemong afe a mang ao re ka bontshang hore re tshepa Jehova?

10 Ke neng moo o ka bontshang hore o tshepa Jehova? Nahana ka mehlala ena. Ha re re o fuwa mosebetsi o patalang tjhelete e ngata le o tla o hloka hore o sebetse dihora tse eketsehileng, e leng se ka o sitisang hore o sebeletse Jehova ka hohle ka moo o ka kgonang jwalo ka ha o mo sebeletsa hona jwale. Hape ha re re motho eo o sebetsang le yena wa bong bo fapaneng eo e seng Paki o etsa dintho tse bontshang hore o a o rata. Kapa o tla etsang haeba wa lelapa a re ho wena o kgethe pakeng tsa hae le ho sebeletsa Jehova. Maemong ana kaofela ho tla ba thata hore o etse qeto empa Jehova o tla o fa tataiso eo o e hlokang. (Mat. 6:33; 10:37; 1 Bakor. 7:39) Potso ke hore na o tla mo tshepa le ho mamela tataiso ya hae?

Sheba serapa sa 11 *

11. Ke ditlaleho dife tsa Bibele tseo re lokelang ho di bala e le hore re se ke ra tshoha ha ba bang ba re hanyetsa?

11 (3Ithute mehlaleng e metle le e mebe. Bibele e na le ditlaleho tse ngata tse bontshang hore ke ha bohlokwa hore re dule re kgobile matshwafo mme re tshepa Jehova. Ha o ntse o ithuta ditlaleho tsena nahana hore na keng e ileng ya thusa bahlanka ba Modimo hore ba dule ba kgobile matshwafo ha batho ba bang ba ne ba ba hanyetsa. Ka mohlala, baapostola ha ba a ka ba tshoha ha lekgotla le phahameng la Bajuda le ne le ba laela hore ba se ke ba bolela ditaba tse molemo, ho e na le hoo ka sebete ba ile ba re: “Re tla mamela Modimo e le mmusi ho e na le batho.” (Lik. 5:29) Esita le ka mora hore ba shapuwe, baapostola ha ba a ka ba tshoha. Hobaneng? Hobane ba ne ba tseba hore Jehova o tla ba thusa. Jehova o ile a thabiswa ke seo. Ka hoo ba ile ba tswela pele ho bolela ditaba tse molemo. (Lik. 5:40-42) Ka tsela e tshwanang ha morutuwa Setefane a ne a tlo bolawa o ile a dula a kgobile matshwafo mme sefahleho sa hae “se ne se le jwalo ka sefahleho sa lengeloi.” (Lik. 6:12-15) Hobaneng? Hobane o ne a kgodisehile hore o thabisa Jehova.

12. Ho ya ka 1 Petrose 3:14 le 4:14, ke hobaneng ha re ka thaba le ha re hloriswa?

12 Baapostola ba ne ba na le bopaki bo hlakileng ba hore Jehova o ne a na le bona. O ne a ba file matla a hore ba etse mohlolo. (Lik. 5:12-16; 6:8) Rona kajeno Jehova ha a re fa matla a hore re etse mohlolo. Ho ntse ho le jwalo, Jehova o re kgodisa a sebedisa Lentswe la hae Bibele ho re haeba re hloriswa ka lebaka la ho loka o tla re thusa a sebedisa moya wa hae. (Bala 1 Petrose 3:14; 4:14.) Ka hoo ha re a lokela ho tshwenyeha ka hore na re tla etsang haeba re hloriswa nakong e tlang. Ho e na le hoo re lokela ho etsa sohle seo re ka se kgonang ho matlafatsa kgodiseho ya rona ya hore Jehova o tla re thusa le ho re sireletsa. Jwalo ka ha barutuwa ba pele ba ile ba etsa le rona re lokela ho tshepa seo Jesu a ileng a re tshepisa sona ha a re: “Ke tla le fa melomo le bohlale, tseo bahanyetsi bohle ba lona ba ke keng ba kgona ho di hanyetsa kapa ho di phehisa.” Jesu o ile a boela a re kgodisa a re: “Le tla rua meya ya lona ka ho mamella ha lona.” (Luka 21:12-19) Hape ha re a lokela ho lebala hore Jehova o hopola ntho e nngwe le e nngwe ka bahlanka ba hae ba ileng ba hlokahala ba tshepahala mme o tla ba tsosa.

13. Ho ithuta ka batho ba sa kang ba kgoba matshwafo le ho tshepa Jehova ho ka re tswela molemo jwang?

13 Re ka boela ra ithuta mohlaleng wa batho ba sa kang ba kgoba matshwafo le ho tshepa Jehova. Ho ithuta mehlaleng eo e mebe ho tla re thusa hore le rona re se ke ra etsa diphoso tse tshwanang. Ka mohlala, ha Asa e ne e ba Morena wa Juda lebotho le leholo la sesole le ile la mo hlasela yaba o tshepa Jehova mme Jehova a mo thusa ho hlola lebotho leo. (2 Likron. 14:9-12) Ho ntse ho le jwalo, ha morao ha lebotho la sesole le le nyane la Morena Baasha wa Iseraele le mo hlasela Asa o ile a patala lebotho la sesole la Assyria hore le mo thuse ho e na le ho tshepa Jehova jwalo ka ha a ile a etsa pele. (2 Likron. 16:1-3) Hape ha a ne a kula haholo a le haufi le ho shwa ha a a ka a kopa Jehova hore a mo thuse.​—2 Likron. 16:12.

14. Re ithutang diphosong tsa Asa?

14 Qalong ha Asa a ne a na le mathata o ile a kopa Jehova hore a mo thuse. Empa ha morao o ile a hloleha ho kopa thuso ho Modimo, ho ntse ho le jwalo o ile a leka ho rarolla mathata a hae ka boyena. Qalong ha Asa a ne a kopa Basyria hore ba mo thuse kgahlanong le Iseraele o ne a na le tshepo ya hore o tla atleha. Empa kgotso ya Bajuda e ile ya ba ya nakwana. Jehova o ile a bolella Asa a sebedisa moprofeta wa hae a re: “Ka hobane o itshetlehile ka morena wa Syria mme ha o a ka wa itshetleha ka Jehova Modimo wa hao, ka lebaka leo lebotho la sesole la morena wa Syria le phonyohile letsohong la hao.” (2 Likron. 16:7) Ha re a lokela ho nahana hore re ka rarolla mathata a rona ka bo rona, ntle le hore re kope tataiso ya Jehova e ka Lentsweng la hae. Le haeba re lokela ho etsa qeto ka pele re lokela ho tshepa Jehova mme o tla re thusa hore re etse diqeto tse nepahetseng.

Sheba serapa sa 15 *

15. Ke eng eo re ka e etsang ha re bala Bibele?

15 (4Tshwarella ditemana tsa Bibele ka hlooho. Haeba o fumana ditemana tsa Bibele tse o bontshang bohlokwa ba hore o dule o kgobile matshwafo le ho tshepa Jehova, leka ho di tshwarella ka hlooho. E le hore o di tshwarelle eka ba hantle hore o di balle hodimo kapa o di ngole fatshe le ho di bala hangata. Jehova o ile a bolella Joshua hore a bale buka ya Molao ka mehla ka lentswe le tlase e le hore a ka etsa dintho ka bohlale. Seo a neng a se badile bukeng eo ya Molao se ne se tla mo thusa hore a se ke a tshaba empa a be sebete ha a tataisa bahlanka ba Modimo. (Josh. 1:8, 9) Ditemana tse ngata tse hlahang ka Lentsweng la Modimo di ka o thusa hore o kgobe matshwafo maemong le ha e le afe a neng a ka etsa hore o ikutlwe o tshwenyehile kapa o tshohile.​—Pes. 27:​1-3; Liprov. 3:25, 26.

Sheba serapa sa 16 *

16. Ke jwang Jehova a sebedisang Bakrestemmoho ho re thusa hore re dule re kgobile matshwafo le ho mo tshepa?

16 (5Qeta nako e ngata le bahlanka ba Modimo. Jehova o sebedisa bara le baradibabo rona ho re thusa hore re dule re kgobile matshwafo le hore re mo tshepe. Ha re le dibokeng re matlafatswa ke dikarabo le dipuo tseo bara le baradibabo rona ba fanang ka tsona le ho kgothatswa ke ho bua le bona. (Baheb. 10:​24, 25) Re boetse re a kgothala ha re bolella metswalle ya rona ka phuthehong ka dintho tse re tshwenyang. “Lentswe le molemo” le tswang ho motswalle le ka re thusa hore re se ke ra tshwenyeha haholo.​—Liprov. 12:25.

Sheba serapa sa 17 *

17. Ho ya ka Baheberu 6:19, ho ba le tshepo ka Mmuso wa Modimo ho ka re thusa jwang hore re be le matla ha re na le mathata?

17 (6Dula o na le tshepo. Tshepo eo re nang le yona ka Mmuso wa Modimo e tshwana le “ankora bakeng sa moya,” mme e re fa matla ho sa tsotellehe mathata ao re nang le ona kapa ho tshwenyeha. (Bala Baheberu. 6:19.) Nahana ka bokamoso boo Jehova a re tshepisang bona e leng nako eo ka yona ho ke keng ha ba le motho ya ntseng a tshwenyeha. (Esa. 65:17) Nahana o se o phela lefatsheng le nang le kgotso e leng moo dintho tse mpe di ke keng tsa hlola di etsahala. (Mik. 4:4) O tla boela o matlafatse tshepo ya hao ha o bolella batho ba bang ka lefatshe leo le letjha. Etsa sohle seo o ka se kgonang ho ruta batho Bibele le ho etsa batho barutuwa. Haeba o etsa jwalo o ka ba le “kgodiseho e feletseng ya tshepo ho fihlela bofelong.”​—Baheb. 6:11.

18. Ke eng e ka etsahalang nakong e tlang, hona re ka etsang?

18 Ha lefatshe lena le ntse le ya bofelong re tla ba le mathata a mangata a ka etsang hore re tshwenyehe. Temana ena ya selemo ya 2021 e ka re thusa hore re hlole mathata a rona mme re dule re kgobile matshwafo eseng ka matla a rona empa ka ho tshepa Jehova. Selemong sena ha re bontsheng ka diketso hore re na le tumelo tshepisong ya Jehova e reng: “Matla a lona e tla ba ho dula le sa kgathatseha mme le e na le tshepo.”​Esa. 30:15.

PINA YA 8 Jehova ke Setshabelo sa Rona

^ par. 5 Temana ya rona selemo ya 2021 e bontsha bohlokwa ba ho tshepa Jehova ha re na le mathata a ka etsang hore re tshwenyehe hona jwale le ka dintho tse tla etsahala nakong e tlang. Sehlooho sena se bua ka dintho tseo re ka di etsang e le hore re sebedise keletso eo re e fumanang temaneng ena ya rona ya selemo.

^ par. 5 Ba bang ba bara le baradibabo rona ba tshepahalang ba tshwenyehile ebile ba tshohile haholo. Ho tshwenyeha ho jwalo ho kotsi ebile ho ka re kudisa mme ha se ho tshwenyeha hoo Jesu a neng a bua ka ona.

^ par. 63 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: (1) Moradiwabo rona o dula a rapela ka dintho tse mo tshwenyang.

^ par. 65 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: (2) Ha moradiwabo rona a le mosebetsing nakong ya dijo tsa motshehare o bala Lentswe la Modimo e le hore a fumane bohlale.

^ par. 67 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: (3) O nahanisisa ka mehlala e metle le e mebe e hlahang ka Bibeleng.

^ par. 69 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: (4) O beha mangolo a kgothatsang lemating la foriji ao a batlang ho a tshwara ka hlooho.

^ par. 71 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: (5) O thabela ho ba le metswalle ya hae ha a ntse a le tshimong.

^ par. 73 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: (6) O matlafatsa tshepo ya hae ka hore a nahane ka bokamoso.